Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 5/15 maq. 28-31
  • Talmud ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Talmud ke Eng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsoa ha Talmud
  • Ho Etsoa ha Litalmud Tse Peli
  • Talmud e Ile ea Finyella Eng?
  • Mishnah le Molao oo Molimo a Ileng a o fa Moshe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Bojode Ho Batla Molimo ka Mangolo le Neano
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Molao oa Molomo—Ke Hobane’ng ha o Ile oa Ngoloa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ke Mang ea Tšoaneloang ke ho Bitsoa Rabi?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 5/15 maq. 28-31

Talmud ke Eng?

“Ha ho pelaelo hore Talmud ke e ’ngoe ea lingoliloeng tse tla lula e le tse ikhethang.”—The Universal Jewish Encyclopedia.

“[Talmud ke] e ’ngoe ea lintho tse finyeletsoeng ke tsebo ea moloko oa batho, tokomane eo ho leng thata ho e utloisisa, ea bohlokoa, e poteletseng hoo e entseng hore ba bohlale ba tšoarehe ka lilemo tse fetang sekete le halofo.”—Jacob Neusner, setsebi sa Mojuda le mongoli.

“Talmud ke tšiea ea bohlokoa [ea Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda] e tšehetsang tsamaiso eohle ea moea le ea tsebo ea bophelo ba Bajuda.”—Adin Steinsaltz, setsebi sa Talmud le rabi.

HA HO pelaelo hore Talmud e bile le tšusumetso e tsotehang ho batho ba Bajuda ka makholo a lilemo. Leha ho le joalo, ho fapana le lipolelo tse qotsitsoeng ka holimo tse e rorisang, Talmud e ’nile ea nyatsoa le ho bitsoa “leoatle la lintho tse sa hlakang le pherekano.” E ’nile ea nyatsoa ka hore ke buka e nyefolang ea Diabolose. Ka taelo ea mopapa, e ’nile ea thibeloa hangata, ea nkoa ka mahahapa esita le ho chesoa ka bongata libakeng tsa sechaba tsa Europe.

Ha e le hantle buka ena e tsositseng phehisano e kana ke eng? Ke’ng se etsang hore Talmud e ikhethe har’a lingoliloeng tsa Bajuda? E ngoletsoe’ng? Ho tlile joang hore e be le tšusumetso e joalo Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda? Na e na le seo e se bolelang bakeng sa lefatše la bao e seng Bajuda?

Lilemong tse 150 tse latelang timetso ea tempele e Jerusalema ka 70 C.E., likolo tsa thuto e phahameng tsa bo-rabi ba bahlalefi ho pholletsa le Iseraele li ile tsa potlakela ho batla motheo o mocha oa ho ntšetsa pele mekhoa ea Bajuda. Li ile tsa phehisana ’me tsa kopanya lineano tse sa tšoaneng tsa molao oa tsona oa molomo. Ka ho haha motheong ona, li ile tsa beha meeli e mecha le litlhokahalo tsa Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, tsa fana ka tataiso ea bophelo ba letsatsi le letsatsi ba boinehelo, li se na tempele. Moralo ona o mocha oa moea o ne o lokolisitsoe ho Mishnah, o entsoe ke Judah ha-Nasi mathoasong a lekholo la boraro la lilemo C.E.a

Mishnah e ne e ikemetse, e sa batle ho lokafatsoa motheong oa litšupiso tsa Bibele. Mokhoa oa eona oa ho tšohla taba esita le oa ho ngola Seheberu o ne o ikhetha, o arohile tabeng e ngotsoeng ea Bibele. Liqeto tsa bo-rabi tse qotsitsoeng ho Mishnah li ne li tla ama bophelo ba Bajuda ba letsatsi le letsatsi libakeng tsohle. Ka sebele, Jacob Neusner o re: “Mishnah e ile ea fana ka molao oa motheo oa Iseraele. . . . E ne e batla hore melao ea eona e lumeloe le ho mameloa.”

Empa ho thoe’ng haeba ba bang ba ne ba e-na le pelaelo ka taba ea hore na matla a bahlalefi ba qotsitsoeng ho Mishnah a ne a hlile a lekana le a Lengolo le senotsoeng? Bo-rabi ba ne ba tla tlameha ho bontša hore lithuto tsa Tannaim (mesuoe ea molao oa molomo) tse fumanoang ho Mishnah li lumellana ka ho feletseng le Mangolo a Seheberu. Ho ne ho hlokahala tlhaloso e eketsehileng. Ba ile ba ikutloa hore hoa hlokahala hore Mishnah e hlalosoe le ho lokafatsoa le ho paka hore e simolohile Molaong o filoeng Moshe Sinai. Bo-rabi ba ile ba ikutloa ba tlamehile ho paka hore molao oa molomo le o ngotsoeng e na le moelelo le morero o le mong. Ho e-na le ho ba lentsoe la ho qetela Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda, joale, Mishnah e ile ea fetoha motheo o mocha oa puisano ea bolumeli le phehisano.

Ho Etsoa ha Talmud

Bo-rabi ba ileng ba amohela phephetso ena e ncha ba ne ba tsejoa e le Amoraim—“bafetoleli,” kapa “bahlalosi,” ba Mishnah. Sekolo se seng le se seng sa thuto e phahameng se ne se lebisa tlhokomelo ho rabi ea itseng ea hlaheletseng. Sehlopha se senyenyane sa litsebi le liithuti se ne se e-ba le lipuisano selemo sohle. Empa lipokano tsa bohlokoahali li ne li tšoaroa habeli ka selemo, khoeling ea Adare le ea Elule, ha mosebetsi oa temo o ile ka lithekō ’me ba bang ba makholo kapa esita le ba likete ba ne ba ka khona ho ba teng.

Adin Steinsaltz oa hlalosa: “Hlooho ea sekolo se phahameng e ne e okamela, e lutse setulong kapa phateng e khethehileng. Meleng e ka pele mabapa le eona ho ne ho lula litsebi tsa bohlokoa, ho akarelletsa le basebetsi-’moho le eona kapa liithuti tse ikhethang, ’me ka mor’a bona ho ne ho lula litsebi tse ling tsohle. . . . Ho ne ho luloa ho latela maemo a hlalositsoeng ka nepo [ho latela bohlokoa].” Ho ne ho phetoa karolo e itseng ea Mishnah. Ebe e bapisoa le boitsebiso bo tšoanang le eona kapa bo tlatselletsang bo bokeletsoeng ke Tannaim empa bo le sieo ho Mishnah. Bo ne bo qala ho hlahlojoa. Ebe ho botsoa lipotso, ’me ho hlahlojoa likarolo tseo ho hanyetsanoang ho tsona hore ho fumanoe tumellano pakeng tsa lithuto. Ho ne ho batloa bopaki ba litemana tsa Mangolo a Seheberu hore ho tšehetsoe lithuto tsa bo-rabi.

Le hoja li ne li hlophisitsoe ka hloko, ho ne ho e-ba le tsitsipano lipuisanong tsena, ka linako tse ling li e-ba mabifi. Mohlalefi e mong ea qotsitsoeng ho Talmud o ile a bua ka “litlhase tsa mollo” tse neng li tsoa melomong ea bo-rabi nakong ea phehisano e ’ngoe. (Hullin 137b, Talmud ea Babylonia) Ha a bua ka liketsahalo tsena Steinsaltz o re: “Hlooho ea sekolo sa thuto e phahameng, kapa mohlalefi ea fanang ka puo, o ne a ee a fane ka tlhaloso ea hae ea lintlha tseo e leng pharela. Litsebi tse ka har’a bamameli li ne li ee li mo hlasele ka lipotso motheong oa mehloli e meng, lipono tsa bahlalosi ba bang, kapa liqeto tsa bona tse utloahalang. Ka linako tse ling phehisano ena e ne e e-ba khutšoanyane haholo ’me e lekanyetsoa karabelong e hlakileng le e khaolang khang potsong e itseng. Maemong a mang litsebi tse ling li ne li ee li fane ka litharollo tse fapaneng ebe ho latela phehisano e khōlō.” Bohle ba leng teng ba ne ba lokolohile ho nka karolo. Litseko tse hlakisitsoeng lipokanong tsena li ne li fetisetsoa likolong tse ling tsa thuto e phahameng hore li hlahlojoe ke litsebi tse ling.

Empa, lipokano tsena e ne e sa be feela liphehisano tsa molao tse sa feleng. Litaba tsa molao tse sebetsanang le melao le litaelo tsa bophelo ba bolumeli ba Bajuda li bitsoa Halakah. Lentsoe lena le tsoa motsong oa Seheberu “ho tsamaea” ’me le bontša ‘tsela ea bophelo eo motho a lokelang ho tsamaea ka eona.’ Litaba tse ling tsohle—lipale tse buang ka bo-rabi le batho bao Bibele e buang ka bona, lipolelo tse bohlale, mehopolo ea tumelo le ea filosofi—li bitsoa Haggadah, e tsoang motsong oa Seheberu “ho bolela.” Halakah le Haggadah li ne li kopanngoa nakong ea phehisano ea bo-rabi.

Bukeng ea hae ea The World of the Talmud, Morris Adler o re: “Mosuoe ea bohlale o ne a khaoletsa phehisano ea molao e telele le e thata ka ho fetolela moqoqo tabeng e bobebe le e hahang haholoanyane. . . . Kahoo re fumana tšōmo le histori, saense ea kajeno le setso, tlhaloso ea Bibele le histori ea bophelo ba motho, thero le thuto ea bolumeli li lohelletsoe hammoho ho seo, ho motho ea sa tloaelanang le litsela tsa likolo tsena tsa thuto e phahameng, se neng se tla bonahala e le hlakantsutsu ea boitsebiso bo sa hlophisehang.” Ho litsebi tse likolong tsa thuto e phahameng, ho fetola moqoqo ho joalo ho ne ho etsoa ka morero ’me ho ne ho amana le taba eo ho neng ho buisanoa ka eona. Halakah le Haggadah e ne e le litene tsa mohaho o mocha o neng o ntse o hahuoa likolong tsa bo-rabi tsa thuto e phahameng.

Ho Etsoa ha Litalmud Tse Peli

Qetellong, setsi se ka sehloohong sa bo-rabi se Palestina se ile sa fallela Tiberiase. Ho ne ho e-na le likolo tse ling tsa bohlokoa tsa thuto e phahameng Sepphoris, Sesarea le Lyda. Empa boemo ba moruo bo ntseng bo mpefala, ho se tsitse ho tsoelang pele lipolotiking le khatello le mahloriso tse tsoang ho Bokreste ba bokoenehi li ile tsa etsa hore ba bangata ba fallele setsing se seng se ka sehloohong sa baahi ba Bajuda se leng ho ella ka Bochabela—Babylonia.

Ka makholo-kholo a lilemo, liithuti li ne li subuhlellane Palestina li tsoa Babylonia ho tla rutoa ke bo-rabi ba baholo likolong tsa thuto e phahameng. E mong oa liithuti tse joalo e ne e le Abba ben Ibo, eo hape a bitsoang Abba Arika—Abba e molelele—empa eo hamorao a ileng a tsejoa e le feela Rab. O ile a khutlela Babylonia hoo e ka bang ka 219 C.E., ka mor’a ho rutoa ke Judah ha-Nasi, ’me sena se ile sa tšoaea phetoho e khōlō ea bohlokoa ba moea ba sechaba sa Bajuda sa Babylonia. Rab o ile a haha sekolo sa thuto e phahameng Sura, sebaka se nang le Bajuda ba bangata empa se e-na le litsebi tse seng kae. Botumo ba hae bo ile ba etsa hore liithuti tse 1200 tsa kamehla li kene sekolo sa hae sa thuto e phahameng, tse ling tse likete li se kena likhoeling tsa Sejuda tsa Adare le Elule. Samuel, e leng motho ea hlaheletseng oa mehleng ea Rab, o ile a theha sekolo sa thuto e phahameng Nehardea. Likolo tse ling tsa bohlokoa tsa thuto e phahameng li ile tsa thehoa Pumbeditha le Mehoza.

Joale ho ne ho sa hlokahale hore ho nkoe leeto le eang Palestina, hobane motho o ne a ka rutoa ke litsebi tse khōlō Babylonia. Ho qaptjoa ha Mishnah e le taba e ngotsoeng e ka thōko ho ile ha lokisa tsela bakeng sa tokoloho e feletseng ea likolo tsa Babylonia tsa thuto e phahameng. Le hoja mekhoa e sa tšoaneng ea ho ithuta e ile ea hlaha Palestina le Babylonia, ho buisana ho etsoang khafetsa le ho rutoa ke mesuoe e sa tšoaneng joalo-joalo, ho ile ha boloka bonngoe ba likolo tsa thuto e phahameng.

Ho ella qetellong ea lekholo la bone la lilemo le qalong ea lekholo la bohlano la lilemo C.E., boemo ba Bajuda ba Palestina bo ile ba e-ba thata ka ho khethehileng. Leqhubu la lithibelo le mahloriso tlas’a taolo e ntseng e eketseha ea Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi le ile la lebisa tlokotsing ea ho qetela ea ho felisa Sanhedrine le boemo ba Nasi (mopatriareka) hoo e ka bang ka 425 C.E. Ka hona Amoraim ea Palestina e ile ea qala ho kopanya lintlha tse akaretsang tsa liphehisano tse neng li etsoa likolong tsa thuto e phahameng bukeng e le ’ngoe e kopaneng bakeng sa ho tiisa hore li bolokehile. Buka ena, e entsoeng ka lepotla-potla ho ella bofelong ba lekholo la bone la lilemo C.E., e ile ea tsebahala e le Talmud ea Palestina.b

Le hoja likolo tsa thuto e phahameng tsa Palestina li ne li e-oa, Amoraim ea Babylonia e ne e finyella tlhōrō ea bokhoni ba eona. Abaye le Raba ba ile ba etsa hore liphehisano tsena li rarahane ’me ba li etsa khang eo hamorao e ileng ea e-ba mohlala oa litlhahlobo tsa Talmud. Kapele ka mor’a moo, Ashi, hlooho ea sekolo sa thuto e phahameng se Sura (371-427 C.E.), o ile a qala ho bokella le ho hlophisa lintlha tsa liphehisano. Ho latela Steinsaltz, o ile a etsa joalo “ka ho tšaba hore, kaha li ne li sa hlophiseha, boholo ba boitsebiso bo builoeng ka molomo bo ne bo le kotsing ea ho lebaloa.”

Boitsebiso bona bo ne bo le bongata hoo bo neng bo ke ke ba hlophisoa ke motho a le mong kapa esita le moloko o le mong. Babylonia nako ea Amoraim e ile ea fela lekholong la bohlano la lilemo C.E., empa sehlopha se bitsoang Saboraim, e leng lentsoe la Searame le bolelang “bahlalosi,” kapa “ba nang le maikutlo,” se ile sa ntšetsa pele mosebetsi oa ho qetela oa ho hlophisa Talmud ea Babylonia ho fihlela lekholong la botšelela la lilemo C.E. Bahlophisi bana ba ho qetela ba ile ba hlophisa molubalube ona oa boitsebiso ba o beha ka mantsoe a mang le ho o kopanya ba o ngola ka mokhoa le sebōpeho sa Talmud ea Babylonia se neng se e khetholla ho lingoliloeng tse ling tsohle tsa Sejuda tsa nakong e fetileng.

Talmud e Ile ea Finyella Eng?

Bo-rabi ba Talmud ba ile ba qala ho paka hore Mishnah e ne e tsoa mohloling o le mong le Mangolo a Seheberu. Empa hobane’ng? Jacob Neusner o re: “Tseko e ngotsoeng ka ho hlaka e ne e le ea boemo ba Mishnah. Empa ho bonahetse taba e neng e hloka ho rarolloa e le matla a ho laela a mohlalefi enoa ka boeena.” Ho matlafatsa matla ana a ho laela, mola o mong le o mong oa Mishnah, ka linako tse ling lentsoe le leng le le leng, o ile oa hlahlojoa, oa sekasekoa, oa hlalosoa le ho lumellangoa ka tsela e itseng e tobileng. Neusner o hlokomela hore ka tsela ena bo-rabi “ba ile ba fetola sepheo sa Mishnah.” Le hoja e qapiloe e le buka e feletseng ka boeona, Mishnah e ne e se e arohile likoto. Nakong eo sena se etsoang, e ne e ngotsoe bocha, e hlalositsoe bocha.

Buka ena e ncha—Talmud—e ne e sebeletsa merero ea bo-rabi. Ba ile ba beha melao ea ho e hlahloba, ka lebaka leo e ile ea ruta batho ho nahana joaloka bo-rabi. Bo-rabi ba ne ba lumela hore mokhoa oa bona oa ho ithuta le oa ho hlahloba o bonahatsa mohopolo oa Molimo. Ho ithuta Talmud ka bohona e ile ea e-ba pakane, mofuta o itseng oa borapeli—tšebeliso ea kelello eo ho nkoang hore ke ho etsisa Molimo. Melokong e tlang, Talmud e ne e tla hlahlojoa ka mokhoa oona oo. Phello e bile efe? Rahistori Cecil Roth oa ngola: “Talmud . . . e file [Bajuda] tšusumetso e neng e ba khetholla ho ba bang, hammoho le matla a bona a ikhethang a ho hanyetsa phetoho le ho khomarelana. Mokhoa oa eona oa ho tšohla taba o ile oa ba hlalefisa haholoanyane, ’me oa ba fa . . . temoho. . . . Talmud e ne e fa Mojuda ea hlorisoang oa Mehleng e Bohareng lefatše le leng leo a neng a ka balehela ho lona . . . E ne e mo fa naha ea habo, eo a neng a ka tsamaea a e nkile ha a lahlehetsoe ke naha ea habo.”

Ka ho ruta ba bang monahano oa bo-rabi, ka sebele Talmud e bile le matla. Empa potso e lebisoang ho bohle—Bajuda le bao e seng Bajuda ka ho tšoana—ke ena, Na ka sebele Talmud e bonahatsa mohopolo oa Molimo?—1 Bakorinthe 2:11-16.

[Lebokose le leqepheng la 31]

LITALMUD TSE PELI—HO HLAHA ENG HA LI BAPISOA?

Lentsoe la Seheberu “Talmud” le bolela “ho ithuta” kapa “ho rua tsebo.” Amoraim ea Palestina le Babylonia e ne e qalile ho ithuta kapa ho hlahloba Mishnah. Litalmud tsena ka bobeli (ea Palestina le ea Babylonia) li etsa sena, empa ho hlaha eng ha li bapisoa? Jacob Neusner oa ngola: “Talmud ea pele e hlahloba bopaki, ea bobeli e batlisisa mabaka; ea pele e lula ka har’a meeli ea pakane ea patlisiso ea eona, ea bobeli e fetela ka nģ’ane ho eona.”

Ho hlophisa Talmud ea Babylonia ka ho eketsehileng le ka ho feletseng haholoanyane ha hoa ka ha etsa hore e be khōlō haholoanyane feela empa ho ile ha boela ha etsa hore e tebe le ho kenella haholoanyane monahanong oa eona le tlhahlobong ea eona. Ha ho buuoa ka lentsoe “Talmud,” hangata ho buuoa ka Talmud ea Babylonia. Ena ke Talmud e ithutiloeng ka ho fetisisa le e hlalositsoeng ka ho fetisisa ho theosa le makholo a lilemo. Ho ea ka maikutlo a Neusner, Talmud ea Palestina “ke buka ea tsebo,” ’me Talmud ea Babylonia “ke buka ea bohlale.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le tsoelo-pele ea Mishnah le seo e se fupereng, bona sehlooho se reng “Mishnah le Molao oo Molimo a Ileng a o fa Moshe” ho Molula-Qhooa oa November 15, 1997.

b Talmud ea Palestina e tsebahala haholo ka hore ke Talmud ea Jerusalema. Leha ho le joalo, lebitso lena ha le e tšoanele, kaha Bajuda ba ne ba sa lumelloe ho kena Jerusalema karolong e khōlō ea nako ea Amoraim.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela