Ke Molato oa Mang?
MONNA oa pele, Adama, o ile a qala tšekamelo ena. Ka mor’a hore a etse sebe o ile a re ho Molimo: “Mosali eo u ’neileng eena hore a lule le ’na, ke eena ea mphileng tsa sefate, ka li ja.” Ha e le hantle o ne a re: “Hase molato oa ka!” Mosali oa pele, Eva, o ile a etsa sona seo ha a re: “Noha e nthetsitse, ’me ke jele.”—Genese 3:12, 13.
Kahoo ho ile ha betloa tsela serapeng sa Edene bakeng sa hore batho ba hane ho amohela boikarabelo ka lebaka la liketso tsa bona. Na ho na le mohla u kileng ua ba molato oa sena? Ha mathata a hlaha, na u potlakela ho beha molato ho ba bang? Kapa na u seka-seka boemo hore u bone hore na ka sebele molato ke oa mang? Bophelong ba letsatsi le letsatsi, ho bonolo haholo ho tšoaseha lerabeng la ho beha ba bang molato bakeng sa liphoso tsa rōna le ho re, “hase molato oa ka!” A re shebeng maemo a tloaelehileng ’me re bone seo batho ba bang ba tloaetseng ho se etsa. Habohlokoa ka ho fetisisa, nahana ka seo u neng u tla se etsa tlas’a maemo a tšoanang.
Mathata a Lichelete
Ba bang ha ba iphumana ba qoetse mathateng a lichelete ba ka ’na ba re: “Hase molato oa ka—ke oa moruo, bahoebi ba qhekellang, le theko e phahameng ea lintho.” Empa na ka sebele maemo ana a lokela ho behoa molato? Mohlomong maemo a sa tsitsang a ile a ba kenya mererong ea khoebo e belaetsang kapa e ka ’nang ea lihela chelete. Ka linako tse ling meharo e pupetsa sepheo se setle, ’me ebe batho ba iphumana ba luba thankha khoebong, habonolo ba fetoha liphofu tsa batho ba meharo, ba maqiti. Ba lebala maele a reng, “e bona mahe leraba lona ha e le bone.” Ba batla keletso eo ba ratang ho e utloa, empa ha mathata a moruo a mpefala, ba batla e mong osele eo ba ka mo behang molato. Ka bomalimabe, sena, sea etsahala ka linako tse ling haesita le ka phuthehong ea Bokreste.
Ba bang ba ile ba tšoaseha mererong e seng bohlale kapa esita le eo eseng ea sebele ea ho etsa matsete, joaloka ho reka litaemane tse sieo, ho tšehetsa ka lichelete mananeo a jesang a thelevishene a ileng a phakisa a fella moeeng, kapa ho tšehetsa ho ntlafatsoa ha litša tse nang le mehaho ho ileng ha oa licheleteng. Mohlomong takatso e feteletseng ea leruo e fifalitse keletso ena ea Bibele mohopolong oa bona: ‘Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng . . . ’me ba itlhaba ka mahlomola a mangata.’—1 Timothea 6:9, 10.
Ho hafaka chelete ho ka lebisa ho oeng licheleteng. Ba bang ba ikutloa hore ba tlameha ho shebahala joaloka batho ba limakasineng tsa morao-rao tsa feshene, ba be nakong ea phomolo e hlokang chelete e ngata, ba ee libakeng tsa ho jela tse majaba-jaba, le ho reka “lintho tsa ho bapala” tsa morao-rao tsa batho ba baholo—likoloi tsa boikhathollo, liketsoana, lik’hamera, thepa ea ’mino. Ka sebele, ba bang ba ka ’na ba khona ho ba le lintho tsena ka ho etsa tokisetso e seli le ho boloka chelete. Empa ba etsang lephehlo-phehlo la ho li fumana ba ka ’na ba iphumana ba qoetse haboima sekolotong. Ha ho e-ba joalo ka bona ke molato oa mang? Ka ho hlakileng ba ile ba iphapanyetsa keletso e utloahalang ea Liproverbia 13:18: “Bofuma le lihlong ke tsa ea hanang ho lauoa.”
Ho Soabisoa ke Bana
Batsoali ba bang ba ka ’na ba re: “Ke molato oa baholo hore ebe bana ba ka ba ile ba tlohela ’nete. Ha baa ka ba fana ka tlhokomelo e lekaneng ho bana ba ka.”
Baholo ba hlile ba na le boikarabelo ba ho alosa le ho hlokomela mohlape, empa ho thoe’ng ka batsoali ka bobona? Na ba beha mohlala ho bontšeng moea oa Molimo litšebelisanong tsohle tsa bona? Na thuto ea Bibele ea lelapa e ne e tšoaroa kamehla? Na batsoali ba ne ba bontša cheseho tšebeletsong ea Jehova ’me ba thusa bana ho e lokisetsa? Na ba ne ba le hlokolosi ka metsoalle ea bana ba bona?
Ka ho tšoanang, ho bonolo ho motsoali hore mabapi le mosebetsi oa sekolo a re: “Ke molato oa matichere hore ebe mor’a ka ha aa ka a sebetsa hantle sekolong. Ba ne ba sa rate mor’a ka. ’Me sekolo seo se na le boleng bo tlaase haholo ba thuto leha ho le joalo.” Empa na motsoali o ile a atamelana haufi-ufi le sekolo ka puisano? Na motsoali o ne a e-na le thahasello lenaneong la thuto la ngoana le ho ithuteng ha hae? Na mosebetsi oa hae o etsoang ka mor’a nako ea litlelase o ne o etselitsoe kemiso, ’me na thuso e ile ea fanoa ha e ne e hlokoa? Na ebe bothata ba motheo e bile taba ea boikutlo kapa botsoa ba ngoana kapa motsoali?
Ho e-na le hore batsoali ba behe tsamaiso ea sekolo molato, e ka ba ho molemo haholo haeba ba nka khato ea ho tiisa hore bana ba bona ba na le boikutlo bo nepahetseng le hore ba sebelisa menyetla ea ho ithuta eo ba e fumanang sekolong.
Ho Hlōleha ho Atleha Moeeng
Ka linako tse ling re ee re utloe e mong a re: “Nkabe ke le matla haholoanyane moeeng, empa hase molato oa ka hore ebe ha ke joalo. Baholo ha ba mphe tlhokomelo e lekaneng. Ha ke na metsoalle leha e le efe. Moea oa Jehova ha o eo phuthehong ena.” Ka nako e tšoanang, ba bang ka phuthehong ba na le metsoalle, ba thabile, ’me ba tsoela pele hantle moeeng; ’me phutheho e hlohonolofatsoa ka khōlo le katleho ea moea. Kahoo ke hobane’ng ha ba bang ba e-na le mathata?
Ke batho ba seng ba kae ba batlang ho ba metsoalle e haufi ea ba bonahatsang tšekamelo ea ho ba ba sa haheng le ba belaelang. Leleme le kheketlang le ho belaela ho sa feleng e ka ba le nyahamisang haholo. Ba sa batle ho thefuloa moeeng, ba bang ba ka lekanyetsa ho thabela ha bona botsoalle le batho ba joalo. A nka hore sena ke pontšo ea ho ba foofo ha phutheho, e mong a ka ’na a qala ho hloma a hlomola, a qale ka ho fallela phuthehong e ’ngoe, joale e ntano ba e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe. Joaloka balisana ba bo-hloma-u-hlomole ba masaba-sabeng a Afrika bao kamehla ba ntseng ba batla makhulo a matalana, bana bao e leng Bakreste ba “bo-hloma-u-hlomole” kamehla ba ntse ba batla phutheho e ka ba lokelang hantle. Ho e-na le hoo, ba ka be ba thabile haholoanyane hakaakang hoja ba sheba litšoaneleho tse ntle ho batho ba bang ’me ba ikitlaetse ho bonahatsa litholoana tsa moea oa Molimo ka botlalo haholoanyane bophelong ba bona ka bobona!—Ba-Galata 5:22, 23.
Ba bang ba etsa joalo ka ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho bua le motho osele sebokeng ka seng Holong ea ’Muso le ho mo babatsa ka ho hloka boikaketsi ntlheng e ntle. E ka ’na ea e-ba ka bana ba hae ba itšoereng hantle, ho ba teng libokeng tsa Bokreste kamehla, litlhaloso tse lokiselitsoeng hantle Thutong ea Molula-Qhooa, kamohelo e mofuthu ea baeti ka ho bula ntlo ea hae bakeng sa Thuto ea Buka ea Phutheho le liboka tsa tšebeletso ea tšimo, le tse ling. Ka hore u ho etse boikemisetso ba hao hore u iphapanyetse ho se phethahale, ka sebele u tla sibolla litšoaneleho tsa bohlokoa ho baena le bo-khaitseli ba hao ba Bakreste. Sena se tla etsa hore ba u rate, ’me u tla fumana hore ha u haelloe ke metsoalle e tšepahalang.
Boikemelo bo ka Sehloohong
“Ke thato ea Molimo.” “Ke ka lebaka la Diabolose.” Mohlomong boikemelo bo ka sehloohong ke ho beha molato ho Molimo kapa ho Diabolose ha re hlōleha. Ke ’nete hore Molimo kapa Satane ba ka ’na ba ba le tšusumetso liketsahalong tse ling bophelong ba rōna. Leha ho le joalo, ba bang ba lumela hore hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe, e mpe kapa e ntle, bophelong ba bona ke phello ea ho kenella ha Molimo kapa Satane. Ho joalokaha eka ha ho letho le etsahalang ho bona leo e leng phello ea liketso tsa bona. “Haeba Molimo a batla hore ke be le koloi eo e ncha, o tla etsa hore ke e fumane.”
Hangata ba joalo ba phela bophelo ba bona habohlasoa, ba etsa liqeto tse mabapi le lichelete le tse ling ka ho nka hore Molimo o tla ba sireletsa. Haeba liketso tsa bona tse hlokang kahlolo e molemo li fella ka tlokotsi e itseng, moruong kapa ka litsela tse ling, ba beha Diabolose molato. Ho etsa ntho e itseng ka lepotla-potla ntle le ho ‘bala litšenyehelo’ pele ’me joale ho behoe Satane molato ha e hlōleha, kapa ho hobe le ho feta, ho lebella hore Jehova a kenelle, e ne e tla be e se ho tlōla litekanyetso tse loketseng feela empa hape e ne e tla ba ho se lumellane le Mangolo.—Luka 14:28, 29.
Satane o ile a leka Jesu hore a nahane ka tsela eo le hore a se jare boikarabelo ba liketso tsa Hae. Mabapi le teko ea bobeli, Mattheu 4:5-7 ea tlaleha: “Diabolose a mo nkela motseng o halalelang, a ’mea hlorong ea tempele, a re ho eena: Ekare ha u le Mora oa Molimo, u itihele fatše; hobane ho ngoliloe, ho thoe: O tla u laella mangeloi a oona, ’me a tla u khakeletsa matsohong a ’ona, hore leoto la hao le se ke la khopjoa ke lejoe.” Jesu o ile a hlokomela hore o ne a ke ke a lebella hore Jehova a kenelle haeba a ne a nka tsela e kotsi, haesita le ea ho ipolaea. Kahoo o ile a araba: “Ho ngoliloe hape, ho thoe: U se ke ua leka Morena, Molimo oa hao.”
Ba nang le tšekamelo ea ho beha Diabolose kapa Molimo molato bakeng sa liketso tsa bona tse belaetsang ba tšoana le balateli ba bonohe ba linaleli, ba mpang feela ba nkela Molimo kapa Diabolose sebaka ka linaleli. Ba kholisehile ka ho feletseng hore hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang e phahametse taolo ea bona, ba hlokomoloha molao-motheo o bonolo o boletsoeng ho Ba-Galata 6:7: “Seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.”
Ho Tobana le Boemo
Ha ho motho ea ka phehang khang hore re phela lefatšeng le sa phethahalang. Mathata a tšohliloeng mona ke a sebele. Batho ba tla re qhekella maemong a lichelete. Bahiri ba bang ba tla ba leeme. Ba tloaelaneng le bana ba rōna ba ka ’na ba ba susumetsa hampe. Matichere a mang le likolo a hloka ho ntlafatsa. Baholo ka linako tse ling e ka ’na ea e-ba ba lerato le ba nang le kameho haholo. Empa re lokela ho hlokomela phello ea ho se phethahale le hore, joalokaha Bibele e supa, “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” Kahoo hase ntho ea sebele ho lebella hore tsela ea rōna bophelong e tla ba motheō ka linako tsohle.—1 Johanne 5:19.
Ho phaella moo, re tlameha ho hlokomela ho se phethahale ha rōna le mefokolo ea rōna ’me re elelloe hore hangata mathata a rōna ke phello ea ho hloka ha rōna kahlolo e molemo. Pauluse o ile a hlokomelisa Bakreste Roma: “Ke bolella motho e mong le e mong har’a lōna, hore a se ke a itekanya boholo bo tlōlisang moo a tšoanetseng ho lekanya teng.” (Ba-Roma 12:3) Keletso eo e sebetsa ho rōna ka matla a lekanang kajeno. Ha lintho li sa re tsamaele hantle bophelong ba rōna, re ke ke ra potlakela ho latela baholo-holo ba rōna Adama le Eva ’me re re: “Hase molato oa ka!” Ho e-na le hoo, re tla ipotsa, ‘Ebe nkabe ke ile ka etsa joang ka tsela e fapaneng e le hore ke qobe phello ena e sa thabiseng? Na ke ile ka sebelisa kahlolo e molemo tabeng ena le ho batla keletso mohloling o bohlale? Na ke ile ka nka hore motho kapa batho ba amehang ba ne ba se na molato, ’me ka ba siea ba e-na le seriti?’
Haeba re latela melao-motheo ea Bokreste le ho sebelisa kahlolo e molemo, re tla ba le metsoalle e mengata le mathata a fokolang. Makukuno a mangata a sa hlokahaleng bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi a tla batalatsoa. Re tla fumana thabo litšebelisanong tsa rōna le ba bang ’me ha re sa tla tšoenngoa ke potso e reng: “Ke molato oa mang?”
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
Batsoali ba ka etsa ho eketsehileng ho thusa bana ba bona ho atleha moeeng