Kosepele ho ea ka Litsebi
“BONGATA bo re ke mang?” (Luka 9:18) Jesu o ile a botsa barutuoa ba hae sena lilemong tse ka bang likete tse peli tse fetileng. Potso eo e ne e baka phehisano nakong eo. Ho bonahala ho le joalo le ho feta kajeno, haholo-holo nakong ea Keresemese, eo ka eona ho lokelang hore ho likolohisoe maikutlo ho Jesu. Ba bangata ba lumela hore Jesu o ile a rongoa a e-tsoa leholimong hore a tl’o lopolla moloko oa batho. Na ke seo u se nahanang?
Litsebi tse ling li fana ka khopolo e ’ngoe. Marcus J. Borg, moprofesa oa bolumeli le meetlo, oa bolela: “Khopolo ea hore Jesu ke ea ileng a ruta hore ke eena Mora oa Molimo ea neng a tla shoela libe tsa lefatše, hase ’nete ho latela histori.”
Litsebi tse ling tsona li bolela hore Jesu oa sebele o ne a fapane le eo re balang ka eena Bibeleng. Tse ling li lumela hore Likosepele tsohle li ngotsoe lilemo tse mashome a mane kapa ho feta moo ka mor’a lefu la Jesu le hore ka nako eo, tlhaloso ea sebele ea Jesu e ne e khabisitsoe. Litsebi li tiisa hore bothata bo ne bo se ho hopoleng ha lingoli tsa Kosepele, empa mokhoeng oo li hlalosang ka oona. Ka mor’a lefu la Jesu, barutuoa ba ile ba mo talima ka tsela e fapaneng—e le Mora oa Molimo, Mopholosi le Mesia. Ka sebete ba bang ba bolela hore Jesu e ne e mpa feela e le moleleri ea masene, mofetoheli oa sechaba. Litsebi li re eo ke eona ’nete e ke keng ea latoloa.
Khopolo ea “Litsebi” ka Jesu
E le ho emela khopolo ea bona ea “botsebi,” bahlahlobisisi ba bonahala ba ikemiselitse ho qhelela thōko ntho leha e le efe e bonahalang e e-na le matla a phahametseng a tlhaho mabapi le Jesu. Ka mohlala, ba bang ba re ho beleha ha moroetsana e ne e mpa e le ho pata hore Jesu ke ngoana oa matšeo. Ba bang ba latola boprofeta ba Jesu mabapi le timetso ea Jerusalema, ba tsitlella hore bona bo kentsoe Kosepeleng ka mor’a “phethahatso” ea bona. Ba bang ba bile ba re ho folisa ha Jesu e mpile feela ea e-ba ho fetola maikutlo a batho—ho nchafatsa likelello tsa bona. Na u fumana litlhahiso tse joalo li utloahala kapa li sa utloahale?
Litsebi tse itseng li bile li bolela hore barutuoa ba Jesu ba ile ba qapa leshano la tsoho e le ho boloka mokhatloana oa bona hore o se ke oa putlama. Ho phaella moo, litsebi li beha lebaka la hore balateli ba Jesu ba ne ba hloka matla kantle ho eena, kahoo ba ile ba khutlisetsa Monghali oa bona paleng ka ho ngola ka eena. Ha e le hantle, e bile Bokreste, eseng Kreste, bo ileng ba tsosoa. Haeba hoo ho bonahala e le ho iphapanyetsa ’nete ha litsebi, ho thoe’ng ka tšisinyo ea moruti oa thuto ea bolumeli, Barbara Thiering, ea hore ho hang Jesu ha aa ka a bolaoa? O lumela hore Jesu o ile a pholoha ho khokhothelloa thupeng ’me a ’na a phela, a nyala habeli ’me ea e-ba ntate oa bana ba bararo.
Lipolelo tsena tsohle li theolela Jesu boemong bo tlaase boo e leng bona feela boo boholo ba litsebi bo tla mo amohela ka bona: ba monna ea bohlale, Mojuda ea tlaase-tlaase, montlafatsi oa maemo a bophelo—ntho leha e le efe ntle le ho ba Mora oa Molimo, ea ileng a tla “ho fana ka soule ea hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.”—Matheu 20:28.
Mohlomong nakong ena ea selemo u se u balile likarolo tsa Likosepele, tse kang karolo ea ho tsoalloa ha Jesu ka sejelong. Kapa e ka ’na eaba u utloile tse tšoanang le tseo kerekeng. Na u amohetse litlaleho tsa Kosepele e le tsa bohlokoa le tse ka lumeloang? Joale hlokomela boemo bona bo tšosang. Ho se bitsoang Seboka sa Jesu, sehlopha sa litsebi se ’nile sa kopana habeli ka selemo esale ho tloha ka 1985 bakeng sa ho etsa qeto ea hore na mantsoe a Jesu ke ’nete kapa che. Na ka sebele Jesu o ile a bua seo Bibele e reng o ile a se bua? Litho tsa seboka sena li ile tsa voutela polelo e ’ngoe le e ’ngoe ka lifaha tse mebala. Sefaha se sefubelu se ne se bolela hore polelo ka sebele e boletsoe ke Jesu; sefaha se sepinki se bolela hore mohlomong Jesu o ile a e bua; sefaha se boputsoa bo sa hlakang se bontša ho ba lekhonono; ’me sefaha se setšo se ne se bolela bohata.
U ka ’na ua tšoenngoa ke ho tseba hore Seboka seo sa Jesu se boletse hore karolo ea 82 lekholong ea mantsoe ao ho thoeng ke a Jesu mohlomong ha aa buuoa ke eena. Ke mantsoe a le mang feela a qotsitsoeng Kosepeleng ea Mareka ao ho ileng ha lumeloa hore aa tšepahala. Ho ile ha boleloa hore Kosepele ea Luka e tletse ka khopolo-taba e hasoang ka morero hoo “ho ke keng ha fumanoa seo e hlileng e leng sona.” Kosepele eohle ea Johanne kantle ho mela e meraro feela, e ile ea fumana sefaha se setšo ha ho voutoa, se bolelang bohata, ’me bonyanenyana bo neng bo setse bo ile ba nehoa sefaha se boputsoa bo sa hlakang se bontšang lekhonono.
Ho Fetang Thuto ea Sekolo
Na u lumellana le litsebi? Na li re neha setšoantšo se nepahetseng haholoanyane sa Jesu ho feta se fumanehang ka Bibeleng? Lipotso tsena li feta taba ea ho phehisana ha litsebi. Nakong ena ea selemo, u ka ’na ua hopotsoa hore ho latela Bibele, Molimo o ile a roma Jesu “e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
Haeba Jesu e ne e le feela moleleri ea masene eo re neng re ka tseba ho fokolang ka eena, e ne e tla ba ho se nang molemo ho ‘sebelisa tumelo’ ho eena. Ka lehlakoreng le leng, haeba setšoantšo sa Jesu ka Bibeleng ke ’nete, poloko ea rōna ea ka ho sa feleng ea ameha. Ka hona, re lokela ho tseba—na Bibele e fupere ’nete ka Jesu?