Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na ho ka boleloa hore kutloisiso e sa tsoa lokisoa ea lentsoe “moloko,” ho Matheu 24:34, e lumella khopolo ea hore bofelo ba tsamaiso ea lintho bo sa le hōle haholo?
Ka sebele, ha ho joalo. Ho fapana le moo, kutloisiso e sa tsoa lokisoa tabeng ena e lokela ho re thusa hore kamehla re lule re lebeletse bofelo. Joang?
Ha e le hantle, joalokaha Molula-Qhooa oa November 1, 1995, o hlalositse, Jesu o sebelisitse poleloana “moloko ona” ho batho ba mehleng ea hae ba khopo. (Matheu 11:7, 16-19; 12:39, 45; 17:14-17; Liketso 2:5, 6, 14, 40) E ne e se hakaalo tlhaloso ea bolelele ba nako e tobileng e qalang ka letsatsi le khethehileng.
Ha e le hantle, sehlooho sa “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” tokollong eona eo ea Molula-Qhooa se ile sa lebisa tlhokomelo lintlheng tse peli tsa sehlooho: “Moloko oa batho o ke ke oa talingoa e le nako ea lilemo tse itseng tse tobileng,” le hore, “Batho ba moloko o itseng ba phela nako e batlang e le khutšoanyane.”
Hangata re sebelisa “moloko” ka tsela ena. Ka mohlala, re ka ’na ra re, ‘Masole a moloko oa Napoléon a ne a sa tsebe letho ka lifofane le libomo tsa athomo.’ Na re tla be re bua feela ka masole a tsoetsoeng ka selemo se le seng le Napoléon? Na re tla be re bolela feela tjee masole a Mafora a ileng a shoa pele Napoléon a e-shoa? Ka sebele ha ho joalo; leha e le hore ka ho sebelisa lentsoe “moloko” joalo, re tla be re leka ho fumana lenane la lilemo tse itseng tse tobileng. Ha e le hantle, re tla be re bua ka nako e batlang e le khutšoanyane, eseng lilemo tse makholo ho tloha mehleng ea Napoléon ho ea nakong e tlang.
Ho joalo le ka kutloisiso ea rōna mabapi le seo Jesu a se boletseng boprofeteng ba hae bo fanoeng Thabeng ea Mehloaare. Ho phethahala ha lipontšo tse fapaneng tsa boprofeta boo ho paka hore bofelo ba tsamaiso ena bo haufi. (Matheu 24:32, 33) Hopola hore ho latela Tšenolo 12:9, 10, ka ho hlongoa ha ’Muso oa Molimo oa leholimo ka 1914, Satane o ile a liheloa lefatšeng. Tšenolo e phaella ka hore hona joale Satane o halefile haholo. Hobane’ng? Hobane oa tseba hore “o na le nako e khutšoanyane.”—Tšenolo 12:12.
Kahoo e bile ho loketseng hore ebe Molula-Qhooa oa November 1 o ne o e-na le sehloohoana, “Lebelang!” Ka ho loketseng serapa se latelang se ile sa re: “Ha ho hlokahale hore re tsebe nako e tobileng ea liketsahalo. Ho e-na le hoo, re lokela ho lebisa tlhokomelo ea rōna tabeng ea ho lebela, ho hlaolela tumelo e matla, le ho ipoloka re tšoarehile tšebeletsong ea Jehova—eseng tabeng ea ho lekanyetsa nako.” Joale se ile sa qotsa mantsoe a Jesu: “Lulang le talimile, le lule le falimehile, kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e neng. Empa seo ke le bolellang sona ke se bolella bohle, Le lule le lebetse.”—Mareka 13:33, 37.