’Nete ka Mangeloi
Hangata ho tloaela motho ho akarelletsa ho ithuta ho hong ka lelapa la habo motho eo. Hoa tšoana le ho batla ho tseba Jehova Molimo. Ho ameha ho eketsehileng ho feta feela ho tseba lebitso la hae. Re boetse re tlameha ho batla ho tseba ho hong ka “lelapa” la hae le leholimong. (Bapisa le Ba-Efese 3:14, 15, NW.) Bibele e bitsa mangeloi “bara” ba Molimo. (Jobo 1:6) Ha re nahana ka karolo ea ’ona ea bohlokoa ka Bibeleng, re lokela ho batla ho tseba ho eketsehileng ka ’ona bakeng sa ho utloisisa karolo ea ’ona morerong oa Molimo.
HO BA teng moetlo o mocha o thehiloeng ka meetlo e meng. Hase feela hore batho ba bangata ba bolela hore ba lumela ho mangeloi; batho bao palo ea bona e ntseng e eketseha ba bolela hore ba amiloe ke ’ona ka tsela e itseng. Ha Maamerika a 500 a ne a botsoa, “Na ka bouena u kile ua lemoha hore mangeloi a teng bophelong ba hao?” hoo e ka bang ba etsang karolo ea boraro ba ile ba re ho joalo. Hape ho makatsang ke palo ea bacha ba bolelang hore ba lumela ho mangeloi—ho latela phuputso e ’ngoe United States, ba etsa karolo ea 76 lekholong! Ka ho totobetseng, batho ba thahasella mangeloi. Empa khopolo e teng ka mangeloi e lumellana joang le ’nete ea Bibele?
Ho Pata Karolo ea Satane
Ha re bua ka mangeloi, ha rea lokela ho hlokomoloha mangeloi a khopo, libōpuoa tsa leholimo tseo Bibele e bolelang hore li ile tsa fetohela Molimo. Le ka pele-pele ho ana ke Satane. Buka e tummeng e bitsoang Ask Your Angels e fana ka maikutlo a hore Satane e mpa feela e le “tšobotsi ea Molimo” ’me o thusa batho hore ba matlafatse ‘mesifa ea bona ea moea’ ka ho ba leka nako le nako. Bangoli ba bolela hore ho sa tsotellehe “boikemisetso bo lerato” ba Satane, ka lilemo tse makholo ka phoso o amahantsoe le bobe. Ba phaella ka hore Satane le Jesu, “le hoja ba sa tšoane hantle, bonyane ba ka lehlakoreng le le leng, ke likarolo tsa bohlokoa tsa ntho e le ’ngoe.” Tsena ke lipolelo tse makatsang, empa Bibele e re’ng?
Bibele e bolela ka ho hlaka hore Satane hase “tšobotsi ea Molimo” empa ke sera sa Molimo. (Luka 10:18, 19; Ba-Roma 16:20) O khahlanong le bobusi ba Jehova, ’me boikemisetso ba hae ho batho ho hang ha bo “lerato.” Ka ho hloka kutloelo-bohloko o ntšetsa khalefo ea hae ho bahlanka ba Molimo ba lefatšeng. O ba qosa pel’a Molimo bosiu le motšehare!a (Tšenolo 12:10, 12, 15-17) Satane o ikemiselitse ho ba senya ho sa tsotellehe hore na seo se tlisa liphello life. Ho hlorisa ha hae ka sehlōhō monna ea lokileng Jobo ho ile ha senola boikutlo ba hae bo thatafetseng ka mahlomola a batho.—Jobo 1:13-19; 2:7, 8.
