Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 7/1 maq. 8-12
  • Ho Tiisetsa Hoa Thabisa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tiisetsa Hoa Thabisa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Tlohela ho Khanna Literempe ke ba Moevangeli
  • Ho Hanyetsoa Esale Qalong
  • Pakane eo ke Ileng ka e Ntšetsa Pele
  • Tokisetso e Mosa
  • Ho Thulana le Bothata bo Bocha
  • Liesele, Lipere le Lithakali
  • Qetellong ke Fumana Mothusi
  • Ho Tiisetsa le Hoja ke Kula
  • Ho Tšehetsoa ke Tšepo ea ka ho Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Jehova o Hlohonolofalitse Boikemisetso ba ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Mamello e Tsoala Katleho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Jehova O Re Lebetse
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 7/1 maq. 8-12

Pale ea Bophelo

Ho Tiisetsa Hoa Thabisa

JOALOKAHA HO BOLETSE MÁRIO ROCHA DE SOUZA

“Ha ho bonahale eka Monghali Rocha o tla phela ha a ka buuoa.” Ho sa tsotellehe ponelo-pele ena e bontšang hore ngaka e ne e feletsoe ke tšepo, kajeno, hoo e ka bang lilemo tse 20 hamorao, ke sa ntse ke phela ebile ke sebetsa ke le ’moleli oa nako e tletseng oa Lipaki Tsa Jehova. Ke eng e nthusitseng hore ke tiisetse ka lilemo tsee tsohle?

KE HŌLETSE polasing e ’ngoe e haufi le motsana oa Santo Estêvão, o profinseng ea Bahia, karolong e ka leboea-bochabela ea Brazil. Ke ile ka qala ho thusa Ntate ka mosebetsi oa polasi ha ke e-na le lilemo tse supileng. O ne a mpha mosebetsi letsatsi le leng le le leng ha ke tsoa sekolong. Ka mor’a nako, neng le neng ha Ntate a ne a e-ea motse-moholo, Salvador, ka mosebetsi, o ne a ntšiea le polasi eo.

Re ne re se na motlakase, lipompo tsa metsi, kapa lintho tse ling tse molemo tsa kajeno, feela re ne re thabile. Ke ne ke fofisa k’haete kapa ke bapala ka likoloi tsa mapolanka tseo ke neng ke li etsa le metsoalle ea ka. Hape ke ne ke letsa lekolilo mekolokong ea bolumeli. Ke ne ke le setho sa k’hoaere ea kereke ea motseng, ’me ke hona moo ke ileng ka bona buka e bitsoang História Sagrada (Histori e Halalelang), e ileng ea etsa hore ke rate ho tseba Bibele.

Ka 1932, ha ke ne ke e-na le lilemo tse 20, karolo e ka leboea-bochabela ea Brazil e ile ea otloa ke komello e matla le e ileng ea nka nako e telele. Likhomo tseso li ile tsa shoa le lijalo ha lia ka tsa atleha, kahoo, ke ile ka ea Salvador, moo ke ileng ka fumana mosebetsi oa ho khanna literempe. Hamorao, ke ile ka hira ntlo eaba ke lata lelapa leso hore le tl’o lula le ’na. Ntate o ile a hlokahala ka 1944, a ntšiea le ’Mè le likhaitseli tsa ka tse robeli tse ntlhahlamang le bashemane ba banyenyane ho ’na ba bararo.

Ke Tlohela ho Khanna Literempe ke ba Moevangeli

E ’ngoe ea lintho tsa pele tseo ke ileng ka li etsa ha ke fihla Salvador, e bile ho reka Bibele. Ka mor’a ho kena kereke ea Baptiste ka lilemo tse itseng, ke ile ka etsa setsoalle le Durval, eo ke neng ke khanna literempe le eena. ’Na le Durval hangata re ne re qoqa halelele ka Bibele. Ka letsatsi le leng o ile a mpha bukana e nang le sehlooho se reng Where Are the Dead?a Le hoja ke ne ke lumela hore moea oa motho ha o shoe, ke ile ka labalabela ho hlahloba litemana tsa Bibele tse qotsitsoeng bukaneng ena. Ke ile ka makala ha Bibele e tiisa hore moea o etsang sebe o tla shoa.—Ezekiele 18:4.

Durval o ile a bona hore ke thabela molaetsa oa Bibele eaba o kōpa ’moleli e mong oa nako e tletseng oa Lipaki Tsa Jehova ea bitsoang Antônio Andrade hore a nketele lapeng. Ka mor’a hore Antônio a nketele ka makhetlo a mararo, o ile a nkōpa hore ke tsamaee le eena ha a ntse a ruta batho Bibele. Hoba a bue matlong a pele a mabeli, o ile a re, “Ho tla bua uena ntlong e latelang.” Ke ile ka tšoha, empa ka thaba ha lelapa le leng le mamela ka hloko le bile le nka libuka tse peli tseo ke ileng ka le bontša tsona. Ho fihlela kajeno, ke ntse ke thaba haholo ha ke kopana le motho ea thabelang ’nete ea Bibele.

Ka la 19 April, 1943, e leng letsatsi leo e neng e le la sehopotso sa lefu la Kreste selemong seo, ke ile ka kolobetsoa Leoatleng la Atlantic haufi le Salvador. Kaha ho ne ho se na banna ba lekaneng ba nang le tsebo ba Bakreste, ke ile ka behoa hore ke thuse sehlopha sa Lipaki se neng se kopanela lapeng la Mor’abo rōna Andrade le neng le le seterateng se seng sa tse tšesaane tse kopanyang karolo e ka tlaase le e ka holimo ea toropo ea Salvador.

Ho Hanyetsoa Esale Qalong

Mosebetsi oa rōna oa Bokreste o ne o sa ratoe lilemong tsa Ntoa ea II ea Lefatše (tsa 1939-45). Ba bang ba pusong ba ne ba belaela hore re lihloela tsa United States kahobane boholo ba lingoliloeng tsa rōna li ne li tsoa United States. Ka lebaka leo, hangata re ne re tšoaroa ebile re hlongoa lipotso. Ha Paki e ne e sa khutle tšebeletsong ea tšimo, re ne re tseba hore e tšoeroe, ’me re ne re e-ea mapoleseng ho ea bona hore na e ka lokolloa joang.

Ka August 1943, Paki ea Mojeremane e bitsoang Adolphe Messmer, e ile ea fihla Salvador e tlil’o thusa ho hlophisa kopano ea rōna ea pele. Ka mor’a hore ba boholong ba re lumelle ho tšoara kopano ena, puo ea phatlalatsa e neng e re “Tokoloho Lefatšeng le Lecha,” e ile ea phatlalatsoa likoranteng tsa motse ’me ea phatlalatsoa le lifensetereng tsa mabenkele le maphakong a libese ka lipampiri tse khōlō tse manamisoang. Empa ka letsatsi la bobeli la kopano, lepolesa le leng le ile la re bolella hore tumello ea hore re tšoare kopano e hlakotsoe. Mobishopo e moholo oa Salvador o ne a qobeletse mookameli oa sepolesa hore a re amohe tumello eo re neng re e filoe ea ho tšoara kopano eo. Leha ho le joalo, ka April, selemong se latelang, re ile ra qetella re lumeletsoe hore re fane ka puo eo re neng re e phatlalalitse.

Pakane eo ke Ileng ka e Ntšetsa Pele

Ka 1946, ke ile ka memeloa ho ea Kopanong ea Puso ea Molimo ea Lichaba Tse Thabileng motseng oa São Paulo. Motsamaisi oa sekepe se tsamaisang thepa sa Salvador o ile a lumella sehlopha sa rōna ho tsamaea ka sekepe sa hae haeba re ne re tla robala fatše ka sekepeng. Le hoja ho ile ha e-ba le sefefo se matla leoatleng hoo re ileng ra kula kaofela, ka mor’a matsatsi a mane sekepe se ile sa ema ntle ho tšitiso lebōpong la Rio de Janeiro. Lipaki tsa Rio li ile tsa re amohela malapeng a tsona hore re phomole ka matsatsi a itseng pele re ntšetsa pele leeto la rōna ka terene. Sehlotšoana se neng se tšoere lifolakha tse nang le molaetsa o reng “Lea Amoheloa Lipaki Tsa Jehova” se ile sa re amohela ha terene ea rōna e fihla São Paulo.

Nakoana ka mor’a hore ke khutlele Salvador, ke ile ka bua le moromuoa e mong ea tsoang United States ea bitsoang Harry Black, ka mo bolella hore ke lakatsa ho ba pula-maliboho, e leng kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova ba bitsoang kateng. Harry o ile a nkhopotsa hore kea ikarabella ka lapeng eaba o nkhothaletsa hore ke tiisetse. Ka mor’a nako, ka June 1952, barab’eso le likhaitseli tsa ka ba ne ba se ba phuruselitse, ’me ke ile ka abeloa ho sebetsa ke le pula-maliboho phuthehong e nyenyane ea Ilhéus, e hōle ka lik’hilomithara tse 210 ka boroa ho lebōpo la Salvador.

Tokisetso e Mosa

Selemong se latelang, ke ile ka abeloa hore ke ee toropong e khōlō ea Jequié, e bohareng ba setereke sa Bahia, moo ho neng ho se na Lipaki. Motho oa pele eo ke ileng ka mo etela e ne e le moprista oa moo. O ile a ntlhalosetsa hore toropo eo ke ea hae ’me a nkhanela ho bolela litaba tse molemo ho eona. O ile a lemosa batho ba pharishe eo hore ho fihlile “moprofeta oa bohata” eaba o beha lihloela hohle toropong eo hore li bone hore na ke etsa’ng. Leha ho le joalo, letsatsing lona leo ke ile ka tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele tse fetang 90 ka ba ka qala lithuto tsa Bibele tse ’nè. Lilemo tse peli hamorao, ho ne ho e-na le Holo ea ’Muso le Lipaki tse 36 Jequié! Kajeno, Jequié ho na le liphutheho tse robeli le Lipaki tse ka bang 700.

Likhoeling tsa pele ha ke le Jequié, ke ne ke lula ka ntle ho toropo kamoreng e nyenyane e hiriloeng. Joale ha ke le moo, ke ile ka kopana le Miguel Vaz de Oliveira, mong’a Hotele ea Sudoeste, e ’ngoe ea lihotele tse nang le litšebeletso tse ntle ka ho fetisisa Jequié. Miguel o ile a lumela ho ithuta Bibele ’me a phehella hore ke e’o lula kamoreng e ’ngoe ea hotele ea hae. Miguel le mosali oa hae e ile ea e-ba Lipaki hamorao.

Ntho e ’ngoe e thabisang eo ke e hopolang e etsahetseng ha ke le Jequié, e amana le e mong eo ke ileng ka ithuta Bibele le eena, e leng Luiz Cotrim, eo e neng e le mosuoe oa sekolo se phahameng. Luiz o ile a ithaopela ho nthusa hore ke ntlafatse tsebo ea ka ea Sepotoketsi le lipalo. Ke ne ke feletse feela sekolong sa mathomo, kahoo ke ile ka amohela habonolo seo a neng a ithaopela ho se etsa. Thupelo ena eo ke neng ke e fumana beke le beke ka mor’a thuto ea Bibele ea Luiz, e ile ea ntlhomella bakeng sa boikarabelo bo eketsehileng boo ke neng ke tla tloha ke bo fuoa ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.

Ho Thulana le Bothata bo Bocha

Ka 1956, ke ile ka fumana lengolo le mpitsetsang ofising ea rōna ea lekala e neng e le Rio de Janeiro ka nako eo, hore ke e’o koetlisetsoa ho ba molebeli oa potoloho, e leng lebitso leo basebeletsi ba tsamaeang ba Lipaki Tsa Jehova ba bitsoang ka lona. Thupelo ena, eo ho neng ho e-na le ba bang ba robeli ho eona, e ile ea nka nako e fetang khoeli. Ha e le haufi le ho fela, ke ile ka abeloa ho ea São Paulo, e leng ho ileng ha nketsa hore ke ipotse lipotso: ‘Ebe ’na, ke le motho e motšo, ke tla etsa joang har’a Mataliana ao kaofela? Na a tla nkamohela?’b

Phuthehong ea pele eo ke ileng ka e etela seterekeng sa Santo Amaro, ke ile ka khothala ha ke bona hore Holo ea ’Muso e ne e tletse Lipaki le batho ba thabelang. Se ileng sa nkholisa hore ke ne ke tšohile moru o se na nkoe, ke hore litho tsohle tsa phutheho tse 97 li ile tsa kopanela le ’na boboleling mafelong a beke eo. Ke ile ka ipolella, ‘Bana ka sebele ke barab’eso.’ Lerato la bara le barali bao beso ba ratehang ke lona le ileng la nkhothatsa hore ke tiisetse mosebetsing oa ho ba molebeli ea tsamaeang.

Liesele, Lipere le Lithakali

Bothata bo bong bo boholohali boo balebeli ba tsamaeng ba neng ba thulana le bona mehleng eo ea pele, e ne e le maeto a malelele a ho ea liphuthehong le lihlotšoaneng tsa Lipaki tse libakeng tsa mahae. Libakeng tseo, lipalangoang tsa sechaba li ne li sa tšepahale kapa li le sieo ho hang, ’me litsela tse ngata li ne li le tšesaane ebile e le tsa mobu.

Lipotoloho tse ling li ile tsa rarolla bothata bona ka ho rekela molebeli oa potoloho esele kapa pere. Hangata ka Mantaha ke ne ke qhaneha pere kapa esele, ebe ke e belesa thoto ea ka, ’me ka mor’a moo ke palama ka lihora tse 12 ho ea phuthehong e latelang. Lipaki tsa Santa Fé do Sul li ne li e-na le esele e neng e bitsoa Dourado (Goldie) e neng e tseba tsela e eang lihlopheng tsa thuto tsa metse ea mahaeng. Dourado e ne e ema likeiting tsa mapolasi ebe e ema e sa fele pelo hore ke bule keiti. Ha boeti ba rōna bo felile, ’na le Dourado re ne re fetela sehlopheng se latelang.

Mosebetsi oa potoloho o ne o boetse o thatafatsoa ke bosieo ba mekhoa ea ho buisana. Ka mohlala, e le hore ke etele sehlotšoana sa Lipaki tse neng li kopanela polasing e neng e le Seterekeng sa Mato Grosso, ke ne ke tlameha ho tšela Nōka ea Araguaia ka seketsoana ebe ke palama pere ea ka sebaka sa likh’ilomithara tse 25 har’a moru. Ka lekhetlo le leng, ke ile ka ngolla sehlotšoana sena ke se tsebisa hore ke tla se etela, empa lengolo leo le ile la lahleha, kaha ha ke fihla ka mose ho nōka ho ne ho se motho ea neng a nkemetse. E ne e se e le mantsiboea haholo, kahoo, ke ile ka kōpa mong’a k’hefi e nyenyane hore ke siee thoto ho eena, eaba ke tsamaea ka maoto ke nkile mokotlana oa ka oa libuka feela.

Ho ile ha fifala kapele. Ha ke ntse ke tsamaea ke khoptjoa har’a lefifi, thakali e ile ea kurutla. Ke ne ke utloile ho thoe thakali e ka phahama eaba e bolaea motho ka maoto a eona a pele a matla. Kahoo, nako le nako ha ke ne ke utloa lerata har’a mofero, ke ne ke hata ka hloko ke e-ea pele ke tšoaretse mokotlana oa libuka ka pele hore ke itšireletse ka oona. Ka mor’a ho tsamaea ka lihora tse ngata, ke ile ka fihla molatsoaneng o mong. Ka bomalimabe, kaha ho ne ho le lefifi, ha kea ka ka bona hore ka mose ho molatsoana oo ho teratetsoe ka terata e hlabang. Ke ile ka laqomela ka mose ho molatsoana, athe ke tla thula terata, eaba ea ntšeha!

Qetellong ke ile ka fihla polasing eaba ke lumelisoa ke lerata le lintja tse boholang. Ho ne ho tloaelehile nakong eo hore masholu a linku a hlasele bosiu, kahoo, eitse ha lemati le buleha, ke ile ka bolela kapele hore na ke ’na mang. E tlameha ebe ke ne ke bonahala ke hlomola pelo ka har’a liaparo tsa ka tse tabohileng le tse mali, empa barab’eso ba ne ba thabetse ho mpona.

Leha mathata a ne a le teng, matsatsi ao e ne e le a thabo. Ke ne ke thabela maeto a malelele ao ke neng ke a tsamaea ka pere le ka maoto, ’me ka linako tse ling ke ne ke phomola tlas’a moriti oa lifate, ke mamela linonyana ha li bina, ke bile ke bona liphokojoe ha li feta ka pel’a ka litseleng tseo tse neng li se na batho. Ntho e ’ngoe e neng e nthabisa ke ho tseba hore batho ba ne ba hlile ba thusoa ke boeti ba ka. Ba bangata ba ne ba ’ngolla ba nteboha. Ba bang ba ne ba nteboha ka molomo ha re teana likopanong. Ke ne ke thaba haholo ha ke bona batho ba hlōla mathata ’me ba tsoela pele moeeng!

Qetellong ke Fumana Mothusi

Lilemong tseo, hangata ke ne ke tsamaea ke le mong mosebetsing oa ho potoloha, ’me sena se ile sa nthuta hore ke tšepe hore Jehova ke eena “lefika la ka le qhobosheane ea ka.” (Pesaleme ea 18:2) Ho feta moo, ke ile ka elelloa hore ho ba lesooa ho nthusa hore ke etse mosebetsi oa ’Muso ntle ho tšitiso.

Leha ho le joalo, ka 1978, ke ile ka kopana le morali’abo rōna oa pula-maliboho ea bitsoang Júlia Takahashi. O ne a tlohetse mosebetsi o lefang hantle oa ho oka sepetleleng se seholo sa São Paulo e le hore a e’o sebetsa moo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng ba ’Muso. Baholo ba Bakreste ba neng ba mo tseba ba ile ba bua hantle haholo ka bomoea ba hae le ka hore ke pula-maliboho ea nang le bokhoni. U ka inahanela kamoo batho ba bang ba ileng ba makala kateng ha ke nyala ka mor’a lilemo tse ngata hakaalo. Motsoalle e mong oa ka e moholo o ne a sa lumele, ka lebaka leo o ile a ntšepisa poho ea boima ba lik’hilograma tse 270 haeba kannete ke ne ke tla nyala. Re ile ra besa nama ea khomo eo lechatong la rōna ka la 1 July, 1978.

Ho Tiisetsa le Hoja ke Kula

Júlia o ile a tsamaea le ’na mosebetsing oa ho potoloha, ’me ka lilemo tse robeli ’na le eena re ile ra etela liphutheho tse karolong e ka boroa le e ka boroa-bochabela ea Brazil. Ke hona moo lefu lena la pelo le ileng la qala ho ntšoara teng. Ka makhetlo a mabeli ke ile ka ilibana ke ntse ke bua le beng ba matlo mosebetsing oa boboleli. Ka lebaka la ho kula ha ka, re ile ra amohela kabelo ea ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng Birigüi, Seterekeng sa São Paulo.

Ha sena se etsahala, Lipaki tsa Birigüi li ile tsa ithaopela ho nkisa ngakeng ka koloi Goiânia, e hōle ka lik’hilomithara tse ka bang 500. Ha pelo ea ka e tsitsa, ke ile ka buuoa hore ke kenngoe mochine o thusang pelo ho otla hantle. Seo se etsahetse lilemong tse fetileng tse ka bang 20. Leha ke ile ka buuoa pelo ka makhetlo a mang hape a mabeli, ke sa ntse ke le mafolofolo mosebetsing oa ho etsa barutuoa. Kamehla Júlia o ’nile a ’matlafatsa le ho nkhothatsa, feela joalokaha basali ba bang ba bangata ba tšepahalang ba Bakreste le bona ba khothatsa.

Le hoja ke etsa mosebetsi o fokolang ka lebaka la ho kula ebile ho ’nyahamisa ka linako tse ling, ke sa ntse ke le pula-maliboho. Ke ikhopotsa hore Jehova ha aa ka a re tšepisa hore bophelo bo tla ba bonolo tsamaisong ena ea khale. Haeba moapostola Pauluse le Bakreste ba bang ba tšepahalang ba khale ba ile ba tlameha ho tiisetsa, ebe rōna re ke ke ra tiisetsa hobane’ng?—Liketso 14:22.

Haufinyane tjena ke ile ka fumana Bibele ea pele eo ke ileng ka e reka ka bo-1930. Leqepheng le ka hare la sekoahelo sa eona, ke ne ke ngotse 350—e emelang palo ea bahoeletsi ba ’Muso ba Brazil ha ke ne ke qala ho ea libokeng tsa Bokreste ka 1943. Ha ho bonolo ho lumela hore hona joale ho na le Lipaki tse fetang 600 000 Brazil. Ebile tokelo e kaakang hore ebe ke ile ka kenya letsoho hanyenyane feela hore ho be le keketseho ee! Ka sebele, Jehova o mputsitse haholo ka lebaka la ho tiisetsa. Nka etsisa mopesaleme ka re: “Jehova o entse ntho e khōlō ka seo a se entseng ho rōna. Re thabile.”—Pesaleme ea 126:3.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.

b Mataliana a ka bang 1 000 000 a ile a aha São Paulo pakeng tsa 1870 le 1920.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Lipaki li phatlalatsa puo ea phatlalatsa kopanong ea pele motseng oa Salvador, ka 1943

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Lipaki li fihla São Paulo bakeng sa Kopano ea Lichaba Tse Thabileng, ka 1946

[Litšoantšo tse leqepheng la 10, 11]

Re ne re le mosebetsing oa ho potoloha qetellong ea lilemo tsa bo-1950

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

’Na le mosali oa ka, Júlia

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela