Lipaki Tsa Jehova Lefatšeng Lohle—India
INDIA! Naha ena e khōlō e batlileng e lekana le k’honthinente ke lehae la motho a le mong ho ba bang le ba bang ba tšeletseng ba lulang lefatšeng. Naheng ena ea batho ba mefuta e sa tšoaneng ka kakaretso ho buuoa maleme le lipuo tse 1 000. Batho ba bangata ke Mahindu, a etsang karolo ea 83 lekholong, ha karolo ea 11 lekholong e le Mamosleme, athe karolo e setseng ke ea Masikhe, Mabuddha, Majaine le Bakreste ka lebitso feela.
Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa thabela katleho e ikhethang India lilemong tsa morao tjena. Li fumane batho ba kang linku ba ikemiselitseng ho ema ba tiile ka lehlakoreng la ’Muso oa Jehova, ho sa tsotellehe mefuta eohle ea khatello le khanyetso.
Ka mohlala, ngoanana e mong oa lelapa le tloaelehileng la Mahindu o ile a holofatsoa ke pholio ho tloha bongoaneng. Mahlomola ao a ileng a ba ho ’ona a ile a etsa hore a nahane ka Molimo le morero oa bophelo. O ile a lekola malumeli a mangata e le hore a ka fumana karabo empa a se ke a fumana matšeliso. Ka lebaka leo, o ile a felloa ke tumelo bolumeling, le hoja a sa ka a felloa ke tumelo ho Molimo.
Hoo e ka bang ka nako ena, Lipaki tse peli li ile tsa kopana le ngoanana enoa tšebeletsong ea tsona ea ka ntlo le ntlo. Oa hopola: “Ke ile ka lla ha ke utloa ba bala Tšenolo 21:4.” O ile a amohela lingoliloeng tse ngata tsa Mokhatlo oa Watch Tower ’me a lumela ho khanneloa thuto ea lehae ea Bibele ho sa tsotellehe khanyetso ea ’mè oa hae. Ngoanana enoa o ile a etsa liphetoho tse ngata bophelong ba hae, a talimana le khanyetso ea beng ka eena ka sebete, ’me ea e-ba Paki e kolobelitsoeng. O re: “Ke tsoa hōle, ’me ho bile boima. Empa Jehova Molimo o ’nile a ba le ’na kamehla ’me o mphile khotso le thabo e khōlō.”
Ho Emela Borapeli bo Hloekileng ka Tieo Sekolong
Tichere ea khaitseli e mong e monyenyane e ile ea mo kōpa hore a ee kerekeng e K’hatholike hammoho le bana ba bang kaofela ba tlelase eo. Ka tlhompho khaitseli enoa o ile a hana, a bolela hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me a ke ke a rapela leha e le mang kapa ntho leha e le efe haese Jehova feela. Tichere e ile ea re ha ba bang bohle ba ea kerekeng, le eena o lokela ho ea. Empa khaitseli enoa o ile a ema a tiile ’me a bolela hore kaha ba eang kerekeng ba tla be ba sa rapele Jehova, ha a bone hore a ka ba teng joang moo.
Ka lebaka la ho tiea ha khaitseli enoa, tichere ea hae e ile ea batla ho tseba ho eketsehileng. Kahoo letsatsing le latelang khaitseli enoa o ile a e neha Molula-Qhooa o nang le sehlooho se buang ka borapeli ba Jehova. E khahliloe ke seo e se balileng, tichere joale ea mo lokolla mesebetsing eohle ea bolumeli sekolong. Khaitseli enoa o ile a khona ho abela tichere ea hae le matichere a mang limakasine tse leshome.
Ho Utloa Molao oa Molimo Tabeng ea Mali Hoa Putsoa
Haufinyane feberu e bakoang ke likokoana-hloko e ile ea qhoma ka sebōpeho sa seoa likarolong tse ling tsa lebatooa la Kerala. Lefu lena le senya liphio ka ho tebileng ’me le fella ka tlhokahalo ea ho hloekisoa ha mali. Ho tloaelehile hore litšelo tsa mali li etsoe. Motseng o mong batho ba 14 ba ile ba kena sepetlele ba tšoeroe ke lefu lena. E mong oa bakuli bana e ne e le Paki, moholo phuthehong ea sebaka seo. O ile a bolelloa hore tšelo ea mali ke oona feela mokhoa oa phekolo o fumanehang. Moholo enoa o ile a hlalosa litumelo tsa hae tsa Mangolo ’me ka tieo a hana mali. (Liketso 15:28, 29) Ka mor’a khang e telele lingaka li ile tsa re o tla shoa hobane o hana ho tšeloa mali.
Bakuli ba bang ba 13 ba ile ba tšeloa mali. Se utloisang bohloko ke hore kaofela ba ile ba shoa ka mor’a matsatsi a se makae. Moena enoa e bile eena feela ea ileng a pholoha! Ba boholong sepetlele ba ne ba maketse haholo. Basebetsi lefapheng la bongaka ba ne ba khahliloe haholo ke liketelo tsa kamehla tsa litho tsa phutheho. Ka mor’a hore a lokolloe sepetlele, moena enoa o ile a ea ho lingaka ho ea li leboha, empa li ile tsa re: “Ke hobane’ng ha u re leboha? Leboha Molimo oa hao, Jehova. Ke Eena ea u pholositseng. Re kōpa hore le rōna u re rapelle ho Molimo oa hao, Jehova.”
[Lebokose le leqepheng la 24]
TLALEHO EA NAHA
Selemo sa Tšebeletso sa 1994
TLHŌRŌ EA BA PAKANG: 14 271
KARO-KAROLELANO: Paki e le 1 ho 65 266
BA BILENG TENG SEHOPOTSONG: 38 192
KAROLELANO EA BAHOELETSI BA BO-PULA-MALIBOHO: 1 780
KAROLELANO EA LITHUTO TSA BIBELE: 12 453
PALO EA BA KOLOBELITSOENG: 1 312
PALO EA LIPHUTHEHO: 410
OFISI EA LEKALA: LONAVLA
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ofisi ea lekala, Lonavla
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ho paka mabapi le kopano ea “Litaba Tse Molemo Tse sa Feleng” ka 1963
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ho bolela ho morekisi kantle ho Red Fort, Delhi