Ke Ile ka Ithuta ’Nete ea Bibele Romania
JOALOKAHA HO BOLETSE GOLDIE ROMOCEAN
Ka 1970, ke ile ka etela litho tsa lelapa Romania ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse ka bang 50. Batho ba ne ba phela tlas’a puso ea khatello ea Bokomonisi, ’me ke ne ke lemosoa kamehla hore ke be hlokolosi ka seo ke se buang. Joale, ha ke ntse ke eme ofising ea ’muso motseng oa haeso, mohlanka oa ’muso o ile a nkhothalletsa hore ke tsoe naheng eo kapele. Pele ke hlalosa lebaka, e re ke phete kamoo ke ileng ka ithuta ’nete ea Bibele kateng Romania.
KE ILE ka hlaha ka la 3 March, 1903, motseng oa Ortelec ka leboea-bophirimela ho Romania haufi le toropo ea Zalău. Re ne re phela tikolohong e ntle. Metsi le moea li ne li hloekile. Re ne re itemela lijo ’me re sa haelloe ke letho linthong tse bonahalang. Lilemong tsa ka tsa pejana, naha e ne e le khotsong.
Batho e ne e le ba ratang bolumeli haholo. Ha e le hantle, lelapa leso e ne e le la malumeli a mararo a sa tšoaneng. Nkhono oa ka e mong e ne e le Mok’hatholike oa Orthodox, e mong e le Mosabatha ’me batsoali ba ka e le Babaptiste. Kaha ke ne ke sa lumellane le leha e le bofe ba malumeli a bona, lelapa leso le ile la bolela hore ke ne ke tla ba ea latolang boteng ba Molimo. Ke ile ka nahana: ‘Haeba ho e-na le Molimo a le mong, ho lokela ho be le bolumeli bo le bong feela—eseng a mararo ka lapeng le le leng.’
Lintho tseo ke ileng ka li bona bolumeling li ile tsa nkhathatsa haholo kelellong. Ka mohlala, moprista o ne a etela malapa ho ea bokella litšoanelo tsa kereke. Ha batho ba ne ba se na chelete eo ba ka fanang ka eona, o ne a nka likobo tsa bona tse ntlehali tsa boea ba nku. Kerekeng e K’hatholike, ke ne ke shebella ha nkhono a khumama a rapela ka pel’a setšoantšo sa Maria. ‘Ke hobane’ng ha motho a lokela ho rapela setšoantšo?’ Ke ne ke ee ke ipotse.
Linako Tse Likhathatso
Ntate o ile a ea United States ka 1912 ho ea sebeletsa chelete ea ho lefa mekoloto. Nakoana ka mor’a moo ho ile ha qhoma ntoa, ’me banna ba motse oa haeso ba ile ba ea loana—ke basali, bana le banna ba hōlileng feela ba ileng ba sala. Motse oa haeso o ile oa oela tlas’a puso ea Hungary ka nakoana, empa masole a Romania a ile a boea sekoele ’me a boela a hapa motse oo. A ile a re laela hore re tsamaee hang-hang. Leha ho le joalo, lephehlophehlong le pherekanong ea ho kenya lintho le bana koloing e huloang ke likhomo, ke ile ka siuoa. U tla hlokomela hore e ne e le ’na e moholo ho bana ba bahlano.
Ke ile ka balehela ha moahelani, monna-moholo ea ileng a sala, ’me a re: “E-ea lapeng. Notlela mamati eno, ’me u se ke ua bulela mang kapa mang.” Ke ile ka mamela ka potlako. Ka mor’a hore ke je sopho ea khoho le moroho oa k’habeche o phuthetseng reisi le nama tse ileng tsa siuoa ha ho tlohuoa ka lephehlophehlo, ke ile ka khumama pel’a bethe ea ka ’me ka rapela. Kapele ke ile ka khaleha.
Ha ke tutubolla mahlo, e ne e le motšehare, ’me ka re: “Kea u leboha Molimo! Ke ntse ke phela!” Mabota a ne a tletse masoba a likulo, kaha ho ne ho thunngoa bosiu bohle. Ha ’Mè a hlokomela hore ha ke eo ho bona motseng o latelang, o ile a romela George Romocean e monyenyane, ea ileng a mphumana ’me a nkisa ho bona. Kapelenyana re ile ra khutlela motseng oa habo rōna ’me ra qalisa bophelo moo.
Takatso ea ka Bakeng sa ’Nete ea Bibele
’Mè o ne a batla hore ke kolobetsoe ke le Mobaptiste, empa ke ne ke sa batle ho etsa joalo hobane ke ne ke sitoa ho lumela hore Molimo ea lerato o ne a ka chesa batho ka ho sa feleng liheleng. Ha a leka ho hlalosa, ’Mè o ile a re: “Ha e le hantle, ke haeba ba le babe.” Empa ke ile ka arabela: “Haeba ba le babe, ba bolaee, empa u se ke ua ba hlokofatsa. Ke ne nke ke ka hlokofatsa esita le ntja kapa katse.”
Ke hopola ka letsatsi le leng ha boemo ba leholimo bo le botle selemo, ha ke ne ke le lilemo li 14, ’Mè o ile a re ke ise likhomo naheng. Ha ke ntse ke kakaletse joanng pel’a nōka, moru o le ka mor’a ka, ke ile ka talima sepakapakeng ’me ka re: “Molimo, kea tseba hore u teng; empa ha ke batle leha e le bofe ba malumeli ana. E tlameha ebe u na le bo le bong bo molemo.”
Ka sebele kea lumela hore Molimo o ile a utloa thapelo ea ka hobane hona lehlabuleng leo la 1917, Liithuti tse peli tsa Bibele (kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo) li ile tsa tla motseng oa haeso. E ne e le barekisi ba libuka tsa bolumeli, kapa basebeletsi ba nako e tletseng, ’me ba ile ba fihla kerekeng ea Baptiste nakong eo ho tšoeroeng tšebeletso.
’Nete ea Bibele ea Jaleha Romania
Lilemo tse seng kae pejana, ka 1911, Carol Szabo le Josif Kiss, ba ileng ba fetoha Liithuti tsa Bibele United States, ba ile ba khutlela Romania ho ea hlahisa ’nete ea Bibele moo. Ba ile ba lula Tîrgu-Mureş lik’hilomithara tse ka tlaase ho tse 160 ka boroa-bochabela ho motse oa haeso. Ka lilemo tse seng kae, batho ba makholo ba hlile ba arabela molaetseng oa ’Muso ’me ba nka tšebeletso ea Bokreste.—Matheu 24:14.
Joale, ha Liithuti tse peli tse nyenyane tsa Bibele li e-tla kerekeng ea Baptiste, motseng oa haeso oa Ortelec, George Romocean, le hoja a ne a le lilemo li 18 feela, o ne a tšoere tšebeletso ’me o ne a leka ho hlalosa se boleloang ke Baroma 12:1. Qetellong, e mong oa barekisi ba banyenyane ba libuka o ile a ema ’me a re: “Barab’eso, metsoalle, ke eng seo moapostola Pauluse a lekang ho re bolella sona mona?”
Ha ke utloa seo, ke ile ka thaba haholo! Ke ile ka nahana, ‘Banna bana e tlameha ebe ba tseba ho hlalosa Bibele.’ Empa boholo ba ba neng ba le teng bo ile ba hoeletsa: “Baprofeta ba bohata! Rea tseba hore na le bo-mang!” ’Me ha latela mororo. Empa joale ntate oa George o ile a ema ’me a re: “Thōlang kaofela ha lōna! Ke moea oa mofuta ofe oo—na ke oa mofuta o tlisoang ke sekala? Haeba banna bana ba e-na le seo ba ka re bolellang sona ’me le sa batle ho mamela, ke ba memela ha ka. E mong le e mong ea batlang ho tla oa amoheloa.”
Ke thabile, ke ile ka mathela lapeng ’me ka bolella ’Mè se etsahetseng. Ke ile ka ba e mong oa ba amohetseng memo ea ho ea lapeng ha Romocean. Ke ile ka hlolloa hakaakang ha mantsiboeeng ao ke ithuta Bibeleng hore ha ho na lihele tse chesang le ho iponela lebitso la Molimo, Jehova, Bibeleng ea ka ea Seromania! Barekisi ba libuka tsa bolumeli ba ile ba lokisetsa hore Seithuti sa Bibele se etele lapeng ha Romocean ka Sontaha se seng le se seng ho ea re ruta. Lehlabuleng le latelang, ke le lilemo li 15, ke ile ka kolobetsoa tšoantšetsong ea boinehelo ba ka ho Jehova.
Ka mor’a nako, hoo e ka bang lelapa lohle la ha Prodan le lelapa la ha Romocean a ile a amohela ’nete ea Bibele ’me a nehela bophelo ba ’ona ho Jehova. Ba bang ba bangata ba motseng oa haeso le bona ba ile ba etsa joalo, ho akarelletsa le banyalani ba banyenyane bao lelapa la bona le neng le sebeletsa e le kereke ea Baptiste pele. Ka mor’a moo ba ile ba le fetola sebaka seo Liithuti tsa Bibele li ithutelang ho sona. ’Nete ea Mangolo e ile ea jaleha ka potlako metseng e haufi, ’me ka 1920 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 1800 Romania!
Ho ea United States
Re ne re labalabela ho ea arolelana seo re neng re ithuta sona le Ntate, Peter Prodan. Empa, ho makatsang, le pele re ka ngola, re ile ra amohela lengolo le tsoang ho eena a re bolella hore e se e le mohlanka oa Jehova ea kolobelitsoeng. O ne a ithutile le Liithuti tsa Bibele Akron, Ohio, ’me o ne a batla hore kaofela ha rōna re ee ho eena United States. Leha ho le joalo, ’Mè o ile a hana ho tloha Romania. Kahoo, ka 1921, ke sebelisa chelete eo Ntate a neng a nthomeletse eona, ke ile ka ea ho eena Akron. George Romocean le moholoane oa hae ba ne ba se ba falletse United States selemong se ka pele.
Ha ke fihla ka sekepe Ellis Island, New York, mohlanka oa lefapha la liphasepoto o ne a sa tsebe ho fetolela lebitso la ka, Aurelia, Senyesemaneng, kahoo o ile a re: “U Goldie.” Leo e bile lebitso la ka ho tloha ka nako eo. Kapele ka mor’a moo, ka la 1 May, 1921, ’na le George Romocean re ile ra nyalana. Hoo e ka bang selemo hamorao, Ntate o ile a khutlela Romania ’me ka 1925 a khutlela Akron le moena oa ka, Mary. Eaba Ntate o khutlela Romania ho ea ba le ’Mè le litho tse ling tsa lelapa.
Tšebeletso ea Rōna ea Pele United States
George e ne e le mohlanka ea tšepahalang haholo le ea inehetseng oa Jehova. Pakeng tsa 1922 le 1932, re ile ra hlohonolofatsoa ka barali ba ratehang ba bane—Esther, Anne, Goldie Elizabeth le Irene. Ho ile ha qaloa phutheho ea Seromania Akron, ’me qalong liboka li ne li tšoareloa lelapeng la rōna. Qetellong, khoeling e ’ngoe le e ’ngoe ea botšelela moemeli ea tsoang ntlo-khōlō ea lefatše ea Liithuti tsa Bibele Brooklyn, New York, o ne a etela phutheho ea rōna ’me a lula le rōna.
Lisontaha tse ngata re ne re qeta letsatsi lohle mosebetsing oa ho bolela. Re ne re paka mekotla ea rōna ea libuka le lijo tsa motšehare, re kenya banana ka koloing ea rōna ea Model T Ford, ’me re qeta letsatsi lohle re bolela tšimong ea mahaeng. Joale, mantsiboea, re ne re e-ba teng Thutong ea Molula-Qhooa. Banana ba rōna ba ile ba rata mosebetsi oa boboleli. Ka 1931, ke ne ke le teng Columbus, Ohio, ha Liithuti tsa Bibele li ne li amohela lebitso la tsona le ikhethang la Lipaki tsa Jehova.
Khalemelo eo ke Neng ke e Hloka
Lilemo tse seng kae hamorao, ke ile ka halefela Joseph F. Rutherford, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society. Paki e ncha e ile ea ikutloa hore Mor’abo rōna Rutherford o e sebelitse ka ho hloka toka, ka ho se e mamele. Ke ne ke utloa hore Mor’abo rōna Rutherford o ne a le phoso. Joale, ka Sontaha se seng moena oa ka Mary le monna oa hae, Dan Pestrui, ba ile ba re etela. Ka mor’a lijo Dan a re: “A re itokisetseng ho ea sebokeng.”
Ka re: “Ha re sa ea libokeng. Re halefetse Mor’abo rōna Rutherford.”
Dan a isa matsoho ka morao ’me a leba pele le morao, eaba o re: “Na u ne u tseba Mor’abo rōna Rutherford ha u ne u kolobetsoa?”
Ke ile ka arabela: “Che. Ua tseba hore ke kolobelitsoe Romania.”
A botsa: “Ke hobane’ng ha u ile ua kolobetsoa?”
Ka arabela: “Hobane ke ile ka ithuta hore Jehova ke Molimo oa ’nete, ’me ke ne ke batla ho nehela bophelo ba ka hore ke mo sebeletse.”
A arabela: “Le ka mohla u se ke ua lebala seo! Ho thoe’ng haeba Mor’abo rōna Rutherford a ne a ka tlohela ’nete, na u ne u tla e tlohela?”
Ka re: “Le ho leka, ke ne nke ke!” Seo se ile sa etsa hore ke inahane, ’me ka re: “E mong le e mong ha a itokisetse seboka.” ’Me ha re e-s’o khaotse ho tloha ka nako eo. Ke ile ka leboha Jehova hakaakang hore ebe soare sa ka se ile sa nkhalemela ka lerato!
Ho Atleha Nakong ea Khatello ea Moruo
Nakong ea Khatello ea Moruo ka bo-1930, linako li ne li le thata. Ka letsatsi le leng George o ile a fihla hae a tsoa mosebetsing a nyahame haholo, a ntsebisa hore o lelekiloe mosebetsing oa hae fekthering ea rabara. Ke ile ka re: “U se ke ua khathatseha, re na le Ntate ea ruileng leholimong, ’me a ke ke a re tlohela.”
Hona letsatsing leo George o ile a kopana le motsoalle e mong ea neng a nkile basekete e khōlō ea likhoaeane. Ha George a fumana hore na motsoalle oa hae o li khile hokae, o ile a tla hae a nkile likhoaeane tse ngata. Eaba o sebelisa lidolara tsa rōna tse tharo tsa ho qetela o reka libasekete tse nyenyane. Ke ile ka botsa: “U etsetsa’ng ntho e joalo, ha re e-na le banana ba banyenyane ba hlokang lebese?”
O ile a arabela: “U se ke ua khathatseha, etsa feela kamoo ke bolelang.” Ka libeke tse seng kae tse latelang, re ne re e-na le fektheri e nyenyane ka tlung ea rōna, re hloekisa le ho paka likhoaeane. Re ne re li rekisetsa mabenkele a lijo a boemo ’me ka letsatsi re ne re e-ea hae ka lidolara tse 30 ho ea ho tse 40, seo e neng e le chelete e ngata ho rōna ka nako eo. Molemi ea ileng a re fa tumello ea ho kha likhoaeane lekhulong la hae o ile a bolela hore o phetse moo ka lilemo tse 25 ’me ha ho mohla a kileng a bona likhoaeane tse ngata hakaalo. Kapele fektheri ea rabara e ile ea re George a khutlele mosebetsing.
Ho Boloka Tumelo ea Rōna
Ka 1943 re ile ra fallela Los Angeles, California, ’me lilemo tse ’nè hamorao ra tsitsa Elsinore. Re ile ra bula lebenkele la korosari mono, ’me lelapa la rōna kaofela le ne le chenchana ka ho sebetsa ho lona. Ka nako eo, Elsinore e ne e le torotsoana ea batho ba ka bang 2000, ’me re ne re lokela ho tsamaea lik’hilomithara tse 30 ho ea toropong e ’ngoe bakeng sa liboka tsa rōna tsa Bokreste. Ke ile ka thaba hakaakang ha ke bona phutheho e nyenyane e thehoa Elsinore ka 1950! Hona joale ho na le liphutheho tse 13 sebakeng sona seo.
Ka 1950 morali oa rōna Goldie Elizabeth (eo ba bangata ba mo tsebang e le Beth) o ile a fumana mangolo Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower South Lansing, New York, ’me o ile a abeloa ho ea Venezuela e le moromuoa. Ka 1955 morali oa rōna oa ho fela, Irene, o ile a thaba hore ebe monna oa hae o ile a memeloa ho ea sebeletsa e le mosebeletsi ea tsamaeang mosebetsing oa potoloho. Joale ka 1961, ka mor’a ho ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso South Lansing, New York, ba ile ba romeloa Thailand. Ka linako tse ling ke ne ke hloloheloa barali ba ka haholo hoo ke neng ke lla, empa joale ke nahane, ‘Ke sona seo ke neng ke batla ha ba se etsa.’ Kahoo ke nke mokotlana oa ka oa libuka ’me ke tsoele mosebetsing oa ho bolela. Kamehla ke ne ke khutlela hae ke thabile.
Ka 1966 monna oa ka ea ratehang, George, o ile a otloa ke stroke. Beth, ea neng a khutlile Venezuela ka lebaka la bothata ba bophelo, o ile a thusa ho mo hlokomela. George o ile a shoa selemong se latelang, ’me ke ile ka tšelisoa ke taba ea hore o ile a lula a tšepahala ho Jehova ’me a fumana moputso oa hae oa leholimo. Ka mor’a moo Beth o ile a ea Spain ho ea sebeletsa moo tlhokahalo ea baboleli ba ’Muso e leng khōloanyane. Morali oa ka oa letsibolo, Esther, o ile a kula a tšoaroa ke kankere ’me a shoa ka 1977, ’me ka 1984, Anne o ile a bolaoa ke kankere ea mali. E mong le e mong e ne e le mohlanka ea tšepahalang oa Jehova bophelo bohle ba hae.
Nakong ea lefu la Anne, Beth le Irene ba ne ba se ba khutlile likabelong tsa bona tsa ho bolela linaheng lisele. Ba ne ba thusitse ho hlokomela baralib’abo bona, ’me kaofela re ile ra sareloa haholo. Ka mor’a nako ke ile ka bolella banana ba ka: “Ke hantle, ho lekane! Re tšelisitse ba bang ka litšepiso tsa bohlokoa tsa Bibele. Joale re tlameha ho lumella hore re tšelisoe. Satane o batla ho re amoha thabo ea rōna ea ho sebeletsa Jehova, empa re ke ke ra mo lumella.”
Lelapa Labo Rōna le Tšepahalang Romania
’Na le moena oa ka Mary re ile ra nka leeto lane leo re le hopolang la ho etela lelapa labo rōna Romania ka 1970. E mong oa baena ba rōna o ne a shoele, empa re ile ra khona ho etela khaitseli ea rōna John le moena oa rōna Lodovica, ea neng a ntse a phela motseng oa Ortelec. Nakong ea ketelo ea rōna, Ntate le ’Mè ba ne ba se ba shoele, ba ile ba lula ba tšepahetse ho Jehova. Ba bangata ba ile ba re bolella hore Ntate e ne e bile tšiea ea phutheho. Esita le ba bang ba litloho-tloholoana tsa hae Romania hona joale ke Lipaki. Re ile ra boela ra etela beng ka rōna ba bangata ka bohali ba ka ba neng ba lutse ba tiile ’neteng ea Bibele.
Ka 1970, Romania e ne e le tlas’a puso e sehlōhō ea Bokomonisi ea Nicolae Ceauşescu, ’me Lipaki tsa Jehova li ne li hlorisoa ka sehlōhō. Mora oa khaitseli ea ka John, Flore, hammoho le beng ka ’na ba bang, ba ile ba qeta lilemo tse ngata likampong tsa mahloriso ka lebaka la tumelo ea bona ea Bokreste, ’me ho bile joalo le ka ngoan’abo monna oa ka ka malapa, Gábor Romocean. Hase feela e ileng eare ha re ne re tšepetsoe ho tsamaisa mangolo ho ea ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova New York, barab’abo rōna ba Romania ba ileng ba bolela hore ba ke ke ba phomola ho fihlela ba utloa hore re tsoile ka hare ho naha re bolokehile!
Ha re hlokomela hore tumello ea rōna ea ho lula e felile, re ile ra ea ofising ea ’muso Ortelec. E ne e le Labohlano mantsiboea, ’me e ne e le mohlanka a le mong feela oa ’muso ea mosebetsing. Ha a fumana hore na re ne re etetse mang le hore mochana oa rōna o ne a kile a ba kampong ea mahloriso, o ile a re: “Mafumahali, tlohang mona hang-hang!”
Moena oa ka a arabela: “Empa ha ho na terene e tsamaeang kajeno.”
A re ka potlako: “Ha ho tsotellehe. Hore na ke ka bese. Ka terene. Ka tekesi. Ka maoto. Tsoang mona kapele kamoo le ka khonang!”
Ha re tloha re tsamaea, re ile ra bitsoa ’me ra tsebisoa hore terene ea sesole e seng kemisong e ne e tla tla feta ka 6:00 thapama. Hoo ho ile ha ipaka e le tokisetso ea Molimo hakaakang! Tereneng e tloaelehileng, lipampiri tsa rōna li ne li tla hlahlojoa khafetsa, empa kaha terene ena e ne e nkile masole ’me e le rōna feela baahi ba babeli ba palameng, ha ho ea kileng a re o batla ho bona liphasepoto tsa rōna. E ka ’na eaba ba ile ba nka hore re bo-nkhono ba ba bang ba liofisiri.
Re ile ra fihla Timisoara hoseng ha le latelang, ’me ka thuso ea motsoalle oa mong ka rōna, re ile ra khona ho fumana mangolo a rōna a tumello. Letsatsing le hlahlamang re ne re tsoile ka har’a naha eo. Re ile ra khutla re e-na le mehopolo e mengata e thabisang le eo re ke keng ra e lebala mabapi le bara le barali babo rōna ba tšepahalang ba Bakreste Romania.
Lilemong tse latelang ka mor’a hore re etele Romania, re ile ra utloa litaba tse seng kae ka tšebetso ea ho bolela Pusong ea Lere la Tšepe. Leha ho le joalo, re ne re tšepile hore bara le barali babo rōna ba Bakreste ba tla lula ba tšepahala ho Molimo oa rōna—ho sa tsotellehe hore na ho hlaha’ng. ’Me ka sebele ba ho entse! E bile thabo e kaakang ho tseba hore Lipaki tsa Jehova li ile tsa ngolisoa ka molao e le mokhatlo oa bolumeli Romania ka April 1990! Lehlabuleng le latelang re ile ra thabela litlaleho tse buang ka likopano tse neng li tšoaretsoe Romania. Ba fetang 34 000 ba ile ba e-ba teng metseng e meholo e robeli, ’me ho ile ha kolobetsoa ba 2260! Hona joale ho na le ba fetang 35 000 ba kopanelang mosebetsing oa ho bolela Romania, ’me selemong se fetileng ba 86 034 ba bile teng Sehopotsong sa lefu la Kreste.
’Nete e Ntse e le ea Bohlokoa ho ’Na
Ka lilemo tse seng kae, ke ile ka khaotsa ho ja litšoantšetso Sehopotsong. Ke ile ka sheba barab’abo rōna ba tšoanelehang haholo ba neng ba sa je, ’me ka ipehela lebaka: ‘Ke hobane’ng ha Jehova a ka mpha tokelo ea ho ea kopanela le Mora oa hae leholimong ha ba bang e le libui tse hloahloa hakaale?’ Empa ha ke ne ke sa je, ke ne ke ikutloa ke tšoenyehile haholo. E ne eka ke hana ho hong. Ka mor’a hore ke ithute haholo le ho kōpa ka thapelo, ke ile ka qala ho ja hape. Khotso le thabo ea ka tsa khutla, ’me esale li le teng.
Le hoja ke se ke sa bone hore nka bala, letsatsi le leng le le leng ke mamela litheipi tsa Bibele le tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ke sa ntse ke kopanela mosebetsing oa ho bolela. Hangata ke tsamaisa limakasine tse pakeng tsa tse 60 le 100 ka khoeli, empa ha re ne re e-na le phutuho e khethehileng ka makasine ea Tsoha! ka April lemong se fetileng, ke ile ka tsamaisa tse 323. Ka thuso ea barali ba ka, ke boetse ke khona ho fana ka lipuo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ke thabile hore ebe nka tsoela pele ho khothatsa ba bang. Hoo e ka bang e mong le e mong Holong ea ’Muso o mpitsa Nkhono.
Ha ke hetla morao lilemong tse ka bang 79 tsa tšebeletso ea ho inehela ho Jehova, ke mo leboha letsatsi le leng le le leng hore o ntumeletse ho tseba ’nete ea hae ea bohlokoa le ho sebelisa bophelo ba ka tšebeletsong ea hae. Ke leboha haholo hore ebe ke phetse ho fihlela ke bona ho phethahala ha boprofeta ba Bibele bo babatsehang bo boletseng esale pele ka ho bokelloa ha ba kang linku ba Molimo matsatsing ana a ho qetela.—Esaia 60:22; Zakaria 8:23.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Moena oa ka Mary le Ntate ba eme, le ’na, George, le barali ba rōna Esther le Anne
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
’Na le barali ba ka Beth le Irene le monna oa Irene le bashanyana ba bona ba babeli, bao kaofela ba sebeletsang Jehova ka botšepehi