Mohatisi ea Iketselitseng Botumo
NA U kile ua batla ho fumana temana ka Bibeleng empa u sa hopole hore na e fumaneha hokae? Empa, ka ho hopola lentsoe le le leng feela, u ile ua khona ho e fumana ka ho sebelisa tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho a Bibele. Kapa mohlomong u kile ua ba teng pokanong ea Bokreste eo ho eona batho ba leng teng ba makholo, kapa ba likete, ba neng ba khona ho phetla Libibele tsa bona ho bala temana ka metsotsoana e seng mekae feela ka mor’a hore e boleloe.
Boemong leha e le bofe ho ana, u kolota monna e mong eo mohlomong u sa mo tsebeng. O entse hore u ithute Bibele habonolo haholoanyane, ’me o ile a boela a tlatsetsa ho tiiseng hore ebe kajeno re na le Libibele tse nepahetseng. O bile a ba le tšusumetso mokhoeng oo Libibele tse ngata li shebahalang ka oona.
Monna eo e ne e le Robert Estienne.a E ne e le mohatisi, o hlahetse Paris, Fora, e le mor’a mohatisi ho elella mathoasong a lekholo la bo16 la lilemo. E ne e le Mehla ea Tsosoloso le ea Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike. Mechine ea khatiso e ile ea fetoha mokhoa oa ho finyella lintho tseo ka bobeli. Henri Estienne, ntat’a Robert, e ne e le mohatisi ea tummeng, ea ileng a hlahisa tse ling tsa libuka tse ntle ka ho fetisisa tse ileng tsa hlahisoa Mehleng ea Tsosoloso. Mosebetsi oa hae o ne o akarelletsa libuka tsa sekolo le tsa Bibele bakeng sa Univesithi ea Paris hammoho le sekolo sa eona sa thuto ea bolumeli—Sorbonne.
Empa a re keng re lebise tlhokomelo ea rōna ho mora, Robert Estienne. Ha ho hlile ha ho tsejoe ho hongata ka thuto ea hae ea sekolo. Leha ho le joalo, ho tloha a sa le lilemong tse tlaase, o ne a ipabola ka Selatine ’me kapele-pele a ithuta Segerike hammoho le Seheberu. Robert o ile a fumana tsebo ea ho hatisa ho ntat’ae. Ka 1526 ha a ne a hlahlama Henri joaloka mohatisi, Robert Estienne o ne a se a ntse a tsebahala e le setsebi sa lipuo sa maemo a phahameng. Le hoja a ile a hatisa likopi tse lokisang liphoso tsa lingoliloeng tsa Selatine le libuka tse ling tsa botsebi, ntho ea pele le eo a neng a e rata e le ka ’nete e ne e le Bibele. A chesehela ho etsetsa Bibele ea Selatine se neng se se ntse se entsoe bakeng sa lingoliloeng tsa Selatine, Estienne o ile a leka ho qala mosebetsi oa ho tsosolosa kahohle kamoo a neng a ka khona taba e ngotsoeng ea lekholong la bohlano la lilemo ea Bibele ea Jerome ea Selatine ea Vulgate.
Vulgate e Ntlafalitsoeng
Jerome o ne a ile a e fetolela ho tsoa Bibeleng ea pele ea Seheberu le ea Segerike, empa mehleng ea Estienne, Vulgate e ne e e-na le lilemo tse sekete e le teng. Liphoso tse ngata le liphetoho li ne li keneletse ka lebaka la hore meloko e mengata e ile ea kopitsa Vulgate ka letsoho. Ho feta moo, nakong ea Mehla e Bohareng, mantsoe a Bibele a bululetsoeng ke Molimo a ne a pupelitsoe ke hlakantsutsu ea litšōmo, lipolelo tse khutsufalitsoeng, le litlhaloso tse ekelitsoeng tsa bohata tsa mehla e bohareng. Lintho tsena li ne li tsoakane le taba e ngotsoeng Bibeleng hoo li ileng tsa qala ho amoheloa e le lingoliloeng tse bululetsoeng.
E le ho tlosa sohle se neng se le sieo pele, Estienne o ile a sebelisa mekhoa ea ho hlahlobisisa taba e ngotsoeng e neng e sebelisoa bakeng sa ho ithuta lingoliloeng tsa boholo-holo tsa Bagerike le Baroma. O ile a batla libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa khale ka ho fetisisa le tse molemohali tse neng li fumaneha. Lilaebraring tse Paris le tse mathōkong a eona le libakeng tse kang Évreux le Soissons, o ile a epolla libuka tse ngata tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho, tseo ho neng ho bonahala eka ke tsa ho tloha lekholong la botšelela la lilemo. Estienne o ile a bapisa ka hloko polelo ka ’ngoe ea taba e ngotsoeng ea Selatine, a khetha feela lipolelo tse neng li bonahala li na le matla ka ho fetisisa. Phello ea mosebetsi oo e ile ea e-ba Bibele ea Estienne, e ileng ea hatisoa ka lekhetlo la pele ka 1528 ’me e ne le mohato oa bohlokoa ho leba ho ntlafatseng ho nepahala ha se ngotsoeng ka Bibeleng. Likhatiso tse ntlafalitsoeng ke Estienne li ile tsa latela. Ba bang pele ho eena ba ne ba ile ba leka ho lokisa Vulgate, empa ea hae e ne e le khatiso ea pele ea ho fana ka pokello ea boitsebiso boo hangata bo neng bo hlahisoa e le lintlha botlaaseng ba leqephe bakeng sa ho ithuta taba e ngotsoeng. Mahlakoreng a leqephe, Estienne o ne a bontšitse moo a tlōtseng lipolelo tse itseng tse belaetsang kapa moo ho neng ho ka etsahala hore ho be le litlhaloso tse fetang e le ’ngoe. O ile a boela a ngola mehloli ea taba e ngotsoeng ka letsoho e neng e fana ka tumello ea ho lokisa liphoso tsena.
Estienne o ile a kenyeletsa litšobotsi tse ling tse ngata tse hlileng li leng ncha bakeng sa lekholo la bo16 la lilemo. O ile a bontša phapang pakeng tsa libuka Tseo e Seng Karolo ea Bibele le Lentsoe la Molimo. O ile a beha buka ea Liketso ka mor’a Likosepele le pele ho mangolo a Pauluse. Karolong e holimo ea leqephe ka leng, o ile a ngola mantsoe a sehlooho bakeng sa ho thusa babali ho fumana lipolelo tse khethehileng. Sena e ne e le mohlala oa pele-pele oa seo kajeno ka tloaelo se bitsoang sehlooho-phetoane. Ho e-na le ho sebelisa Segothe se tebileng, kapa mongolo o motenya, e leng mongolo o qalileng Jeremane, Estienne e bile e mong oa ba pele ba ho hatisa Bibele eohle ka mongolo o hlakileng haholoanyane o balehang habonolo oa litlhaku tse otlolohileng oo ka tloaelo o sebelisoang hona joale. O ile a boela a kenya litšupiso tse ngata tse bontšang moo boitsebiso bo tsoang teng le lintlha tse bapisang lipuo tse ling bakeng sa ho thusa ho hlakisa lipolelo tse itseng.
Batho ba bangata ba phahameng le babishopo ba ile ba ananela Bibele ea Estienne, hobane e ne e le molemo ho feta khatiso leha e le efe ea Vulgate. Ka lebaka la botle, bonono, le tšebetso ea eona, khatiso ea hae e ile ea fetoha mohlala ’me kapele-pele e ne e se e etsisoa Europe eohle.
Mohatisi oa Moreneng
Liproverbia 22:29 e re: “Na u lemohile motho ea mahlaha-hlaha mosebetsing oa hae? O tla ema pel’a marena.” Bohlale ba Estienne ba ho qapa lintho le ho tseba lipuo tse ngata bo ile ba hlokomeloa ke Francis I, morena oa Fora. Estienne o ile a fetoha mohatisi oa moreneng bakeng sa Selatine, Seheberu, le Segerike. Ka lebaka leo, Estienne o ile a hlahisa lintho tseo le kajeno li ntseng li talingoa e le e meng ea mesebetsi e tsoileng matsoho ea mokhoa oa ho ngola oa Sefora. Ka 1539 o ile a qala ho hlahisa Bibele ea pele ea Seheberu e feletseng le e ntle ka ho fetisisa e hatisitsoeng Fora. Ka 1540 o ile a kenyeletsa litšoantšo Bibeleng ea hae ea Selatine. Empa ho fapana le litšoantšo tse iqapeloang tsa liketsahalo tsa Bibele tse neng li tloaelehile Mehleng e Bohareng, Estienne o ile a etsa litšoantšo tse rutang tse neng li thehiloe bopaking ba lintho tse epolotsoeng kapa litekanyong le litlhalosong tse fumanoang Bibeleng ka boeona. Litšoantšo tsena tse neng li hatisoa ka lehong li ne li bontša ka ho qaqileng litaba tse kang areka ea selekane, liaparo tsa moprista ea phahameng, tabernakele, le tempele ea Salomone.
A sebelisa sehlopha se khethehileng sa litšepe tse hatisang ka mongolo oa Segerike tseo a neng a li odorile bakeng sa ho hatisa pokello ea libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa morena, Estienne o ile a tsoela-pele ho hlahisa khatiso ea pele e lokisang liphoso Mangolong a Segerike a Bokreste. Le hoja likhatiso tsa pele tse peli tsa taba e ngotsoeng ea Segerike tsa Estienne li ne li le molemo ho feta libuka tsa Desiderius Erasmus, khatisong ea boraro ea 1550, Estienne o ile a phaella ka lintlha tse ka sebelisoang bakeng sa ho bapisa le litšupiso tse tsoang libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tse ka bang 15, ho akarelletsa le Codex Bezae le Bibele ea Septuagint tsa lekholong la bohlano la lilemo C.E. Khatiso ena ea Estienne e ile ea amoheloa ka bophara hoo hamorao e ileng ea fetoha motheo bakeng sa se bitsoang Textus Receptus, kapa Taba e Ngotsoeng e Amohetsoeng, eo hamorao liphetolelo tse ngata li ileng tsa thehoa ho eona, ho akarelletsa le King James Version ea 1611.
Sorbonne Khahlanong le Ho Fetohela Lithuto Tsa K’hatholike
Ka lebaka la maikutlo a neng a hasane Europe eohle a Luther le a ba bang ba neng ba buella Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike, Kereke e K’hatholike e ne e batla ho laola seo batho ba se nahanang ka ho lekanyetsa seo ba neng ba se bala. Ka la 15 June, 1520, Mopapa Leo X o ne a ntšitse lengolo la bopapa, le laelang hore ho se be buka e nang le “bokhelohi” e ka hatisoang, ea rekisoa, kapa ea baloa naheng leha e le efe ea Bok’hatholike, le bile le hloka hore ba boholong ba lefatše ba phethahatse litaelo tsa lengolo leo la bopapa libakeng tseo ba li busang. Engelane, Morena Henry VIII o ile a tlohela mosebetsi oo oa ho thibela lintho tse nyatsehang ho mobishopo oa K’hatholike Cuthbert Tunstall. Leha ho le joalo, libakeng tse ngata tsa Europe, matla a ho laela a sa hanyetsoeng litabeng tsa lithuto tsa bolumeli a hlahlamang a mopapa, e ne e le a lefapha la baruti ba thuto ea bolumeli Univesithing ea Paris—Sorbonne.
Sorbonne e ne e le ’muelli oa ho iphaphatha le thuto ea Bok’hatholike. Ka makholo a lilemo e ne e ’nile ea talingoa e le setšabelo sa tumelo e K’hatholike. Ba Sorbonne ba thibelang lintho tse nyatsehang ba ne ba hanyetsa likhatiso tsohle tse lokisang liphoso ba bile ba hanyetsa hore Vulgate e fetoleloe lipuong tse ling tsa sebaka ka seng, ba nka hore hase feela hore seo ke “se se nang thuso ho kereke empa se kotsi.” Sena se ne se sa makatse nakong eo ka eona ba buellang Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike ba neng ba hlahisa lipelaelo ka lithuto tsa kereke, mekete, le lineano tse neng li sa thehoa Mangolong. Leha ho le joalo, baruti ba bangata ba thuto ea bolumeli ba Sorbonne ba ne ba talima lithuto tsa kereke tse hlomphuoang haholo e le tsa bohlokoa ho feta ho bala Bibele ka boeona ka ho toba. Moruti e mong oa thuto ea bolumeli o ile a re: “Hang feela ha lithuto tsa bolumeli li fumanoe, Mangolo a tšoana le sekafole se tlosoang ka mor’a hore ho hahuoe lerako.” Ba bangata lefapheng leo ba ne ba sa tsebe Seheberu le Segerike, empa ba ne ba nyelisa lithuto tsa Estienne le litsebi tse ling tsa Mehleng ea Tsosoloso tse neng li etsa patlisiso e hlokolosi meelelong ea pele ea mantsoe a sebelisitsoeng ka Bibeleng. Moprofesa e mong oa Sorbonne o bile a iteta sefuba hore a re “ho buella tsebo ea Segerike le Seheberu ho ne ho tla sebetsa ka tsela e tlang ho senya bolumeli bohle.”
Sorbonne ea Hlasela
Le hoja likhatiso tsa pele tsa Vulgate ea Estienne li ile tsa feta hantle ho ba lefapha ba thibelang lintho tse nyatsehang, ho ne ho ntse ho bile le phehisano. Morao koo lekholong la bo13 la lilemo, Vulgate e ne e ’nile ea bolokoa e le Bibele ea molao ea univesithi, ’me ho batho ba bangata taba e neng e ngotsoe ka har’a eona e ne se na liphoso. Lefapha leo le ne le bile le nyatsitse setsebi se hlomphehang Erasmus ka mosebetsi oa hae mabapi le Vulgate. Ho ne ho makatsa ho ba bang hore ebe mohatisi eo e leng motho feela ea tloaelehileng oa moo, o ne a ka ba le sebete sa ho lokisa taba e ngotsoeng e lumeletsoeng ka molao.
Mohlomong ho feta ntho leha e le efe, baruti ba thuto ea bolumeli ba ne ba tšoentsoe ke lintlha tsa Estienne tse ngotsoeng mahlakoreng a maqephe. Lintlha tseo li ne li belaella ho lokela ha taba e ngotsoeng ho Vulgate. Takatso ea Estienne ea ho hlakisa lipolelo tse itseng e ile ea fella ka hore a qosetsoe ho itšunya-tšunya karolong ea litaba tsa thuto ea bolumeli. O ile a latola qoso eo, a bolela hore lintlha tseo a li ngotseng e ne e mpa feela e le kakaretso e khutšoaane kapa ea lintlha tseo sebōpeho sa tsona e leng ho bapisa lipuo. Ka mohlala, ntlha eo a neng a e ngotse ho Genese 37:35 e ne e hlalosa hore lentsoe “lihele” [ka Selatine, infernum] le ne le ke ke la utloisisoa e le sebaka seo ba khopo ba ahloleloang ho sona. Lefapha le ile la ’meha molato oa hore o latola ho se shoe ha soule le matla a “bahalaleli” a ho ba babuelli.
Leha ho le joalo, Estienne, o ne a amoheloa ke morena ’me a sireletsoa ke eena. Francis I o ile a bontša thahasello e khōlō lithutong tsa Mehla ea Tsosoloso, haholo-holo libuka tsa mohatisi oa hae oa moreneng. Ho ea ka tlaleho, Francis I o ile a ba a etela Estienne ’me ka nako e ’ngoe a leta ka mamello ha Estienne a ntse a liella likhala tokisong ea taba e ’ngoe e ngotsoeng. Ka tšehetso ea morena, Estienne o ile ema ka tieo khahlanong le Sorbonne.
Baruti ba Thuto ea Bolumeli ba Thibela Libibele Tsa Hae
Leha ho le joalo, ka 1545, liketsahalo li ile tsa etsa hore khalefo ea lefapha la Sorbonne e lebisoe ho Estienne ka ho feletseng. Li bona molemo oa ho hlahisa leano le kopanetsoeng khahlanong le Babuelli ba Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike, liunivesithi tsa K’hatholike Cologne (Jeremane), le Louvain (Belgium), le Paris, pejana li ne li ile tsa lumellana ho khema ’moho tabeng ea ho nyatsa lithuto tse sa iphaphatheng le thuto ea bolumeli. Ha baruti ba thuto ea bolumeli ba Univesithi ea Louvain ba ne ba ngolla Sorbonne ba hlalosa ho makala ha bona hore ebe Libibele tsa Estienne li ne li sa hlaha lethathamong la Paris la libuka tse nyatsehang, ka bohata Sorbonne e ile ea araba ka hore ba ka be ba li nyatsitse haeba ba ne ba li bone. Joale lira tsa Estienne ka har’a lefapha li ile tsa ikutloa li kholisehile hore matla a ho laela a kopaneng a mafapha a Louvain le Paris a ne a tla be a lekane ho kholisa Francis I ka liphoso tsa mohatisi oa hae.
Ho sa le joalo, ha a se a lemositsoe ka merero ea lira tsa hae, Estienne o ile a ea ho morena pele. Estienne o ile a etsa tlhahiso ea hore haeba baruti bao ba bolumeli ba ne ba ka hlahisa lethathamo la liphoso tseo ba li fumaneng, o ne a ikemiselitse haholo hore a li hatise hammoho le litokiso tseo tsa baruti ba thuto ea bolumeli le ho li kenyeletsa ka Bibeleng e ’ngoe le e ’ngoe e rekisoang. Morena o ile a rata tharollo eo haholo. O ile a kōpa Pierre du Chastel, eo e neng e le ’mali oa mangolo litšebeletsong tsa kereke tsa borena, hore a hlokomele taba eo. Ka October 1546 lefapha le ile la ngolla Du Chastel le ipelaetsa ka hore Libibele tsa Estienne e ne e le “lijo ho ba latolang Tumelo ea rōna le ba tšehetsang . . . bokhelohi bo teng hajoale” le hore li ne li tletse liphoso hoo li loketseng hore “kaofela ha tsona li felisoe le hore li ntšoe ka metso.” A sa kholiseha ka seo, joale morena ka boeena o ile a laela lefapha hore le hlahise liphoso e le hore li ka hatisoa le Libibele tsa Estienne. Ba ile ba tšepisa hore ba tla etsa joalo, empa ha e le hantle ba ile ba etsa sohle seo ba neng ba ka se khona ho qoba ho hlahisa lethathamo le qaqileng la hoo ho nahanoang hore ke liphoso.
Francis I o ile a shoa ka March 1547, ’me Estienne o ile a lahleheloa ke motsoalle ea matla ka ho fetisisa khahlanong le matla a Sorbonne. Ha Henry II a hloella teroneng, o ile a tsosolosa taelo ea ntat’ae ea hore lefapha le hlahise liphoso tsa lona tse nyatsang. Leha ho le joalo, a hlokomela kamoo likhosana tsa Jeremane li neng li sebelisa Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike bakeng sa lipakane tsa bopolotiki, Henry II o ne a amehile ka ho boloka Fora e le ea Bok’hatholike e bile e kopane tlas’a morena oa eona e mocha ho feta ho ameha hakaalo ka melemo eo ho nahannoeng ka eona kapa mathata a Libibele tsa mohatisi oa moreneng. Ka la 10 December, 1547, Lekhotla le Eletsang Morena le ile la etsa qeto ea hore Libibele tsa Estienne li khaotse ho rekisoa ho fihlela baruti ba thuto ea bolumeli ba ka hlahisa lethathamo la bona la liphoso.
O Qosetsoa ho ba Mokhelohi
Joale lefapha le ile la batla mekhoa ea hore taba ea Estienne e isoe lekhotleng le khethehileng le neng le sa tsoa thehoa bakeng sa ho ahlola litaba tsa bokhelohi. Estienne o ne a hlokomela hantle kotsi eo a neng a le ho eona. Ka lilemo tse peli le thehiloe, lekhotla leo le ile la tsejoa ka hore ke chambre ardente, kapa “phaposi e tukang.” Bahlaseluoa ba ka bang 60 ba ile ba fanyehoa thupeng le ho chesoa, ho akarelletsa le bahatisi ba bang le barekisi ba libuka ba ileng ba chesoa ba ntse ba phela Place Maubert, moo e neng e le haufi haholo le lehae la Estienne. Ntlo ea Estienne e ile ea hlahlojoa ka makhetlo-khetlo bakeng sa ntho leha leha e le efe e nyenyane e neng e ka sebelisoa e le bopaki khahlanong le eena. Lipaki tse fetang 80 li ile tsa hlongoa lipotso. Ba neng ba bolela ho hong khahlanong le eena ba ne ba tšepisoa ho fumana karolo ea bone ea lintho tsa hae haeba a ne a ka fumanoa a le molato oa bokhelohi. Ho ntse ho le joalo, bopaki feela bo neng bo le teng e ne e le seo Estienne a neng a se ngotse pepenene ka Libibeleng tsa hae.
Morena o ile a boela a laela hore lethathamo la liphoso tse nyatsang la lefapha le isoe Lekhotleng la hae le Eletsang Morena. Ka manganga, lefapha le ile la araba ka hore ‘baruti ba thuto ea bolumeli ha baa tloaela ho ngola mabaka ka ntho eo ba e nyatsang e le ea bokhelohi empa ba araba ka ho bua feela, e leng seo u lokelang ho se lumela, kapa ho seng joalo, ho ngola ho ke ke ha fela.’ Henry o ile a lumela. Thibelo ea ho qetela e ile ea etsoa. Hoo e ka bang libuka tsohle tsa Bibele tseo Estienne a neng a li hlahisitse li ile tsa nyatsuoa. Le hoja a ne a phonyohile ho chesoa a ntse a phela Place Maubert, o ile a etsa qeto ea ho tloha Fora tlas’a maemo a joalo a ho thibeloa ka ho feletseng ha Libibele tsa hae le monyetla o eketsehileng oa hore a hlorisoe.
Mohatisi oa Mophaphathehi
Ka November 1550, Estienne o ile a fallela Geneva, Switzerland. Lefapha le ne le entse hore e be ntho e khahlanong le molao Fora ho hatisa Bibele leha e le efe ntle ho Vulgate. Joale a lokolohile hore a ka hatisa seo a neng a lakatsa ho se hatisa, ka 1551 Estienne o ile a hatisa bocha “Testamente e Ncha” ea Segerike, e nang le liphetolelo tse peli tsa Selatine (Vulgate le ea Erasmus) mahlakoreng a bapileng a leqephe. Ka 1552 o ile a latela mokhoa ona, phetolelo ea Sefora ea Mangolo a Segerike e bapile le taba e ngotsoeng ka Selatine ea Erasmus. Likhatisong tsena tse peli, Estienne o ile a kenyeletsa mokhoa oa hae oa ho arola taba e ngotsoeng ea Bibele ka litemana tse nang le linomoro—e leng mokhoa o tšoanang le o sebelisoang hohle kajeno. Le hoja pele ho moo ba bang ba ne ba lekile mekhoa e sa tšoaneng ea ho arola litemana, mokhoa oa Estienne e bile oona o amohelehang. Bibele ea hae ea Sefora ea 1553 e bile eona Bibele ea pele e feletseng e neng e arotsoe litemana ka mokhoa oa hae.
Bibele ea Selatine ea Estienne ea 1557 e nang le liphetolelo tse peli le eona ke e hlokomelehang ka ho sebelisa ha hae lebitso la Molimo la botho, Jehova, Mangolong ’ohle a Seheberu. Karolong e lehlakoreng la leqephe ho pesaleme ea bobeli, o ile a hlokomelisa hore ho nkeloa sebaka ha Litlhaku Tse ’nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo (יהוה) ke ʼAdho·naiʹ ho ne ho thehiloe feela tumela-khoeleng ea Sejode ’me ho lokela hore ho qheleloe ka thōko. Khatisong ena, Estienne o ile a sebelisa mongolo o tšekaletseng ho bontša mantsoe a Selatine a ileng a ekeletsoa bakeng sa ho hlakisa Seheberu. Hamorao mokhoa ona o ile oa sebelisoa Libibeleng tse ling, e leng lefa leo hangata le ’nileng la hlolla babali ba kajeno ba tloaetseng ho sebelisa mongolo o tšekaletseng bakeng sa ho bontša khatiso.
A ikemiselitse ho etsa hore thuto ea hae e fumanehe ho ba bang, Estienne o ile a nehela bophelo ba hae ho hatiseng lingoliloeng tsa Mangolo a Halalelang. Bao kajeno ba nkang Lentsoe la Molimo e le la bohlokoa ba ka leboha boiteko ba hae le mosebetsi oa ba bang bao ka tlhokomelo le boiteko ba ileng ba loanela ho utolla mantsoe a Bibele joalokaha a ne a ngotsoe pele. Tšebetso eo ba e qalileng e tsoela pele ha re ntse re fumana tsebo e nepahetseng haholoanyane ea lipuo tsa boholo-holo le ha re fumana libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Lentsoe la Molimo tseo e leng tsa khale le tse nepahetseng haholoanyane. Pejana ho lefu la hae (ka 1559), Estienne o ne a ntse a sebetsana le phetolelo e ncha ea Mangolo a Segerike. O ile a botsoa: “Ke bo-mang ba tla e reka? Ke bo-mang ba tla e bala?” O ile a araba ka kholiseho: ‘Ke batho bohle ba rutehileng ba nang le boinehelo ba bomolimo.’
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hape o tsejoa ka lebitso la hae la Selatine, Stephanus, le ka lebitso la hae la Senyesemane, Stephens.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Boiteko ba Robert Estienne bo thusitse meloko ea liithuti tsa Bibele
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Bibliothèque Nationale, Paris
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Litšoantšo tse rutang tsa Estienne li ile tsa etsisoa melokong e mengata
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Bibliothèque Nationale, Paris