Ho Pholosoa Nakong ea Litlokotsi
Lebenkele le mekato e mehlano la Seoul, Korea, le ile la soahla- mana ka tšohanyetso, la qabella batho ba makholo ka hare! Basebeletsi ba pholoso ba ile ba sebetsa bosiu le motšehare bakeng sa ho pholosa batho ba bangata kamoo ba ka khonang. Ha matsatsi a ntse a feta, menyetla ea hore ho fumanoe baphonyohi ba bang ba kateletsoeng ke qubuhali ea konkreite le tšepe e ile ea fifala.
Ha ho se ho tetsoe, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e makatsang. Ho ile ha utloahala poboli ka tlas’a qubu eo. Ka lehlaphahlapha, bapholosi ba ile ba fata ka matsoho e le hore ba lokolle ngoanana ea lilemo li 19 ea neng a kateletsoe moo ka matsatsi a 16 kaofela. Lift e putlameng e ne e ikentse lehaha le ileng la mo sireletsa lithaneng tsa konkreite e neng e hehlemela. Le hoja a ne a feletsoe ke metsi ’meleng ’me a e-na le likotsi tse mpe, o ne a phonyohile lefu!
Kajeno, ke ka thata khoeli e ka felang ho sa ba le litlaleho tsa koluoa e itseng, ebang ke tšisinyeho ea lefatše, sefefo se matla, ho foqoha ha seretse se chesang, kotsi kapa tlala ea boja-likata. ’Me litaba tse sisimosang maikutlo tsa ho pholosa le tsa ba phonyohileng li hohela le hona ho hapa thahasello ea batho ba limilione ba mamelang litaba. Leha ho le joalo, temoso ea tlokotsi e tlang—e khōlō ho feta leha e le efe e kileng ea e-ba teng historing ea motho—e ’nile ea hlokomolohuoa ka hohle. (Matheu 24:21) Bibele e hlalosa ketsahalo ena e tlang ka mantsoe ana: “Bonang, bobe bo ea tsoa sechabeng se seng, bo ee sechabeng se seng, lerōle le tšabehang le ea tsoha likhutlelong tsa lefatše. Tsatsing leo, ba hlabiloeng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho isa pheletsong e ’ngoe ea lefatše, ba sa lleloe, ba sa phutheloe, ba sa epeloe; e tla ba moiteli holim’a lefatše.”—Jeremia 25:32, 33.
Ke mantsoe a tšosang hakaakang! Empa ho fapana le likoluoa tsa tlhaho le likotsi, tlokotsi ena e ke ke ea e-ba polao e sa khetheng. Ha e le hantle, pholoho—ho pholoha ha hao—e ka etsahala!
Nako ea ho Potlaka
Bakeng sa ho utloisisa sena hantle, motho o lokela ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha tlokotsi ena e lokela ho tla. Ha e le hantle, ke eona feela tharollo ea sebele ea mathata a moloko oa batho. Ke batho ba seng bakae kajeno ba ikutloang ba bolokehile ’me ba sireletsehile. Ho sa tsotellehe boiteko bohle ba saense, mafu a tšoaetsanoang a tsoela pele ho timetsa baahi ba lefatše. Lintoa tse bakoang ke phapang ea bolumeli, ea merabe le ea lipolotiki li bolaea batho ka likete. Tlala ea boja-likata e eketsa masisa-pelo le mahlomola a banna, basali le bana ba se nang molato. Ho senyeha ha boitšoaro ho bolisa motheo oa sechaba; ho senyehile esita le bana.
Boprofeta ba Bibele bo ngotsoeng lilemong tse fetileng tse 1900 bo hlalosa boemo ba rōna ka ho nepahala ho tsotehang. Bo re: “Hlokomela hore matsatsing a ho qetela linako e tla ba tse tletseng likotsi.”—2 Timothea 3:1, The New Testament in Modern English, ea J. B. Phillips; bapisa le Matheu 24:3-22.
Na ke ho utloahalang ho uena hore Molimo ea lerato a ka iphapanyetsa mahlomola a rōna? Bibele e re: “Molimo o bōpileng lefatše, moetsi oa lona, . . . ea sa ka[ng] a le bōpela lefeela, ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe.” (Esaia 45:18) Ka sebele, ho e-na le hore a lumelle hore lefatše le letle lena le senngoe ’me baahi bohle ba lona ba fele, Molimo o tla kenella. Potso ke hore, See o tla se phetha joang?
Khetha Bophelo!
Ho Pesaleme ea 92:7, Bibele ea araba: “Leha banyefoli ba mela eka meroho, le ba bolotsana kaofela ba atleha, ke hore ba senyehe ka ho sa feleng.” Molimo o tla rarolla mathata a lefatše ka ho felisa bokhopo ka bobona. Ho thabisang ke hore sena ha se bolele hore batho bohle ba lokela ho felisoa. Pesaleme ea 37:34 ea re tiisetsa: “U itšepise ka Jehova, u tiee litseleng tsa hae, ’me o tla u holisa, u tle u je lefa la lefatše; u tla bona le tšenyeho ea ba babe.”
Mantsoe ana a bontša hore ho na le monyetla oa ho pholoha tlokotsi ena e khōlōhali e tla oela moloko oa batho. Molimo o re file khetho. Mantsoe ao Moshe a ileng a eletsa Baiseraele ka ’ona ha ba ne ba itokisetsa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng a sebetsa hantle le ho rōna kajeno: “Ke beile pel’a hao bophelo le lefu, lehlohonolo le thohako. Ikhethele bophelo, u tle u phele, uena, le litloholo tsa hao.” (Deuteronoma 30:19) Empa ke joang motho a ‘ikhethelang bophelo’ le ho bolokeha? Hantle-ntle poloko ea sebele e bolela eng?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
COVER: Explosion: Copyright © Gene Blevins/Los Angeles Daily News
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Yunhap News Agency/Sipa Press