Ba Ile ba Etsa Thato ea Jehova
Jesu o Thoholetsoa Joaloka Mesia le Morena!
LETŠOELE le entseng lerata le neng le kena Jerusalema ka la 9 Nisane, 33 C.E., le ile la makatsa Bajuda ba bangata. Le hoja e ne e le tloaelo ho bona batho ba phallela motseng pele ho Paseka, baeti bana ba ne ba fapane. Motho oa bohlokoa har’a bona e ne e le monna ea palameng petsana ea esele. Monna eo e ne e le Jesu Kreste, ’me batho ba ne ba ala liaparo le makala a palema ka pel’a hae ha ba ntse ba hoelelitse: “Pholosa, rea rapela, Mora oa Davida! Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova! Mo pholose, rea rapela, bophahamong bo holimo!” Ba bangata ba neng ba se ba le Jerusalema ha ba bona letšoele ba ile ba susumetseha ho kopanela mokolokong.—Matheu 21:7-9; Johanne 12:12, 13.
Esita le hoja a ne a thoholetsoa, Jesu o ne a tseba ka liteko tse mo letetseng. Nakong ea matsatsi a mahlano feela o ne a tla bolaoa hona motseng oo! E, Jesu o ne a tseba hore Jerusalema ke sebaka se tletseng bora, ’me o kene ka ho bonahalang motseng oo a ntse a hopotse ka seo.
Ho Phethahatsoa ha Boprofeta ba Boholo-holo
Ka 518 B.C.E., Zakaria o ile a bolela esale pele ka ho kena ha Jesu ka tlhōlo Jerusalema. O ile a ngola: “U tšele litlatse, morali oa Jerusalema! Bona, morena oa hao ke enoa; o tla ho uena; ke ea lokileng, ea nang le poloko, ke ea ikokobetsang, ea kaletseng esele, e leng petsana, namane ea esele e tšehali. . . . O tla bolela khotso ho lichaba, a buse ho tloha leoatleng le leng ho isa leoatleng le leng, le ho tloha nōkeng ho isa pheletsong tsa lefatše.”—Zakaria 9:9, 10.
Kahoo ho kena ha Jesu Jerusalema ka la 9 Nisane ho phethahalitse boprofeta ba Bibele. E ne e se ketsahalo e itlhahetseng ka tšohanyetso feela empa e ne e reriloe ka hloko. Pelenyana, ha a ntse a le ka ntle ho Jerusalema, Jesu o ne a ile a laela barutuoa ba hae ba babeli: “Tsamaeang le kene motsaneng oane oo le o bonang, ’me hang-hang le tla fumana esele e holehiloe, le petsana e e-na le eona; li tlamolleng ’me le li tlise ho ’na. ’Me haeba e mong a bua ntho leha e le efe ho lōna, le lokela ho re, ‘Morena oa li hloka.’ ’Me kapele-pele o tla li romela.” (Matheu 21:1-3) Empa ke hobane’ng ha Jesu a ne a batla ho kena Jerusalema a kaletse esele, hona bohlokoa ba karabelo ea letšoele e bile bofe?
Molaetsa o Mabapi le Borena
Hangata ntho e bonoang e matla ho feta lentsoe le builoeng. Ka lebaka leo, ka linako tse ling Jehova o ne a etsa hore baprofeta ba hae ba tšoantšetse molaetsa oa bona ho tiisa molaetsa oa bona oa boprofeta. (1 Marena 11:29-32; Jeremia 27:1-6; Ezekiele 4:1-17) Mokhoa ona o bonoang ka ho hlaka oa puisano o ile oa siea phello e ke keng ea hlakoha esita le kelellong ea ’mohi ea pelo e thata. Ka tsela e tšoanang, Jesu o ile a tšoantšetsa molaetsa o matla ka ho kalla esele ho kena motseng oa Jerusalema. Joang?
Mehleng ea Bibele esele e ne e sebelisetsoa merero e khethehileng. Ka mohlala, ha Solomone a ne a il’o tlotsetsoa borena o ile a kalla “’meile” e tšehali ea ntate oa hae, e leng petsana ea mofuta oa motsoako oa esele e tona. (1 Marena 1:33-40, BPN) Kahoo hore Jesu a kene Jerusalema a kaletse esele ho ne ho tla bolela hore o ne a itlhahisa e le morena.a Karabelo ea letšoele e ne e tiisa molaetsa oa hae. Kantle ho pelaelo, sehlopha sena, seo boholo e neng e le Bagalilea, se ile sa ala liaparo tsa sona ka pel’a Jesu—e leng tsebiso ea phatlalatsa e hopotsang sechaba ka borena ba Jehu. (2 Marena 9:13) Ho bitsa ha bona Jesu “Mora oa Davida” ho ne ho hatella tokelo ea hae ea molao ea ho busa. (Luka 1:31-33) ’Me ho sebelisa ha bona makala a palema ka ho hlakileng ho ne ho bontša ho ikokobelletsa matla a hae a borena.—Bapisa le Tšenolo 7:9, 10.
Kahoo mokoloko o ileng oa kena Jerusalema ka la 9 Nisane o ile oa fetisa molaetsa o hlakileng oa hore Jesu e ne e le Mesia le Morena ea khethiloeng ke Molimo. Ha e le hantle, hase bohle ba neng ba thabetse ho bona Jesu a hlahisoa ka tsela ena. Bafarisi ka ho khethehileng ba ile ba ho bona e le ho sa lokelang hore Jesu a hlomphuoe ka tsela e joalo ea borena. Kantle ho pelaelo, ka mantsoe a tletseng khalefo ba ile ba laela: “Mosuoe, khalemela barutuoa ba hao ka matla.” Jesu o ile a araba: “Kea le bolella, Haeba bana ba ne ba ka lula ba khutsitse, majoe a ne a tla hoeletsa.” (Luka 19:39, 40) E, ’Muso oa Molimo e ne e le sehlooho sa boboleli ba Jesu. O ne a tla bolela molaetsa ona ka sebete ebang batho baa o amohela kapa che.
Thuto ho Rōna
Ho ile ha hloka Jesu sebete se seholo ho kena Jerusalema ka mokhoa o boletsoeng esale pele ke moprofeta Zakaria. O ne a tseba hore ka ho etsa joalo o ne a imemela khalefo ea lira tsa hae. Pele a nyolohela leholimong, Jesu o ile a laela barutuoa ba hae ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ho ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.’ (Matheu 24:14; 28:19, 20) Ho etsa mosebetsi ona ho boetse ho hloka sebete. Hase bohle ba thabelang ho utloa molaetsa. Ba bang ba iphapanyetsa oona ha ba bang ba o hanyetsa. Mebuso e meng e behela mosebetsi oa boboleli litšitiso kapa e o thibela ka ho feletseng.
Ho ntse ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li hlokomela hore litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o hlonngoeng li tlameha ho boleloa, ebang batho baa li mamela kapa ba ikhethela ho se etse joalo. (Ezekiele 2:7) Ha li ntse li tsoela pele ho etsa mosebetsi ona o pholosang bophelo, li tiisoa ke tšepiso ea Jesu: “Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.”—Matheu 28:20.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tlaleho ea Mareka e phaella ka hore petsana eo ea esele ‘ho ne ho se le ea mong oa moloko oa batho ea seng a kile a lula holim’a eona.’ (Mareka 11:2) Ka ho hlakileng, phoofolo e neng e e-s’o sebelisoe e ne e loketse ka ho khethehileng bakeng sa morero oo o halalelang.—Bapisa le Numere 19:2; Deuteronoma 21:3; 1 Samuele 6:7.