Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 6/1 maq. 7-12
  • Jehova—Molimo ea Senolang Liphiri

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova—Molimo ea Senolang Liphiri
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Matla ’Ohle Empa o Lerato
  • Tlhompho e Loketseng Bakeng sa Likofuto Tseo Jehova a li Sebelisang
  • Ho se Pate Letho Kapa ho Boloka Liphiri?
  • Na re Lokela ho Bolela Kapa ho se Bolele?
  • Sephiri Seo Bakreste ba sa Lokelang ho se Boloka!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • U ka Rua Tsebo ka Molimo Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • “Bohlale ba Molimo bo Patiloeng Lekunutung le Halalelang”
    Atamela ho Jehova
  • Ho Koaholla Noha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 6/1 maq. 7-12

Jehova—Molimo ea Senolang Liphiri

“Molimo o teng leholimong o senolang liphiri.”—DANIELE 2:28.

1, 2. (a) Jehova o fapane joang le Sera sa hae se seholo? (b) Batho ba bonahatsa phapang ee joang?

JEHOVA, Molimo oa bokahohleng ea phahameng ka ho fetisisa le ea lerato, eena feela eo e leng ’Mōpi, ke Molimo ea bohlale le ea nang le toka. Ha ho hlokahale hore a pate seo a leng sona, mesebetsi ea hae kapa merero ea hae. Ka nako ea hae le ka boikhethelo ba hae, oa itšenola. Ka tsela ena o fapane le Sera sa hae, Satane Diabolose, ea lekang ho pata seo a hlileng a leng sona le merero ea hae.

2 Joalokaha Jehova le Satane ba sa tšoane, ho joalo le ka barapeli ba bona. Ba latelang boeta-pele ba Satane ba khetholloa ka ho se tšepahale le thetso. Ba leka ho itlhahisa hantle, ha ba ntse ba etsa mesebetsi ea lefifi. Bakreste ba Korinthe ba ile ba bolelloa hore ba se ke ba makalla taba ena. “Etsoe banna ba joalo ke baapostola ba bohata, basebetsi ba thetsang, ba iphetolang baapostola ba Kreste. ’Me ha ho makatse, etsoe Satane ka boeena o ntse a iphetola lengeloi la leseli.” (2 Bakorinthe 11:13, 14) Ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba talima ho Kreste e le Moeta-pele oa bona. Ha a le lefatšeng o ile a bonahatsa ka ho phethahetseng botho ba Ntate oa hae, Jehova Molimo. (Baheberu 1:1-3) Kahoo, ka ho latela Kreste, Bakreste ba etsisa Jehova, Molimo oa ’nete le leseli, ea sa pateng letho. Le bona ha ho hlokahale hore ba pate seo ba leng sona, mesebetsi ea bona kapa merero ea bona.—Baefese 4:17-19; 5:1, 2.

3. Re ka shanofatsa qoso ea hore batho ba fetohang Lipaki tsa Jehova ba qobelloa ho ba litho tsa “sehlopha sa bokhelohi sa sephiri” joang?

3 Ka linako tseo a tsebang hore li molemohali, Jehova o senola makolopetso mabapi le merero ea hae le mabapi le bokamoso ao pele batho ba neng ba sa a tsebe. Ka kutloisiso ena ke Molimo ea senolang liphiri. Kahoo, batho ba batlang ho mo sebeletsa baa mengoa—e, baa phehelloa—hore ba ithute boitsebiso bo joalo bo senotsoeng. Phuputso e ileng ea etsoa ka 1994 ho Lipaki tse fetang 145 000 naheng e ’ngoe ea Europe e ile ea senola hore, ka karolelano, ka ’ngoe ea tsona, ka boeona e ile ea hlahloba lithuto tsa Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse tharo pele e khetha ho ba Paki. Li ile tsa etsa khetho eo ka boithatelo li sa hatelloe. ’Me li ile tsa tsoela pele ho ba le bolokolohi litabatabelong le liketsong tsa tsona. Ka mohlala, ka lebaka la ho se lumellane le litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro ba Bakreste, ba seng bakae hamorao ba ile ba etsa qeto ea hore ha ba rate ho tsoela pele ho ba Lipaki. Leha ho le joalo, hoa thahasellisa hore ebe lilemong tse hlano tse fetileng, karolo e khōlō ea bana bao e kileng ea e-ba Lipaki, e ile ea nka mehato ea ho qalisa bocha ho kopanela le ho etsa mosebetsi oa bona e le Lipaki.

4. Ke’ng se sa lokelang ho ferekanya Bakreste ba tšepahalang, hona hobane’ng?

4 Ka sebele, hase bohle bao e neng e le Lipaki ba khutlang, ’me har’a bona ho na le ba kileng ba e-ba boemong ba boikarabelo ka har’a phutheho ea Bokreste. Sena ha sea lokela ho makatsa, hobane esita le e mong oa balateli ba Jesu ba haufi-ufi, moapostola Judase, o ile a kheloha. (Matheu 26:14-16, 20-25) Empa na lee ke lebaka la ho ferekana mabapi le Bokreste ka bobona? Na see se etsa hore katleho eo ka eona Lipaki tsa Jehova li ntšetsang pele mosebetsi oa tsona oa ho ruta e be lefeela? Le hanyenyane, hantle feela joalokaha keko ea Judase Iskariota e sa ka ea emisa merero ea Molimo.

O Matla ’Ohle Empa o Lerato

5. Re tseba joang hore Jehova le Jesu ba rata batho, ’me ba bontšitse lerato lee joang?

5 Jehova ke Molimo ea lerato. O tsotella batho. (1 Johanne 4:7-11) Ho sa tsotellehe boemo ba hae bo phahameng, o thabela ho etsa batho metsoalle ea hae. Mabapi le e mong oa bahlanka ba hae ba boholo-holo, rea bala: “‘Abrahama o ile a beha tumelo ho Jehova, ’me o ile a balloa hoo e le ho loka,’ ’me o ile a bitsoa ‘motsoalle oa Jehova.’” (Jakobo 2:23; 2 Likronike 20:7; Esaia 41:8) Joalokaha batho bao e leng metsoalle ba bolellana litaba tsa lekunutu, kapa liphiri, ka hona le Jehova o etsa joalo ho metsoalle ea hae. Tabeng ena Jesu o ile a etsisa Ntate oa hae, hobane o ile a etsa barutuoa ba hae metsoalle ea hae ’me a ba bolella liphiri. O ile a ba bolella: “Ha ke sa le bitsa makhoba, hobane lekhoba ha le tsebe seo mong’a lona a se etsang. Empa ke le bitsitse metsoalle, hobane lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.” (Johanne 15:15) Boitsebiso ba lekunutu kapa “liphiri,” boo Jehova, Mora oa hae, le metsoalle ea bona ba bo arolelanang bo ba kopanya tlamong e ke keng ea khaoha ea lerato le boinehelo.—Bakolose 3:14.

6. Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore Jehova a pate merero ea hae?

6 Moelelo oa lebitso la Jehova, “O Etsa Hore ho be Teng,” o bontša matla a hae a ho ba eng kapa eng eo a batlang ho ba eona e le hore a finyelle morero oa hae. Ho fapana le batho, ha ho hlokahale hore Jehova a pate merero ea hae ka lebaka la ho tšaba hore ba bang ba ka ’na ba khona ho mo sitisa ho e phethahatsa. Ka sebele a ke ke a hlōleha, ka hona, boholo ba seo a rerang ho se etsa o bo senola phatlalatsa ka Lentsoeng la hae, Bibele. Oa tšepisa: “Lentsoe la ka . . . le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:11.

7. (a) Ke eng seo Jehova a ileng a se bolela esale pele Edene, ’me Satane o ile a paka Molimo e le oa ’nete joang? (b) Molao-motheo o ho 2 Bakorinthe 13:8 o lula e le ’nete joang kamehla?

7 Kapele ka mor’a borabele, Edene, Jehova o ile a senola ka bokhutšoanyane phello ea tseko e tsoelang pele pakeng tsa hae le Sera sa hae, Satane. Peō e tšepisitsoeng ea Molimo e ne e tla ntšoa leqeba le bohloko, empa eseng le bolaeang, athe qetellong Satane o ne a tla utloisoa bohloko ke leqeba le bolaeang. (Genese 3:15) Ka 33 C.E., ka sebele Diabolose o ile a ntša Peō ena, Kreste Jesu, leqeba ka ho etsa hore a shoe. Ka tsela ena, Satane o ile a phethahatsa Mangolo, ’me ka nako e tšoanang a paka hore Jehova ke Molimo oa ’nete, le hoja ka sebele sena e ne e se morero oa Satane. Lehloeo la hae bakeng sa ’nete le ho loka, hammoho le boikutlo ba hae ba boikhohomoso, ba ho se bake, li ile tsa etsa hore a etse sona seo Molimo a ileng a bolela esale pele hore o ne a tla se etsa. E, ho bahanyetsi bohle ba ’nete, esita le ho Satane ka boeena, molao-motheo ona o ipaka e le ’nete: “Re ke ke ra etsa letho khahlanong le ’nete, haese feela bakeng sa ’nete.”—2 Bakorinthe 13:8.

8, 9. (a) Ke eng seo Satane a se tsebang, empa na tsebo ee e beha ho phethahatsoa ha merero ea Jehova tsietsing? (b) Bahanyetsi ba Jehova ba hlokomoloha temoso efe e pepenene, hona hobane’ng?

8 Ho tloha ha ’Muso oa Molimo o ne o hlongoa ka ho sa bonahaleng ka 1914, Tšenolo 12:12 e ’nile ea sebetsa: “Ka lebaka lena thabang, lōna maholimo le lōna ba lulang ho ’ona! Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” Empa, na ho tseba hore nako ea hae e khutšoanyane ho etsa hore Satane a fetole tsela ea hae? Hoo e ne e tla ba ho lumela ha Satane hore Jehova ke Molimo oa ’nete le hore joaloka ’Musi ea Phahameng ka ho Fetisisa, ke eena feela ea lokelang ho rapeloa. Leha ho le joalo, Diabolose ha a rate ho lumela hore o hlōtsoe, esita leha a se a tseba linnete tsena.

9 Jehova o senola phatlalatsa se tla etsahala ha Kreste a tlil’o ahlola tsamaiso ea lefatše ea Satane. (Matheu 24:29-31; 25:31-46) Tabeng ena, Lentsoe la hae lea phatlalatsa mabapi le babusi ba lefatše: “Neng kapa neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang feela joaloka bohloko bo hlabang ba mahlomola ho mosali oa moimana.” (1 Bathesalonika 5:3) Ba latelang mohlala oa Satane ba hlokomoloha temoso ena e hlakileng. Ba foufetse ka lebaka la lipelo tsa bona tse khopo, ’me sena se ba thibela ho baka tseleng ea bona ea bokhopo le ho fetola merero ea bona le mekhoa ea ho leka ho thibela merero ea Jehova.

10. (a) Ho ka etsahala hore ebe 1 Bathesalonika 5:3 e phethahetse ho ea bohōleng bofe, empa batho ba Jehova ba lokela ho itšoara joang? (b) Ke hobane’ng ha batho ba se nang tumelo ba ka ’na ba hanyetsa batho ba Molimo ka matla a maholoanyane nakong e tlang?

10 Haholo-holo ho tloha ka 1986, ha Machaba a Kopaneng a ne a phatlalatsa Selemo sa Machaba sa Khotso, hohle lefatšeng ho ’nile ha buuoa ka khotso le tšireletseho. Mehato e tobileng e ’nile ea nkuoa ka boiteko ba ho tlisa khotso ea lefatše, ’me kamoo ho bonahalang kateng, boiteko bona bo bile le katleho e itseng. Na see ke phethahatso e feletseng ea boprofeta boo, kapa na re ka lebella tsebiso ea mofuta o itseng e tšosang nakong e tlang? Jehova o tla hlakisa taba eo ka nako ea hae e loketseng. Ho sa le joalo, a re luleng re falimehile moeeng, ‘re letile ’me re lutse re hopolela haufi ho ba teng ha letsatsi la Jehova.’ (2 Petrose 3:12) Ha nako e ntse e feta ha ho ntse ho buuoa ka ho eketsehileng ka khotso le tšireletseho, batho ba bang ba tsebang ka temoso ena, empa ba khetha ho e hlokomoloha, ba ka ’na ba hanyetsa haholoanyane ka ho nahana hore Jehova ha a na ho phethahatsa lentsoe la hae kapa hore a ke ke a le phethahatsa. (Bapisa le Moeklesia 8:11-13; 2 Petrose 3:3, 4.) Empa Bakreste ba ’nete baa tseba hore Jehova o tla phethahatsa morero oa hae!

Tlhompho e Loketseng Bakeng sa Likofuto Tseo Jehova a li Sebelisang

11. Daniele le Josefa ba ile ba ithuta eng ka Jehova?

11 Ha Morena Nebukadnezare, morena oa ’Muso oa Neo-Babylonia, a ne a lorile toro e mo tšoenyang eo a neng a sa khone ho e hopola, o ile a kōpa thuso. Baprista, maselamose le linohe tsa hae ba ne ba sa khone ho mo bolella seo a se lorileng leha e le ho hlalosa hore na se bolela eng. Leha ho le joalo, mohlanka oa Molimo Daniele, o ile a khona ho etsa joalo, le hoja a ile a lumela hang-hang hore e ne e se ka lebaka la bohlale ba hae a ileng a koaholla toro le seo e se bolelang. Daniele o itse: ‘Molimo o teng leholimong o senolang liphiri, ’me o tsebisitse morena Nebukadnezare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang ho tla.’ (Daniele 2:1-30) Makholo a mangata a lilemo pejana, Josefa, moprofeta e mong oa Molimo, ka ho tšoanang o ne a ile a hlokomela hore Jehova ke Ea Senolang liphiri.—Genese 40:8-22; Amose 3:7, 8.

12, 13. (a) Ke mang eo e neng e le moprofeta oa Molimo e moholo ka ho fetisisa, hona ke hobane’ng ha u araba joalo? (b) Ke bo-mang kajeno ba sebeletsang e le “batsamaisi ba liphiri tse halalelang tsa Molimo,” hona re lokela ho ba talima joang?

12 Moprofeta oa Jehova e moholo ka ho fetisisa ea kileng a sebeletsa lefatšeng ke Jesu. (Liketso 3:19-24) Pauluse o ile a hlalosa: “Molimo, eo khale a ileng a bua ka makhetlo a mangata le ka litsela tse ngata le baholo-holo ba rōna ka baprofeta, bofelong ba matsatsi ana o buile le rōna ka Mora, eo a ileng a mo beha hore e be mojalefa oa lintho tsohle, le eo ka eena a ileng a etsa litsamaiso tsa lintho.”—Baheberu 1:1, 2.

13 Jehova o ile a bua le Bakreste ba pele ka Mora oa hae, Jesu, ea ileng a ba tsebisa liphiri tsa bomolimo. Jesu o ile a ba bolella: “Lōna le nehiloe ho utloisisa liphiri tse halalelang tsa ’muso oa Molimo.” (Luka 8:10) Hamorao Pauluse o ile a bua ka Bakreste ba tlotsitsoeng e le ba “ka tlaasana ho Kreste le batsamaisi ba liphiri tse halalelang tsa Molimo.” (1 Bakorinthe 4:1) Kajeno, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsoela pele ho sebeletsa boemong bona boo, ba bōpa sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene, leo ka Sehlopha se Busang sa lona le fanang ka lijo tsa moea ka nako e loketseng. (Matheu 24:45-47) Haeba re hlompha haholo baprofeta ba Molimo ba bululetsoeng ba nakong e fetileng, le Mora oa Molimo ka ho khetheha, na ha rea lokela ho hlompha le kofuto ea batho eo Jehova a e sebelisang kajeno ho senola boitsebiso ba Bibele bo hlokahalang hakaale bakeng sa batho ba hae linakong tsee tse mahlonoko?—2 Timothea 3:1-5, 13.

Ho se Pate Letho Kapa ho Boloka Liphiri?

14. Ke neng Bakreste ba ntšetsang pele mesebetsi sephiring, kahoo ba latela mohlala oa mang?

14 Na ho se pate letho ha Jehova ha a senola lintho ho bolela hore Bakreste ba lokela hore kamehla le tlas’a maemo ’ohle ba senole lintho tsohle tseo ba li tsebang? Ha e le hantle, Bakreste ba latela keletso ea Jesu ho baapostola ba hae ea hore e be ba “seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo e le ba hlokang molato joaloka maeba.” (Matheu 10:16) Haeba ba bolelloa hore ba ke ke ba rapela Molimo kamoo matsoalo a bona a batlang kateng, Bakreste ba tsoela pele ho “mamela Molimo,” hobane ba hlokomela hore ha ho kofuto ea batho e nang le tokelo ea ho thibela borapeli ba Jehova. (Liketso 5:29) Jesu ka boeena o ile a bontša ho nepahala ha sena. Rea bala: “Joale ka mor’a lintho tsena Jesu a tsoela pele a tsamaea Galilea, kaha o ne a sa batle ho tsamaea Judea, hobane Bajuda ba ne ba batla ho mo bolaea. Leha ho le joalo, mokete oa Bajuda, mokete oa litabernakele, o ne o le haufi. Ka hona Jesu a re ho bona [banab’abo ba sa lumelang]: . . . ‘Lōna nyolohelang moketeng; ’na ha ke e-s’o nyolohele moketeng ona, hobane nako ea ka e loketseng ha e e-s’o tle ka botlalo.’ Kahoo ka mor’a hore a ba bolelle lintho tsena, a sala Galilea. Empa ha barab’abo ba nyolohetse moketeng, joale le eena a nyoloha ka boeena, eseng pepenene empa joalokaha eka ke ka sephiring.”—Johanne 7:1, 2, 6, 8-10.

Na re Lokela ho Bolela Kapa ho se Bolele?

15. Josefa o ile a bontša joang hore ho boloka sephiri ka linako tse ling ke ho etsa ntho e lerato?

15 Maemong a mang, ho boloka taba e le sephiri ha ho bohlale feela empa ho boetse ho lerato. Ka mohlala, Josefa, ntate oa Jesu oa mohōlisi, o ile a itšoara joang ha a hlokomela hore molebeletsuoa oa hae, Maria o imme? Rea bala: “Leha ho le joalo, Josefa monna oa hae, kahobane o ne a lokile ’me a sa batle ho mo etsa sebonoang, a rera ho mo hlala ka sephiri.” (Matheu 1:18, 19) E ne e tla ba ho hloka mohau ho hokaakang ho mo etsa sebonoang!

16. Baholo, esita le litho tsohle tse ling tsa phutheho, ba na le boikarabelo bofe mabapi le litaba tsa lekunutu?

16 Litaba tsa lekunutu tse neng li ka tlotlolla kapa tsa utloisa bohloko ha lia lokela ho senoleloa batho ba sa lokelang ho li tseba. Baholo ba Bakreste ba hopola sena ha ba tlameha ho fana ka keletso ea botho kapa matšeliso ho Bakreste-’moho le bona kapa mohlomong esita le ho ba laea ka lebaka la ho etsa sebe se tebileng khahlanong le Jehova. Ho sebetsana le litaba tsena ka tsela ea Mangolo hoa hlokahala; ho senola makolopetso a lekunutu ho ba sa ameheng ha ho hlokahale ’me ha ho bontše lerato. Ka sebele, litho tsa phutheho ea Bokreste li ke ke tsa leka ho fata boitsebiso ba lekunutu ho baholo empa li tla hlompha boikarabelo ba baholo ba ho boloka lintho tsa lekunutu e le sephiri. Liproverbia 25:9 (BPN) e re: “Ha u tsekisana le mohaeno buisana le eena, feela taba tsa e mong tsona e be pinyane.”

17. Ke hobane’ng ha maemong a mangata Bakreste ba boloka litaba tsa lekunutu e le sephiri, empa ke hobane’ng ha ba ke ke ba etsa joalo kamehla?

17 Molao-motheo ona o boetse oa sebetsa le lithong tsa lelapa kapa har’a metsoalle e haufi. Ho boloka litaba tse ling e le lekunutu hoa hlokahala ho qoba ho se utloane esita le likamano tse senyehileng. “Moea oa leboea o hlahisa pula, ’me leleme le sebang le hlahisa sefahleho se halefileng.” (Liproverbia 25:23) Ka sebele, botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova le melao-motheong ea hae e lokileng, esita le lerato bakeng sa batho ba fosang, ka linako tse ling li ka etsa hore ho hlokahale hore esita le litaba tsa lekunutu li bolelloe batsoali, baholo ba Bakreste kapa ba bang ba nang le tokelo.a Empa maemong a mangata, Bakreste ba boloka liphiri tsa botho tsa ba bang, ba li sireletsa joalokaha ba sireletsa tsa bona.

18. Ke litšoaneleho life tse tharo tsa Bokreste tse ka re thusang ho lekanyetsa seo re lokelang ho se bolela le seo re sa lokelang ho se bolela?

18 Ha re akaretsa taba, Mokreste o etsisa Jehova ka ho boloka litaba tse itseng e le lekunutu ha ho hlokahala, a li senola feela ha ho loketse. Ha a etsa qeto ea hore na ke life tseo a lokelang ho li bolela le tseo a sa lokelang ho li bolela, o tataisoa ke boikokobetso, tumelo le lerato. Boikokobetso bo mo thibela ho fetelletsa bohlokoa ba hae, ho leka ho khahlisa ba bang ebang ke ka ho ba bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e tsebang kapa ka ho ba khankhetsa ka liphiri tseo a ke keng a li bolela. Tumelo Lentsoeng la Jehova le phuthehong ea Bokreste e mo susumelletsa ho bolela boitsebiso ba Bibele boo Molimo a faneng ka bona ha a ntse a le hlokolosi ho qoba ho bua lintho tse ka ’nang tsa khopisa ba bang ho tloha sethathong. E, lerato le mo susumelletsa hore a sa pate letho a bolele lintho tse tlotlisang Molimo le tseo ho hlokahalang hore batho ba li tsebe e le hore ba fumane bophelo. Ka lehlakoreng le leng, litaba tsa botho tsa lekunutu oa li sireletsa, a hlokomela hore maemong a mangata ho li senola ho ne ho tla bontša hore ha a na lerato.

19. Ke bohato bofe bo thusang ho khetholla Bakreste ba ’nete, ’me bo fella ka eng?

19 Katamelo ena e leka-lekaneng e thusa ho khetholla Bakreste ba ’nete. Ha ba pate seo Molimo a leng sona ka ho sebelisa Boraro-bo-bong ba sephiri, bo sa hlaloseheng. Melimo e sa tsejoeng ke tšobotsi ea bolumeli ba bohata, eseng ba ’nete. (Bona Liketso 17:22, 23.) Lipaki tsa Jehova tse tlotsitsoeng li ananela e le kannete tokelo ea ho ba “batsamaisi ba liphiri tse halalelang tsa Molimo.” Ka ho senolela ba bang liphiri tsena li sa pate letho, li thusa ho hulela ba pelo li tšepahalang ho batleng botsoalle ba Jehova.—1 Bakorinthe 4:1; 14:22-25; Zakaria 8:23; Malakia 3:18.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “U se Kopanele Libeng tsa ba Bang” ho Molula-Qhooa oa November 15, 1985.

U ne U Tla Araba Joang?

◻ Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore Jehova a pate merero ea hae?

◻ Ke bo-mang bao Jehova a ba senolelang liphiri tsa hae?

◻ Bakreste ba na le boikarabelo bofe mabapi le litaba tsa lekunutu?

◻ Ke litšoaneleho life tse tharo tse tla thusa Bakreste ho tseba seo ba lokelang ho se bolela le seo ba sa lokelang ho se bolela?

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Jehova o senola liphiri ka Lentsoe la hae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela