Mamello e Tsoala Katleho
JOALOKAHA HO BOLETSE JOSÉ MAGLOVSKY
Ha lepolesa le nqhautsa ka sephaka, ke ile ka qamaka Ntate. Leha ho le joalo, ke sa tsebe, o ne a se a isitsoe sepoleseng. Ha ke fihla moo, mapolesa a ile a nka libuka tsa rōna kaofela, ho akarelletsa le Libibele tsa rōna, ’me a li bokella fatše. Ntate o ile a botsa ha a bona sena: “Esita le Libibele le li beha fatše?” Mookameli oa mapolesa o ile a kōpa tšoarelo, eaba o nka Libibele ’me a li beha tafoleng.
RE ILE ra fihla joang sepoleseng? Re ne re ntse re etsa’ng? Na re ne re le tlas’a puso ea sepolesa e hatellang e latolang boteng ba Molimo, hoo re neng re amohuoa esita le Bibele? Ho araba lipotso tsena, re tla tlameha ho khutlela morao ka 1925, le pele ke hlaha.
Selemong seo Ntate, Estefano Maglovsky, le ’Mè, Juliana ba ile ba tloha moo pele e neng e le Yugoslavia ’me ba fallela Brazil, ba lula São Paulo. Le hoja Ntate e ne e le Moprostanta ’me ’Mè e le Mok’hatholike, bolumeli bo ne bo sa ba arola. Ha e le hantle, lilemo tse leshome hamorao ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea ba kopanya bolumeling. Mofobe oa Ntate o ile a mo tlisetsa bukana ea Sehungary e hatisitsoeng ka mebala e feletseng e tšohlang boemo ba bafu. O ne a fumane bukana eo e le mpho, ’me o ile a kōpa Ntate hore a e bale a be a mo fe maikutlo a hae ka litaba tse ka hare ho eona, haholo-holo karolo e buang ka “lihele.” Ntate o ile a qeta bosiu bohle a bala bukana ena a bile a e pheta-pheta, ’me letsatsing le latelang, ha mofobe oa hae a batla maikutlo a hae, a sa qea-qee Ntate o ile a re: “Hona ke ’nete!”
Qaleho e Nyenyane
Kaha bukana ena e ne e tsoa ho Lipaki tsa Jehova, ka bobeli ba ile ba li batla e le hore ba ka ithuta ka ho eketsehileng ka litumelo tsa tsona le lithuto. Qetellong ha ba se ba teane le tsona, litho tse ngata tsa lelapa leso li ile tsa qala ho buisana le Lipaki ka Bibele. Selemong sona seo sa 1935, thuto ea Bibele ea kamehla ka Sehungary e ile ea qalisoa, ka karolelano batho ba robeli ba e-ba teng, ’me ho tloha ka nako eo re bile le lithuto tsa Bibele tsa kamehla lelapeng leso.
Ka mor’a hore re ithute Bibele ka lilemo tse peli, Ntate o ile a kolobetsoa ka 1937 ’me ea e-ba Paki ea Jehova e chesehang, e kopanelang mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo a bile a sebeletsa e le mohlanka ea khethiloeng le mokhanni oa thuto. O ile a thusa ho theha phutheho ea pele São Paulo, karolong ea Vila Mariana. Hamorao phutheho ena e ile ea isoa bohareng ba motse ’me ea tsejoa e le Phutheho ea Central. Lilemo tse leshome hamorao phutheho ea bobeli e ile ea thehoa, sebakeng sa Ypiranga, ’me Ntate o ile a khetheloa ho ba mohlanka oa phutheho moo. Ka 1954 phutheho ea boraro e ile ea thehoa, karolong ea Moinho Velho, moo le teng a ileng a sebeletsa e le mohlanka oa phutheho.
Hang feela ha sehlopha sena se se se matlafetse hamolemo, o ile a qala ho thusa sehlopha se haufinyane São Bernardo do Campo. Ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova boitekong ba lihlopha tsena tse nyenyane tsa Lipaki ho pholletsa le lilemo, khōlo e bile e babatsehang, ho ea bohōleng ba hore ebe ka 1994 ho ne ho na le bahoeletsi ba ka holimo ho 70 000 liphuthehong tse 760 São Paulo le metse e mathōkong a eona. Ka masoabi, Ntate ha aa ka a phela ho fihlela a bona khōlo ena. O ile a shoa ka 1958 a le lilemo li 57.
Ho Leka ho Latela Mohlala oa Ntate
Tšobotsi e hlaheletseng e neng e khetholla Ntate, joaloka Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong, e ne e le ho amohela baeti ka mofuthu ha hae. (Bona 3 Johanne 1, 5-8.) Phello e bile hore, ka 1936 re ile ra ba le tokelo ea ho eteloa ke Antonio Andrade le mosali oa hae le mora, ba ileng ba tla Brazil ba tsoa United States le Moena le Khaitseli Yuille. Hape baeti ba bileng lelapeng leso e bile Harry Black le Dillard Leathco, ka bobeli ba qetile lithuto tsa bona Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, ’me ka 1945 e bile baromuoa ba pele bao kabelo ea bona e bileng Brazil. Ba bang ba bangata ba ile ba latela. Baena bana le bo-khaitseli e bile mohloli oa kamehla oa khothatso ho e mong le e mong lelapeng leso. Ka lebaka la ho ananela sena le molemong oa lelapa la ka, ke ’nile ka loanela ho etsisa mohlala oa Ntate mabapi le tšoaneleho ea Bokreste ea ho amohela baeti ka mofuthu.
Le hoja ke ne ke le lilemo li robong feela ha Ntate a ithuta ’nete ka 1935, joaloka mora e moholo, ke ile ka qala ho tsamaea le eena mesebetsing ea hae ea puso ea Molimo. Kaofela ha rōna re ne re kopanela libokeng le eena Holong ea ’Muso e leng ntlo-khōlō ea Lipaki São Paulo Seterateng sa Eça de Queiroz, Nomorong ea 141. Ka lebaka la thuto le thupelo tseo Ntate a mphileng tsona, ke ile ka ba le takatso e matla ea ho sebeletsa Jehova, ’me ka 1940, ke ile ka inehela ho Jehova, ka tšoantšetsa boinehelo bona ka qoeliso ea metsing Nōkeng ea Tietê eo hona joale e silafetseng, e phallang ho pholletsa bohareng ba São Paulo.
Kapele ke ile ka ithuta hore na ho bolela eng ho ba mohoeletsi oa kamehla oa litaba tse molemo, ho hloma le ho nosetsa molaetsa oa ’nete ho ba bang le ho ba khannela lithuto tsa lehae tsa Bibele. Hona joale, ha ke bona likete tsa Lipaki tsa Jehova tse inehetseng Brazil, ke ikutloa ke na le thabo e tebileng ka lebaka la ho tseba hore ke ile ka sebelisoa ke Eena ho thusa ba bangata ho bona ho ba le tsebo ea ’nete kapa ho tebisa kananelo ea bona ho eona.
E mong oa bao ke ba thusitseng ke Joaquim Melo, eo ke kopaneng le eena tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Ke ne ke bua le banna ba bang ba bararo ba neng ba mametse empa ba sa thahaselle hakaalo. Eaba ke hlokomela moshemane ea neng a kopanetse le rōna ’me a mametse ka hloko. Ha ke bona thahasello ea hae, ke ile ka lebisa tlhokomelo ea ka ho eena ’me, ka mor’a ho mo pakela ka tsela e khotsofatsang, ke ile ka mo memela Thutong ea Buka ea Phutheho. Ha aa ka a ba teng thutong eo, empa o ile a ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ’me ka mor’a moo a kopanela libokeng kamehla. O ile a tsoela pele hantle, a kolobetsoa, ’me ka lilemo tse ngata a sebeletsa e le mosebeletsi ea tsamaeang, a tsamaea le mosali oa hae.
Eaba ho latela Arnaldo Orsi, eo ke ileng ka kopana le eena mosebetsing. Ke ne ke pakela motho e mong eo ke sebetsang le eena kamehla empa ka hlokomela hore monna e mong e mocha ea litelu o atisa ho mamela, ka hona ke ile ka tobisa taba ho eena. O ne a e-tsoa lelapeng la Mak’hatholike a tiileng empa a botsa lipotso tse ngata ka litaba tse kang ho tsuba, ho shebella libaesekopo tsa bootsoa, le ho ithuta mekhoa ea ho itšireletsa e kang judo. Ke ile ka mo bontša seo Bibele e se bolelang, ’me ho makaleng ha ka ho kopaneng le thabo, letsatsing le latelang o ile a ’memela ho tla bona ha a roba peipi ea hae le sesebelisoa sa ho e hotetsa hammoho le setšoantšo sa hae sa Kreste sefapanong, a senya libaesekopo tsa hae tsa bootsoa, ’me a kuta litelu tsa hae. Ea e-ba motho e mocha ka nako le motsotso! O ile a boela a khaotsa ho ithuta judo ’me a kōpa hore ke ithute Bibele le eena letsatsi le letsatsi. Ho sa tsotellehe khanyetso ea mosali oa hae le ntate oa hae, o ile a tsoela pele hamolemo moeeng ka thuso ea baena ba neng ba lula pel’a hae. Ka mor’a nako e khutšoanyane, o ile a kolobetsoa ’me kajeno o sebeletsa e le moholo oa phutheho. Mosali oa hae le bana le bona ba ile ba amohela ’nete.
Ho Kopanela Tšebeletsong ea ’Muso
Ha ke ne ke le lilemo tse ka bang 14, ke ile ka qala ho sebetsa femeng ea phatlalatso, moo ke ileng ka ithuta ho penta matšoao. Sena se ile sa ipaka se thusa haholo, ’me ka lilemo tse ngata e ne e le ’na feela moena São Paulo ea neng a sebelisetsoa ho penta liplakate le matšoao a fanyehoang holimo ho parola seterata a phatlalatsang lipuo tsa phatlalatsa le likopano tsa Lipaki tsa Jehova. Ka lilemo tse ka bang 30, ke bile le tokelo ea ho sebeletsa ke le molebeli oa Lefapha la Matšoao a kopano. Kamehla ke ne ke boloka matsatsi a ka a phomolo mosebetsing e le hore nka sebetsa likopanong, ke bile ke robala ka holong ea kopano e le hore nka penta matšoao ka nako.
Ke ile ka boela ka ba le monyetla oa ho sebelisa koloi ea Mokhatlo ea molumo, hoo ka nako eo e neng e le ntho e sa tloaelehang. Re ne re beha lingoliloeng tsa Bibele holim’a tafolana, ’me ha koloi ea molumo e ntse e hasa molaetsa o hatisitsoeng, re ne re bua le batho ba tsoileng ka matlong a bona ho tla bona se etsahalang. Mekhoa e meng eo re neng re e sebelisa bakeng sa ho tsebahatsa litaba tse molemo tsa ’Muso e ne e le keramafono e nkehang habobebe, ’me ke sa ntse ke na le lirekoto tse neng li sebelisoa bakeng sa ho nehelana ka lingoliloeng tsa Mokhatlo. Phello e bile hore ho ne ho tsamaisoa lingoliloeng tse ngata tsa Bibele.
Mehleng eo Kereke e K’hatholike e ne e etsa mekoloko e melelele literateng tsa São Paulo, hangata e etelloa pele ke banna ba hlekang sephethe-phethe. Ka Sontaha se seng, ’na le Ntate re ne re fana ka Molula-Qhooa le Tsoha! seterateng ha mokoloko o molelele o hlaha. Ntate, joalokaha a ne a tloaetse, o ne a roetse katiba ea hae. E mong oa banna ba neng ba le kapele ho mokoloko ona o ile a hoa: “Rōla katiba ea hao! Ha u bone hore mokoloko oa tla?” Ha Ntate a sa rōle katiba ea hae, banna ba bang ba ile ba tla, ba re sutumelletsa ka thōko ba re peteletsa ka fensetere ea lebenkele ’me ba tsosa mofere-fere. Sena se ile sa hapa tlhokomelo ea lepolesa le leng, le ileng la tla ho tla bona se etsahalang. E mong oa banna bana o ile a le tšoara ka letsoho, a batla ho bua le lona. Lepolesa le ile la laela, le jabela letsoho la monna eo la re: “Tlosa letsoho la hao junifomong ea ka!” Eaba le botsa hore na ho etsahala’ng. Monna eo o ile a hlalosa hore Ntate ha a rōlele mokoloko katiba, a phaella: “’Na ke Moroma [oa kereke] e K’hatholike ea boapostola.” Karabo e sa lebelloang e bile: “U re u Moroma? Joale khutlela Roma! Mona ke Brazil.” Eaba o retelehela ho rōna, oa botsa: “Ke mang ea bileng moo pele?” Ha Ntate a araba ka hore ke rōna, lepolesa le ile la leleka banna bao ’me la re bolella hore re tsoele pele ka mosebetsi oa rōna. Le ile la ema pel’a rōna ho fihlela mokoloko oo kaofela o fetile—’me Ntate a ntse a roetse katiba ea hae!
Liketsahalo tse kang ena li ne li etsahala ka seoelo. Empa ha li ne li etsahala, ho ne ho khothatsa ho tseba hore ho na le batho ba lumelang tokeng bakeng sa lihlopha tse nyenyane le ba neng ba sa hlomphe Kereke e K’hatholike ka tlhompho e nang le borapeli.
Ketsahalong e ’ngoe, ke ile ka kopana le mocha ea lilemo li ka tlaase ho 20 ea ileng a bontša thahasello ’me a kōpa hore ke khutle bekeng e tlang. Ha ke khutla o ile a nkamohela ka mofuthu ’me a kōpa hore ke kene. Ke ile ka makala hakaakang ha ke iphumana ke pota-potiloe ke sehlopha sa bacha se ntšomang le ho leka ho nqholotsa! Boemo bo ile ba mpefala le ho feta, ’me ke ile ka ikutloa hore ba ne ba le haufi le ho ntlhasela. Ke ile ka bolella ea ’memmeng hore ha ho ka ba le se nketsahallang, o ne a tla jara boikarabelo le hore lelapa leso le ne le tseba hore na ke hokae. Ke ile ka ba kōpa hore ba ntlohele ke tsamaee, ’me ba lumela. Leha ho le joalo, pele ke tsamaea, ke ile ka ba bolella hore haeba ho na le ea ratang ho buisana le ’na a le mong, nka fumaneha. Hamorao, ke ile ka hlokomela hore ke sehlopha sa ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng, metsoalle ea moprista oa sebakeng seo, ea ileng a ba khothalletsa ho lokisetsa seboka sena. Ke ile ka thaba hore ebe ke tsoile matsohong a bona.
Ha e le hantle, qalong tsoelo-pele e ne e lieha Brazil, e batla e sa bonahale. Re ne re le karolong e qalang ea ho “hloma,” re na le nako e seng kae ea ho “hlaola” le ho “kotula” litholoana tsa mesebetsi ea rōna. Kamehla re ne re hopola seo Pauluse a se ngotseng: “’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng.” (1 Ba-Korinthe 3:6, 7) Ha ho fihla ba babeli ba pele ba qetileng lithuto tsa bona Gileade ka 1945, re ile ra ikutloa hore nako ea khōlo ena e ’nileng ea leteloa ka nako e telele e fihlile.
Ho ba Sebete ha ho Talimanoe le Khanyetso
Leha ho le joalo, khōlo e ne e ke ke ea tla ho se khanyetso, haholo-holo ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e qale Europe. Ho ne ho na le mahloriso a matla hobane batho ka kakaretso le ba bang ba boholong ba ne ba sa utloisise boemo ba rōna ba ho se nke lehlakore. Ketsahalong e ’ngoe, ka 1940, ha re ne re le mosebetsing oa seterateng re tšoere liplakate bohareng ba São Paulo, lepolesa le ile la ntlhaha ka morao, la tabola liplakate, ’me la nqhautsa ka sephaka la nkisa sepoleseng. Ke ile ka qamaka Ntate, empa o ne a le sieo. Ke sa tsebe, eena le baena le bo-khaitseli ba bang ba bangata, ho akarelletsa le Moena Yuille, eo e neng e le molebeli oa mosebetsi ona Brazil, ba ne ba se ba isitsoe sepoleseng. Joalokaha ho bontšitsoe serapeng se qalang, ke ile ka boela ka kopana le Ntate moo.
Kaha ke ne ke le monyenyane lilemong, ke ne nke ke ka koalloa teronkong ’me kapele lepolesa le ile la nkisa lapeng ’me la ’neha ’Mè. Mantsiboeeng ’ona ao bo-khaitseli le bona ba ile ba lokolloa. Hamorao mapolesa a ile a etsa qeto ea ho lokolla baena bohle, ba ka bang leshome, ntle le Moena Yuille. Leha ho le joalo, baena ba ile ba tsitlella: “Re tsamaea kaofela kapa ha ho ea tsamaeang.” Mapolesa a ile a tiea, ka hona kaofela ha bona ba ile ba robala hammoho fatše samenteng bosiu bohle ka phaposing e batang. Letsatsing le latelang ba ile ba lokolloa kaofela ntle ho lithibelo. Baena ba ile ba tšoaroa ka makhetlo a mangata ka lebaka la ho paka ka liplakate. Matšoao ao a ne a phatlalatsa puo ea phatlalatsa le bukana eo sehlooho sa eona se reng Fascism or Freedom, ’me ba bang ba boholong ba ile ba nka hore e bolela hore re tšehetsa Bofascista, hoo joalokaha ho ka lebelloa ho ileng ha lebisa likhohlanong.
Tšebeletso ea sesole e qobellang le eona e ile ea hlahisetsa baena ba bacha mathata. Ka 1948, ke bile oa pele ea ileng a tšoareloa taba ena Brazil. Ba boholong ba ne ba sa tsebe seo ba ka nketsang sona. Ke ile ka fetisetsoa liahelong tsa sesole tse Caçapava ’me ka fuoa mosebetsi oa ho hloma le ho hlokomela meroho serapeng esita le ho hloekisa phaposi e sebelisoang ke liofisiri bakeng sa ho bapala ka libetsa. Ke bile le menyetla e mengata ea ho paka le ea ho tsamaisetsa banna bana lingoliloeng. Ofisiri e neng e okametse e bile eona ea pele e ileng ea amohela kopi ea buka ea Mokhatlo Children. Hamorao, ke bile ka fuoa kabelo ea ho ruta masole a ka bang 30 kapa 40 a neng a sitoa ho itlhakisa ’meleng ’me a sa tsoe ka phaposing thuto ea bolumeli. Qetellong, ka mor’a likhoeli tse ka bang leshome ke le teronkong, nyeoe ea ka e ile ea kena ’me ka lokolloa. Ke ikutloa ke leboha Jehova, ea ileng a mpha matla a ho tobana le litšokelo tsena, linyeliso tsena, le litšomo tseo ba bang ba banna bana ba ileng ba ntlhasela ka tsona.
Mothusi ea Tšepahalang le ea Khabane
Ka la 2 June, 1951, ke ile ka nyala Barbara, ’me ho tloha ka nako eo e ’nile ea e-ba molekane ea khabane le ea tšepahalang tabeng ea ho ruta bana le ho ba hōlisa “ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.” (Ba-Efese 6:4) Har’a bana ba rōna ba bahlano, ba bane ba sebeletsa Jehova ka thabo maemong a sa tšoaneng. Re tšepa hore, ba tla mamella ’neteng hammoho le rōna, ’me ba nke karolo tsoelo-peleng ea mokhatlo o hlophisitsoeng le ea mosebetsi o etsoang. Litho tsa lelapa tse leng fotong kaofela ke bahlanka ba Jehova ba inehetseng ntle ho e monyenyane, e leng ngoana ea sa ntseng a le ka liatleng. Ba bane ke baholo ’me ba babeli ba bona ke bo-pula-maliboho ba kamehla, e leng se bontšang bonnete ba Liproverbia 17:6: “Litloholo ke moqhaka oa maqheku, ’me khanya ea bana ke batsoali ba bona.”
Hona joale, ha ke le lilemo li 68, bophelo ba ka ha bo botle hakaalo. Ka 1991, ke ile ka lumela hore methapo ea ka e meraro ea mali e lokisoe ka ho buuoa ho qoba hore e thibane ’me hamorao ka lumela hore ke buuoe e le hore mothapo oa mali o ka lokisoa ka ho sebelisa catheter e bululohang. Leha ho le joalo, ke thabela hore ebe ke khona ho tsoela pele ho sebeletsa ke le molebeli ea okamelang phuthehong ea São Bernardo do Campo, ke hata moo Ntate a hatileng teng, e leng e mong oa ba pele ba ileng ba qalisa mosebetsi mona. Ka sebele moloko oa rōna ke o khethehileng, hobane re na le monyetla oa ho kopanela tokelong ea ho etsa mosebetsi o ke keng oa hlola o etsoa hape oa ho phatlalatsa ’Muso oa Jehova oa Bomessia o hlonngoeng. Ka hona re tlameha hore le ka mohla re se lebale mantsoe a Pauluse ho Timothea: “Empa ha e le uena, . . . u etse mosebetsi oa ’moleli oa Evangeli, u phethisise tšebetso ea hao.”—2 Timothea 4:5.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Batsoali ba ka, Estefano le Juliana Maglovsky
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
José le Barbara le litho tsa lelapa la bona la bahlanka ba Jehova ba inehetseng