Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 3/1 maq. 25-28
  • Na U Tšaba ho Tšepa Batho ba Bang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tšaba ho Tšepa Batho ba Bang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Utloisisa Tšabo Ena
  • Ke Hobane’ng ha Lerako Leo le Tlameha ho Heleha?
  • Tšepa Lelapa
  • Tšepa Phutheho
  • Mokhoa oa ho Haha Likamano Tseo U ka li Tšepang
  • U ka Tšepa Bara le Barali Babo Rona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Baholo—Lebelang Letlotlo la Lōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Tšepa ba Bang ke Habohlokoa Hore Motho a Thabele Bophelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Bontša Hore oa Tšepahala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 3/1 maq. 25-28

Na U Tšaba ho Tšepa Batho ba Bang?

‘HA HO eo nka buang le eena. Batho ba ke ke ba utloisisa. Ba phathahane haholo ka mathata a bona. Ha ba na nako ea mathata a ka.’ Ba bangata ba ikutloa joalo, ka hona ba pata maikutlo a bona. Ha ba bang ba botsa hore na ba ikutloa joang, hangata ba batla ho ba phetela, empa ha ba ba phetele. Ho hang ha ba phutholohe.

Ke ’nete hore ho na le ba sa batleng thuso ea batho ba bang. Leha ho le joalo, ba bangata ba batla thuso ka tieo empa ba tšaba ho phetla lifuba tsa bona. Na u e mong oa bona? Na ka sebele ha ho motho eo u ka mo tšepang?

Ho Utloisisa Tšabo Ena

Lefatšeng kajeno ho foka moea oa ho se tšepe. Bacha ha ba bue ho batsoali ba bona. Batsoali ha ba buisane. Ke ba ’maloa ba utloisisang ho bua le ba boholong. Batho ba bang ha ba sitoa ho phetlela ba bang lifuba, ba retelehela tahing, lithethefatsing kapa bophelong bo hlaha, e le ha ba leka ho balehela mathata a bona.—Liproverbia 23:29-35; Esaia 56:12.

Ho tšepa ba boholong, ba kang baruti, lingaka, litsebi le matichere, ho sentsoe ke mekhoa e hlahellang pooaneng ea ho se tšepahale le boitšoaro bo bobe. Ka mohlala, khakanyo e ’ngoe e bolela hore karolo e ka holimo ho 10 lekholong ea baruti e ameha boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. Mongoli e mong o re ke bona “ba senyang ho tšeptjoa, ba epang likhohlo, ba etsang matlere le mapetso likamanong tsa batho.” See se ama liphutheho tsa bona joang? Se senya ho tšepa ba bang.

Boitšoaro bo hlephileng bo jeleng setsi bo boetse bo bakile maqakabetsi ka malapeng hoo malapa ao litaba tsa ’ona li sa tsamaeeng hantle e ntseng e e-ba a tloaelehileng, eseng mokhelo. Lehae e kile ea e-ba sebaka sa ho fumana tšehetso. Hangata kajeno, ha ho moo le fapaneng teng le setsi seo ho fapoheloang ho sona ka nako ea lijo. Ha ngoana a hōlela lelapeng le se nang “boikutlo bo mofuthu ba tlhaho,” phello e tloaelehileng ke hore o sitoa ho tšepa batho ba bang ha a hōla.—2 Timothea 3:3.

Ho feta moo, ha maemo a lefatše a ntse a mpefala, re ntse re pepesehela haholoanyane liphihlelo tse sithabetsang. Boemong bo tšoanang le bona, moprofeta Mikea o ile a ngola: “Motsoalle le eena u se ke ua mo tšepa.” (Mikea 7:5, BPN) U ka ’na ua ikutloa joalo ka mor’a masoabi a seng makae, ho senoloa ha lekunutu la hao kapa ketsahalo e khōlō e sokelang bophelo. U fumana ho le thata hore u boele u tšepe batho ba bang ’me u senyeha maikutlo, letsatsi le leng le le leng u phela u patile maikutlo a hao. (Bapisa le Pesaleme ea 102:1-7.) Ke ’nete hore boikutlo bo joalo bo ka ’na ba u thusa hore u tsoele pele le bophelo, empa “bohloko ba pelo” bo u hlokisa thabo leha e le efe ea sebele bophelong. (Liproverbia 15:13) ’Nete ke hore, hore u tle u phele hantle moeeng, maikutlong, kelellong le ’meleng, lerako leo le tlameha ho heleha ’me u tlameha ho ithuta ho tšepa batho. Na hoo ho ka etsahala? E.

Ke Hobane’ng ha Lerako Leo le Tlameha ho Heleha?

Ho phetlela batho ba bang sefuba ho imolla pelo e khathatsehileng. Anna o bile le phihlelo ena. O ne a nyalehile, a hafa ka nkatana, empa a tšoenyehile haholo. Le hoja a ne a “hlokofetse moeeng,” ka bohlale o ile a qala “a rapela Jehova” ka matla hoo a ileng a ba a bebenya melomo. E, o ile a phetlela Jehova sefuba. Eaba joale o tšollela pelo ea hae ho moemeli oa Molimo, Eli. Ka phello efe? “[Anna] a ntoo ikela ka tsela ea hae, ’me a ja, sefahleho sa hae se se se se joalo ka hapele.”—1 Samuele 1:1-18.

Meetlong ea lichaba tse ngata ho ’nile ha tsejoa melemo ea ho phetlela e mong sefuba. Ka mohlala, ho arolelana maikutlo le liphihlelo le ba bileng maemong a tšoanang ho ka ba molemo. Bafuputsi ba fihletse qeto ea hore: “Ho itšehla thajana hoa kulisa—ho hlokahala hore re bue e le hore re lule re phela hantle kelellong.” Bopaki bo eketsehang ba liphuputso tsa bo-rasaense bo tiisa ’nete ea maele a bululetsoeng a reng: “Motho ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a ’notši; khalefong ea hae o soma tsohle tsa bohlale.”—Liproverbia 18:1.

Haeba u sa bue, batho ba bang ba ka u thusa joang? Le hoja Jehova Molimo a bala lipelo, menahano le maikutlo tsa hao tse tebileng li patehile ho lelapa le metsoalle—ntle leha u li bua. (1 Likronike 28:9) Ha bothata bo ama ho tlōloa ha molao oa Molimo, ho lieha ho bolela taba, ho e mpefatsa ho feta.—Liproverbia 28:13.

Ka sebele, melemo ea ho phetlela ba bang sefuba ha u tsielehile e mengata ho feta likotsi tsa ho utloa bohloko. Ho hlakile hore hoo ha ho bolele hore re lokela ho senola litaba tsa botho ho mang le mang. (Bapisa le Baahloli 16:18; Jeremia 9:4; Luka 21:16.) “Metsoalle ’motoana e isa motho timelong,” kamoo ho lemosang Liproverbia 18:24 (BPN), empa ea phaella: “Oa sebele eena o tšepahala ho feta le ngoan’abo motho.” Motsoalle ea joalo u ka mo fumana hokae?

Tšepa Lelapa

Haeba u e-na le bothata, na u lekile ho bo buisana le molekane oa hao oa lenyalo kapa batsoali ba hao? Moeletsi e mong ea nang le phihlelo o lumela hore: “Tabeng ea mathata a mangata, ho hlokahalang feela ke hore ho buisanoe ka ’ona ka botebo.” (Liproverbia 27:9) Banna ba Bakreste ba ‘ratang basali ba bona joalokaha ba ithata,’ basali ba ‘ipehang tlas’a banna ba bona’ le batsoali ba nkang ka botebo boikarabelo ba bona boo ba bo filoeng ke Molimo ba ho ‘hōlisa bana ba bona ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova,’ ba tla sebetsa ka thata hore e be bamameli ba nang le kutloelo-bohloko le baeletsi ba molemo. (Baefese 5:22, 33; 6:4) Le hoja Jesu a ne a se na mosali kapa bana ka kutloisiso ea lefatše, o ile a beha mohlala o babatsehang hakaakang ntlheng ee!—Mareka 10:13-16; Baefese 5:25-27.

Ho thoe’ng haeba bothata bo imela lelapa hore le ka bo sebetsa? Ka phuthehong ea Bokreste ha ho hlokahale hore re be bang. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ke mang ea fokolang, ’me ’na ke sa fokole?” (2 Bakorinthe 11:29) O ile a eletsa: “Tsoelang pele ho jarelana meroalo.” (Bagalata 6:2; Baroma 15:1) Har’a bara le barali babo rōna ba moea, ha ho pelaelo hore re ka fumana ‘banab’abo rōna tlokotsing.’—Liproverbia 17:17.

Tšepa Phutheho

Liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova tse fetang 80 000 lefatšeng ka bophara, ho na le banna ba ikokobelitseng ba sebeletsang e le “basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea lōna.” (2 Bakorinthe 1:24) Bana ke baholo. Esaia o re: “E mong le e mong oa bona o tla ba joalo ka tšireletso ha moea o foka, joalo ka lehaha ha sefefo se e-tla, joalo ka molatsoana oa metsi naheng e omileng, le joalo ka moriti oa lefika le phahameng naheng e nyoriloeng.” Ke sona seo baholo ba lekang ho ba sona.—Esaia 32:2; 50:4; 1 Bathesalonika 5:14.

Baholo ba finyella se hlokoang ke Mangolo pele ba ‘khethoa ke moea o halalelang.’ Ho tseba sena ho tla tiisa tšepo ea hao ho bona. (Liketso 20:28; 1 Timothea 3:2-7; Tite 1:5-9) Seo u se buang le moholo se tla lula e le pinyane. Ho tšepahala ke e ’ngoe ea litšoaneleho tsa hae.—Bapisa le Exoda 18:21; Nehemia 7:2.

Baholo ka phuthehong “ba lula ba lebetse lisoule tsa lōna joaloka ba tla fana ka tlaleho.” (Baheberu 13:17) Na see ha se u susumeletse ho tšepa banna baa? Joalokaha ho ka lebelloa, hase baholo bohle ba etsang hantle ka ho tšoana litšobotsing tse tšoanang. Ba bang ba ka ’na ba bonahala ho le bonolo ho ba atamela, ba bonahala ba le mosa, kapa ba utloisisa haholoanyane ho feta ba bang. (2 Bakorinthe 12:15; 1 Bathesalonika 2:7, 8, 11) Ho hana eng hore u phetlele moholo eo u lokolohang ho eena sefuba?

Banna bana hase litsebi tse lefuoang. Ho e-na le hoo, ke “limpho tseo e leng banna,” tse fanoeng ke Jehova hore li u thuse. (Baefese 4:8, 11-13; Bagalata 6:1) Joang? Ha ba sebelisa Bibele ka masene, ba tla sebelisa matla a eona a phekolang boemong ba hao ka seqo. (Pesaleme ea 107:20; Liproverbia 12:18; Baheberu 4:12, 13) Ba tla u rapella ba be ba rapele le uena. (Bafilippi 1:9; Jakobo 5:13-18) Thuso e tsoang ho baeletsi ba lerato joalo e ka etsa ho hoholo ho phekola moea o khathatsehileng le ho tsosolosa khotso ea kelello.

Mokhoa oa ho Haha Likamano Tseo U ka li Tšepang

Ho kōpa ho thusoa, ho eletsoa, kapa ho mameloa, hase pontšo ea bofokoli kapa ea ho hlōleha. Ke feela mokhoa o nang le kelello oa ho lumela hore ha rea phethahala le hore ha ho ea nang le likarabelo tsohle. Ke ’nete hore moeletsi le motšepuoa e moholo ka ho fetisisa eo re nang le eena ke Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova Molimo. Re lumellana le mopesaleme ea ileng a ngola: “Jehova ke matla a ka le thebe ea ka. Pelo ea ka e itšepetse eena, ’me o nthusitse.” (Pesaleme ea 28:7) Ka nako leha e le efe, re ka ‘tšollela lipelo tsa rōna’ ho eena ka thapelo, re sa siee letho, re kholisehile hore oa re utloa ebile oa re tsotella.—Pesaleme ea 62:7, 8; 1 Petrose 5:7.

Empa u ka ithuta joang ho tšepa baholo le ba bang ka phuthehong? Taba ea pele, itlhahlobe. Na mabaka a hao a ho tšaba aa utloahala? Na u belaella batho ba bang? (1 Bakorinthe 13:4, 7) Na ho na le tsela ea ho fokotsa kotsi ea ho utloa bohloko? E. Joang? Leka ho tloaelana le batho ba bang tikolohong ea lintho tsa moea. Bua le bona libokeng tsa phutheho. Kopanela le eena tšebeletsong ea tšimo. Tšepo, joaloka tlhompho, li fumanoa ka ho sebeletsoa. Kahoo, mamella. Ka mohlala, ha u tsoela pele ho tloaelana le molisa oa moea, tšepo ea hao ho eena e tla hōla. Mo senolele butle-butle lintho tseo u amehileng ka tsona. Haeba a arabela ka tsela e tšoanelehang, e nang le kutloelo-bohloko le e masene, mohlomong joale u ka leka ho senola se eketsehileng.

Barapeli-’moho ba Jehova, haholo-holo baholo ba Bakreste, ba sebetsa ka thata ho etsisa litšobotsi tse ratehang tsa Molimo likamanong tsa bona. (Matheu 5:48) Sena se fella ka moea oa ho tšepana ka phuthehong. E mong eo e leng khale e le moholo o re: “Ho na le ntho e le ’ngoe eo barab’abo rōna ba lokelang ho e tseba: Ho sa tsotellehe hore na motho o etsa’ng, moholo ha a felloe ke lerato la Bokreste ho eena. E ka ’na eaba ha a rate se entsoeng, empa o ntse a rata mor’abo ’me o batla ho mo thusa.”

Kahoo, ha ho hlokahale hore u kenyakenye bothata u le mong. Bua le motho e mong ea “nang le litšoaneleho tsa moea” ea ka u jarisang moroalo oa hao. (Bagalata 6:1) Hopola hore “masoabi a fifatsa pelo ea motho,” empa “puo tse ntle ke lekheha la linotši, li monate moeeng oa motho, li matlafatsa masapo a hae.”—Liproverbia 12:25; 16:24.

[Lebokose le leqepheng la 26]

Mokreste leha e le ofe a ka ’na a biletsoa ho thusa mong ka eena, motsoalle, kapa mor’abo moeeng ka bothata ba hae. Na u tseba mokhoa oa ho thusa?

Moeletsi ea Atlehang

oa atameleha: Matheu 11:28, 29; 1 Petrose 1:22; 5:2, 3

o khetha boemo bo nepahetseng: Mareka 9:33-37

o batla ho utloisisa bothata: Luka 8:18; Jakobo 1:19

ha a feteletse lintho: Bakolose 3:12-14

o thusa motho ea hlabehileng maikutlo: 1 Bathesalonika 5:14; 1 Petrose 3:8

o tseba moo a tšoanetseng ho fella teng: Bagalata 6:3; 1 Petrose 5:5

o fana ka keletso e tobileng: Pesaleme ea 19:7-9; Liproverbia 24:26

o boloka makunutu: Liproverbia 10:19; 25:9

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela