Na Moea ha o Shoe?
KA KHUTSO, metsoalle le ba lelapa ba feta pel’a lekese le butsoeng. Ba sheba setopo sa moshemane ea lilemo li 17. Metsoalle ea hae ea sekolong e batla e sa mo tsebe. Phekolo ea lik’hemik’hale e kumme moriri oa hae; kankere e montse ’mele oa hae. Na eo ka sebele e ka ba eena motsoalle oa bona? Libekeng tse seng kae tse fetileng, o ne a tletse mehopolo, lipotso, matla—bophelo! Ka likhapha, ’mè oa moshemane eo o ntse a pheta-pheta mantsoe ana khafetsa: “Tommy o thabile haholoanyane hona joale. Molimo o ne a batla hore Tommy a be le eena leholimong.”
’Mè enoa ea saretsoeng o fumana tšeponyana e itseng le matšeliso khopolong ea hore ka tsela e itseng mora oa hae o ntse a phela. Kerekeng o rutiloe hore moea ha o shoe, hore ke setsi seo ho sona ho hlolehang botho, monahano, mehopolo—“motho ka boeena.” O lumela hore moea oa mora oa hae ha oa shoa ho hang; kaha ke boleng ba moea bo phelang, o tsoile ’meleng oa hae lefung ’me oa ea leholimong ho ea ba le Molimo le mangeloi.
Nakong ea tlokotsi, pelo ea motho e khomarela ka tieo tlhasenyaneng leha e le efe ea tšepo, kahoo ha ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha tumelo ena e khahla batho haholo tjena. Ka mohlala, nahana ka tsela eo moruti oa thuto ea bolumeli, J. Paterson-Smyth, a hlalosang maikutlo a matla a hae ho The Gospel of the Hereafter: “Lefu ke ntho e fokolang haholo ha le bapisoa le se latelang ka mor’a lona—lefatše leo le tsotehang, le tsotehang hona hoo! leo Lefu le re lebisang ho lona.”
Lefatšeng lohle le malumeling a mangata le meetlong, batho ba lumela hore motho o na le moea o sa shoeng ka hare ho eena, moea o falimehileng o tsoelang pele ho phela ka mor’a hore ’mele o shoe. Tumelo eo e batla e fumaneha malumeling ’ohle a likete a Bokreste-’mōtoana a maholo le a manyenyane. Esita le Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda, ke thuto ea motheo e lumeletsoeng ka molao. Mahindu a lumela hore atman, kapa moea, e ile ea bōptjoa tšimolohong, e tlameletsoe ’meleng ho tloha tsoalong, ’me lefung ea tsoa e ea ’meleng o mong potolohong e sa khaotseng ea ho tsoaloa hangata. Mamosleme a lumela hore moea o ba teng ha motho a tsoaloa ’me o tsoela pele ho phela ka mor’a hore ’mele o shoe. Litumelo tse ling—tumelo ea Maafrika ea hore moea o arohane le ’mele, Boshinto, esita le Bobuddha, ka tsela e itseng—li ruta taba e tšoanang ka mekhoa e fapaneng.
Lipotso Tse Ling Tse Tšoenyang
Le hoja khopolo ea moea o sa shoeng e khahla batho ka ho ke keng ha latoloa ’me e batla e le hohle, leha ho le joalo, e phahamisa lipotso tse ling tse ferekanyang. Ka mohlala, batho ba ipotsa hore na moea oa moratuoa oa bona o ea hokae haeba eo a sa ka a phela bophelo bo babatsehang. Na eo o tla tsoaloa hape e se e le sebōpuoa se tlaasana? Kapa na o romeloa pelekatoring, moo a tla hloekisoa ka bohloko ba mollo ho fihlela ho lumeloa hore o tšoaneleha ho ea leholimong? Ho hobe ka ho fetisisa, na o lokela ho hlokofatsoa ka ho sa feleng mollong oa lihele? Kapa joalokaha malumeli a mangata a lumelang hore moea o arohane le ’mele a ruta, ke moea o tlamehang ho qekisoa?
Likhopolo tse joalo li baka hore ba phelang ba be le litebello tse boima kelellong. Na re tlameha ho qekisa meea ea baratuoa ba rōna ba shoeleng, esere ea iphetetsa? Na re tlameha ho ba thusa hore ba tsoe kae-kae pelekatoring e bohloko? Kapa re lebeletsoe hore re thothomele feela ke tšabo ha re nahana ka ho utloa ha bona bohloko liheleng? Kapa na re lokela ho tšoara tse ling tsa liphoofolo tse phelang joalokaha eka li na le meea ea batho ba shoeleng?
Lipotso tse phahamang mabapi le Molimo ka boeena ha li hlile ha li tšelise hakaalo. Ka mohlala, batsoali ba bangata, joaloka ’mè eo ho boletsoeng ka eena qalong, ba qala ka ho tšelisoa ke khopolo ea hore Molimo “o nkile” moea o sa shoeng oa ngoana oa bona hore o be le eena leholimong. Leha ho le joalo, ba bangata ka potlako ba qala ho ipotsa hore na ke Molimo oa mofuta ofe ea tla otla ngoana ea se nang molato ka lefu le sisimosang, ka lepotla-potla a nke thatohatsi eo ho batsoali ba saretsoeng e le hore feela a ise ngoana eo leholimong ka lefu la tšohanyetso. Toka, lerato le mohau li hokae ho Molimo oa mofuta oo? Ba bang ba bile ba belaella bohlale ba Molimo ea joalo. Baa ipotsa, ha e le hantle ke hobane’ng ha Molimo ea bohlale a ile a qala ka ho beha meea ee eohle lefatšeng haeba kaofela ha eona e lokela ho qetella e le leholimong? Na hoo ho ne ho ke ke ha bolela hore pōpo ea lefatše ka sebele e ne e le tšenyo feela?—Bapisa le Deuteronoma 32:4; Pesaleme ea 103:8; Esaia 45:18; 1 Johanne 4:8.
Ka hona, ka ho hlakileng thuto ea bolumeli ea ho se shoe ha moea oa motho, ka tsela leha e le efe eo e rutoang ka eona, e baka lipotso tse ferekanyang, esita le ho se lumellane. Hobane’ng? Bothata bo boholo bo bakoa ke mehloli ea thuto ena. U ka ’na ua hlahisoa leseling ke ho hlahloba mehloli ena ka bokhutšoanyane; ’me u ka ’na ua makatsoa ke ho tseba seo Bibele ka boeona e se bolelang ka moea. E fana ka tšepo e molemo haholo ea bophelo ka mor’a lefu ho feta seo ka tloaelo malumeli a lefatše a se rutang.