Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 3/1 leq. 28
  • Bao e Neng e le Lira ba Kopane ho Sebeletseng Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bao e Neng e le Lira ba Kopane ho Sebeletseng Jehova
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litokelo Tsa Botho Bakeng Sa Bohle—Ntho ea Sebele Lefatšeng ka Bophara!
    Tsoha!—1998
  • Na Lefatše le ka ba le Bonngoe?
    Tsoha!—1994
  • Karolo 5—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 3/1 leq. 28

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Bao e Neng e le Lira ba Kopane ho Sebeletseng Jehova

BRANKO oa hlalosa: “Lekhetlo la pele leo ka lona ke ileng ka utloa ho itseng ka Lipaki tsa Jehova, ke ha ke sa le molebeli ea hlometseng Bosnia.”a

Branko o ne a le mosebetsing oa ho lebela sepetleleng seo ba tsoileng likotsi ba neng ba phekoloa ho sona. E mong oa lingaka o ne a ithuta Bibele le Lipaki ’me nakong ea ha a ne a sebetsa bosiu, o ile a hlalosetsa Branko boholo ba seo a ithutileng sona ka Bibele.

Seo Branko a ileng a se utloa bosiung boo se ile sa mo susumetsa haholo hoo ka potlako a ileng a nehelana ka libetsa tsa hae. A batla ho tseba ho eketsehileng, o ile a ikopanya le Lipaki. Nakoana hamorao, ka mor’a hore a thōthele naheng e ’ngoe ea Europe, Branko o ile a batla Holo ea ’Muso ’me a ba teng sebokeng sa Lipaki tsa Jehova phuthehong ea Mayugoslavia. Ke hona moo Branko a ileng a kopana le Slobodan.

Slobodan le eena o ne a e-tsoa Bosnia ’me o ne a ile a sebeletsa e le moithaopi ntoeng e le ’ngoe le Branko—empa a le ka lehlakoreng la ba lireng. Slobodan o ne a ile a loantša batho ba Macroatia molemong oa batho ba Maserbia. Nakong eo ba babeli bao ba kopanang, Slobodan e ne e se e le Paki e kolobelitsoeng ea Jehova. O ile a ithaopela ho ithuta Bibele le Branko, eo e kileng ea e-ba sera sa hae. Ha thuto e ntse e tsoela pele, Branko o ile a ithuta ho eketsehileng ka Jehova, ’me lerato la hae ho Molimo le ile la hōla. Sena se ile sa susumelletsa Branko hore a nehele bophelo ba hae ho ’Mōpi. O ile a tšoantšetsa ho inehela ha hae ka kolobetso ea metsing ka October 1993.

Slobodan o ile a fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova joang? O ne a ile a tloha sebakeng sa ntoa se Bosnia nakoana e itseng pejana. O ne a ile a bala tse ling tsa lingoliloeng tsa Lipaki, empa thahasello ea hae Lentsoeng la Molimo e ne e sa ka ea hōla ho fihlela ha a eteloa ha hae ke Lipaki tse peli mathoasong a 1992. Ke mang ea ileng a etela Slobodan, a ithaopela ho ithuta Bibele le eena? E ne e le Mujo, eo le eena a neng a e-tsoa Bosnia empa a hōlisitsoe e le Momosleme. Ha thuto ea Bibele e ntse e tsoela pele, Mujo le Slobodan bao ka nako e ’ngoe e neng e le lira, ba ne ba qeta nako e itseng ba le ’moho letsatsi le leng le le leng ba matlafatsana tumelo.

Ntoa ea moo pele e neng e le Yugoslavia e nkile bophelo ba batho ba likete tse makholo. Empa, hona joale Branko, Slobodan le Mujo ba sebeletsa e le baboleli ba nako e tletseng ba litaba tse molemo phuthehong e le ’ngoe ea Lipaki tsa Jehova. Ba hlōtse ntoa ea bochaba le ea morabe, ’me hona joale ba batla khotso ha ba ntse ba ikokobeletsa ’Mōpi, Jehova.

Empa, ke eng e hlahisitseng liphetoho tse kaalo? E bile lerato la bona ho Jehova, ho hlompha ha bona Bibele, ’moho le taba-tabelo ea bona ea ho sebelisa ’nete ea Bibele bophelong ba bona. Joalokaha Mangolo a Halalelang a bolela, “Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla . . . ’me le ahlola maikutlo le mehopolo ea pelo.”—Ba-Heberu 4:12.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho sebelisitsoe mabitso a iqapetsoeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela