Litokelo Tsa Botho Bakeng Sa Bohle—Ntho ea Sebele Lefatšeng ka Bophara!
’MUELLI e mong oa molao ea nang le phihlelo oa litokelo tsa botho o ile a botsoa: “Sesosa se ka sehloohong sa ho hatakeloa ha litokelo tsa botho ke sefe?” ’Muelli eo o ile a araba: “Ke meharo. Meharo ea ho lapela matla a lipolotiki le a moruo.” ’Me kaha meharo e hlaha kelellong ea motho, ho hatakeloa ha litokelo tsa botho qetellong ho hlahatsa boemo ba kelello. Sesosa se seng ke bochaba. Filosofi ea hore naha ea heso ke eona e tlang pele e rotetsa ho hatakeloa ha litokelo tsa botho. Leha ho le joalo, litokelo tsa botho li tla phethahala feela ‘haeba ho e-ba le ’muso oa lefatše o boemong ba ho nka mehato e tla sebetsa ka molao,’ kamoo ho bolelang moprofesa oa Ledache oa molao le moruo Jan Berkouwer.
Ka mantsoe a mang, hore litokelo tsa botho e tle e be ntho ea sebele lefatšeng lohle, bonyane ho tlameha hore ho etsahale lintho tse peli pele: ho fetoha ha kelello le ho fetoha ha ’muso. Na ke ho utloahalang ho lebella hore lintho tsee li etsahale?
Mabaka a Mabeli a Phetoho
Ha Lilemo tse Leshome tsa Machaba a Kopaneng tsa Thuto ea Litokelo tsa Botho li le haufi le ho kena selemong sa bohlano, lenaneo la thuto la machaba leo e seng la mebuso le ’nile la atleha ka mashome a mangata a lilemo ho fetola likelello tsa batho ba limilione. Ka lebaka leo, batho bana hona joale ba tšoara batho ba bang ka tlhompho. Lenaneo lena, le ntšetsoang pele ke Lipaki tsa Jehova, le sebetsa linaheng tse fetang 230. Ke hobane’ng ha le sebetsa?
Taba ea pele, lenaneo lena la thuto ea Bibele la lefatšeng lohle le atolosa kutloisiso ea batho ea ho qaleha ha litokelo tsa botho. Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo tsa Botho e bolela hore motho o na le litokelo kahobane e le sebōpuoa se nahanang le se nang le boitšoaro.
E tlameha ebe motho o amohetse matla a hae a ho nahana le letsoalo mohloling o mong o phahameng haholoanyane. (Bona lebokose le reng “Mohloli oa Litokelo tsa Botho,” leqepheng la 13.) Ho ela hloko mohloli ona o phahameng haholoanyane, oa bomolimo ho fana ka lebaka le matla la hore u hlomphe batho ba bang. Ha u tšoare ba bang ka tlhompho hobane feela letsoalo la hao le u susumelletsa ho etsa joalo, empa habohlokoa le ho feta, hobane tlhompho ea hao le lerato la hao ho ’Mōpi li u susumelletsa ho tšoara pōpo ea hae ka tlhompho. Katamelo ena e habeli e thehiloe mantsoeng a Jesu Kreste a reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka soule ea hao eohle le ka kelello ea hao eohle” le a reng, “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Matheu 22:37-39) Motho ea hlomphang ’Mōpi ka ho teba le ka mohla a ke ke a hatakela litokelo tsa e mong hobane ke lefa le tsoang ho Molimo. Motho ea hatakelang litokelo tsa botho ke lesholu la mafa.
Thuto e Etsang Phetoho
Lenaneo lee la thuto ea Bibele la Lipaki tsa Jehova le atleha hakae ho fokotsa ho hatakeloa ha litokelo tsa botho? Tsela e molemohali ea ho araba seo ke ka ho sheba liphello tsa lenaneo leo, hobane joalokaha Jesu a boletse, “bohlale bo pakoa bo lokile ke mesebetsi ea bona.”—Matheu 11:19.