Ho e-na le hore ba be “ka lehlakoreng le le leng,” Satane le Jesu ho hang ha ba utloane. Ke Satane eo ntle le pelaelo a ileng a susumelletsa Heroda hore a phatlalatse polao e khōlō ea masea—sena sohle e le ka boiteko ba ho bolaea ngoana Jesu! (Mattheu 2:16-18) Hape litlhaselo tsa Satane tse sa khaotseng li ile tsa tsoela pele ho fihlela lefung la Jesu. (Luka 4:1-13; Johanne 13:27) Ka hona, ho e-na le “ho ba likarolo tsa bohlokoa tsa ntho e le ’ngoe,” Jesu le Satane ba fapane ka ho felletseng. Boprofeta ba Bibele bo bontša hore bora ba bona bo ke ke ba qojoa. (Genese 3:15) Ka ho loketseng, ke Jesu ea tsositsoeng ea tlang ho felisa Satane ka nako ea Molimo e loketseng.—Tšenolo 1:18; 20:1, 10.
Lithapelo li Lebisoa ho Mang?
Ba bang ba buellang mekhatloana ea mangeloi ba buella ho thuisa le mekhoa e meng bakeng sa ho buisana le mangeloi. Buka e ’ngoe e re: “Kōpo e tiileng ea ho kopana le setho leha e le sefe sa lelapa la leholimo e ke ke ea hlokomolohuoa. Kōpa ’me u tla arabeloa.” Mikaele, Gabriele, Uriele le Rafaele ba har’a mangeloi a mangata ao buka eo e buellang hore ho ka buisanoa le ’ona.b
Leha ho le joalo, Jesu o rutile balateli ba hae ho rapela Molimo, e seng mangeloi. (Mattheu 6:9, 10) Ka ho tšoanang, Pauluse o ile a ngola: “Nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho.” (Ba-Filippi 4:6, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka hona, lithapelong tsa bona, Bakreste ha ba atamele mang kapa mang haese Jehova, ’me ba etsa sena ka lebitso la Jesu Kreste.c—Johanne 14:6, 13, 14.
Na Mangeloi ha a na Mokhatlo oa Bolumeli?
Ho latela Eileen Elias Freeman, ea okametseng AngelWatch Network, “mangeloi a ka holimo ho bolumeli bo bong le bo bong, filosofi e ’ngoe le e ’ngoe, thuto e ’ngoe le e ’ngoe ea motheo ea bolumeli. Ha e le hantle, mangeloi ha a na bolumeli joalokaha re tseba.”
Leha ho le joalo, Bibele e bolela ka ho hlaka hore mangeloi a tšepahalang a na le bolumeli; a rapela Molimo oa ’nete, Jehova, ea sa mamelleng tlhōlisano e tsoang ho melimo e meng. (Deuteronoma 5:6, 7; Tšenolo 7:11) Kahoo, lengeloi le joalo le ile la itlhalosa ho moapostola Johanne e le “lekhoba-’moho” le ba utloang litaelo tsa Molimo. (Tšenolo 19:10, NW) Ha ho kae kapa kae Bibeleng moo re balang hore mangeloi a tšepahalang a ile a tšehetsa borapeli ba mofuta o mong. A neha Jehova boinehelo bo isoang ho eena a le mong.—Exoda 20:4, 5.
“Ntate oa Leshano”
Liketsahalo tse ngata tseo ho tsona ho boleloang hore ho kopanoe le mangeloi li ama ho buisana le bafu. Mosali ea bitsoang Elise ka mor’a ho amohela seo a nahanang hore ke pontšo o re: “Ke ile ka nahana hore malome o fumane mokhoa oa ho fihla ho ’na le ho ntsebisa hore qetellong o thabile.” Terri ka ho tšoanang o hopola motsoalle ea ratoang ea ileng a shoa. O re: “Beke ka mor’a lepato, o ile a tla ho ’na ho seo ke neng ke nahana hore ke toro. O ile a mpolella hore ha kea lokela ho siama ka lebaka la ho tsamaea ha hae, hobane o ne a thabile ’me a le khotsong.”
Empa Bibele e bolela hore bafu “ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moeklesia 9:5) E boetse e bolela hore ha motho a e-shoa, “letsatsing lona leo, merero ea hae e felile.” (Pesaleme ea 146:4, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Leha ho le joalo, Satane ke “ntate oa leshano.” (Johanne 8:44, NW) Ke eena ea qalileng leshano la hore soule ea motho e pholoha lefu. (Bapisa le Ezekiele 18:4.) Kajeno batho ba bangata ba lumela sena, e leng se phethang morero oa Satane, kaha se felisa tlhokahalo ea ho lumela tsoho—thuto ea motheo ea Bokreste. (Johanne 5:28, 29) Kahoo, ho botsa bafu kapa se bonahalang eka ke ho amohela melaetsa ho bona ke tšobotsi e ’ngoe ea mokhatloana oa mangeloi e sa amoheloeng ke Molimo.
Na ke ho Buisana le Mangeloi Kapa Bademona?
Mekhatloana e mengata ea mangeloi ea hona joale e tsoakane le tšebelisano le matla a phahametseng tlhaho. Nahana ka phihlelo ea Marcia. O re: “Ho tloha ka September ho ea ho December 1986, ke ile ka qala ho fumana melaetsa ho tsoa ‘mehloling e phahametseng tlhaho.’ Ke bone lipono tsa mohlolo ’me ka ba le litoro tse makatsang tsa ‘bophelo bo fetileng.’ Ke ile ka kopana le metsoalle e seng e shoele le ho ba le liphihlelo tse etsahalang kelellong tseo ho tsona ke ileng ka tseba litaba tsa batho bao ke kopanang le bona. Ke bile ka hlohonolofatsoa ka mpho ea ho ngola ke sa ikutloe le ho fetisa melaetsa e tsoang sebakeng sa moea. Ba bang, bao ho seng mohla nkileng ka kopana le bona ha ba sa phela, ba ne ba fetisetsa ba bang melaetsa ka ’na.”
Ho sebelisa bonohe e le mokhoa oa ho “buisana” le mangeloi ho tloaelehile. Mohloli o mong ka ho toba o khothalletsa babali ba oona ho sebelisa majoe a rune, likarete tsa tarot, lichelete tsa tšepe tsa I Ching, ho bala mela ea seatla ho noha bokamoso le bonohe ba linaleli. Bangoli ba re: “Lumella seo u leng sona ka hare hore se u lebise senoheng se nepahetseng, ’me u tšepe hore lengeloi le tla kopana le uena hona moo.”
Leha ho le joalo, ho latela Bibele, eng kapa eng ‘e tlang ho kopana le uena hona moo’ ka sebele hase le leng la mangeloi a Molimo. Hobane’ng? Hobane ka ho hlakileng bonohe bo khahlanong le Molimo, ’me barapeli ba ’nete—leholimong le lefatšeng—ha ho moo ba kopanang teng le bona. Iseraeleng bonohe e ne e le phoso e lokeloang ke lefu! Molao o ne o itse: “Bohle ba etsang litaba tseo, ba manyala ho Jehova.”—Deuteronoma 13:1-5; 18:10-12.
“Lengeloi la Leseli”
Ha hoa lokela ho re makatsa hore Diabolose a ka etsa hore bonohe bo hlahe bo le molemo, ebile bo tšehetsoa ke mangeloi. Bibele e re Satane “o ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli.” (2 Ba-Korinthe 11:14) A ka ba a qapa lipontšo tsa se tlang ebe o-oa li phethahatsa, a thetsa ba shebelletseng hore ba nahane hore pontšo eo e tsoa ho Molimo. (Bapisa le Mattheu 7:21-23; 2 Ba-Thessalonika 2:9-12.) Empa mesebetsi eohle ea Satane—ho sa tsotellehe hore na e ka bonahala e le khabane kapa e tšosa hakae—e sebeletsa o mong oa merero e ’meli: ho furallisa batho Jehova kapa ho mpa a foufatsa likelello tsa bona e le hore ‘ba se ke ba chabeloa ke leseli la Evangeli ea khanya ea Kreste.’ (2 Ba-Korinthe 4:3, 4) Mokhoa ona oa ho qetela oa ho thetsa hangata o atleha haholo.
Nahana ka tlaleho ea Bibele ea lekhabunyane le leng lekholong la pele la lilemo. Ho bolela ha lona lintho esale pele ho ile ha ruisa beng ba lona. Le ile la latela barutuoa ka matsatsi a mangata, la re: “Banna bao ke bahlanka ba Molimo o holimo-limo ba re bolellang tsela ea poloko.” Le ne le bua ’nete. Leha ho le joalo, tlaleho e re bolella hore le ne le kenoe, e seng ke lengeloi, empa ke “moea [“ledemona la bonohe,” NW].” Qetellong, Pauluse o ile “a reteleha, a re ho moea: Ke u laela ka lebitso la Morena Jesu Kreste hore u tsoe ho eena. Eaba o tsoa ka eona nako eo.”—Liketso 16:16-18.
Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a leleka moea ona? Etsoe, o ne o ruisa beng ba ngoanana ea kenoeng ke ledemona. Ka matla a phahametseng a tlhaho, e ka ’na eaba lekhabunyane leo le ile la bolella lihoai hore na li leme neng, la bolella baroetsana hore na ba nyaloe neng, le ho bolella basebetsi ba merafo hore na ba ka fumana khauta hokae. Moea ona o bile oa susumetsa ngoanana eo hore a bue ’nete, a rorise barutuoa phatlalatsa!
Leha ho le joalo, e ne e le “ledemona la bonohe.” Kahoo, le ne le se na tokelo ea ho bua ka Jehova le tokisetso ea hae bakeng sa poloko. Puo ea lona e rorisang, mohlomong e neng e etsetsoa ho matlafatsa ho bolela lintho esale pele ha lekhabunyane, e ile ea khelosa tlhokomelo ea bashebelli ho balateli ba Kreste ba ’nete. Ka lebaka le utloahalang, Pauluse o ile a lemosa Bakorinthe: “Le ke ke la jela tafoleng ea Morena le tafoleng ea batemona.” (1 Ba-Korinthe 10:21) Ha ho makatse hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba senya libuka tsohle tsa bona tse neng li amana le bonohe.—Liketso 19:19.
“Lengeloi le Leng le Fofang Mahareng a Leholimo”
Joalokaha re bone, Bibele e pepesa mekhatloana e mengata ea mangeloi e teng hona joale hore e sebelisana haufi le Sera sa Molimo, Satane Diabolose. Na see se bolela hore mangeloi a halalelang ha a amehe litabeng tsa batho? Ho fapana le seo, hona joale a phetha mosebetsi o matla lefatšeng. Ke mosebetsi ofe? Ho araba, re tlameha ho sheba buka ea Bibele ea Tšenolo. Mangeloi a boletsoe ka makhetlo a eketsehileng bukeng ena ho feta bukeng leha e le efe e ’ngoe Bibeleng.
Ho Tšenolo 14:6, 7, re bala tlaleho ea moapostola Johanne ea pono ea boprofeta eo a ileng a e amohela: “Ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a leholimo, le tšoere Evangeli ea ka mehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatšeng, le lichaba tsohle, le mefuta eohle, le lipuo tsohle, le merabe eohle; la re ka lentsoe le phahamileng: Tšabang Molimo, isang khanya ho oona, hobane nako ea ho ahlola ha oona e tlile; ’me le khumamele ea entseng leholimo, le lefatše, le leoatle, le liliba tsa metsi.”
Lengolo lena le totobatsa mosebetsi o hlaheletseng oa mangeloi kajeno. A kopanela kabelong ea bohlokoa ka ho fetisisa—ea ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. E ne e le mabapi le mosebetsi ona ha Jesu a tšepisa balateli ba hae: “’Na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.” (Mattheu 28:18-20) Jesu o na le balateli ba hae joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho ba fa thuso ea mangeloi e le hore mosebetsi ona o moholo o ka phethoa.
Lipaki tsa Jehova li qeta lihora tse fetang limilione tse sekete ka selemo li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ha li etsa mosebetsi ona, li bona bopaki ba tataiso ea mangeloi. Tšebeletsong ea tsona ea ntlo le ntlo, hangata ho ’nile ha etsahala hore li kopane le batho ba sa tsoa rapella hore e mong a ba thuse ho utloisisa merero ea Molimo. Tataiso ea mangeloi, hammoho le bohato bo nkoang ke Lipaki ka botsona, e felletse ka hore ba makholo a likete ba fumane tsebo ka Jehova selemo le selemo!
Na u mamela lengeloi le fofang mahareng a leholimo? Ha Lipaki tsa Jehova li u etela, ke hobane’ng ha u sa buisane le tsona ka botlalo ka molaetsa ona oa mangeloi?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mantsoe “Satane” le “Diabolose” a bolela “mohanyetsi” le “moetselletsi.”
b Le hoja Mikaele le Gabriele ba boleloa ka Bibeleng, mabitso a Rafaele le Uriele a hlaha libukeng tsa Apocrypha, tseo e seng karolo ea buka ea mangolo a halalelang a Bibele.
c Hlokomela hore thapelo e etsoa ka Jesu, e seng ho eena. Thapelo e etsoa ka lebitso la Jesu hobane mali a hae a tšollotsoeng a ile a bula tsela bakeng sa ho atamela Molimo.—Ba-Efese 2:13-19; 3:12.
[Lebokose le leqepheng la 8]
MANGELOI KE BO-MANG?
HO FAPANA le seo ba bangata ba se lumelang, mangeloi hase lisoule tsa batho ba shoeleng. Ka ho hlakileng Bibele e bolela hore bafu “ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moeklesia 9:5) Joale, mangeloi a tsoa hokae? Bibele e bontša hore a bōpiloe ke Molimo ka bomong pele lefatše le thehoa. (Jobo 38:4-7) E ka ’na eaba lelapa la Molimo la leholimo le na le a makholo a likete, mohlomong likete tsa limilione kapa ho feta! Mangeloi a mang a ile a ikopanya le Satane borabeleng ba hae.—Daniele 7:10; Tšenolo 5:11; 12:7-9.
Kaha Jehova ke Molimo oa tlhophiso, ha ho makatse ha lelapa la hae le leholo la mangeloi le hlophisitsoe.—1 Ba-Korinthe 14:33.
• Lengeloi le hlaheletseng, ka matla le ka bolaoli, ke arekangeloi, Jesu Kreste, ea boetseng a bitsoang Mikaele. (1 Ba-Thessalonika 4:16; Juda 9) Tlas’a bolaoli ba hae ke liserafime, likerubime le mangeloi.
• Liserafime li sebeletsa teroneng ea Molimo. Ka ho totobetseng kabelo ea tsona e akarelletsa ho phatlalatsa ho halalela ha Molimo le ho boloka batho ba hae ba hloekile.—Esaia 6:1-3, 6, 7.
• Likerubime le tsona li bonoa moo Jehova a leng teng. Joaloka bajari kapa basireletsi ba terone ea Molimo, li tšehetsa bophahamo ba Jehova.—Pesaleme ea 80:1; 99:1; Ezekiele 10:1, 2.
• Mangeloi (e leng “baromuoa”) ke baemeli le manģosa a Jehova. A phetha thato ea Molimo, ebang e ama ho lopolloa ha batho ba Molimo kapa ho felisoa ha ba khopo.—Genese 19:1-26.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Na u mamela lengeloi le fofang mahareng a leholimo?