Pale ea Bophelo
Ho Batla ’Muso Pele—Ho Etsa Hore Bophelo e be bo Sireletsehileng le bo Monate
JOALOKAHA HO BOLETSE JETHA SUNAL
Ka mor’a lijo tsa hoseng re ile ra utloa tsebiso seea-le-moeeng, e reng: “Lipaki Tsa Jehova ha li molaong, ’me mosebetsi oa tsona o thibetsoe.”
E NE e le ka 1950, ’me rōna banana ba bane ba lilemong tsa bo-20 re ne re le baromuoa ba Lipaki Tsa Jehova Dominican Republic. Re ne re fihlile moo selemong se fetileng.
Mosebetsi oa boromuoa hase kamehla e neng e le pakane ea ka bophelong. Ke ’nete hore ke ne ke kena kereke ha ke sa le ngoana. Leha ho le joalo, Ntate o ile a khaotsa ho ea kerekeng nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Letsatsing leo ke tiisellelitsoeng ka lona Kerekeng ea Episcopal ka 1933, mobishopo o ile a bala temana e le ’ngoe feela Bibeleng, eaba o se a qala ho bua ka lipolotiki. ’Mè o ile a halefa hoo a ileng a khaotsa ho ea kerekeng.
Bophelo ba Rōna Boa Fetoha
Batsoali ba ka William Karl le Mary Adams ba ne ba e-na le bana ba bahlano. Bashemane e ne e le Don, Joel le Karl. Ngoan’eso oa ngoanana Joy, e ne e le ngoana oa ho fela, ’me ’na ke ne ke le letsibolo. Ke ne ke le lilemo li 13 ha ka letsatsi le leng ha ke tsoa sekolong ke fumana ’Mè a bala bukana e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. E ne e e-na le sehlooho se reng The Kingdom, the Hope of the World. O ile a re ho ’na: “Buka ena e bua ’nete.”
’Mè o ne a re bolella kaofela ha rōna lintho tseo a ithutang tsona Bibeleng. Ka mantsoe le ka mohlala, o ile a etsa hore re utloisise ka ho hlaka bohlokoa ba keletso ea Jesu e reng: ‘Le batle ’muso pele le ho loka ha hae.’—Matheu 6:33.
Hase kamehla ke neng ke rata ho mo mamela. Ka le leng ke ile ka re: “’Mè, khaotsa ho nkemella ka litaba tsena, ho seng joalo nke ke ka hlola ke u phumolela lijana.” Empa ka bohlale o ile a ’na a tsoela pele a bua le rōna. Kamehla o ne a e-ea le rōna bana kaofela libokeng tse neng li tšoareloa ha Clara Ryan, ea neng a lula haufi le lapeng Elmhurst, Illinois, U.S.A.
Clara o ne a boetse a ruta batho ho letsa piano. Ha liithuti tsa hae li ne li bapala ’mino phatlalatsa selemo le selemo, o ne a sebelisa monyetla ona ho bua ka ’Muso oa Molimo le tšepo ea tsoho. Kaha ke ne ke rata ’mino, ’me ke ne ke ile ka ithuta ho letsa fiolo ha ke le lilemo li supileng, ke ile ka mamela seo Clara a neng a se bua.
Kapele, rōna bana re ile ra qala ho ea libokeng tsa phutheho le ’Mè karolong e ka bophirimela ea Chicago. E ne e le leeto le le lelele ka bese le terempe, empa e ne e le karolo ea koetliso ea rōna ea pele ea hore na ho batla ’Muso pele ho bolela eng. Ka 1938, lilemo tse tharo ’Mè a kolobelitsoe, ke ile ka ea le eena kopanong ea Lipaki Tsa Jehova motseng oa Chicago. Motse ona ke o mong oa e 50 e neng e hokeletsoe ka thelefono bakeng sa kopano ena. Seo ke ileng ka se utloa moo se ile sa nkama pelo.
Leha ho le joalo, ke ne ke ntse ke rata ’mino haholo. Ke ile ka qeta lithuto tsa ka sekolong se phahameng ka 1938, ’me Ntate o ile a lokisetsa hore ke e’o ithuta sekolong sa American Conservatory of Music, Chicago. Ka hona, lilemong tse peli tse latelang, ke ile ka ithuta ’mino, ka bapala lihlopheng tse peli tsa ’mino oa liletsa ’me ka nahana ho etsa sena e le mosebetsi oa ka.
Herbert Butler ea neng a nthuta ho letsa fiolo, o ne a falletse Europe a tlile United States. Kahoo ke ile ka mo fa bukana ea Refugees,a ke nahana hore o tla e bala. O ile a fela a e bala, ’me ka mor’a tlelase bekeng e latelang o ile a re: “Jetha, u letsa [fiolo] hantle, ’me haeba u ka tsoela pele ka lithuto tsa hao, u ka ’na ua sebetsa sehlopheng sa ’mino oa liletsa seea-le-moeeng kapa ua ruta ’mino.” O ile a phaella a ntse a phetla bukana eo ke mo fileng eona, a re, “Empa, ke nahana hore pelo ea hao e mona. Ke hobane’ng ha see e sa be mosebetsi oo u o etsang bophelong?”
Ke ile ka nahana ka sena ka botebo. Ho e-na le ho tsoela pele ka lithuto sekolong sa ’mino, ke ile ka lumela ha ’Mè a re ke ee kopanong ea Lipaki Tsa Jehova Detroit, Michigan, ka July 1940. Re ne re lula litenteng sebakeng seo ho emisoang lik’haravene ho sona. Ho hlakile hore ke ile ka tsamaea le fiolo ea ka, ’me ka e letsa sehlopheng sa ’mino oa liletsa kopanong. Empa sebakeng seo ho emisoang lik’haravene ke ile ka kopana le bo-pula-maliboho ba bangata (baboleli ba nako e tletseng ba evangeli). Kaofela ba ne ba thabile haholo. Ke ile ka etsa qeto ea ho kolobetsoa le ho etsa kōpo ea bopula-maliboho. Ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse hore ke tsoele pele tšebeletsong ea nako e tletseng bophelo bohle ba ka.
Ke ile ka qala ho bula maliboho haeso. Hamorao, ke ile ka sebeletsa Chicago. Ka 1943, ke ile ka fallela Kentucky. Lehlabuleng leo, pelenyana ho kopano ea setereke, ke ile ka memeloa ho ba sehlopheng sa bobeli sa Sekolo sa Gileade, moo ke neng ke tla koetlisetsoa mosebetsi oa boromuoa. Sehlopha se ne se lokela ho qala ka September 1943.
Lehlabuleng leo ha ho e-na le kopano, ke ile ka lula le morali e mong oabo rōna ea ileng a mpha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e rata liaparong tsa morali oa hae. Morali oa hae o ne a ile sesoleng, ’me a boleletse ’mè oa hae hore a fane ka liaparo tsa hae kaofela. Ho ’na liaparo tsena li ne li phethahatsa tšepiso ea Jesu e reng: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Matheu 6:33) Likhoeli tse hlano ke le Gileade li ile tsa feta ka potlako, ’me ha ke abeloa lengolo ka la 31 January, 1944, ke ne ke lebeletse ka cheseho ho qala tšebeletso ea boromuoa.
Le Bona ba Ile ba Khetha Tšebeletso ea Nako e Tletseng
’Mè o ne a kenetse bopula-maliboho ka 1942. Nakong eo, likhaitseli tsa ka tse tharo le ngoan’eso oa ngoanana ba ne ba ntse ba kena sekolo. Hangata ’Mè o ne a kopana le bona ha ba tsoa sekolong ’me a e-ea le bona tšimong. O ne a boetse a ba ruta mesebetsi ea lelapa. Hangata le eena o ne a robala bosiu a tereka le ho etsa lintho tse ling tse hlokahalang e le hore a ka ea tšimong motšehare.
Ka January 1943, ha ke ntse ke le pula-maliboho Kentucky, khaitseli ea ka Don le eena o ile a qala ho bula maliboho. Sena se ile sa utloisa Ntate bohloko, hobane o ne a tšepile hore bana bohle ba hae ba ne ba tla ea kolecheng, joaloka eena le ’Mè. Ka mor’a ho bula maliboho ka lilemo tse ka bang peli, Don o ile a memeloa ho tsoela pele ka tšebeletso ea nako e tletseng e le setho sa basebetsi ba ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York.
Joel o ile a qala ho bula maliboho ka June 1943 a ntse a le lapeng. Nakong eo o ile a leka ho kholisa Ntate hore a ee kopanong, empa a hlōleha. Leha ho le joalo, ka mor’a hore Joel a hlōloe ho qalisa thuto ea Bibele ea lehae tšimong, Ntate o ile a lumela hore a ithute le eena ka buka ea “’Nete E Tla Le Lokolla.” O ne a araba lipotso habonolo, empa o ile a tsitlella hore Joel a mo kholise ka Mangolo ka se neng se boletsoe bukeng ena. Sena se ile sa thusa Joel hore a phelele linnete tsa Bibele.
Joel o ne a tšepile hore Boto e Khethang ba Eang Tšebeletsong ea Sesole e neng e lumelletse Don hore a se ke a ea sesoleng kahobane e le moruti, le eena e ne e tla mo lumella ho se ee sesoleng. Empa eitse ha litho tsa boto li bona kamoo Joel a shebahalang a le monyenyane kateng, li ile tsa hana ho mo nka e le moruti eaba li mo romela tsebiso e reng a itlalehe sesoleng. Ha a hana ho itlaleha, ho ile ha ntšoa lengolo la hore a tšoaroe. Ha FBI e mo fumane, o ile a qeta matsatsi a mararo chankaneng ea Cook County.
Ntate o ile a mo etsetsa beile ka ntlo ea lapeng. Ka mor’a moo, o ile a etsa se tšoanang le bakeng sa Lipaki tse ling tse nyenyane tse boemong bo tšoanang. Ho hloka toka tabeng ena ho ile ha halefisa Ntate, ’me o ile a tsamaea le Joel ba ea Washington, D.C., ho ea fumana hore na ho ka ba le monyetla oa ho nka boipiletso. Qetellong, Joel o ile a nkoa e le moruti, ’me nyeoe ea hae ea qhaloa. Ntate o ile a ’ngolla moo ke neng ke le moromuoa teng, a re: “Ke lumela hore re lokela ho isa tlotla ho Jehova bakeng sa tlhōlo ena!” Bofelong ba August 1946, Joel le eena o ile a memeloa ho ba setho sa basebetsi ba ntlo-khōlō e Brooklyn.
Karl o ne a bula maliboho ka makhetlo a mangata ha likolo li koetsoe pele a qeta lithuto sekolong se phahameng mathoasong a 1947 ’me o ile a qala bopula-maliboho ba kamehla. Ka nako ena Ntate o ile a qala ho kula, ’me Karl o ile a mo thusa ka khoebo ea hae ka nakoana pele a il’o sebetsa e le pula-maliboho sebakeng se seng. Bofelong ba 1947, Karl o ile a qala ho sebetsa le Don le Joel ntlo-khōlō e Brooklyn e le setho sa lelapa la Bethele.
Ha Joy a qeta lithuto sekolong se phahameng, o ile a qala ho bula maliboho. Joale ka 1951, o ile a ea sebetsa le likhaitseli tsa hae Bethele. O ne a hloekisa matlo hape a sebetsa Lefapheng la Lipeeletso. Ka 1955 o ile a nyaloa ke Roger Morgan, eo le eena e neng e le setho sa lelapa la Bethele. Hoo e ka bang lilemo tse supileng hamorao, ba ile ba khetha ho ba le bana, ’me ba tloha Bethele. Ba ile ba e-ba le bana ba babeli, ’me le bona ba sebeletsa Jehova.
Ha bana bohle ba le tšebeletsong ea nako e tletseng, ’Mè o ile a khothatsa Ntate hoo le eena a ileng a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a kolobetsoa ka 1952. Ka lilemo tse 15, ho fihlela lefung la hae, o ne a le mahlahahlaha ho batla litsela tsa ho bolella ba bang linnete tsa ’Muso, le hoja a ne a sitisoa ke ho kula.
Ka lebaka la ho kula ha Ntate, ’Mè o ile a khaotsa bopula-maliboho ka nakoana, empa o ile a boela a tsoela pele ka bona ho isa lefung. O ne a se na koloi; ebile o ne a se na baesekele. O ne a le mokhutšoanyane ’me a tsamaea hohle, hangata a kenella hare metseng e ka thōko, ho ea khanna lithuto tsa Bibele.
Tšebeletsong ea Boromuoa
Ka mor’a ho fumana mangolo Sekolong sa Gileade, re ile ra sebetsa re le sehlopha sa bo-pula-maliboho ka nako e ka etsang selemo ka leboea ho New York City ho fihlela re fumana mangolo a ho tsamaea. Qetellong, ka 1945 re ile ra ea kabelong ea rōna, Cuba, moo butle-butle re ileng ra tloaela bophelo bo bocha. Batho ba ne ba rata molaetsa oa rōna, ’me ka potlako kaofela ha rōna re ile ra khanna lithuto tse ngata tsa Bibele. Re ile ra sebeletsa moo ka lilemo tse ’maloa. Joale re ile ra abeloa ho ea Dominican Republic. Ka letsatsi le leng ke ile ka kopana le mosali ea ileng a mphehella hore ke bue le mosali eo a neng a sebelisana le eena ea tsoang Fora ea bitsoang Suzanne Enfroy, ea neng a batla ho thusoa ho utloisisa Bibele.
Suzanne e ne e le Mojuda, ’me ha Hitler a hlasela Fora, monna oa hae o ne a ile a mo balehisetsa le bana ba bona ba babeli naheng e ’ngoe. Ka potlako Suzanne o ile a bolella ba bang lintho tseo a neng a ithuta tsona. Motho oa pele eo a ileng a bua le eena ke mosali ea neng a ile a re ke etele Suzanne, hamorao o ile a bua le Blanche, e leng motsoalle e mong oa Suzanne ea tsoang Fora. Ka bobeli ba ile ba tsoela pele ho fihlela ba kolobetsoa.
Suzanne o ile a mpotsa a re: “Nka thusa bana ba ka joang?” Mora oa hae o ne a ithutela bongaka, ’me morali oa hae o ne a ithuta tantši ea ballet, a rerile ho tantša Radio City Music Hall, New York. Suzanne o ile a ba romella lipeeletso tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Phello e bile hore mora oa Suzanne, mosali oa hae, le lefahla le mosali oa hae, kaofela ba fetohe Lipaki. Monna oa Suzanne, Louis, o ne a tšohile ha mosali oa hae a thahasella Lipaki Tsa Jehova hobane ka nako ena ’muso oa Dominican Republic o ne o thibetse mosebetsi oa rōna. Empa ka mor’a hore lelapa lohle le fallele United States, le eena o ile a qetella e le Paki.
Ho Sebetsa Tlas’a Thibelo
Le hoja mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ile oa thibeloa Dominican Republic nakoana ka mor’a hore re abeloe teng ka 1949, re ile ra ikemisetsa ho mamela Molimo e le ’Musi ho e-na le batho. (Liketso 5:29) Re ile ra tsoela pele ho batla ’Muso oa Molimo pele ka ho tsebahatsa litaba tse molemo tse mabapi le oona, joalokaha Jesu a ile a laela balateli ba hae. (Matheu 24:14) Leha ho le joalo, re ile ra ithuta ho ba “seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo [re hloka] molato joaloka maeba” ha re ntse re phetha mosebetsi oa rōna oa boboleli. (Matheu 10:16) Ka mohlala, fiolo ea ka e ile ea thusa haholo. Ke ne ke e nka ha ke il’o khanna lithuto tsa Bibele. Batho bao ke neng ke ithuta le bona ha baa ka ba tseba ho letsa fiolo, empa malapa a mangata a ile a fetoha bahlanka ba Jehova!
Ka mor’a thibelo, rōna basali ba bane—’na, Mary Aniol, Sophia Soviak le Edith Morgan—re ile ra tlosoa lehaeng la baromuoa le San Francisco de Macorís ra isoa lehaeng la baromuoa le lekaleng la Santo Domingo, motse-moholo. Empa khoeli le khoeli ke ne ke e-ea kabelong ea rōna ea pele ho ea ruta ’mino. Sena se ile sa ’nolofalletsa hore ke kenye lijo tsa moea ka har’a mokotla oa fiolo ke li ise ho barab’abo rōna ba Bakreste ’me ke khutle le tlaleho ea mosebetsi oa bona oa ho paka.
Ha barab’abo rōna ba San Francisco de Macorís ba ne ba koaletsoe chankaneng Santiago ka lebaka la ho se jele paate ha bona ha Bokreste, ke ile ka kōptjoa hore ke ba isetse chelete, ’me ha ho khoneha, le Libibele, ’me ke khutle le melaetsa e eang malapeng a bona. Chankaneng ea Santiago, ha balebeli ba bona ke kentse mokotla oa fiolo ka lehafing, ba ile ba botsa, “U il’o etsa’ng ka eona?” Ke ile ka araba ka re: “Ke il’o ba binela.”
Har’a lipina tseo ke ileng ka li bina ho na le e neng e ngotsoe ke Paki e ’ngoe ha e sa ntsane e le kampong ea mahloriso ea Nazi. Hona joale pina ena ke pina ea 29 bukeng ea lipina ea Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka e bina e le hore barab’abo rōna ba chankaneng ba ka ithuta eona.
Ke ile ka tseba hore Lipaki tse ngata li isitsoe polasing ea Trujillo, hlooho ea naha. Ke ile ka bolelloa hore e haufi le moo bese e tsamaeang teng. Kahoo, hoo e ka bang motšehare o moholo, ke ile ka theoha beseng ’me ka botsa tsela e eang teng. Mong’a lebenkele le lenyenyane o ile a supa ka ’nģ’ane ho lithaba ’me a re haeba nka siea fiolo ea ka o tla mpha pere le moshanyana ea tla mpontša tsela.
Ka ’nģ’ane ho maralla ao, re ile ra tlameha ho tšela nōka re palame pere ka bobeli. Ha re le moo, re ile ra bona sehlopha sa lipapakhaie tse nang le masiba a mebala e metala le e meputsoa a hlahisang mookoli ha a le letsatsing. E ne e le pono e hlollang ka botle! Ke ile ka rapela ka re: “Jehova, kea u leboha ha u entse hore li be ntle hakana.” Qetellong re ile ra fihla polasing ka hora ea bone thapama. Ka mosa lesole le ikarabellang le ile la ntumella ho bua le barab’abo rōna, ’me la ntumella ho ba fa lintho tsohle tseo ke neng ke ba tliselitse tsona, esita le Bibele e nyenyane.
Ha re khutlela morao, ke ile ka rapela tsela eohle, kahobane joale ho ne ho se ho phirimile. Re ile ra fihla lebenkeleng, re kolobile ke pula re re tee! Kaha bese ea ho qetela e ne e se e fetile, ke ile ka kōpa mong’a lebenkele hore a nkōpele lifti terakeng e fetang. Na ke ile ka ba sebete ho palama le banna ba babeli terakeng? E mong oa bona o ile a mpotsa a re: “Na u tseba Sophie? O ne a ithuta le khaitseli ea ka.” Ke ile ka hlokomela hore e ne e le karabo ea thapelo ea ka ho Jehova! Ba ile ba nkisa Santo Domingo ke sireletsehile.
Ka 1953, ke ne ke le e mong oa ba tsoang Dominican Republic ba ileng ba ea kopanong ea machaba ea Lipaki Tsa Jehova Yankee Stadium, New York. Lelapa leso kaofela, ho kopanyelletsa le Ntate, le ne le le teng. Ka mor’a tlaleho ea kamoo mosebetsi oa boboleli o neng o tsoela pele kateng Dominican Republic, ’na le moromuoa-’moho, Mary Aniol, re ile ra etsa pontšo e khutšoanyane ea kamoo re neng re etsa mosebetsi oa boboleli kateng tlas’a thibelo.
Thabo e Khethehileng ea Mosebetsi oa Potoloho
Lehlabuleng leo ke ile ka kopana le Rudolph Sunal, ’me re ile ra nyalana selemong se hlahlamang. Lelapa labo e ne e bile Lipaki Allegheny, Pennsylvania, nakoana ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše. Ha a tsoa chankaneng moo a ileng a ea teng ka lebaka la ho se jele paate ha Bokreste Ntoeng ea II ea Lefatše, o ile a kenela tšebeletso ea Bethele Brooklyn, New York. Nakoana ka mor’a hore re nyalane, o ile a memeloa ho etela liphutheho e le molebeli ea tsamaeang. Ke ile ka tsamaea le eena mosebetsing oa potoloho ka lilemo tse 18.
Tšebeletso ea rōna e ile ea re isa Pennsylvania, West Virginia, New Hampshire le Massachusetts, ho phaella libakeng tse ling. Hangata re ne re lula malapeng a barab’abo rōna ba Bakreste. E bile thabo e khethehileng ho ba tseba le ho sebeletsa Jehova hammoho le bona. Kamehla ba ne ba re bontša lerato le kamohelo e mofuthu le ea ’nete. Ha Joel a qeta ho nyala Mary Aniol, eo e neng e le moromuoa-’moho le ’na, ba ile ba qeta lilemo tse tharo mosebetsing oa potoloho, ba etela liphutheho tse Pennsylvania le Michigan. Hamorao, ka 1958, Joel o ile a memeloa ho ba setho sa lelapa la Bethele hape, ’me lekhetlong lena a se a e-na le Mary.
Karl o ne a bile Bethele hoo e ka bang ka lilemo tse supileng ha a abeloa ho ba mosebetsing oa potoloho ka likhoeli tse seng kae e le hore a be le phihlelo e eketsehileng. Hamorao e ile ea e-ba morupeli Sekolong sa Gileade. Ka 1963 o ile a nyala Bobbie, ea sebelelitseng ka botšepehi Bethele ho fihlela lefung la hae ka October 2002.
Ka lilemo tse ngata tseo Don a bileng Bethele ka tsona, nako le nako o ’nile a ea linaheng tse ling ho sebeletsa ba sebetsang liofising tsa makala le baromuoa. Kabelo ea hae e mo isitse Linaheng Tsa Bochabela, Afrika, Europe le likarolong tse sa tšoaneng tsa Linaha Tsa Amerika. Hangata Dolores, mosali ea tšepahalang oa Don, o tsamaea le eena.
Boemo ba Rōna Boa Fetoha
Ntate o ile a hlokahala ka mor’a ho kula ka nako e telele, empa pele a hlokahala o ile a mpolella hore o thabile haholo ha re khethile ho sebeletsa Jehova Molimo. O ile a re re fumane mahlohonolo a mangata ho feta ao re ka beng re a fumane hoja ra phehella thuto ea koleche eo a neng a batla hore re e fumane. Ka mor’a ho thusa ’Mè hore a phuthe lintho tsa hae ’me a fallele haufi le ngoan’eso oa ngoanana Joy, ’na le monna oa ka re ile ra amohela likabelo tse fapaneng tsa bopula-maliboho New England e le hore re ka ba haufi le ’m’ae, eo ka nako eo a neng a hloka thuso ea rōna. Ha ’m’ae a qeta ho hlokahala, ’Mè o ile a lula le rōna ka lilemo tse 13. Eaba ka la 18 January, 1987, o phetha kabelo ea hae ea lefatšeng a le lilemo li 93.
Hangata ha metsoalle e ne e mo babatsa ka ho hōlisa bana bohle ba hae hore ba rate Jehova ba be ba mo sebeletse, ’Mè o ne a araba ka boikokobetso a re: “Ho ile ha mpa ha etsahala hore ke fumane hore le bona ke ‘mobu’ o motle.” (Matheu 13:23) E bile tlhohonolofatso e kaakang ho ba le batsoali ba tšabang Molimo ba ileng ba re behela mohlala o motle oa cheseho le boikokobetso!
Ke sa Ntsane ke Batla ’Muso Pele
Re ’nile ra tsoela pele ho beha ’Muso oa Molimo sebakeng sa pele bophelong ba rōna hape re lekile ho sebelisa keletso ea Jesu ea hore re fane. (Luka 6:38; 14:12-14) Le Jehova o re buletse seatla sa hae linthong tseo re li hlokang. Re phetse bophelo bo sireletsehileng le bo monate.
’Na le Rudy re ntse re rata ’mino. Ho ba monate ha ba bang ba ratang ’mino ba tla ha rōna mantsiboea ’me re bapala liletsa tsa rōna hammoho. Empa ’mino hase oona oa bohlokoa bophelong ba ka. Ke ntho e nkekelletsang thabo bophelong. Hona joale ’na le monna oa ka re thabela ho bona litholoana tsa tšebeletso ea rōna ea bopula-maliboho, e leng batho bao re ba thusitseng ka lilemo tse ngata.
Ho sa tsotellehe hore matsatsing ana kea kula, nka bolela hore bophelo ba rōna e bile bo thabisang haholo le bo sireletsehileng ka lilemo tse fetang 60 re le tšebeletsong ea nako e tletseng. Hoseng ho hong le ho hong ha ke tsoha, ke leboha Jehova ha a arabetse thapelo ea ka ha ke ne ke kenela tšebeletso ea nako e tletseng lilemong tse ngata tse fetileng, ’me ke re, ‘Ebe nka batla ’Muso pele joang kajeno?’
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E ne e hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Lelapa leso ka 1948 (ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona): Joy, Don, ’Mè, Joel, Karl, ’na le Ntate
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
’Mè o ile a re behela mohlala oa ho cheseha tšebeletsong
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Karl, Don, Joel, Joy, le ’na kajeno, lilemo tse fetang 50 hamorao
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: ’Na, Mary Aniol, Sophia Soviak le Edith Morgan ha re le baromuoa Dominican Republic
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ke na le Mary (ka ho le letšehali) Yankee Stadium ka 1953
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ke na le monna oa ka mosebetsing oa potoloho