Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 7/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Mang ea Etellang Pele Batho ba Molimo Kajeno?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Sehlopha se Busang se Sebetsa Joang Kajeno?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
  • Ho Sebelisana le Sehlopha se Busang Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 7/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na Molimo o ne o le leeme ha o khetha banna ba sehlopha se busang sa pele bao e neng e le ba morabe o tšoanang le ba semelo sa sechaba se tšoanang—kaofela e le Bajode?

Che, ka sebele o ne a se leeme. Bohle bao Jesu a qalileng ho ba biletsa ho ba barutuoa ba hae e ne e le Bajode. Joale, ka Pentekonta ea 33 C.E., Bajode le ba ileng ba sokolohela Bojodeng e bile bona ba pele ba ho tlotsoa ka moea o halalelang ’me kahoo ba tšoanelehela ho busa le Kreste leholimong. Ke hamorao feela basokolohi ba Basamaria le ba Balichaba ba sa bollang ba ileng ba kenyelletsoa. Kahoo, ke ho utloahalang hore sehlopha se busang sa ka nako eo se ne se bōpiloe ka Bajode, “baapostola le baholo” ba Jerusalema, joalokaha ho boletsoe ho Liketso 15:2. Bana e ne e le banna ba nang le motheo o pharaletseng oa tsebo ea Mangolo le lilemo tsa phihlelo borapeling ba ’nete, ’me ba ne ba bile le nako e eketsehileng ea ho tsoela pele ho ba baholo ba Bakreste ba hōlileng tsebong.—Bapisa le Ba-Roma 3:1, 2.

Nakong eo ea seboka seo sa sehlopha se busang se tlalehiloeng ho Liketso khaolo ea 15, Balichaba ba bangata ba ne ba se ba fetohile Bakreste. Bana ba ne ba akarelletsa Maafrika, batho ba Europe, le batho ba tsoang libakeng tse ling. Leha ho le joalo, ha ho na tlaleho ea hore leha e le bafe ba Balichaba ba joalo ba ile ba kopanyelletsoa sehlopheng se busang ho etsa hore Bokreste bo ipiletse ho bao eseng Bajode. Le hoja basokolohi bana ba bacha ba Bakreste ba Balichaba e ne e le litho tse lekanang tsa “Iseraele oa Molimo,” ba ne ba tla lokela ho hlonepha khōlo tsebong le phihlelo e khōloanyane ea Bakreste ba Bajode, joaloka baapostola, bao e neng e le karolo ea sehlopha se busang morao koo. (Ba-Galata 6:16) Ho Liketso 1:21, 22 hlokomela kamoo phihlelo e joalo e neng e nkoa e le ea bohlokoa kateng.—Ba-Heberu 2:3; 2 Petrose 1:18; 1 Johanne 1:1-3.

Ka makholo a mangata a lilemo Molimo o ’nile a sebetsana le sechaba sa Iseraele ka tsela e khethehileng, e leng moo Jesu a khethileng baapostola ba hae teng. E ne e se phoso kapa ho hloka toka hore ebe ho ne ho se baapostola ba tsoang moo hona joale e leng Amerika Boroa kapa Afrika kapa Bochabela bo Hōle. Ka mor’a nako banna le basali ba tsoang libakeng tseo ba ne ba tla ba le monyetla oa ho fumana litokelo tse khōloanyane ho feta tsa ho ba moapostola lefatšeng, ho ba setho sa sehlopha se busang lekholong la pele la lilemo, kapa ho ba le boemo bo itseng har’a batho ba Molimo kajeno.—Ba-Galata 3:27-29.

Moapostola e mong o ile a susumelletseha ho bolela hore “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang le ea etsang ho lokileng ke eena ea o khahlisang.” (Liketso 10:34, 35) E, melemo ea thekollo ea Kreste e fumanoa ke bohle, ntle ho leeme. ’Me batho ka bomong ba tsoang mefuteng eohle le malemeng ’ohle le lichabeng tsohle ba tla akarelletsoa ’Musong oa leholimo le ho bongata bo boholo bo tla phela ka ho sa feleng lefatšeng.

Batho ba bangata ba nkeha maikutlo ha ho tluoa litabeng tsa semelo sa merabe, lipuo kapa bochaba. Sena se bontšoa ke seo re se balang ho Liketso 6:1 ka sesosa se ileng sa baka ho korotla pakeng tsa Bakreste ba buang Segerike le ba neng ba bua Seheberu. E ka ’na eaba re hōtse re e-na le boikutlo ba ho ameha ka ho feteletseng kapa re nkeha maikutlo ka ho feteletseng ke boikutlo bo teng hona joale bo amang puo, morabe, setso kapa bong. Ka lebaka lona leo la hore ke ntho e hlileng e ka etsahalang, ke hantle ho etsa boiteko bo tiileng ba ho lumella maikutlo le liketso tsa rōna ho lokisoa ke pono ea Molimo, ea hore batho bohle baa lekana ka pele ho eena, ho sa tsotellehe hore na ponahalo ea rōna ka ntle ke efe. Ha Molimo a ne a etsa hore litšoaneleho bakeng sa baholo le bahlanka ba sebeletsang li tlalehoe, ha a ka a bua letho ka litaba tsa morabe le semelo sa bochaba. Che, o ile a talima litšoaneleho tsa moea ho bao ba ka fumanehang bakeng sa ho sebeletsa. Sena ke ’nete ka baholo ba phutheho, balebeli ba tsamaeang, le basebeletsi ba lekala kajeno, joalokaha e ne e le ’nete ka sehlopha se busang lekholong la pele la lilemo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela