Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 4/15 maq. 19-22
  • Naḥmanides—Na o Ile a Hanyetsa Bokreste?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Naḥmanides—Na o Ile a Hanyetsa Bokreste?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Eng e Ileng ea Hlohlelletsa Phehisano Ee?
  • Naḥmanides Hobane’ng?
  • Naḥmanides Khahlanong le Pablo Christiani
  • ’Nete e Hokae?
  • Bojode Ho Batla Molimo ka Mangolo le Neano
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Talmud ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Maimonides—Monna ea Ileng a Hlalosa Bocha Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejode
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Phetolelo ea Bibele e Fetotseng Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 4/15 maq. 19-22

Naḥmanides—Na o Ile a Hanyetsa Bokreste?

MEHLA E BOHARENG. E re hopotsa eng? Lintoa tsa Bolumeli? Makhotla a Otlang Bakhelohi? Tlhokofatso? Le hoja hangata mehla eo e sa amahanngoe le puisano e seng leeme ea bolumeli, nakong eo, selemong sa 1263, ho ile ha e-ba le phehisano e ikhethang ka ho fetisisa ea Bajuda le Bakreste historing ea batho ba Europe. Ke bo-mang ba neng ba ameha? Ke litseko life tse ileng tsa phahamisoa? E ka re thusa ho khetholla bolumeli ba ’nete joang kajeno?

Ke Eng e Ileng ea Hlohlelletsa Phehisano Ee?

Ho pholletsa le Mehla e Bohareng, Kereke ea Roma e K’hatholike e ile ea itlhahisa e le bona bolumeli ba ’nete. Leha ho le joalo, ho ne ho se mohla batho ba Bajuda ba kileng ba tlohela ho ipolela hore bona ke batho ba khethiloeng ke Molimo. Ho hlōleha ha kereke ho kholisa Bajuda ka tlhokahalo ea ho sokoloha ho ile ha lebisa pherekanong ’me hangata ha lebisa pefong le mahlorisong. Nakong ea Lintoa tsa Bolumeli, likete tse mashome tsa Bajuda li ile tsa rinngoa kapa tsa chesoa thupeng ha li ne li fuoe khetho pakeng tsa kolobetso kapa lefu. Linaheng tse ngata ho ne ho rena bora bo hlohlelelitsoeng ke kereke khahlanong le Bajuda.

Leha ho le joalo, ho ile ha ata boikutlo bo fapaneng naheng ea K’hatholike ea Spain lekholong la lilemo la bo12 le la bo13. Bajuda ba ile ba lumelloa ho ba le tokoloho ea bolumeli—hafeela ba ne ba sa loantše tumelo ea Bokreste—’me ba ne ba bile ba nehoa le maemo a phahameng ka lekhotleng la morena. Empa ka mor’a lekholo la lilemo la mohau o joalo, baprista ba Madominike ba ile ba nka mehato ea ho ngotla tšusumetso ea Bajuda sechabeng le ho sokollela Bajuda Bok’hatholikeng. Morena James I oa Aragon o ile a susumetsoa ke Madominike hore a hlophise phehisano e lumeletsoeng ka molao, e le ka morero oa ho tiisa boemo bo tlaase ba Bajuda le tlhokahalo ea hore Bajuda bohle ba sokolohe.

Ena e ne e se phehisano ea pele ea Bajuda le Bakreste. Ka selemo sa 1240, ho ile ha e-ba le phehisano e khōlō e lumeletsoeng ka molao Paris, Fora. Morero oa eona o moholo e ne e le ho beha Talmud, buka e halalelang ho Bajuda, tekong. Leha ho le joalo, Bajuda ba neng ba nkile karolo ba ile ba lumelloa bolokolohi bo fokolang ba puo. Ka mor’a hore kereke e phatlalatse hore e hlōtse phehisanong ena, likopi tsa Talmud li ile tsa chesoa ka bongata mapatlelong a motse.

Empa boikutlo ba ho mamella malumeli a mang haholoanyane ba Morena James I oa Aragon ha boa ka ba lumella teko e joalo ea boikaketsi. Ha a hlokomela sena, Madominike a ile a leka katamelo e fapaneng. Joalokaha Hyam Maccoby a hlalosa bukeng ea hae ea Judaism on Trial, a ile a memela Bajuda phehisanong “ka tlhompho ea boikaketsi le ho susumelletsa ho lumela, ho e-na le ho nyatsa joalokaha ho ile ha e-ba joalo Paris.” Madominike a ile a khetha Pablo Christiani e le moemeli ea ka sehloohong oa ’ona, Mojuda ea neng a sokolohetse Bok’hatholikeng ’me e le moprista oa Modominike. A sebelisa tsebo ea Pablo Christiani ea mangolo a Talmud le a bo-rabi, Madominike a ne a kholisehile hore a tla khona ho bontša ’nete ea taba ea ’ona.

Naḥmanides Hobane’ng?

E ne e le motho a le mong feela Spain ea neng a le boemong ba moea bo ka emelang lehlakore la Bajuda phehisanong—Moses ben Naḥman, kapa Naḥmanides.a A hlahile hoo e ka bang ka 1194 motseng oa Gerona, Naḥmanides o ne a ile a hla a ikhetholla e le seithuti sa Bibele le Talmud lilemong tsa hae tsa bocha. Ha a le lilemo li 30, o ne a ngotse litlhaloso mangolong a mangata a Talmud, ’me kapele ka mor’a moo ea e-ba sebui se ka sehloohong ho lokiseng khang malebana le mangolo a Maimonides a neng a sokela ho arola sechaba sa Bajuda.b Molokong oa hae, Naḥmanides o talingoa e le seithuti sa Mojuda se seholohali sa Bibele le Talmud, ’me mohlomong e le ea hlahlamang Maimonides feela tšusumetsong ea hae Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda nakong eo.

Naḥmanides o ile a ba le tšusumetso e matla sechabeng sa Bajuda Catalonia; esita le Morena James I o ile a batla keletso ho eena litabeng tse fapaneng tsa Naha. Bokhoni ba hae ba ho nahana ka bohlale bo ne bo hlomphuoa ke Bajuda le ke Balichaba ka ho tšoanang. Madominike a ile a hlokomela hore e le hore a ka nyenyefatsa Bajuda ka ho feletseng, eena, rabi oa bona ea hlaheletseng, e ne e tla lokela hore e be eena ea kenang phehisanong.

Naḥmanides o ne a tsoafa ho amohela phehisano ena, a hlokomela hore Madominike a ne a sa ikemisetsa ho hloka leeme. O ne a lokela ho araba lipotso empa a ke ke a botsa leha e le ’ngoe. Leha ho le joalo, o ile a lumela kōpo ea morena, a ikōpela hore a fuoe tumello ea ho bua ka bolokolohi ha a arabela. Morena James I o ile a lumela sena. Tumello e joalo bakeng sa ho bua ka bolokolohi bo kang boo e ne e e-s’o ka e e-ba teng ’me ha ea ka ea hlola e e-ba teng Mehleng eohle e Bohareng, bopaki bo hlakileng ba hore morena eo o ne a hlompha Naḥmanides. Ho ntse ho le joalo, Naḥmanides o ne a tšohile. Haeba a ne a talingoa a hanyetsa ka ho feteletseng phehisanong eo, ho ne ho tla ba le phello e kotsi bakeng sa hae le bakeng sa sechaba sa Bajuda. Pefo e ne e ka qhoma ka nako leha e le efe.

Naḥmanides Khahlanong le Pablo Christiani

Sebaka se ka sehloohong sa phehisano e ne e le ntlo ea borena e Barcelona. Ho ile ha e-ba le liboka tse ’nè—la 20, la 23, la 26, le la 27 July, 1263. Morena ka boeena o ile a tsamaisa seboka ka seng, seo ho sona ho neng ho e-ba teng bahlomphehi ba fapaneng ba Kereke le Naha, hammoho le Bajuda ba sechaba sa moo.

Kereke e ne e se e ntse e kholisehile ka sephetho sa phehisano eo. Tlalehong ea ’ona ea molao, Madominike a ile a bolela hore morero oa phehisano eo e ne e ‘se hore ho ka phehoa khang ka tumelo joalokaha eka ke taba e belaetsang, empa e ne e le hore ho ripitloe liphoso tsa Bajuda le ho felisa tumelo e tiileng ea Bajuda ba bangata.’

Le hoja a ne a se a le lilemo li 70, Naḥmanides o ile a bontša bokhoni ba hae ba ho nahana ka bohlale ka ho kōpa hore puisano e felle feela litabeng tsa bohlokoa. O ile a qala ka ho re: “Litsekisano [tsa pejana] pakeng tsa balichaba le Bajuda li ne li ama litšobotsi tse ngata tsa litloaelo tsa bolumeli tseo molao-motheo oa bohlokoa oa tumelo o sa itšetlehang ka tsona. Leha ho le joalo, lekhotleng lena la borena, ke rata ho beha mabaka feela ka litaba tseo khang ena eohle e itšetlehileng ka tsona.” Ka hona, ho ile ha lumellanoa ka hore ho tla buisanoa feela ka hore na Mesia o se a tlile, hore na e ne e le Molimo kapa motho, le hore na ke Bajuda kapa Bakreste ba nang le molao oa ’nete na.

Qalong ea khang ea hae, Pablo Christiani o ile a bolela hore o tla tiisa ka Talmud hore Mesia o ne a se a tlile. Naḥmanides a hanyetsa ka hore haeba sena e ne e le ’nete, ke hobane’ng ha bo-rabi ba amohetseng Talmud ba sa ka ba amohela Jesu? Ho e-na le hore a tsitsise khang ea hae mabakeng a utloahalang a Mangolo, nako le nako Christiani o ile a bua ka mangolo a sa hlakang a bo-rabi bakeng sa ho tiisa khang ea hae. Ntlheng e ’ngoe le e ’ngoe Naḥmanides o ile a hanyetsa ka ho bontša hore tsena li ne li qotsoa ka mokhoa o tsoileng lekoteng. Ho ne ho hlakile hore Naḥmanides o ne a ka ikhetholla e le ea tšoanelehang haholoanyane ho pheheng khang ka mangolo ana ao a neng a ile a nehela bophelo bohle ba hae a ithuta ’ona. Esita leha Christiani a ne a bua ka Lengolo le itseng, khang ea hae e ne e phahamisa lintlha tse neng li hanyetseha habonolo.

Le hoja a ne a lumeletsoe ho araba lipotso feela, Naḥmanides o ile a khona ho fana ka khang e matla e neng e bontša hore na ke hobane’ng ha boemo ba Kereke e K’hatholike bo ne bo sa amohelehe ho Bajuda le ho batho ba bang ba nahanang hantle. Mabapi le thuto ea Boraro-bo-bong, o ile a bolela: “Kelello ea Mojuda leha e le ofe kapa motho leha e le ofe e ke ke ea mo lumella hore a lumele hore ’Mōpi oa leholimo le lefatše . . . o ne a ka feta le pōpelong ea mosali oa Mojuda . . . ’me hamorao a neheloe matsohong a lira tsa hae, tse . . . ileng tsa mo bolaea.” Naḥmanides o ile a bolela ka ho toba: “Seo le se lumelang—’me ke motheo oa tumelo ea lōna—ha se amohelehe kelellong [e hlaphohetsoeng].”

Ha a hatella ho se tsitse hoo le kajeno lena ho thibelang Bajuda ba bangata ho nahana le ka monyetlanyana feela oa hore Jesu e ne e le Mesia, Naḥmanides o ile a totobatsa molato oa mali o feteletseng oa kereke. O ile a re: “Moprofeta o bolela hore mehleng ea Mesia, . . . ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana. Ho tloha mehleng ea Banazari ho fihlela hona joale, lefatše lohle le tletse pefo le bosholu. [Ka sebele], Bakreste ba tšolla mali a mangata ho feta lichaba tsohle, ’me ba boetse ba phela bophelo ba boitšoaro bo bobe. Ho tla ba boima hakaakang ho uena, monghali morena oa ka, le bahlabani bana ba hao haeba ba ne ba sa tl’o hlola . . . ba ithuta ho loana!”—Esaia 2:4.

Ka mor’a seboka sa bone, morena o ile a emisa phehisano. O ile a re ho Naḥmanides: “Ha ke e-s’o ka ke bona motho ea phoso a beha mabaka joalokaha u entse.” Phethahatsong ea tšepiso ea hae e neng e file Naḥmanides bolokolohi ba puo le tšireletso, Morena James I oa Aragon o ile a mo romela hae hammoho le mpho ea lidenari tse 300. Kōpong ea mobishopo oa Gerona, Naḥmanides o ile a ngola tlaleho ea phehisano eo.

Le hoja a ne a phatlalatsa hore a hlōtse ka ho sa belaetseng, ka ho hlakileng Madominike a ne a hlabehile. Hamorao a ile a qosa Naḥmanides ka ho nyefola kereke, a sebelisa seo a se ngotseng ka phehisano eo e le bopaki. A sa khotsofala ke tšoaro e ntle ea morena ho Naḥmanides, Madominike a ile a ipiletsa ho Mopapa Clement IV. Le hoja a ne a le lilemo tse ka holimo ho 70, Naḥmanides o ile a lelekoa Spain.c

’Nete e Hokae?

Na khang ea mahlakore aa a mabeli e thusitse ho khetholla bolumeli ba ’nete? Le hoja le leng le le leng le ile la totobatsa liphoso tsa lehlakore le leng, ha ho le ileng la fana ka molaetsa o hlakileng oa ’nete. Seo Naḥmanides a ileng a se hanyetsa ka bokhoni bohle, e ne e se Bokreste ba ’nete, empa ho e-na le hoo, thuto ea bolumeli ea batho joaloka thuto ea Boraro-bo-bong, e iqapetsoeng ke Bokreste-’mōtoana makholong a lilemo ka mor’a Jesu. Boitšoaro bo bobe le tšollo e sa laoleheng ea mali ea Bokreste-’mōtoana, joalokaha Naḥmanides a ile a li pepesa ka sebete, le tsona ke litaba tse ke keng tsa hanyetsoa tlalehong ea histori.

Ha ho thata ho utloisisa lebaka leo ka lona, tlas’a maemo ana, Naḥmanides le Bajuda ba bang ba ileng ba hlōleha ho khahloa ke likhang tse buellang Bokreste. Ho phaella moo, likhang tsa Pablo Christiani li ne li sa thehoa mabakeng a utloahalang a Mangolo a Seheberu, empa mehloling e sebelisitsoeng hampe ea bo-rabi.

Bonneteng, Naḥmanides ha aa ka a hanyetsa Bokreste ba ’nete. Mehleng ea hae, leseli la ’nete ka lithuto tsa Jesu le bopaki ba Bomesia ba hae li ne li pupelitsoe ke lipolelo tsa bohata. Ho hlahella ho joalo ha lithuto tsa bokoenehi ha e le hantle ho ne ho ile ha profetoa ke Jesu le ke baapostola ba hae.—Matheu 7:21-23; 13:24-30, 37-43; 1 Timothea 4:1-3; 2 Petrose 2:1, 2.

Leha ho le joalo, bolumeli ba ’nete bo bonahala ka ho hlaka kajeno. Jesu o ile a re mabapi le balateli ba hae ba ’nete: “Le tla ba hlokomela ka litholoana tsa bona. . . . Ka ho tšoanang sefate se seng le se seng se setle se hlahisa litholoana tse ntle, empa sefate se seng le se seng se bolileng se hlahisa litholoana tse se nang thuso.” (Matheu 7:16, 17) Re u mema hore u iketsetse tlhahlobo eo. Lumella Lipaki tsa Jehova hore li u thuse ho etsa patlisiso e seng leeme ea bopaki ba Mangolo. Ka hona, u tla tseba moelelo oa sebele oa litšepiso tsohle tsa Molimo tse amanang le Mesia le puso ea hae.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bajuda ba bangata ba bitsa Naḥmanides “Ramban,” lentsoe la Seheberu le thehiloeng litlhakung tse qalang tsa mantsoe “Rabbi Moses Ben Naḥman.”

b Hlahloba sehlooho “Maimonides—Monna ea Ileng a Hlalosa Bocha Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda” ho Molula-Qhooa oa March 1, 1995, leqepheng la 20-3.

c Ka 1267, Naḥmanides o ile a fihla sebakeng seo hona joale se tsejoang e le Iseraele. Lilemo tsa hae tsa ho qetela li ne li tletse ka katleho. O ile a tsosolosa boteng ba Bajuda le setsi sa ho ithuta Jerusalema. O ile a boela a qetella tlhaloso ea Torah, libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele, ’me ea e-ba hlooho ea sechaba sa Bajuda moeeng, motseng o lebōpong la leoatle le ka leboea oa Acre, moo a ileng a shoela teng ka 1270.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Naḥmanides o ile a behela taba ea hae mabaka Barcelona

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]

Illustrations on pages 19-20: Reproduced from Illustrirte Pracht - Bibel/Heilige Schrift des Alten und Neuen Testaments, nach der deutschen Uebersetzung D. Martin Luther’s

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela