U ka Rua Tsebo ka Molimo Joang?
Ba bang ba ka ’na ba belaella hore Molimo o hlile o rata ho itšenola ho batho. Haeba oa rata, o itšenola joang?
RALIPHETOHO oa Moprostanta oa lekholong la bo16 la lilemo ea bitsoang John Calvin, ka nepo o ile a fihlela qeto ea hore batho ba ke ke ba tseba Molimo ka bobona ntle leha eena a itšenola ho batho. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ehlile Molimo o rata ho itšenola ho batho. Haeba oa rata, o itšenola joang?
Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova, ‘’Mōpi e Moholo’ a e etsang, o na le lebaka la ho e etsa. Hape, kaha o “Matla ’Ohle,” o khona hore a phethe merero ea hae ka botlalo. (Moeklesia 12:1; Exoda 6:3) Re ka kholiseha hore haesale a batla ho senolela batho merero ea hae, kaha moprofeta oa hae Amose o ile a bululeloa hore a ngole tjena: “’Musi Morena Jehova a ke ke a etsa letho ntle le hore a senolele bahlanka ba hae baprofeta taba ea hae ea lekunutu.” Leha ho le joalo, hlokomela hore ho thoe Molimo o ne a tla senolela bahlanka ba hae feela merero ea hae, ke hore ba mo ratang e le kannete. Na seo ha se ntho e utloahalang? Ke bo-mang bao u ba bolellang makunutu a hao? Na u a bolella motho leha e le ofe kapa u a bolella metsoalle ea hao e haufi-ufi?—Amose 3:7; Esaia 40:13, 25, 26.
Bohlale ba Molimo le tsebo ea hae li hlolla batho ba ikokobelitseng, ’me sena se loketse. Empa hore re rue molemo bohlaleng le tsebong tseo Molimo a fanang ka tsona, ha rea lokela ho hlolloa feela. Bibele e hatisa hore re lokela ho ikokobetsa pelong hore re ithute mehopolo ea Molimo: ‘U ipolokele litaelo tsa ka. U ele hloko bohlale ka tsebe ea hao. U sekamisetse pelo ea hao temohong. U hoeletse kutloisiso ’me u bitse temoho. U ’ne u li batle joaloka silevera.’—Liproverbia 2:1-4.
Motho ea ikokobelitseng ea etsang boiteko ba mofuta ona ka sebele o tla tseba Molimo. Mantsoe ao a bukeng ea Liproverbia a tsoela pele tjena: “Jehova o fana ka bohlale; molomong oa hae ho tsoa tsebo le temoho.” Ruri batho ba batlang ’nete ka tieo ba ka “utloisisa ho loka le kahlolo le bokhabane, tsela eohle ea se molemo.”—Liproverbia 2:6-9.
Ho Batla ’Nete
The Encyclopedia of Religion e re: “Ka tlhaho, batho ba na le tlhoko ea ho batla ho lemoha phapang pakeng tsa seo e leng ’nete le seo e seng sona, se matla le se fokolang, sa sebele le seo e seng sa sebele, se hloekileng le se silafetseng, se hlakileng le se sa hlakang, le ho hlokomela lintho tse sa hlakang hantle litekanyetsong tsa boitšoaro.” E le hore batho ba finyelle tlhoko ena, ba ’nile ba batla ’nete ka nako e telele. Joalokaha mopesaleme a bitsa Jehova “Molimo oa ’nete,” batho ba lebileng ho Eena ha ba ntse ba batla ’nete, ba tsoetse pele ho e fumana.—Pesaleme ea 31:5.
Ha e le hantle, ka Seheberu sa pele, lebitso lena Jehova le bolela hore “O Etsa Hore ho be.” (Genese 2:4) Kahoo, moelelo oa sebele oa lebitso la Molimo o bontša hore ke ’Mōpi ebile o na le morero. Bonneteng, ho tseba lebitso la Jehova le ho le sebelisa ke letšoao le khethollang bolumeli ba ’nete. Jesu o ile a lemoha ’nete ena ka ho hlaka. Ha a ne a bua ka balateli ba hae, o ile a rapela Molimo a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla le tsebahatsa, e le hore lerato leo u nthatileng ka lona le ka ba ho bona ’me ’na ke be bonngoeng le bona.”—Johanne 17:26.
Ha Moheberu e mong oa boholo-holo ea bitsoang Josefa, ea neng a itšetlehile ka botsoalle ba hae le Molimo, a ne a tobane le mosebetsi oa ho hlalosa litoro, o ile a bua tjena ka kholiseho: “Na litlhaloso hase tsa Molimo?”—Genese 40:8; 41:15, 16.
Lilemo tse makholo a ’maloa hamorao, Morena Nebukadnezare oa Babylona o ile a lora ntho eo banna ba hae ba bohlale ba neng ba sitoa ho e hlalosa. Moprofeta Daniele o ile a bolella morena a re: “Ho na le Molimo maholimong eo e leng Mosenoli oa liphiri, ’me o tsebisitse Morena Nebukadnezare se tla etsahala karolong e qetellang ea matsatsi.”—Daniele 2:28.
Mohlala oa Josefa le oa Daniele o bontša hore bohlale ba Molimo le tsebo ea hae li fumaneha feela ho ba sebeletsang Jehova Molimo. Ka ho hlakileng, e le hore Molimo a re amohele, ho ka ’na ha hlokahala hore re lahle maikutlo ao re neng re e-na le ’ona pele. Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba fetoha Bakreste ba ile ba lokela ho etsa joalo. Kaha ba ne ba hōlisitsoe ba hlompha ebile ba mamela melao e neng e behiloe tsamaisong ea lintho ea Sejuda, ba ne ba hloka nako hore ba amohele Jesu e le Mesia. O ile a tlela ho tla phethahatsa Molao oa Moshe, oo e neng e le “seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla.” (Baheberu 10:1; Matheu 5:17; Luka 24:44, 45) O ile oa nkeloa sebaka ke “molao oa Kreste,” o phahametseng Molao oa Moshe hōle.—Bagalata 6:2; Baroma 13:10; Jakobo 2:8.
Kaofela ha rōna re hlahetse lefatšeng le ikarotseng ho Molimo. Ka lebaka la sebe seo re se futsitseng ho batho ba babeli ba pele, re hlahile re le lira tsa Molimo, re se na tsebo e nepahetseng ka merero ea hae. Hape re futsitse pelo e bolotsana. (Jeremia 17:9; Baefese 2:12; 4:18; Bakolose 1:21) Hore re be metsoalle ea Molimo, re lokela ho ithuta ho nahana joaloka eena. Ha ho bonolo ho etsa joalo.
Re ka ’na ra thatafalloa ke ho lahla likhopolo kapa mekhoa ea bolumeli ba bohata, haholo-holo haeba re e rutiloe ho tloha bongoaneng. Empa na ke ntho e bohlale hore re ’ne re tsamaee tseleng e fosahetseng? Ho hang hase bohlale! Ka sebele ke ntho e bohlale hore motho a fetole tsela eo a nahanang ka eona ’me ka tsela eo a amoheloe ke Molimo.
Ho Lemoha Mocha oo Molimo a re Rutang ka Oona
Ke hokae moo re ka fumanang thuso ea ho utloisisa Lentsoe la ’nete ’me re be re phele tumellanong le lona? Mehleng ea Iseraele ea boholo-holo, Molimo o ile a beha batho ba tšepahalang boikarabellong ba hore ba etelle sechaba pele. Kreste, Hlooho ea phutheho ea Bokreste kajeno, ka ho tšoanang o tataisa bao ka tieo ba batlang ’nete. O etsa joalo a sebelisa balateli ba hae ba tšepahalang, bao e leng mocha oo boikarabelo ba oona e leng ho tataisa le ho sireletsa batho ba batlang ’nete ka tieo. (Matheu 24:45-47; Bakolose 1:18) Empa motho a ka lemoha joang mocha oo Molimo a re rutang ka oona?
Balateli ba ’nete ba Jesu Kreste ba leka ka matla ho bontša litšobotsi tseo Jesu a ileng a li bontša ha e ne e le motho oa nama. Lefatšeng lena le ntseng le e-ba khopo le ho feta, tsela e ikhethang eo ba bonahatsang litšobotsi tseo tsa moea ka eona e etsa hore ho be bonolo ho lemoha balateli bao ba Jesu. (Bona lebokose le leqepheng la 6.) Na litšobotsi tsee lia bonahala bolumeling boo u ’nileng ua kopanela le bona kapa malumeling a baahelani ba hao? U tla rua molemo haholo ha u ka hlahloba taba ena u sebelisa Bibele.
Uena ’mali ea ratehang, re u khothalletsa hore u etse joalo ka thupelo ea ho ithuta Bibele. Selemong se fetileng, ka karolelano, batho ba fetang 6 000 000 linaheng tse 235 ba ne ba rua molemo tokisetsong ena ea ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ho fumana bohlale le tsebo ea Molimo ke mosebetsi o tsoelang pele, o khotsofatsang le o thabisang haholo. Ke hobane’ng ha u sa qalise leeto lee la ho fumana bohlale le tsebo ea Molimo? Ke leeto leo ho seng mohla u tla ikoahlaea hore ebe u ile ua le nka. Ka sebele, re ka tseba Molimo!
[Lebokose le leqepheng la 6]
BA SEBETSANG TUMELLANONG LE MOLIMO . . .
ha ba jele paate likhohlanong tsa lipolotiki.—Esaia 2:4.
ba beha litholoana tse ntle ka ho etsa thato ea Molimo.—Matheu 7:13-23.
ba bontša lerato la ’nete har’a bona.—Johanne 13:35; 1 Johanne 4:20.
hohle ba bua ntho e tšoanang.—Mikea 2:12.
ha ba etsise mekhoa e mebe le boitšoaro bo bobe ba lefatše le ba pota-potileng.—Johanne 17:16.
ba pakela ’nete ebile ba etsa barutuoa.—Matheu 24:14; 28:19, 20.
ba thabela ho kopana kamehla hore ba khothatsane.—Baheberu 10:25.
ba rorisa Molimo hammoho e le mokhatlo oa machaba.—Tšenolo 7:9, 10.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Ho hlokahala hore batho ba tsebe Molimo e le batho ka bomong, e le malapa, ebile e le phutheho