Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 4/1 maq. 9-14
  • Bophelo ka Mor’a Lefu—Batho ba Lumela Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo ka Mor’a Lefu—Batho ba Lumela Eng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likarabo Tse Ngata, Sehloohong se le Seng
  • Qaleho ea Thuto Ena
  • ’Muso oa Lefatše oa Bolumeli ba Bohata o Atolohela Bochabela
  • Ho Thoe’ng ka Bojuda, Bokreste-’mōtoana le Boislamo?
  • Khopolo Ena e Kena Bojudeng, Bokreste-’mōtoaneng le Boislamong
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Na ho na le Bophelo ka Mor’a Lefu?
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Ho se Shoe ha Moea—Qaleho ea Thuto Ena
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Na Sephefumolohi se Tsoela Pele ho Phela ka Mor’a Lefu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 4/1 maq. 9-14

Bophelo ka Mor’a Lefu—Batho ba Lumela Eng?

“Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape?”—JOBO 14:14, NW.

1, 2. Ba bangata ba batla matšeliso joang ha ba lahlehetsoe ke moratuoa oa bona ka lefu?

SEBAKENG se seng seo ho sona ho lokisoang litopo bakeng sa lepato, New York City, metsoalle le ba lelapa ba feta ba khutsitse pel’a lekese le butsoeng la moshemane ea lilemo li 17 ea bolailoeng ke kankere. ’Mè oa hae ea aparetsoeng ke masoabi o pheta-pheta mantsoe ana ka meokho: “Tommy o thabile haholoanyane hona joale. Molimo o ne a batla hore Tommy a be le eena leholimong.” Ke seo a ’nileng a rutoa hore a se lumele.

2 Lik’hilomithara tse ka bang 11 000 ho tloha moo, Jamnagar, India, mora e moholo ho ba bararo o hotetsa qubu ea libeso tse chesang setopo sa ntate oa bona ea shoeleng. Ha mollo o ntse o tloatloaretsa, Brahman o bina mantsoe a le mang ka Sesanskrite: “E se eka moea oo ho seng mohla o shoang o ka tsoela pele boitekong ba oona ba ho fetoha ntho e le ’ngoe le boleng ba sebele ba ho qetela.”

3. Batho ba ’nile ba ipotsa lipotso life ka lilemo?

3 ’Nete ea lefu e re pota-potile ka hohle. (Baroma 5:12) E mpa e le ho tloaelehileng ho rōna ho ipotsa hore na ebe lefu ke qetello ea tsohle. Ha a nahana ka potoloho ea tlhaho ea limela, Jobo, mohlanka oa boholo-holo ea neng a tšepahala oa Jehova Molimo o ile a hlokomela: “Etsoe le sefate se na le tšepo. Haeba se rengoa, se tla hlomela hape, ’me lekala la sona ha le na ho ba sieo.” Joale ho thoe’ng ka batho? Jobo o ile a botsa: “Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape?” (Jobo 14:7, 14, NW) Ho theosa le lilemo, batho sechabeng se seng le se seng ba ’nile ba ipotsa lipotso tsena: Na ho na le bophelo ka mor’a lefu? Haeba ho joalo, ke bophelo ba mofuta ofe? Ka hona, batho ba lumela eng? Hona hobane’ng?

Likarabo Tse Ngata, Sehloohong se le Seng

4. Batho ba malumeli a sa tšoaneng ba lumela eng ka bophelo ka mor’a lefu?

4 Ba bangata bao e leng Bakreste ka lebitso ba lumela hore ka mor’a lefu, batho ba ea leholimong kapa liheleng. Ka lehlakoreng le leng, Mahindu a lumela ho tsoaloeng hangata. Ho latela tumelo ea Boislamo, ho tla ba le letsatsi la kahlolo ka mor’a lefu nakong eo ka eona Allah a tlang ho sekaseka tsela ea bophelo ea e mong le e mong ebe o fetisetsa motho ka mong paradeiseng kapa mollong oa lihele. Linaheng tse ling, litumelo tse amanang le bafu ke motsoako o makatsang oa neano ea sebaka ka seng le Bokreste ka lebitso. Ka mohlala, Sri Lanka, Mabuddha le Mak’hatholike a siea menyako le lifensetere li butsoe ha ho hlaha lefu ka lapeng la bona, ’me a beha lekese maoto a mofu a shebisitsoe monyakong o ka pele. A lumela hore mehato ena e nolofalletsa moea oa mofu hore o tsoe. Har’a Mak’hatholike a mangata le Maprostanta Afrika Bophirimela, ke tloaelo ho koahela liipone ha motho a e-shoa e le hore ho se be le ea li shebang ’me a bona moea oa motho ea shoeleng. Joale, matsatsi a 40 ka mor’a moo, ba lelapa le metsoalle ba ketekela ho nyolohela ha moea leholimong.

5. Boholo ba malumeli bo lumellana ka thuto efe ea sehlooho?

5 Ho sa tsotellehe ho se tšoane hona, ho bonahala eka boholo ba malumeli bonyane bo lumellana ka ntlha e le ’ngoe. A lumela hore ntho e ’ngoe e ka hare ho motho—ebang e bitsoa moea (soul), moea (spirit), kapa ho hong—ha e shoe ’me e tsoela pele ho phela ka mor’a hore ’mele o shoe. Hoo e ka bang malumeli ’ohle a makholo-kholo a Bokreste-’mōtoana le lihlopha tsa bokhelohi li buella tumelo ea ho se shoe ha moea. Tumelo ena e boetse ke thuto ea molao ea Bojuda. Ke eona motheo oa thuto ea Bohindu ea ho tsoaloa hangata. Mamosleme a lumela hore moea o tsoela pele ho phela ka mor’a hore ’mele o shoe. Moaborigine oa Australia, Moafrika ea lumelang hore moea o arohane le ’mele, Moshinto, esita le Mobuddha, kaofela ba ruta lintho tse sa tšoaneng sehloohong sena se tšoanang.

6. Litsebi tse ling li talima khopolo ea hore moea ha o shoe joang?

6 Ka lehlakoreng le leng, ho na le ba nang le maikutlo a hore bophelo ba ho ikutloa bo fela lefung. Ho bona, khopolo ea hore bophelo ba maikutlo le bo bohlale bo tsoela pele e le moea oo e seng motho, oo e leng seriti se arohaneng le ’mele, e bonahala e le ntho e sa utloahaleng. Setsebi sa Lesepanishe sa lekholong la bo20 la lilemo, Miguel de Unamuno sea ngola: “Ho lumela hore moea ha o shoe ke ho lakatsa hore eka moea o ka be o sa shoe, empa ho lakatsa ka matla a joalo e tla ba ho hlokomoloha mabaka ebe ho lumeloa ntho e sa utloahaleng.” Ba bang ba lumelang se tšoanang ba kopanyelletsa batho ba fapaneng ba kang bo-rafilosofi ba boholo-holo ba tsebahalang Aristotle le Epicurus, ngaka Hippocrates, rafilosofi oa Scotland, David Hume, setsebi sa Moarabia Averroës, le tona-khōlō ea pele ea India ka mor’a boipuso, Jawaharlal Nehru.

7. Joale ke lipotso life tsa bohlokoa ka tumelo ea ho se shoe ha moea tse tlamehang ho hlahlojoa?

7 Re tobane le likhopolo le litumelo tse joalo tse hanyetsanang, re lokela ho botsa: Na re hlile re na le moea o sa shoeng? Haeba moea o hlile o e-shoa, joale ho tlile joang hore ebe thuto e joalo ea bohata e fetohile karolo ea bohlokoa ea malumeli a mangata hakaale a kajeno? Khopolo eo e tsoa hokae? Ke habohlokoa hore re fumane likarabo tsa ’nete le tse khotsofatsang lipotsong tsena hobane bokamoso ba rōna bo itšetlehile ho tsona. (1 Bakorinthe 15:19) Empa pele, a re hlahlobeng hore na thuto ena ea ho se shoe ha moea e qalile joang.

Qaleho ea Thuto Ena

8. Socrates le Plato ba phethile karolo efe ho hōliseng khopolo ea hore moea ha o shoe?

8 Bo-rafilosofi ba Bagerike, Socrates le Plato, ba lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., ba tlotloa ka ho ba har’a ba pele ba ho ntšetsa pele tumelo ea hore moea ha o shoe. Empa e ne e se bona baqapi ba khopolo ena. Ho e-na le hoo, ba ile ba e ntlafatsa ’me ba e fetolela thutong ea filosofi, kahoo ba e etsa hore e be e ipiletsang haholoanyane lihlopheng tsa ba rutehileng tsa mehleng ea bona le ka morao ho moo. ’Nete ke hore Mazoroaster a Persia ea boholo-holo le Baegepeta ba bileng teng pele ho bona ba ne ba lumela ho se shoeng ha moea. Joale potso ke hore na, Mohloli oa thuto ee ke ofe?

9. Mohloli oa tšusumetso e neng e atile meetlong ea boholo-holo ea Egepeta, Persia le Greece e ne e le ofe?

9 Buka ea The Religion of Babylonia and Assyria e re: “Lefatšeng la boholo-holo, Egepeta, Persia le Greece li ile tsa utloa tšusumetso ea bolumeli ba Bababylonia.” Mabapi le tumelo ea bolumeli ea Baegepeta, buka ena e tsoela pele ho re: “Ka lebaka la kamano ea pele pakeng tsa Egepeta le Babylonia, joalokaha e senotsoe ke matlapa a El-Amarna, ka sebele ho ne ho e-na le menyetla e mengata ea hore lipono le meetlo tsa Bababylonia li kene lihlopheng tsa bolumeli tsa Egepeta.”a Ho ka buuoa se tšoanang ka meetlo ea khale ea Bapersia le ea Bagerike.

10. Pono ea Bababylona e ne e le efe ka bophelo ka mor’a lefu?

10 Empa na Bababylona ba boholo-holo ba ne ba lumela ho se shoeng ha moea? Ntlheng ena, Moprofesa Morris Jastrow, e monyenyane, oa Univesithi ea Pennsylvania, U.S.A., o ile a ngola: “Ha ho mohla batho kapa baeta-pele ba monahano oa bolumeli [oa Babylonia] ba kileng ba talimana le monyetla oa hore ho ka etsahala hore bophelo bo kileng ba e-ba teng bo felisoe ka ho feletseng. Lefu [ho ea ka pono ea bona] e ne e le ho fetela mofuteng o mong oa bophelo, ’me ho latola ho se shoe [bophelong ba hona joale] ho ne ho mpa ho hatisa hore ho ke ke ha etsahala hore motho a phonyohe phetoho ea ho ba teng e tlisoang ke lefu.” E, Bababylona ba ne ba lumela hore bophelo ba mofuta o itseng, ka sebōpeho se seng, bo tsoela pele ka mor’a lefu. Ba ne ba bontša sena ka ho pata bafu le lintho tseo ba tla li sebelisa Bophelong ba ka Mor’a Lefu.

11, 12. Ka mor’a Moroallo, thuto ea ho se shoe ha moea e ile ea qaleha sebakeng sefe?

11 Ka ho hlakileng, thuto ea ho se shoe ha moea e tloha morao koana Babylona ea boholo-holo. Na seo ke sa bohlokoa? Ka sebele se bohlokoa hobane ho latela Bibele, motse oa Babele, kapa Babylona, o ile oa thehoa ke Nimrode, setloholoana sa Noe. Ka mor’a Moroallo oa lefatše lohle mehleng ea Noe, batho bohle ba ne ba bua puo e le ’ngoe feela ’me ba e-na le bolumeli bo le bong. Hase feela hore Nimrode e ne e le eena ea “hanyetsang Jehova,” empa eena le balateli ba hae ba ne ba batla ho ‘iketsetsa lebitso le tummeng.’ Ka lebaka leo, ka ho theha motse le ho haha tora moo, Nimrode o ile a qala bolumeli bo fapaneng.—Genese 10:1, 6, 8-10; 11:1-4, NW.

12 Ho latela neano, Nimrode o ile a shoa lefu le sehlōhō. Ka mor’a lefu la hae, ka ho utloahalang Bababylona ba ne ba tla ba le tšekamelo ea ho mo nkela holimo e le mothehi, mohahi le morena oa pele oa motse oa bona. Kaha molimo Marduk (Merodake) o ne a nkoa e le eena mothehi oa Babylona, ho bile ho rehelloa marena a mangata a Bababylona ka eena, litsebi tse ling li fane ka maikutlo a hore Marduk o emela Nimrode ea entsoeng molimo. (2 Marena 25:27; Esaia 39:1; Jeremia 50:2) Haeba ho joalo, joale khopolo ea hore motho o na le moea o pholohang lefu e tlameha ebe e ne e le teng bonyane nakong ea lefu la Nimrode. Leha ho le joalo, litlaleho tsa histori li senola hore ka mor’a Moroallo, sebaka seo thuto ea ho se shoe ha moea e qalileng ho sona e ne e le Babele, kapa Babylona.

13. Thuto ea moea o sa shoeng e ile ea hasana lefatšeng lohle joang, hona liphello e bile life?

13 Bibele e tsoela pele ho bontša hore Molimo o ile a nyopisa boiteko ba lihahi tsa Babele ka ho ferekanya puo ea tsona. Li se li sa khone ho buisana, li ile tsa tlohela morero oa tsona ’me tsa qhalakana ‘ho ea le lefatše lohle.’ (Genese 11:5-9) Re lokela ho hopola hore le hoja puo ea bao e neng e tla ba lihahi tsa tora e ile ea fetoloa, monahano oa bona le likhopolo tsa bona ha lia ka tsa fetoloa. Ka lebaka leo, hohle moo ba neng ba e-ea teng, ba ile ba tsamaea le likhopolo tsa bona tsa bolumeli. Ka tsela ena, lithuto tsa bolumeli tsa Babylona—ho kopanyelletsa le thuto ea ho se shoe ha moea—li ile tsa hasana le lefatše lohle ’me tsa fetoha motheo oa malumeli a maholo a lefatše. Ke kamoo ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o ileng oa thehoa kateng, oo ka Bibeleng o hlalositsoeng ka nepo e le “Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa le oa lintho tse nyonyehang tsa lefatše.”—Tšenolo 17:5.

’Muso oa Lefatše oa Bolumeli ba Bohata o Atolohela Bochabela

14. Litumelo tsa bolumeli ba Bababylona li ile tsa atolohela lefatšeng la India le batlileng le lekana le k’honthinente joang?

14 Bo-rahistori ba bang ba bolela hore lilemong tse ka holimo ho 3 500 tse fetileng, ho falla ho hoholo ho ile ha tlisa Phuleng ea Indus batho ba Aryan ba lebala le thothofa ba neng ba e-tsoa tlaase leboea-bophirima, bao ha hajoale boholo ba bona bo leng Pakistan le India. Ho tloha moo, ba ile ba saballa le lithota tsa Nōka ea Ganges le ho tšelela India. Litsebi tse ling li bolela hore likhopolo tsa bolumeli tsa bafalli bana li ne li theiloe lithutong tsa boholo-holo tsa Iran le Babylona. Joale likhopolo tsena tsa bolumeli li ile tsa fetoha motso oa Bohindu.

15. Ho tlile joang hore khopolo ea ho se shoe ha moea e be le tšusumetso Bohindung ba kajeno?

15 India, khopolo ea moea o sa shoeng e ile ea nka sebōpeho sa thuto ea ho tsoaloa hangata. Bahlalefi ba Mahindu, ha ba loantšana le bothata ba bokahohleng ba bobe le ho sotleha har’a batho, ba ile ba fihla ho se bitsoang molao oa Karma, molao oa sesosa le phello. Ka ho kopanya molao ona le tumelo ea ho se shoe ha moea, ba ile ba theha thuto ea ho tsoaloa hangata, eo ho eona bokhabane le ho hloka bokhabane bophelong ba motho li putsoang kapa li otloang ho bo tlang. Pakane ea ba tšepahalang ke moksha, kapa tokoloho potolohong ea ho tsoaloa hangata le ho kopanngoa le seo ba se bitsang boleng ba sebele ba ho qetela, kapa Nirvana. Ka makholo a lilemo, ha Bohindu bo ntse bo hasana, thuto ea ho tsoaloa hangata le eona e ile ea hasana. ’Me thuto ena e fetohile thuto e ka sehloohong ea Bohindu ba kajeno.

16. Ke tumelo efe ka Bophelo ba ka Mor’a Lefu e ileng ea laola mohopolo le litloaelo tsa bolumeli tsa baahi ba bangata ba Asia Bochabela?

16 Ho tloha Bohindung ho ile ha hlaha litumelo tse ling, tse kang Bobuddha, Bojaine le Bosikhe. Tsena le tsona li khomaretse tumelo ea ho tsoaloa hangata. Ho feta moo, joalokaha Bobuddha bo ile ba phunyelletsa boholo ba Asia Bochabela—Chaena, Korea, Japane le libakeng tse ling—bo ile ba ama setso le bolumeli tsa sebaka seo kaofela ka ho teba. Sena se ile sa hlahisa malumeli a bonahatsang litumelo tse kopaneng, tse amohelang likarolo tsa Bobuddha, tšebelisano le meea le borapeli ba balimo. A nang le tšusumetso ka ho fetisisa har’a ana ke Botao, Boconfucius le Boshinto. Ka tsela ena, tumelo ea hore bophelo bo tsoela pele ka mor’a hore ’mele o shoe e laola monahano oa bolumeli le litloaelo tsa batho ba bangata karolong eo ea lefatše.

Ho Thoe’ng ka Bojuda, Bokreste-’mōtoana le Boislamo?

17. Bajuda ba boholo-holo ba ne ba lumela eng mabapi le bophelo ka mor’a lefu?

17 Batho ba latelang bolumeli ba Bojuda, Bokreste-’mōtoana le Boislamo ba lumela eng ka bophelo ka mor’a lefu? Malumeling ana, Bojuda ke ba khale ka ho fetisisa. Metso ea bona e tloha morao koana ho Abrahama lilemong tse ka bang 4 000—nako e telele pele Socrates le Plato ba bōpa khopolo ea ho se shoe ha moea. Bajuda ba boholo-holo ba ne ba lumela tsohong ea bafu eseng ho se shoeng ho bōpelletsoeng le motho. (Matheu 22:31, 32; Baheberu 11:19) Joale, ho tlile joang hore thuto ea ho se shoe ha moea e kene Bojudeng? Histori e fana ka karabo.

18, 19. Thuto ea ho se shoe ha moea e ile ea kena joang Bojudeng?

18 Ka 332 B.C.E., Alexandere e Moholo o ile a hapa Bochabela bo Hare, ho akarelletsa le Jerusalema. Ha bahlahlami ba Alexandere ba ntšetsa pele lenaneo la hae la ho kenya Tsamaiso e Thehiloeng Litloaelong tsa Bagerike, ho tsoakoa ha litso tse peli—sa Bagerike le sa Bajuda—ho ile ha e-ba teng. Ka mor’a nako, Bajuda ba ile ba tloaelana le monahano oa Bagerike, ’me ba bang ba bile ba fetoha bo-rafilosofi.

19 Philo oa Alexandria, oa lekholong la pele la lilemo C.E., e ne e le e mong oa bo-rafilosofi ba joalo ba Bajuda. O ne a hlompha Plato haholo ’me o ne a ikemiselitse ho hlalosa Bojuda ka mantsoe a filosofi ea Segerike, kahoo a betla tsela bakeng sa batšehetsi ba monahano o tebileng oa Sejuda ba neng ba tla latela. Talmud—litlhaloso tse ngotsoeng tsa melao ea molomo tse ngotsoeng ke bo-rabi—le eona e susumelitsoe ke monahano oa Bagerike. Encyclopaedia Judaica e re: “Bo-rabi ba Talmud ba ne ba lumela hore moea o tsoela pele o le teng ka mor’a lefu.” Lingoliloeng tsa Sejuda tsa mehlolo tsa moraonyana, tse kang Cabala, li bile li ea bohōleng ba ho ruta thuto ea ho tsoaloa hangata. Ka hona, khopolo ea ho se shoe ha moea e ile ea kena Bojudeng ka sekhukhu ka filosofi ea Bagerike. Ho ka thoe’ng ka ho kena ha thuto ee Bokreste-’mōtoaneng?

20, 21. (a) Boemo ba Bakreste ba pele e ne e le bofe mabapi le filosofi ea Plato, kapa ea Bagerike? (b) Ke eng e ileng ea lebisa ho tsoakoeng ha likhopolo tsa Plato le lithuto tsa Bokreste?

20 Bokreste ba ’nete bo ile ba qala ka Jesu Kreste. Miguel de Unamuno ea qotsitsoeng pejana o ile a ngola tjena ka Jesu: “O ne a batla a lumela tsohong ea nama, ho latela mokhoa oa Bajuda, eseng ho se shoeng ha moea, ho latela mokhoa [oa Bagerike] oa Plato.” O ile a phetha ka ho re: “Ho se shoe ha moea . . . ke thuto ea filosofi ea bohetene.” Ka lebaka lena, re ka hlokomela hore na ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ile a lemosa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ka matla khahlanong le “filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.”—Bakolose 2:8.

21 Leha ho le joalo, ho etsahetse neng hona joang hore ‘thuto ee ea filosofi ea bohetene’ e kenelle Bokreste-’mōtoaneng? The New Encyclopædia Britannica ea hlalosa: “Ho tloha bohareng ba lekholo la bobeli la lilemo AD, Bakreste ba neng ba koetlisitsoe ka filosofi ea Bagerike ba ile ba qala ho utloa ho hlokahala hore ba hlalose tumelo ea bona ka mantsoe a eona, ka bobeli bakeng sa ho khotsofatsa bohlale ba bona le hore ba khone ho sokolla bahetene ba rutehileng. Filosofi e neng e ba loketse hamolemohali e ne e le ea Plato.” Bo-rafilosofi ba joalo ba babeli ba pele ba ileng ba e-ba le tšusumetso e khōlō lithutong tsa Bokreste-’mōtoana e ne e le Origen oa Alexandria le Augustine oa Hippo. Ka bobeli ba ne ba susumelitsoe ka ho teba ke likhopolo tsa Plato ’me ba ile ba sebelisoa e le likofuto tse ka sehloohong bakeng sa ho tsoaka likhopolo tseo le lithuto tsa Bokreste.

22. Thuto ea ho se shoe ha moea e ile ea sala e le e ka sehloohong joang Boislamong?

22 Le hoja khopolo ea ho se shoe ha moea Bojudeng le Bokreste-’mōtoaneng e tlisitsoe ke tšusumetso ea Plato, maikutlo ao a ile a hahelloa Boislamong ho tloha qalong ea bona. Koran, buka e halalelang ea Islamo, e ruta hore motho o na le moea o tsoelang pele ho phela ka mor’a lefu. E bua ka boemo ba ho qetela bo reriloeng esale pele bo ke keng ba qojoa bakeng sa moea, ebang ke bophelo serapeng sa paradeise leholimong kapa kotlo liheleng tse tukang. Hona hase ho bolela hore litsebi tsa Maarabe ha lia ka tsa leka ho tsoaka lithuto tsa Boislamo le filosofi ea Bagerike. Ha e le hantle, lefatše la Maarabe le ile la susumetsoa ho ea bōholeng bo itseng ke buka ea Aristotle. Leha ho le joalo, ho se shoe ha moea ho sala e le tumelo ea Mamosleme.

23. Ke lipotso life tse susumetsang mabapi le bophelo ka mor’a lefu tse tla tšohloa sehloohong se latelang?

23 Ka ho hlakileng, malumeli ho pota lefatše a qapile letoto le tšosang la litumelo ka Bophelo ka Mor’a Lefu, tse thehiloeng khopolong ea hore moea ha o shoe. ’Me litumelo tse joalo li amme batho ba limilione tse likete, e, esita le ho ba laola le ho ba etsa makhoba a tsona. Ha re tobane le sena sohle, re ikutloa re susumelletseha ho botsa: Na ho ka etsahala hore re tsebe ’nete ka hore na ho etsahala’ng ha re e-shoa? Na ho na le bophelo ka mor’a lefu? Bibele e re’ng ka see? Re tla tšohla sena sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a El-Amarna ke setša sa lithako tsa motse oa Egepeta, Akhetaton, oo ho boleloang hore o hahiloe lekholong la bo14 la lilemo B.C.E.

Na U ka Hlalosa?

◻ Ke taba efe e tšoanang e fumanoang ho pholletsa le boholo ba litumelo tsa malumeli mabapi le bophelo ba ka mor’a lefu?

◻ Histori le Bibele li supa Babylona e le sebaka seo thuto ea ho se shoe ha moea e qalileng ho sona joang?

◻ Ke ka tsela efe malumeli a Bochabela a ileng a angoa ke tumelo ea Babylona ea moea o sa shoeng?

◻ Thuto ea ho se shoe ha moea e ile ea kenella Bojudeng, Bokreste-’mōtoaneng le Boislamong joang?

[Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]

Tlhōlo ea Alexandere e Moholo e ile ea lebisa ho tsoakoeng ha litso tsa Bagerike le tsa Bajuda

Augustine o ile a leka ho tsoaka filosofi ea Plato le Bokreste

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Alexander: Musei Capitolini, Roma; Augustine: From the book Great Men and Famous Women

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela