Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 7/1 leq. 3
  • Na Liphekolo Tsa Mohlolo li sa Ntse li Etsahala?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Liphekolo Tsa Mohlolo li sa Ntse li Etsahala?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Folisoa ha Moloko oa Batho ka Mohlolo ho Atametse
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Kamoo Tumelo e ka Thusang ba Kulang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • ‘Ho Folisa ka Mohlolo’ Kajeno—Na ho Etsoa ka Matla a Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na Molimo o Amohela ho Folisa ka Tumelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 7/1 leq. 3

Na Liphekolo Tsa Mohlolo li sa Ntse li Etsahala?

“AMOHELA Jesu ’me u fole!” Mapetjo a kang ana a ile a etsa hore Alexandre eo e leng setho sa kereke ea Evangeli, a nahane hore ho noa meriana ha a kula ho tla bontša hore o hloka tumelo. O ile a kholiseha hore tumelo ea hae e le eona feela e tla mo tlisetsa phekolo ea mohlolo eo a e hlokang. Benedita, Mok’hatholike ea chesehang, o ile a ameha ka botebo ha a utloa ka lipholiso tsa mohlolo sehalalelong sa Aparecida do Norte, naheng ea São Paulo, Brazil. A sebelisa mantsoe a itseng a bonohe ao ’mangoane oa hae a neng a mo rutile ’ona, Benedita o ile a rapela Mofumahali oa Rōna oa Aparecida, Anthony, le “bahalaleli” ba bang bakeng sa ho fumana matla a ho phekola ba kulang.

Kamoo ho bonahalang kateng, esita le morao tjena lekholong lena la bo20 la lilemo, batho ba bangata ba ntse ba lumela liphekolong tsa mohlolo—empa ke hobane’ng? Mohlomong ba bang ba ferekanngoa ke ha lingaka li hlōleha ho etsa ho eketsehileng bakeng sa ho imolla baratuoa ba bona ho kuleng, mahlabeng le bohlokong, haholo-holo bana ba bona. Ba tšoeroeng ke maloetse a sa phekoleheng ba ka ’na ba ikutloa hore kaha meriana ea kajeno ke e theko e phahameng, ha ba lahleheloe ke letho ha ba batla ho folisoa ka tumelo. Ba bang ba bona thelevisheneng likereke tse sa tšoaneng le batho ba bolelang hore ba folisa AIDS, ho tepella ha maikutlo, kankere, bohlanya, khatello methapong ea mali le mafu a mang a mangata. Ho sa tsotellehe hore na ba na le tumelo lipolelong tse joalo kapa che, ba ka ’na ba retelehela ho tsona e le tšepo ea ho qetela. Ho sa le joalo, ba bang ba lumelang hore ba kulisoa ke meea e mebe ba ka ’na ba nahana hore meriana e tloaelehileng ha e na matla a lekaneng a ho ba thusa.

Ka lehlakoreng le leng, ho na le ba hanyetsang ka matla, esita le ho nyatsa khopolo ea liphekolo tsa mohlolo tse etsoang ke “bahalaleli” ba shoeleng kapa baphekoli ba phelang. Ho latela Jornal da Tarde, Dráusio Varella, setsebi sa thuto ea ho itoanela ha ’mele tlhaselong ea mafu, o nahana hore ho lumela lipholiso tsa mohlolo “ho soetsa tumelo ea ba thetsoang habonolo le ba tsietsoeng.” Oa phaella: “Ka lebaka la bathetsi bana, ba bangata ba ka ba ba tlohella phekolo ea bohlokoa ea meriana moo ba tšepileng mehlolo.” Le The New Encyclopædia Britannica ea hlalosa: “Nakong e fetileng, liphekolo tse sa tloaelehang li ne li amahanngoa le libaka tse halalelang le litšebeletso tsa bolumeli, ’me saense ea meriana e batla e amahanya lipholiso tsohle tse joalo le mekhoa e tloaelehileng ea ho tšerehanya ho sebetsang tlas’a maemo a amohelehang.” Leha ho le joalo, ho na le ba bangata ba lumelang hore ba hlile ba phekotsoe ka mohlolo. Ho bona, pholiso eo e sebelitse!

Ba tloaelaneng le Bibele baa tseba hore Jesu Kreste o ile a phekola ba kulang ka makhetlo a mangata, a etsa sena ka ‘matla a Molimo.’ (Luka 9:42, 43) Kahoo ba ka ’na ba ipotsa, ‘Na ebe matla a Molimo a sa sebetsa le hona ho folisa ka mohlolo kajeno?’ Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha boiteko ba ho phekola bo hlōleha ho hlahisa liphello tse tšepisitsoeng? Na ke kahobane mokuli a se na tumelo e lekaneng kapa ke kahobane koleke ea hae e fokola? Na ho loketse hore Mokreste a batle phekolo ea mohlolo haeba a tšoeroe ke lefu le itseng le bohloko kapa mohlomong le sa phekoleheng? Hona na liphekolo tsa sebele tsa mohlolo tse kang tse ileng tsa etsoa ke Jesu, li tla ke li etsahale hape? U tla fumana likarabo tsa lipotso tsena tsa bohlokoa sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela