Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 1/1 maq. 23-25
  • Ho Tela Lintho Tse Ngata ka Lebaka la Ntho e ’Ngoe e Khōloanyane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tela Lintho Tse Ngata ka Lebaka la Ntho e ’Ngoe e Khōloanyane
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo ke Bileng Aladura
  • Ho Kopana ka Lekhetlo la Pele le Lipaki Tsa Jehova
  • Botumo bo Eketsehang Hammoho le Masoabi
  • Qeto ea ho Sebeletsa Jehova
  • Boiteko ba ho re ke se Tsoe Kerekeng
  • Ho Khomarela Mosali a le Mong
  • Ho Thabela Tlhohonolofatso ea Jehova
  • Litebello Tsa Kamoso bakeng sa Boprotestante—Le Uena!
    Tsoha!—1987
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ho Tšoenyeha ka Lelapa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 1/1 maq. 23-25

Ho Tela Lintho Tse Ngata ka Lebaka la Ntho e ’Ngoe e Khōloanyane

JOALOKAHA HO BOLETSE JULIUS OWO BELLO

Ka lilemo tse 32 ke ne ke le Aladura.a Ke ne ke lumela hore ho folisa ka tumelo le lithapelo ho tla rarolla mathata a ka ’ohle esita le ho phekola maloetse kaofela. Ha ho mohla nkileng ka reka meriana leha e le efe, esita le e kokobetsang bohloko. Lilemong tseo, ha ho le ea mong lelapeng la ka ea kileng a kena sepetlele. Nako le nako ha bana ba ka ba ne ba kula, ke ne ke ba rapella motšehare le bosiu ho fihlela ba hlaphoheloa. Ke ne ke lumela hore Molimo o ne a arabela lithapelo tsa ka le ho ntlhohonolofatsa.

KE NE ke le setho sa Egbe Jolly, e leng mokhatlo o tummeng ka ho fetisisa oa boithabiso Akure, toropo e ka bophirimela ho Nigeria. Metsoalle ea ka e ne e le baruihali le batho ba matla ka ho fetisisa toropong ea heso. Deji, morena oa Akure, hangata o ne a nketela lapeng.

Ke ne ke boetse ke nyetse sethepu, ke e-na le basali ba tšeletseng le lirethe tse ngata. Khoebo ea ka e ne e atleha haholo. Lintho tsohle li ne li ntsamaela hantle. Leha ho le joalo, ho tšoana le mohoebi ea tsamaeang setšoantšong sa Jesu sa liperela, ke ile ka fumana ntho ea bohlokoa haholo hoo ke ileng ka tela basali ba ka ba bahlano, lirethe tsa ka, kereke, mokhatlo oa boithabiso le botumo ba lefatše ka lebaka la eona.—Matheu 13:45, 46.

Kamoo ke Bileng Aladura

Ke qalile ho utloela ka Li-Aladura ka 1936, ha ke ne ke le lilemo li 13. Motsoalle ea bitsoang Gabriel o ile a re ho ’na: “Ha u ka etela Kereke ea Baapostola ea Kreste, u tla utloa ha Molimo a bua.”

Ke ile ka mo botsa: “Molimo o bua joang?”

O ile a re: “Tloo, u tla bona.”

Ke ne ke laba-labela ho mamela Molimo. Kahoo bosiung bona boo, ke ile ka tsamaea le Gabriel ho ea kerekeng. Mohaho o monyenyane o ne o tletse barapeli. Phutheho e ile ea qala ho bina: “Tloong! Mona ke hona moo Jesu a leng teng!”

Nakong ena eo ho ntseng ho binoa ka eona, motho e mong o ile a phasoloha: “Theoha, moea o halalelang!” Motho e mong hape o ile a letsa tšepe, ’me phutheho e ile ea khutsa tu! Ho hlahlamang, mosali e mong o ile a qala ho bua ka thabo e khōlō ka puo e makatsang. Ka tšohanyetso o ile a hoeletsa: “Helang, mamelang molaetsa oa Molimo! Sena ke seo Molimo a se boletseng: ‘Rapellang litsomi hore li se bolaee batho!’” Batho ba ile ba nkeha maikutlo.

Ke ile ka lumela hore Molimo o buile ka eena, ka lebaka leo selemong se latelang ke ile ka kolobetsoa ho ba setho sa Kereke ea Kreste ea Baapostola.

Ho Kopana ka Lekhetlo la Pele le Lipaki Tsa Jehova

Ka 1951, ke ile ka amohela kopi ea makasine ea Molula-Qhooa ho Paki e bitsoang Adedeji Boboye. Makasine ena e ne e thahasellisa hoo ke ileng ka etsa peeletso ea eona le ho e bala kamehla. Ka 1952 ke ile ka ea kopanong ea setereke ea matsatsi a mane ea Lipaki tsa Jehova, Ado Ekiti.

Seo ke ileng ka se bona kopanong se ile sa nkhahla haholo. Ke ile ka nahana ka botebo ka ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova empa ka qhela mohopolo oo kelellong. Bothata ba ka nakong ena e bile hore ke ne ke e-na le basali ba bararo le serethe se le seng. Ke ne ke nahana hore ha ho tsela eo nka phelang ka eona ke e-na le mosali a le mong feela.

Ha ke khutlela Akure, ke ile ka bolella Adedeji hore a khaotse ho nketela, ’me ha kea ka ka tsosolosa peeletso ea ka ea Molula-Qhooa. Ke ile ka ba mafolo-folo haholoanyane kerekeng ea ka. Leha ho le joalo, ke ile ka ipolella hore Molimo o ntlhohonolofalitse haesale ke kena Kereke ea Baapostola ea Kreste. Ke ne ke nyetse basali ba bararo ’me ke entse bana ba bangata. Ke ne ke ikahetse ntlo. Ho ne ho se mohla nkileng ka kena sepetlele. Kaha ho ne ho bonahala Molimo a arabela lithapelo tsa ka, ke tla be ke fetolela’ng bolumeli ba ka?

Botumo bo Eketsehang Hammoho le Masoabi

Ke ile ka qala ho koleka chelete e tōmanyana kerekeng. Kapele-pele ba ile ba nketsa moholo oa kereke, e leng boemo bo ileng ba ’nolofalletsa hore ke khone ho bona kereke botebong ba eona. Seo ke ileng ka se bona se ile sa nkhathatsa. Moruti le “baprofeta” ba ne ba rata chelete; meharo ea bona e ile ea ntšosa.

Ka mohlala, ka March 1967 ke bile ntate oa bana ba bararo ka basali ba fapaneng. E ne e le moetlo kerekeng hore ho be le mokete oa kolobetso le ho reha bana mabitso. Kahoo ke ile ka isa limpho—tlhapi, lemonade le lino-mapholi tse ka libotlolong—ho moruti bakeng sa ho lokisetsa mokete.

Letsatsing la tšebeletso ea kereke, ka pel’a phutheho eohle moruti o ile a re: “Likhorane tsa kereke ena li ’makalitse. Li batla mokete oa kolobetso le ho reha bana mabitso, ’me seo li se tlisang feela ke lino-mapholi le tlhapi. Ha ho nama! Ha ho pōli! Nahanang! Kaine o ile a fa Molimo sehlabelo sa li-yam tse khōlō, ’me Molimo ha aa ka a amohela sehlabelo seo kaha se ne se se na mali. Molimo o batla lintho tse nang le mali. Abele o ile a tlisa phoofolo, ’me sehlabelo sa hae se ile sa amoheloa.”

Ha ke utloa seo, ke ile ka ema ka itsamaela. Leha ho le joalo, ke ’nile ka ea kerekeng. Ke ile ka qeta nako e ngata ke thabela botsoalle le ho ea libokeng tsa mokhatlo oa ka oa boithabiso. Ka linako tse ling ke ne ke ea libokeng Holong ea ’Muso, ’me ke ile ka tsosolosa peeletso ea ka ea Molula-Qhooa. Empa leha ho le joalo, ke ne ke e-s’o ikemisetse ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova.

Qeto ea ho Sebeletsa Jehova

Lintho li ile tsa fetoha ka 1968. Ka letsatsi le leng ke ile ka qala ho bala sehlooho ho Molula-Qhooa se neng se hlalosa ho hlorisoa ka sehlōhō ha Lipaki tsa Jehova mane Malawi. Se ne se bua ka ngoanana ea lilemo li 15 ea ileng a tlamelloa sefateng le ho betoa ka makhetlo a tšeletseng hobane feela a ne a hana ho sekisetsa tumelong ea hae. Ke harohile letsoalo, ke ile ka khaotsa ho bala makasine ena, empa ka ’na ka nahana ka sena. Ke ile ka hlokomela hore ha ho ngoanana ea neng a ka bontša tumelo e joalo kerekeng ea ka. Hamoraonyana mantsiboeeng ao, ke ile ka nka makasine eo ’me ka boela ka bala leqephe leo.

Ke ile ka qala ho ithuta Bibele ka botebo. Ha ke ntse ke hōla tsebong, ke ile ka qala ho bona kamoo kereke e neng e ’nile ea re thetsa kateng. Joaloka mehleng ea boholo-holo, baprista ba rōna ‘ba ne ba sa etse letho haese ho tsoela pele ka boitšoaro bo hlephileng.’ (Hosea 6:9, NW) Banna ba joalo ba ne ba le har’a baprofeta ba bohata bao Jesu a lemositseng ka bona! (Matheu 24:24) Ha kea ka ka hlola ke e-ba le tumelo liponong le mesebetsing ea bona e matla. Ke ile ka etsa qeto ea ho itokolla bolumeling ba bohata le ho thusa ba bang ho etsa joalo.

Boiteko ba ho re ke se Tsoe Kerekeng

Ha baholo ba kereke ba hlokomela hore ke ne ke ikemiselitse ho tsoa kerekeng, ba ile ba romela moifo ho tla buisana le ’na. Ba ne ba sa batle ho lahleheloa ke mohloli oa bohlokoa oa chelete. Ba ile ba ithaopela ho nketsa Baba Egbe, motšehetsi ho e ’ngoe ea likereke tsa Baapostola tsa Kreste, Akure.

Ke ile ka hana tšisinyo ea bona ’me ka ba bolella lebaka. Ke ile ka re: “Kereke e ’nile ea re thetsa. Ba bolela hore batho bohle ba lokileng ba ea leholimong. Empa ’na ke balile Bibeleng, ’me ke kholisehile hore ke batho ba 144 000 feela ba tla ea leholimong. Batho ba bang ba lokileng ba tla phela lefatšeng la paradeise.”—Matheu 5:5; Tšenolo 14:1, 3.

Moruti oa kereke o ile a leka ho etsa hore basali ba ka ba mphetohele. O ile a ba bolella hore ba se lumelle Lipaki tsa Jehova ho tla lapeng la rōna. E mong oa basali ba ka o bile a ntšella chefo lijong. Ba babeli ba ile ba ntlhokomelisa ka pono eo ba bileng le eona kerekeng. Pono eo e ne e bontša hore ke tla shoa haeba ke e-tsoa kerekeng. Ho sa tsotellehe seo, ke ile ka tsoela pele ho pakela basali ba ka le ho ba memela ho ea le ’na libokeng. Ke ile ka re: “Le tla iphumanela banna ba bang moo.” Leha ho le joalo, ha ho le ea mong oa bona ea ileng a bontša thahasello leha e le efe, ’me ba ile ba tsoela pele ho leka ho ’nyahamisa.

Qetellong, ka la 2 February, 1970, ha ke khutlela hae ho tsoa leetong toropong ea boahisani, ke ile ka fumana ntlo e re na u ne u ’neile’ng. Basali ba ka kaofela hammoho le bana ba ne ba tlametse sa tlung.

Ho Khomarela Mosali a le Mong

Ke ile ka inahana: ‘Joale ke nako ea hore ke lokise boemo ba lenyalo la ka.’ Ke ile ka bitsa mosali oa ka oa matsoa-thaka Janet, hore a khutlele lapeng. O ile a lumela. Leha ho le joalo, lelapa labo le ile la hanyetsana le khopolo eo ka matla. Ha basali ba ka ba bang ba utloela hore ke kōpile Janet ho khutlela lapeng, ba ile ba ea habo ’me ba leka ho mo shapa. Joale lelapa labo le ile la nkepela pitso.

Ho ne ho e-na le batho ba ka bang 80 pitsong eo. Rangoane oa Janet, eo e neng e le hlooho ea lelapa, o ile a re: “Haeba u batla ho nyala morali oa rōna hape, joale u tlameha ho khutlisa basali ba bang. Empa haeba u batla ho sebelisa bolumeli ba hao bo bocha le ho sala ka mosali a le mong, joale u tla lokela ho iphumanela mosali e mong. Haeba u nka Janet hape, basali ba bang ba hao ba tla mo bolaea, ’me ha re batle hore morali oa rōna a shoe.”

Ka mor’a lipuisano tsa nako e telele, lelapa le ile la hlokomela hore ke ne ke ikemiselitse ho sala ka mosali a le mong feela. Qetellong ba ile ba inehela. Rangoane o ile a re: “Re ke ke ra u amoha mosali oa hao. U ka tsamaea le eena.”

Joale ka la 21 May, 1970, ’na le Janet re ile ra nyalana ka molao. Matsatsi a robong hamorao ke ile ka kolobetsoa joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka December selemong sona seo, Janet le eena o ile a kolobetsoa.

Ho Thabela Tlhohonolofatso ea Jehova

Litho tsa kereke ea rōna ea pele li ne li profetile hore haeba re e-ba Lipaki, re tla shoa. Seo se etsahetse lilemong tse ka bang 30 tse fetileng. Esita le haeba nka shoa hona joale, na e tla ba hobane ke bile e mong oa Lipaki tsa Jehova? Haeba mosali oa ka a ka shoa hona joale, na leha e le mang a ka bolela hore o shoele hobane e bile e mong oa Lipaki tsa Jehova?

Ke ile ka leka ka matla ho bontša bana ba ka ba 17 tsela ea ’nete. Le hoja boholo ba bona e ne e se e le batho ba baholo ha ke e-ba Paki, ke ile ka ba khothalletsa ho ithuta Bibele le ho ea le bona libokeng le likopanong. Ke ho nthabisang hore ba bahlano ho bona ba sebeletsa Jehova hammoho le ’na. E mong o sebeletsa le ’na joaloka moholo phuthehong. E mong ke mohlanka ea sebeletsang phuthehong e haufi. Bana ba ka ba babeli ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla.

Ha ke talima morao, ke tsota mosa o sa tšoanelang oa Jehova ka ho nthusa hore ke be mohlanka oa hae. Mantsoe a Jesu ke ’nete hakaakang: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha Ntate, ea nthomileng, a mo hula”!—Johanne 6:44.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le tsoa lentsoeng la Seyoruba le bolelang “motho ea rapelang.” Le bolela setho sa kereke ea Seafrika se phekolang ka ho sebelisana le meea.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela