Na U Pholositsoe?
JOHNNY o ne a le lilemo li leshome ha monna e mong a mo emisa ha a ne a le lipontšong tsa temo ’me a mo botsa: “Mohlankana, na u amohela Jesu Kreste e le Morena le Mopholosi oa hao?” Ha e le hantle, potso eo e ile ea utloahala e le e makatsang ho Johnny, kaha kamehla o ne a ’nile a lumela ho Jesu. Kahoo o ile a arabela: “Ehlile, ho joalo.” Monna eo o ile a hoeletsa hore bohle ba mo utloe: “Morena ha a bokoe! Kreste o pholoselitsoe soule e ’ngoe!”
Na ka sebele pholoho e fumaneha habonolo joalo? Na ho tloha nakong eo Johnny a buang mantsoe ao o ne a se a “pholositsoe,” ho sa tsotellehe seo a neng a tla se etsa bophelong bohle ba hae? Batho ba bangata ba tšepahalang ba tla re ho joalo. Lipampitšana tse ling tsa bolumeli li re u ngole letsatsi leo u “pholositsoeng” ka lona e le hore u ka le hopola.
Moruti e mong o ile a ngola hore “nakong eo motho a bang le tumelo leha e se e kae ho Kreste . . . qetello ea hae e se e bile e reroa ka ho tsitsitseng.” O ile a bolela hore Bibele e re pholoho e itšetlehile ka “ketso [e le ’ngoe] ea tumelo” ea nako eona eo, “e seng tumelo e tsoelang pele.” Mongoli e mong oa bolumeli o ile a ngola: “Ona ke mosebetsi o phethahetseng. O seng o phethiloe bakeng sa hao . . . ‘Ntoa [ea hao] e felile. Libe [tsa hao] li hlakotsoe.’” Empa, le bona batho ba khotsoeng ka tieo hore sena ke ’nete ba ka ’na ba bona bothata mona. Ho hlakile hore batho ba bangata ba bolelletsoeng hore ba “pholositsoe” ha ba phele ka tsela eo Bibele e reng ba phele ka eona. Tlhaloso e tloaelehileng ke ea hore mohlomong ba ne ba hlile ba sa “amohela” Kreste.
Kahoo, hantle-ntle ho “amohela” Jesu ho bolela eng? Na ke ketso ea nako eona eo ea tumelo, kapa ke tsela e tsoelang pele ea bophelo? Na tumelo ea rōna e tlameha ho ba matla ka ho lekaneng ho re susumeletsa ho nka khato? Na ka sebele re ka amohela melemo ea sehlabelo sa Jesu ntle le boikarabelo ba ho mo latela?
Batho ba bangata ba batla litlhohonolofatso e seng boikarabelo ba ho latela le ho mamela Jesu. Ha e le hantle, hangata lentsoe “utloa” lea ba tšoenya. Empa Jesu o ile a re: ‘Tloo, u ntatele.’ (Luka 18:18-23) ’Me Bibele e re: “Ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna . . . ba tla otloa ka tšenyeho e sa feleng.”—2 Ba-Thessalonika 1:8, 9; Mattheu 10:38; 16:24.
Bibele e bua lintho tse ngata tse phahamisang lipotso tse tebileng mabapi le se ’nileng sa rutoa ka pholoho. Haeba u lakatsa ho netefatsa seo ha e le hantle Bibele e se bolelang tabeng ena, u tla fumana maqephe a latelang a thahasellisa ka ho khethehileng. Phetla Bibele ea hao, ’me u bale litemana tse bontšitsoeng e le hore u ka bona seo Jesu le baapostola ba hae ba ileng ba se ruta mabapi le taba ena ea bohlokoa.