Mongolo o tsebahalang o leboteng la Lebala la Machaba a Kopaneng New York City o baleha tjena: “Ba tla tea lisabole tsa bona mehoma. ’Me marumo a bona ba a tee lisekele: Sechaba se seng ha se na ho futuhela sechaba se seng ka sabole. Leha e le hona hore ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.” Ka ho qotsa mantsoe ana a tsoang bukeng ea Bibele ea Esaia khaolo ea 2, temana ea 4, ho King James Version, Machaba a Kopaneng a supa tsela e khōlō ea ho fokotsa ho hatakeloa ho hoholo ha litokelo tsa botho—ho felisa ntoa. Kantle ho moo, ntoa ke ‘se khahlanong le litokelo tsa botho ka ho feletseng,’ joalokaha buka e ’ngoe ea Machaba a Kopaneng e hlalosa.
Lenaneo la thuto la Lipaki tsa Jehova le nka khopolo ena ea ho ngola mantsoe a Esaia lejoeng ’me le e fetisetsa pele. Le “ngola” mantsoe a Esaia lipelong tsa batho. (Bapisa le Baheberu 8:10.) Joang? Lenaneo lena le tlosa mekoallo ea morabe le ea mofuta oa morabe ’me le heletsa marako a bochaba ka ho ruta pono ea Bibele ka morabe: Ho na le morabe o le mong feela—morabe oa batho. (Liketso 17:26) Ba ngolisitseng lenaneong lena ba ba le takatso ea ‘ho ba baetsisi ba Molimo,’ eo Bibele e reng ka eena: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Baefese 5:1; Liketso 10:34, 35.
Ka lebaka la thuto ena e thehiloeng Bibeleng, kajeno batho ba limilione ha ba sa “ithuta ntoa.” Phetoho ea kelello le pelo e etsahetse. ’Me phetoho eo ke e tšoarellang. (Bona lebokose le reng, “Thuto Bakeng sa Khotso,” leqepheng la 14.) Hona joale, ka karolelano batho ba fetang 1000 ka letsatsi ba qeta lithupelo tsa motheo tse tsamaisoang ke Lipaki tsa Jehova ’me ba kenella har’a lebotho lena la lefatše ka bophara bakeng sa khotso.
Phetoho ee ea kelello le qeto e latelang ea ho hlompha litokelo tsa botho ka ho hana ho kopanela ntoeng li tebile hakae? Li tebile haholo. Ka mohlala: Botebo ba tlhompho ea Lipaki bakeng sa litokelo tsa botho bo ile ba behoa tekong e boima haholo nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, haholo-holo Jeremane ea Bonazi. Rahistori Brian Dunn o ile a re: “Lipaki tsa Jehova li ne li sa lumellane le puso ea Bonazi. Ntho e ka sehloohong eo Manazi a neng a e nyatsa ho tsona e ne e le ho se jele paate ha tsona lipolotiking. Hona ho ne ho bolela hore ha ho molumeli ea neng a tla nka lihlomo.” (The Churches’ Response to the Holocaust) Ho A History of Christianity, Paul Johnson o itse: “Tse ngata li ile tsa ahloleloa lefu ka lebaka la ho hana tšebeletso ea sesole . . . , kapa tsa qetella li le Dachau kapa likampong tsa mahlanya.” Leha ho le joalo, li ile tsa ema li tiile. Setsebi litabeng tsa kahisano Anna Pawełczyńska o ile a hlalosa Lipaki tseo e le “sehlekehleke se senyenyane sa khanyetso e sa thekeseleng se har’a sechaba se tšositsoeng.”
Nahana feela hore na ho hatakeloa ha litokelo tsa botho lefatšeng ka bophara ho ne ho tla fokotseha hakaakang haeba batho bohle ba ne ba ka ema ba tiile tjena kajeno ’me ‘ba se ke ba hlola ba ithuta ntoa’!
’Muso oa Lefatše—‘Na ke Toro’?
Mosebeletsi e mong oa Machaba a Kopaneng o ile a re: ‘Ho fetola likelello ke phephetso, empa ho theha ’muso oa lefatše ke Toro.’ ’Me efela e le ’nete, taba ea hore lichaba li ’nile tsa hana ho tela borena ba tsona ho bo fa Machaba a Kopaneng, kapa mokhatlo leha e le ofe o mong, e hatisa qeto ena. Leha ho le joalo, Moprofesa Berkouwer o bolela hore ba qhelelang khopolo ea ’muso oa lefatše ka thōko “ba na le boikarabelo ba ho supa mekhoa e meng ea ho rarolla mathata a lefatše. Leha ho le joalo, ha ho na tharollo e ’ngoe.” Ke hore, tharollo ea batho. Empa ho na le tharollo e phahametseng matla a batho. Ke efe?
Feela joalokaha Bibele e bontša hore ’Mōpi ke eena mohloli oa matla a tšehetsang litokelo tsa botho, e boetse e re tsebisa hore ke eena mohloli oa ’muso oa lefatše o tiisang hore li tla ba teng. ’Muso ona oa leholimo ha o bonahale empa ke oa sebele. Ha e le hantle, batho ba limilione, mohlomong ba sa hlokomele, ba rapella ’muso ona oa lefatše ha ba bua tjena ho seo ka tloaelo se bitsoang Thapelo ea Morena: “’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.” (Matheu 6:10) Hlooho e khethiloeng ke Molimo ea puso ea ’Muso oo ke Khosana ea Khotso, Jesu Kreste.—Esaia 9:6.
’Muso ona oa lefatše o tla atleha ho bōpa semelo sa litokelo tsa botho seo kannete e leng sa lefatše lohle le se tšoarellang ka hore, har’a lintho tse ling, o felise ntoa ka ho sa feleng. Bibele ea profeta: “O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše, o robile liqha, a robakanya marumo, a chesa makoloi a ntoa mollong.”—Pesaleme ea 46:9.
See se tla etsahala lefatšeng lohle kapele hakae? Lenaneo la thuto ea Bibele le lokiselitsoeng ke Lipaki tsa Jehova le akarelletsa karabo e khotsofatsang potsong ena. Re u khothalletsa hore u tloaelane le lenaneo lena.a Haeba u amehile ka litokelo tsa botho, u ke ke ua soetseha.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Haeba u lakatsa ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka lenaneo lena la thuto ea Bibele, ikopanye le bahatisi ba makasine ena kapa Lipaki tsa Jehova tse tikolohong ea heno. Lenaneo lena le fanoa ntle ho tefo.
[Lebokose le leqepheng la 13]
MOHLOLI OA LITOKELO TSA BOTHO
Molao oa 1 oa Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo tsa Botho o bolela hore “batho bohle ba tsoaloa ba lokolohile ba bile ba lekana ka seriti le ka litokelo.” Kahoo litokelo tsa botho li hlalosoa e le tokelo ea tsoalo e theohang ho batsoali ho ea ho bana, feela joalokaha nōka e isa metsi ho ba lulang mabōpong a eona. Nōka ee ea litokelo tsa botho e qalile hokae?
Ho latela Phatlalatso e Akaretsang, batho ba na le litokelo hobane ba “sitsitsoe ka monahano le ka letsoalo.” Buka ea Machaba a Kopaneng ea hlalosa: “Kaha motho ke sebōpuoa se nahanang le se nang le boitšoaro, o fapane le libōpuoa tse ling lefatšeng ’me kahoo o tšoaneloa ke litokelo tse itseng le bolokolohi tseo libōpuoa tse ling li se nang tsona.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Kahoo, ho boleloa hore ho ba le monahano le letsoalo ke motheo oa ho ba le litokelo tsa botho. Ka lebaka leo, mohloli oa hore motho a be le monahano le letsoalo ke oona hape mohloli oa litokelo tsa hae tsa botho.
Ho baloaneli ba litokelo tsa botho ba khomaretseng khopolo ea ho iphetola ha lintho, polelo ea hore litokelo tsa botho li amahanngoa le monahano le letsoalo e hlahisa qaka. Buka e buellang ho iphetola ha lintho ea Life Ascending ea lumela: “Ha re botsa hore na tšebetso ea [ho iphetola ha lintho] . . . e ne e ka hlahisa litšoaneleho tse kang ho rata botle le ’nete, kutloelo-bohloko, bolokolohi, ’me, ka holim’a tsohle, ho pharalla ha boikutlo ba botho joang, rea qakeha.” ’Me e le ka nepo. Ho feta moo, ho tiisa hore matla a motho a ho nahana le letsoalo li hlaha ho baholo-holo ba ka tlaasana ho batho bao ka bobona ba hlokang monahano le letsoalo ho tšoana le ho bolela hore nōka e hlaha mohloling o se nang metsi.
Kaha matla a motho a ho nahana le letsoalo li ke ke tsa hlaha mohloling o ka tlaasana ho motho, matla ana a tlameha ho hlaha mohloling o phahametseng motho. Ke batho feela ba nang le litšoaneleho tse amanang le litokelo tsa botho—monahano le letsoalo—hobane ho fapana le liphoofolo, batho ba bōpiloe ka “setšoantšo” sa Molimo, kamoo Bibele e hlalosang kateng. (Genese 1:27) Kahoo, joalokaha buka ea Human Rights—Essays on Justification and Applications e hlokomela, karabo e loketseng potsong ea hore na ke hobane’ng ha batho ba e-na le litokelo tsa boitšoaro ke hore “ba na le tšoanelo ea bohlokoa kapa seriti kapa ke . . . bana ba Molimo.”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 14]
THUTO BAKENG SA KHOTSO
Lilemong tse seng kae tse fetileng, ha linaha tsa Balkan li ne li ntse li harasoanngoa ke ntoa, Branko o ne a sebeletsa e le lesole la tšireletso tleliniking e karolong ea Croatia ea Bosnia.* Ngaka e ’ngoe moo e ne e ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ’me bosiung bo bong e ile ea phetela Branko seo e ithutileng sona thutong ena. Seo Branko a ileng a se utloa se ile sa mo susumelletsa ho beha lihlomo fatše. Nakoana hamorao, ka mor’a hore a fallele naheng e ’ngoe ea Europe, Branko o ile a ba teng sebokeng sa Lipaki tsa Jehova, ’me ha a le moo o ile a kopana le Slobodan.
Slobodan le eena o ne a tsoa Bosnia. O ne a ile a loana ntoeng e tšoanang le eo Branko a neng a loanne ho eona—empa a le kampong ea lireng. Slobodan o ne a ile a loanela Maserbia khahlanong le Macroatia. Nakong eo ba babeli bana ba kopanang ka eona, Slobodan o ne a se a fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me o ile a ithaopela ho ithuta Bibele le Branko, eo e kileng ea e-ba sera sa hae. Ha thuto e ntse e tsoela pele, lerato la Branko ho ’Mōpi, Jehova, le ile la hōla. Kapele-pele o ile a etsa qeto ea ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova.#
Slobodan ka boeena o ne a fetohile Paki ka thuso ea eo e kileng ea e-ba sera sa hae. Joang? Ka mor’a hore Slobodan a tlohe lebaleng la ntoa Bosnia, o ile a eteloa ke Mujo, eo le eena a neng a tsoa Bosnia empa a ne a hōliselitsoe bolumeling bo fapaneng hōle le ba Slobodan. Joale Mujo e ne e se e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Le hoja e ne e le lira pele, Slobodan o ile a amohela tlhahiso ea Mujo ea hore a ithute Bibele le eena ’me hamorao a nka bohato ba ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Ke eng e ileng ea etsa hore banna baa ba hlōle lehloeo la morabe le metseng ka metso ’me ba fetohe metsoalle ha e ne e le lira pele? Ka ho ithuta ha bona Bibele, ba ile ba hlaolela lerato ho Jehova. Ka mor’a moo, ba ile ba utloisisa ho “rutoa ke Molimo ho ratana.” (1 Bathesalonika 4:9) Joalokaha Moprofesa Wojciech Modzelewski a hlokomela ka Lipaki tsa Jehova ka kakaretso, “ntlha e ka sehloohong bakeng sa boikutlo ba tsona ba khotso ke khopolo ea ho latela melao-motheo e senotsoeng ka Bibeleng hona joale.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
Mabitso ’ohle a boletsoeng lebokoseng lena a fetotsoe.
Hamorao ho ileng ha thabisa Branko ke ho tseba hore ngaka e ileng ea bua le eena pele, le eona e ne e fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ho fetola kelello le ’muso—na ho tla ke ho etsahale?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. National Archives photo
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Thuto e thehiloeng Bibeleng e etsa hore ho be le phetoho e ntle ea kelello