Tumelo ho Molimo—Na e Hloka Mohlolo?
ALBERT o ne a le lilemong tse qalang tsa bo20 ha a qala ho batla Molimo. O ile a leka malumeli a mangata empa a lula a sa khotsofala. Ha a ntse a bala likarolo tsa Bibele, o ile a ithuta hore na Molimo o ile a sebelisana joang le batho ba kang Noe, Abrahama, Sara le Moshe. Albert o ile a iphumana a hapuoe ke Molimo oa Bibele. Leha ho le joalo, na o ne a ka kholiseha hore kannete Molimo o teng?
Ka shoalane e ’ngoe, Albert o ile a ea sebakeng se ka thōko moo a ileng a rapela, “Molimo, ke kōpa u mphe pontšo—ntho leha e le efe ho paka hore u fela u le teng.” Albert a leta, a ba a leta. O hopola hore ha ho se letho le etsahalang, tebello ea hae e ile ea “fetoha masoabi, ho se khotsofale le bohale.”
Joaloka Albert, ba bangata ba nahana hore ba batlile Molimo ntle le thuso. Ba ka ’na ba ferekanngoa ke lithuto tsa baruti kapa tšepo ea bona ea felisoa ke ho hoeba ha baevangeli ba thelevishene. Ba makalitsoe ke boikaketsi bo bonahalang har’a ba bangata ba baahisani ba bona, ba bang ha ba tsebe hantle hore na ba lumele eng. Leha ho le joalo, Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a tiisetsa mora oa hae Solomone: “Ekare ha u batla [Molimo], o tla fumanoa ke uena.”—1 Likronike 28:9.
Joale Molimo o itšenola joang? Na u lokela ho lebella pontšo—phihlelo e itseng e nang le matla a phahametseng a tlhaho a tla u pakela hore Molimo o teng? Ho latela phuputso ea morao tjena e tlalehiloeng makasineng ea Time, Maamerika a ka holimo ho likarolo tse peli ho tse tharo a lumela mehlolo. Sehlooho seo se boetse sa bolela hore “likereke tse hōlang ka potlako e khōlō ka ho fetisisa Amerika ke tse Nang le Matla a ho Phekola ka Mohlolo le liphutheho tsa Pentekonta tseo borapeli ba tsona bo thehiloeng ‘lipontšong le limakatsong.’”
Na ka sebele ho lumela ho Molimo ho hloka “lipontšo le limakatso”? O sebelisitse mehlolo nakong e fetileng. Ka mohlala: Saule oa Tarsase, ea neng a hlorisa balateli ba Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o bile le phihlelo e sa tloaelehang tseleng e tsoang Jerusalema e eang Damaseka. Ho kopana hona ha mohlolo le Jesu ea tsositsoeng bafung ho ile ha lebisa tšokolohong ea Saule. (Liketso 9:1-22) Ka hona, eo pele e neng e le mohlorisi o ile a fetoha moapostola Pauluse—e mong oa babuelli ba hlaheletseng ba Bokreste!
Empa na ke kamehla mehlolo e susumetsang karabelo e molemo joalo? Na tumelo ea sebele ho Molimo e itšetlehile ka hore motho a hlaheloe ke mohlolo o itseng?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Mora oa Molimo o ile a bua le Saule oa Tarsase ka mohlolo. Na u lokela ho lebella mohlolo?