Bosoha Linakong Tse Thata Moruong
CHUKS ea lulang Afrika Bophirimela o ile a re: “Ke ne ke batla ho nyala ha ke le lilemo li 25. Ho ne ho na le kharebe eo ke neng ke nahanne ka eona, ’me e ne e nthahasella. Bothata e ne e le chelete. Ntate le moholoane ba ne ba sa sebetse, ’me banab’eso ba bashemane le ba banana ba banyenyane ho ’na ba ne ba kena sekolo. E mong le e mong o ne a lebeletse hore ke hlokomele lelapa. Joale, se ileng sa mpefatsa boemo le ho feta ke hore batsoali ba ka ba ile ba kula, ’me seo se ile sa hloka hore ke fumane chelete e eketsehileng ea ho lefa litšenyehelo tsa phekolo.”
Chuks, eo e leng Paki ea Jehova, o ne a sa batle ho kena lenyalong feela a ke ke a khona ho hlokomela mosali. O ne a ela hloko mantsoe a Pauluse a fumanoang ho 1 Timothea 5:8: “Ekare ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ea hae, eo o latotse tumelo, ’me o fetisoa ke ea sa lumelang.”
Chuks o ile a tsoela pele: “Ke ne ke sebetsa ka thata, empa ho ne ho se mohla chelete e lekaneng. Phello e bile hore litokisetso tsa rōna tsa lenyalo li ile tsa tlameha ho chechisetsoa morao nako le nako. Qetellong ke ile ka fumana lengolo le tsoang ho kharebe le bolelang hore motho e mong o ile a bua le ntate oa hae a kōpa ho mo nyala. Ntate oa hae a lumela. Matsatsi a seng makae ka mor’a hore ke fumane lengolo la hae, lelapa le ile la etsa moketjana oa tebeletso.”
Joaloka Chuks, banna ba bangata ba Bakreste ba bone ha litokisetso tsa bona tsa lenyalo li hlōleha kapa li lieha ka lebaka la maemo a mabe a moruo. Linaheng tse ngata ho na le ho phahama ha theko ea lintho ho fetisisang. Ka mohlala, naheng e ’ngoe ea Afrika bohareng, litheko li ile tsa phahama ka karolo ea 8 319 lekholong ka selemo se le seng! Linaheng tse ling ho thata ho fumana mesebetsi. Hape, hangata meputso e tlaase hoo ho leng thata hore monna a itlhokomele, ho se ho sa thoe letho ka mosali le bana. Mohlankana e mong oa Nigeria o ile a tletleba ka hore moputso oa mosebetsi oa nako e tletseng oo a neng a o tšepisoa fekthering e ne e le R61 feela ka khoeli—e leng chelete e ka tlaase ho ea tefo bakeng sa bese ea ho ea le ho khutla mosebetsing!
Basali ba bangata ba Bakreste ba masoha le bona ba fumana hore mathata a moruo a nyopisa litokisetso tsa bona tsa lenyalo. Hangata ba tlameha ho sebetsa ho hlokomela litho tsa lelapa. Banna ba bang ba masoha, ha ba bona boemo bona, ba ba lesisitheho ho ba nyala, ba hlokomela hore monna ea nyalang tlas’a maemo a joalo o ne a tla tšoanela ho amohela chelete e lekaneng bakeng sa ho hlokomela eseng mosali feela empa hape le lelapa labo. Ayo, ea nang le lengolo la univesithi, o leka ka matla ho itlhokomela, ho hlokomela ’mè oa hae, le banab’abo ba bashemane le ba banana ba banyenyane ho eena. Oa tletleba: “Ke batla ho nyaloa, empa ha ba bang ba tla ’me ba bona mokoloko oa ka o molelele [bao ke lokelang ho ba hlokomela ka chelete], baa baleha.”
Ho sa tsotellehe mathata a lichelete, Bakreste ba bangata ba seng lenyalong ba iphumana ba hateletsoe ke beng ka bona le ba bang hore ba kene lenyalong le ho ba le bana. Ka linako tse ling khatello ena e tla ka sebōpeho sa litšomo. Ka mohlala, likarolong tse ling tsa Afrika, ho tloaelehile hore ha motho e moholo a lumelisoa a botsoe bophelo ba molekane oa hae le ba bana. Ka linako tse ling litumeliso tse joalo li etsoa e le hore ho songoe batho ba seng lenyalong. John, ea lilemo li ka holimo ho 45, o re: “Ha batho ba ntšoma ’me ba re, ‘Mosali oa hao o phela joang?,’ kea araba, ‘Oa tla.’ ’Nete ke hore, nka ba le mosali joang haeba ke sitoa ho mo hlokomela?”
Bakeng sa John le ba bang ba bangata ba kang eena, boemo bona bo akaretsoa ke maele a Seyoruba: “Ho phosumela lenyalong hase ntho eo motho a ka ithorisang ka eona; ho fepa lelapa ho thata.”
Sebelisa Boemo ba Hao Hamolemohali
Ho bonolo hakaakang ho nyahama ha re laba-labela ho ba le ntho e itseng ’me re sa e fumane. Liproverbia 13:12 e re: “Tšepo ha e lieha ho phetheha, e babisa pelo.” Mohlomong ena ke tsela eo u ikutloang ka eona haeba u laba-labela ho kena lenyalong empa u sa khone ho etsa joalo ka lebaka la chelete. Ho ka ba joalo ka ho khethehileng haeba u le har’a bao moapostola Pauluse a ba hlalosang e le ba ‘chesoang ke takatso.’—1 Ba-Korinthe 7:9, NW.
Ho hlōla mathata ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo, empa ho na le lintho tseo u ka li etsang hore u mamelle esita le ho fumana thabo boemong ba hao. Jesu Kreste, monna ea sa nyalang, o ile a totobatsa molao-motheo oa Bibele o sebetsang o ka u thusang ho hlōla ho nyahama ho bakoang ke tšepo e liehang ho phetheha. O itse: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.”—Liketso 20:35.
U ka sebetsa tumellanong le sena ka ho etsetsa lelapa leno le ba bang ka phuthehong lintho tse molemo. Mohlomong u ka ba mafolo-folo haholoanyane tšebeletsong ea Bokreste. Haeba u etsa hore u tšoarehe ka ho feletseng ka ho fana u se na boithati, u ka ’na ua fumana hore u ba ea ‘tsitsitseng pelong ea hae, ea khonang ho laola takatso ea hae.’—1 Ba-Korinthe 7:37, NW.
Monna e mong ea sa nyalang, moapostola Pauluse, o ile a ngola keletso ena e thusang: “Iponeleng hore le tsamaee ka kelello, e seng joalo ka maoatla, e mpe e be joalo ka ba bohlale. Lopollang linako, hobane mehla e se e le mebe.” (Ba-Efese 5:15, 16) Bakreste ba bangata ba seng lenyalong ba ‘fumanetse meea ea bona phomolo’ ka ho sebelisa nako ea bona bakeng sa ho atamela haufi le Jehova ka thapelo, ho ithuta Lentsoe la Molimo, le ho kopanela libokeng tsa Bokreste. (Mattheu 11:28-30) Haeba u etsa sena, u tla khona ho loana ka katleho e khōloanyane le boemo ba moruo bo thata. Hape ho tla u thusa ho ba ea hōlileng haholoanyane moeeng, ho u etse hore u be monna kapa mosali ea molemo haholoanyane haeba u kena lenyalong qetellong.
Le ka mohla u se ke ua lebala hore Jehova o hlokomela bohle ba mo sebeletsang. O elelloa maima le mathata ao u nang le ’ona. Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo o boetse o ela hloko se molemong oa hao oa nako e telele, moeeng le maikutlong. Haeba ka mamello u sebelisa melao-motheo ea Lentsoe la hae bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi, u ka kholiseha hore o tla tlisa thuso ka nako ea hae ’me a khotsofatse litlhoko le litakatso tsa hao ka tsela e leng molemong oa hao oa ka ho sa feleng. Bibele ea re tiisetsa: “Ba tsamaeang ka ho loka a [Jehova] ke ke a ba hanela le molemo leha o le mong.”—Pesaleme ea 84:11.
Sheba Lintho ka Lehlakoreng le Molemo
Hape, hopola hore ho na le melemo e tobileng ea ho ba lesoha. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ea . . . kenang lenyalong o etsa hantle, empa ea sa keneng lenyalong o tla etsa hamolemo haholoanyane.”—1 Ba-Korinthe 7:38, NW.
Ke hobane’ng ha bosoha bo le ‘molemo haholoanyane’ ho feta lenyalo? Pauluse o ile a hlalosa: “Ea sa nyalang o hlokomela tseo e leng tsa Morena, le kamoo a ka khahlisang Morena kateng. Empa ea nyetseng o hlokomela tsa lefatše lena, le kamoo a ka khahlisang mosali oa hae kateng. Mosali ea nyetsoeng le moroetsana ha ba tšoane. Ea sa nyaloang o hlokomela tsa Morena, a tle a halalele ’meleng le moeeng; empa ea nyetsoeng o hlokomela tsa lefatše lena, le kamoo a ka khahlisang monna oa hae kateng.”—1 Ba-Korinthe 7:32-34.
Ka mantsoe a mang, ke ka nepo Bakreste ba nyetsoeng ba amehileng ka litlhoko tsa balekane ba bona, seo ba se ratang, le seo ba sa se rateng. Empa Bakreste ba masoha ba ka ameha haholoanyane ka tšebeletso ea Jehova ’me ba tsepamisa mehopolo ea bona ho eona. Ha ho bapisoa le ba leng lenyalong, Bakreste ba masoha ba boemong bo molemo haholoanyane ba ho ‘sebeletsa Morena ba sa horeletsoe ke letho.’—1 Ba-Korinthe 7:35.
Pauluse ha a re Bakreste ba masoha ha ba na litšitiso. Haeba u imetsoe ke mathata a moruo, u ka ’na ua ikutloa hore ho na le lintho tse ngata tse sokelang ho u sitisa tšebeletsong ea hao. Leha ho le joalo, bolokolohi ba botho ba ho sebeletsa Molimo ba monna kapa mosali ea seng lenyalong hangata bo boholoanyane ho feta ba ea leng lenyalong.
Le hoja a buella bosoha e le eona tsela e molemo haholoanyane, moapostola Pauluse ha aa ka a re ho nyala ho fosahetse. O ile a ngola: “Ekare ha u nyala, ha u etse sebe.” Empa o ile a lemosa: “Empa ba joalo [ba nyalang] ba tla ba le matšoenyeho nameng.”—1 Ba-Korinthe 7:28.
O ne a bolela eng ka seo? Lenyalo le tlisa matšoenyeho a itseng. Linakong tse thata moruong, matšoenyeho a joalo a ka ’na a akarelletsa ho ameha ha ntate ka ho hlokomela mosali oa hae le bana. Ho kula le hona ho ka tlisetsa lelapa meroalo e eketsehileng ea lichelete le ea maikutlo.
Kahoo le hoja e ka ’na eaba u boemong boo u sa bo thabeleng, e ka ’na eaba u boemong bo molemo haholoanyane ho feta boo u neng u ka ba ho bona haeba u ne u kene lenyalong u bile u na le boikarabelo ba ho hlokomela bana. Mathata ao u talimaneng le ’ona hona joale ke a nakoana; a tla felisoa tsamaisong e ncha ea Molimo—’me mohlomong a mang a tla felisoa le pele ho moo.—Bapisa le Pesaleme ea 145:16.
Na U ka Atolosa Tšebeletso ea Hao?
Le hoja e se e mong le e mong ea ka ho etsang, ba bang ba ’nile ba khona ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng ho sa tsotellehe mathata a lichelete. Chuks, eo ho builoeng ka eena pejana, o ne a reka le ho rekisa thepa ea ho ngola bakeng sa ho hlokomela lelapa labo. Ka nako e batlang e tšoana le eo litokisetso tsa hae tsa lenyalo li ileng tsa hlōleha ka eona, o ile a amohela lengolo le mo memelang hore ka nakoana a e’o sebetsa kahong ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower ea sebakeng sa habo. A amehile ka chelete, moholoane oa hae ha aa ka a mo khothaletsa ho ea. Leha ho le joalo, Chuks o ile a ikemela ka hore Jehova o ne a mo thusitse ho theha khoebo ea hae ea thepa ea ho ngola, ka hona o lokela ho beha lithahasello tsa ’Muso pele le ho tšepela matleng a Molimo a ho mo hlokomela. (Mattheu 6:25-34) Ho feta moo, o ile a nahana, ke ka likhoeli tse tharo feela.
Chuks o ile a amohela memo eo ’me a fa moholoane oa hae khoebo eo. Hoo e ka bang lilemo tse tšeletseng hamorao, Chuks o ntse a le tšebeletsong ea nako e tletseng, ke moholo ka phuthehong ea Bokreste, ’me hona joale boemo ba hae ba lichelete bo mo lumella ho nyala. Na o ikoahlaela tsela eo lintho li ileng tsa tsamaea ka eona bophelong ba hae? Chuks o re: “Ke ile ka nyahama ha ke sitoa ho nyala ha ke ne ke batla, empa ruri lintho li ile tsa ntsamaela hamolemo haholo. Ke bile le thabo e ngata le litokelo tsa tšebeletso tseo mohlomong nka beng ke sa ka ka li thabela haeba ke ne ke ile ka nyala ka nako eo le ho ba le bana.”
Tšireletseho Bakeng sa Bokamoso
Linakong tse thata ba bangata ba batla tšireletseho ea lenyalo e le e sireletsang mathateng a lichelete a kamoso. Linaha tse ling, ka lebaka la ho imeloa ke sekoloto, li fana ka thuso e nyenyane ho ba hōlileng kapa ha li ba thuse ho hang. Kahoo hangata batsoali ba tšepela malapeng a bona, ’me haholo-holo baneng ba bona, hore ba ba hlokomele ha ba le lilemong tsa botsofali. Ka lebaka leo, banna le basali ba masoha ba atisa ho hatelloa hore ba nyale le ho ba le bana, esita leha boemo ba bona ba lichelete bo sa tsitsa.
Empa lenyalo le ho ba le bana hase tiiso ea tšireletseho. Bana ba bang ba lefatše ha ba rate ho hlokomela batsoali ba hōlileng, ba bang ha ba khone ho ba hlokomela, ha ba bang ba e-shoa pele ho batsoali ba bona. Bakreste ba batla tšireletseho haholo-holo sebakeng se seng sesele, ka lebaka la ho nahana ka tšepiso ea Molimo: “Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla.”—Ba-Heberu 13:5.
Ba liehileng ho kena lenyalong ka lebaka la ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng ha baa ka ba lahloa. Christiana ke lesoha ’me o lilemo li 32. O sebelelitse e le pula-maliboho Nigeria ka lilemo tse robong tse fetileng. O re: “Ke beha tšepo ea ka ho Jehova, ea re tiisetsang hore le ka mohla a ke ke a lahla bahlanka ba hae. Tšepiso ea hae ke tšepo ea ka. Jehova o ntlhokomela moeeng le nameng. O ipakile ho ba Ntate ea fanang ka seatla se bulehileng. Ka mohlala, ke ile ka fallela sebakeng seo ho sona tlhokahalo ea Lipaki e leng khōlō ke il’o bula maliboho. Le hoja ho na le lintho tse seng kae tse thabisang, ke ithutile ho tsoella. Ha ke ne ke kene sepetlele ka lebaka la feberu ea typhus, baena ba phutheho eo ke neng ke le ho eona pele ba ile ba nketela e le hore ba ka ntlhokomela.
“Ke khotsofaletse tšebeletso ea nako e tletseng haholo. Ke talima ho sebetsa le ’Mōpi oa bokahohleng le baena le bo-khaitseli ba bangata hakana ho pota lefatše e le tokelo e khōlō. Ke bona bacha ba bangata ba ferekaneng le ba se nang tšepo ka lebaka la lintho tse etsahalang ho ba potoloha. Ha e le ’na, bophelo ba ka bo na le morero; ke talima bokamoso ka kholiseho. Kea tseba hore ho ba haufi le Jehova ke tharollo e molemohali ea mathata ao re talimanang le ’ona kajeno.”
Haeba u laba-labela ho kena lenyalong empa u sa khone ka lebaka la mathata a moruo, u se ke ua nyahama! Ha u mong. Ho na le ba bangata ba mamellang liteko tse tšoanang ka thuso ea Jehova. Sebelisa boemo ba hao hamolemohali ka ho ikitlaelletsa ho etsetsa ba bang lintho tse molemo le ka ho ntlafatsa bomoea ba hao. Atamela Molimo; o tla u thusa hobane o hlile oa u hlokomela.—1 Petrose 5:7.