Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Thuso Bakeng sa ba ‘Nyoriloeng’ Russia
JESU o ile a re: “Ho thaba ba lapelang le ho nyoreloa ho loka, kaha ba tla khorisoa.” (Matheu 5:6) Liphihlelo tse latelang li bontša kamoo Lipaki tsa Jehova li thusang ho kholisa lenyora la moea la ba bangata Russia, moo tokoloho ea bolumeli e neng e thibetsoe ka lilemo tse fetang 70.
▪ Mosali ea bitsoang Valentina o ne a e-na le lipotso tse tebileng tsa Bibele tse neng li sa ka tsa arabeloa ka lilemo tse ngata. Ka mohlala, o ’nile a ipotsa: ‘Jesu o ne a rapela mang?’ O ne a nahana hore e tlameha ebe Jesu o ne a rapela e mong ea phahameng ho mo feta, ’me a ipotsa ka lebitso la Enoa.
O ile a etela Kereke ea Orthodox e Russia. Leha ho le joalo, ha aa ka a fumana likarabo tsa lipotso tsa hae bolumeling boo. A sa khotsofala, o ile a ea kerekeng ea Prostanta, empa a ’na a fumana likarabo tse sa hlakang. A sa tsebe moo a ka boelang a ea teng, Valentina o ile a qala ho bala Bibele, a leka ho iphumanela likarabo—ntle le thuso ea letho. O ile a rapella thuso.
Nakoana hamorao, Lipaki tsa Jehova li ile tsa kokota monyakong oa hae. Li ile tsa mo bontša ka Bibele hore lebitso la Molimo ke Jehova. Qetellong, o ile a tseba hore na ke mang eo Jesu a neng a mo rapela! O ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki kamehla. Hangata o ne a hlola bosiu bohle a bala lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower ’me a sheba litemana tsa Bibele. Ka potlako Valentina o ile a etsa qeto ea hore o fumane ’nete. Likhoeling tse ka bang tharo o ile a qalisa ho kopanela mosebetsing oa ho bolela, ’me likhoeli tse peli hamorao, a kolobetsoa. Ho batla ha hae ’nete ka thapelo ho ile ha putsoa.
▪ Paki e ’ngoe e ne e palame bese ho ea ruta sebakeng se hōle. Nakong ea leeto, e ile ea bua le moroetsana e mong ka litšepiso tsa Bibele, empa moroetsana eo o ne a sa thahaselle. Likhoeli tse peli hamorao, Paki eo e ile ea boela ea ea sebakeng sona seo ho ea fana ka puo ea phatlalatsa. Ka mor’a puo e ile ea atamela moeti e mong ’me ea mo botsa: “Na ho se ho e-na le ea buisaneng le uena ka litaba tse molemo tsa Bibele?” Monna eo o ile a arabela, “E, ke uena ea ho entseng.” Paki e ile ea nahana hore oa soasoa. Empa mohlankana eo o ile a hlalosa hore likhoeling tse peli tse fetileng, o ne a ile a utloa puisano ea Paki eo le moroetsana e mong, ha a ne a le leetong ka bese. “Ke ne ke batla ho tseba ho eketsehileng, empa u ile ua theoha beseng, ’me ke ile ka nahana hore ha ke sa tla hlola ke bona Lipaki tsa Jehova hape. Joale ke ile ka kopana le monna e mong ea ithutang Bibele le Lipaki mosebetsing. Ka hona, ke ’na enoa!”
Monna eo le mosali oa hae ba ile ba qala ho ithuta Bibele. Ka mor’a nako e khutšoanyane haholo, o ile a hlokomela hore mosebetsi oa hae o ne o le khahlanong le melao-motheo ea Bibele. A batla ho ba le letsoalo le letle ka pel’a Molimo, o ile a tlohela mosebetsi oo a etsa o mong. Hona joale o bolella ba bang ka ’Muso oa Molimo ha monyetla o mong le o mong o hlaha. Mosali oa hae le eena o tsoela pele hantle thutong ea hae ea Bibele.
Lipaki tsa Jehova tse sebakeng se seholohali sa Russia li thabela ho kopanela ho bolelleng batho bohle ba tšepahalang: “‘Tloo!’ ’Me mang kapa mang ea nyoriloeng a a tle; mang kapa mang ea lakatsang a a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.”—Tšenolo 22:17.