Mishnah le Molao oo Molimo a Ileng a o fa Moshe
“RE QALA re e-na le boikutlo ba hore re kenella hare moqoqong oo e leng khale o qalile o mabapi le litaba tseo le ka mohla re ke keng ra li utloisisa . . . Re . . . ikutloa eka re lutse ka phaposing ea ho leta boema-fofaneng bo hōle. Re utloisisa mantsoe ao batho ba a buang, empa re qakoa ke seo ba hlileng ba se bolelang le seo ba amehileng ka sona, haholo-holo re qakoa ke ho bua ha bona ka potlako.” Ke kamoo Jacob Neusner, setsebi sa Mojuda, a hlalosang maikutlo ao e ka ’nang eaba babali ba ba le ’ona ha ba bala Mishnah ka lekhetlo la pele. Neusner oa phaella: “Mishnah e qala taba hare. E fela ka tšohanyetso.”
Ho A History of Judaism, Daniel Jeremy Silver o bitsa Mishnah “buka ea motheo ea Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda ea bo-rabi.” Ha e le hantle, o hlalosa ka ho eketsehileng: “Mishnah e nkela Bibele sebaka joaloka lenaneo la thupelo la ho tsoela pele ka thuto [ea Sejuda].” Ke joang buka eo e thata ho utloisisoa e neng e ka ba ea bohlokoa joalo?
Karolo ea karabelo eo e ka fumanoa polelong ena e ngotsoeng ho Mishnah: “Moshe o ile a fumana Torah Sinai ’me a e fetisetsa ho Joshua, Joshua ho baholo, ’me baholo ho baprofeta. ’Me baprofeta ba ile ba e fetisetsa ho banna ba lekhotla le phahameng.” (Avot 1:1) Mishnah e ipolela hore e tšohla boitsebiso boo Moshe a ileng a bo fuoa Thabeng ea Sinai—karolo e sa ngoloang ea Molao oa Molimo ho Iseraele. Banna ba lekhotla le phahameng (leo hamorao le ileng la bitsoa Sanhedrine) ba ne ba talingoa e le karolo ea letoto la litsebi tse bohlale, kapa bahlalefi ba ileng ba fetisa ka molomo lithuto tse itseng ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong ho fihlela ha qetellong tsena li ngotsoe kaofela ho Mishnah. Empa na seo ke ’nete? Hantle-ntle ke mang ea ngotseng Mishnah, hona hobane’ng? Na lintho tseo e li fupereng li simoloha ho Moshe ha a ne a le Sinai? Na e na le moelelo ho rōna kajeno?
Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda Ntle ho Tempele
Ha Mangolo a ne a ngoloa tlas’a pululelo, ho ne ho sa tsejoe ka tumelo ea molao o halalelang oa molomo o ileng ea ekelletsoa Molaong oa Moshe o neng o ngotsoe.a (Exoda 34:27) Makholo a mangata a lilemo hamorao, Bafarisi e ne e le sona sehlopha Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda se ileng sa hlahisa khopolo ena le ho e buella. Lekholong la pele la lilemo C.E., Basaduse le Bajuda ba bang ba ile ba hanyetsa thuto ena e sa hlaheng ka Bibeleng. Leha ho le joalo, hafeela tempele e Jerusalema e ne e ntse e le setsi sa borapeli ba Bajuda, taba ea molao oa molomo e ne e nka boemo ba bobeli. Borapeli ba tempeleng bo ne bo fa Mojuda e mong le e mong tlhophiso le botsitso bo itseng.
Leha ho le joalo, ka 70 C.E., sechaba sa Bajuda se ile sa tobana le tlokotsi e tšabehang ea bolumeli. Jerusalema e ile ea timetsoa ke mabotho a Roma, ’me ho ile ha bolaoa Bajuda ba ka holimo ho milione. Tempele, e leng setsi sa bophelo ba bona ba moea, e ne e felisitsoe. Ho phela ho latela Molao oa Moshe o neng o hloka mahlabelo le tšebeletso ea baprista tempeleng ho ne ho sa khonehe. Lejoe la motheo la Tsamaiso sa Bolumeli ea Sejuda le ne le le sieo. Adin Steinsaltz, setsebi sa Talmud, oa ngola: “Timetso . . . ea 70 C.E. e ne e entse hore ho tsosolosa motheo oohle oa bophelo ba bolumeli e be ntho e hlokahalang ka potlako.” ’Me ba ile ba o tsosolosa.
Esita le pele tempele e timetsoa, Yohanan Ben Zakkai, morutuoa ea hlomphehang oa moeta-pele oa Bafarisi, Hillel, o ile a fumana tumello ho Vespasian (eo haufinyane e neng e tla ba moemphera) ea ho tlosa setsi sa bomoea sa Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda le Sanhedrine Jerusalema, ho se isa Yavneh. Joalokaha Steinsaltz a hlalosa, ka mor’a timetso ea Jerusalema, Yohanan Ben Zakkai “o ile a tobana le phephetso ea ho thehela batho setsi se secha le ho ba thusa hore ba tloaelane le maemo a macha ao ho ’ona cheseho ea bolumeli e neng e lokela ho lebisoa ponong e ’ngoe e fapaneng kaha joale Tempele e ne e se e le sieo.” Pono eo e ncha e ne e le molao oa molomo.
Ha tempele e se e le lithako, Basaduse le lihlotšoana tse ling tsa Bajuda ha baa ka ba lokisetsa ntho e ’ngoe e fapaneng e ka khotsofatsang. Bafarisi e ile ea e-ba bona mokha o ka sehloohong oa Bajuda, o neng o kopanya lihlopha tsa bohanyetsi. Ba phahamisa bohlokoa ba bonngoe, bo-rabi ba eteletseng pele ba ile ba khaotsa ho ipitsa Bafarisi, lebitso le neng le fana ka maikutlo a hore ke sehlotšoana sa bokhelohi le mokha. Ba ile ba tsejoa feela e le bo-rabi, “bahlalefi ba Iseraele.” Bahlalefi bana ba ne ba tla rala motheo bakeng sa tsamaiso ea bolumeli e neng e tla boloka khopolo ea bona ea molao oa molomo. E ne e tla ba tlhophiso ea bomoea e sa pepesehelang tlhaselo ea batho joaloka tempele.
Ho Tiisa Molao oa Molomo
Le hoja sekolo sa thuto e phahameng ea bo-rabi se neng se le Yavneh (lik’hilomithara tse 40 ka bophirimela ho Jerusalema) e ne e se e le sona setsi se ka sehloohong, likolo tse ling tse neng li ruta molao oa molomo li ile tsa hlongoa ho pholletsa le Iseraele haesita le ho ea libakeng tse hōle joaloka Babylona le Roma. Leha ho le joalo, sena se ile sa baka bothata. Steinsaltz oa hlalosa: “Hafeela bahlalefi bohle ba ne ba bokane hammoho ’me mosebetsi oa ho ruta o phethoa ke sehlopha se le seng sa banna [Jerusalema], neano ea bona e ne e lula e lumellana. Empa ho ata ha mesuoe le ho thehoa ha likolo tse arohaneng ho ile ha baka . . . melao e mengata ho tlōla tekanyo le litlhaloso tsa mefuta-futa.”
Mesuoe ea molao oa molomo e ne e bitsoa Tannaim, lebitso le tsoang motsong oa Searame le bolelang “ho ithuta,” “ho pheta-pheta” kapa “ho ruta.” Sena se ne se hatisa mokhoa oa bona oa ho ithuta le ho ruta molao oa molomo ka ho o pheta-pheta ka matla le ho o tšoara ka hlooho. E le ho nolofalletsa batho hore ba tšoare lineano tsa molomo ka hlooho, molao ka mong kapa neano e ile ea fokoletsoa poleloaneng e tobileng. Ho ne ho e-ba molemo ha mantsoe a le ’maloa. Ho ile ha etsoa mofuta o itseng oa thothokiso, ’me hangata lipoleloana tsa teng li ne li phetoa ka morethetho o tšoanang kapa li binoa. Empa melao ena e ne e sa hlophiseha, ’me e ne e fapane haholo ho ea ka mesuoe ho fapana.
Rabi oa pele oa ho fana ka sebōpeho le motheo o tobileng bakeng sa lineano tse ngata-ngata tsa molomo e bile Akiba ben Joseph (hoo e ka bang ka 50-135 C.E.). Malebana le eena, Steinsaltz oa ngola: “Bo-mphato oa hae ba tšoantša tšebetso ea hae le ea mosebetsi ea eang masimong ’me a tlatse seroto sa hae ka lintho leha e le life tseo a li fumanang, ebe joale o khutlela hae ’me o li arola ho latela mefuta ea tsona. Akiba o ne a ithutile litaba tse ngata tse sa hlophisehang ’me a li hlophisa ka lihlopha tse khethehileng.”
Lekholong la bobeli la lilemo C.E.—lilemo tse ka holimo ho 60 ka mor’a timetso ea Jerusalema—Bar Kokhba o ile a etella pele bofetoheli ba bobeli bo boholohali ba Bajuda khahlanong le Roma. Borabele boo bo ile ba boela ba tlisa tlokotsi. Akiba le barutuoa ba hae ba bangata ba ile ba e-ba har’a bahlaseluoa ba Bajuda ba batlileng ho ba milione. Tšepo leha e le efe ea hore tempele e tla hahuoa hape e ile ea fela ha Moemphera oa Moroma Hadrian, a phatlalatsa hore Bajuda ha baa lumelloa ho kena Jerusalema, ntle le nakong ea moketjana oa ho ikhopotsa ho timetsoa ha tempele.
Ha ho mohla Tannaim ea phetseng ka mor’a Akiba a ileng a bona tempele Jerusalema. Leha ho le joalo, mofuta o hlophisehileng oa thuto ea lineano tsa molao oa molomo o ile oa fetoha “tempele” ea bona, kapa setsi sa borapeli. Mosebetsi oo Akiba le barutuoa ba hae ba neng ba o qalile oa ho momahanya tlhophiso ena ea molao oa molomo o ile oa qeteloa ke Tannaim oa ho qetela, Judah ha-Nasi.
Seo Mishnah e Entsoeng ka Sona
Judah ha-Nasi e ne e le setloholo sa Hillel le Gamaliele.b A tsoetsoe nakong ea phetohelo ea Bar Kokhba, o ile a fetoha moeta-pele oa sechaba sa Bajuda Iseraele ho ella bofelong ba lekholo la bobeli le qalong ea lekholo la boraro la lilemo C.E. Lebitso ha-Nasi le bolela “khosana,” ho supang boemo boo a neng a le ho bona mahlong a Bajuda ba habo. Hangata o bitsoa feela Rabi. Judah ha-Nasi o ile a okamela sekolo sa hae le Sanhedrine, pele sebakeng sa Bet She’arim, ’me hamorao Sepphoris, Galilea.
Ha a hlokomela hore lintoa tsa nakong e tlang le Roma li ne li ka ’na tsa sitisa ho neheletsana molao oa molomo, Judah ha-Nasi o ile a ikemisetsa ho etsa tlhophiso e neng e tla o boloka o sireletsehile. Sekolong sa hae, o ile a bokella litsebi tsa mehleng ea hae tse neng li hlaheletse ka ho fetisisa. Ho ile ha sekasekoa ntlha ka ’ngoe le neano ea molao oa molomo. Liqeto tsa lipuisano tsena li ile tsa kopanngoa tsa etsoa lipoleloana tse bokhutšoanyane bo tsotehang, tse lumellanang le mokhoa o sa tenyetseheng oa kamoo ka tloaelo ho neng ho ngoloa lithothokiso tsa Seheberu kateng.
Liqeto tsena li ile tsa hlophisoa ka likarolo tse khōlō tse tšeletseng, kapa Lihlopha, ho latela lihlooho tse khōlō. Judah o ile a li etsa likarolo kapa litlaleho tse 63. Joale motheo oa tsamaiso ea bolumeli o ne o phethiloe. Ho fihlela nakong eo, kamehla lineano tse kang tseo li ne li neheletsanoa ka molomo. Empa, e le tširelo e eketsehileng, ho ile ha nkoa mohato o moholo o lihelang likhala—oa ho ngola sohle. Tlhophiso ena e ncha e khahlang e ngotsoeng, e bolokileng molao oa molomo, e ile ea bitsoa Mishnah. Lebitso Mishnah le tsoa motsong oa Seheberu sha·nahʹ, o bolelang “ho pheta-pheta,” “ho ithuta” kapa “ho ruta.” Le tšoana le tenaʼʹ ea Searame, eo ho eona ho nkiloeng tan·na·ʼimʹ, lentsoe le neng le bolela mesuoe ea Mishnah.
Morero oa Mishnah e ne e se ho theha melao ea makhaola-khang. E ne e sebetsana haholoanyane le lintho tse thōkoana, ka kutloisiso ea hore ’mali o tseba melao ea sehlooho. Ha e le hantle, e ne e akaretsa se neng se tšohloa le ho rutoa likolong tsa bo-rabi nakong ea Judah ha-Nasi. Mishnah e ne e etselitsoe hore e be moralo oa molao oa molomo bakeng sa ho sekaseka lintlha ka ho eketsehileng, mokokotlo kapa motheo oo ho ka hahoang ho oona.
Ho e-na le ho senola ntho leha e le efe eo Moshe a ileng a e fuoa Thabeng ea Sinai, Mishnah e fana ka temoho khatelo-peleng ea molao oa molomo, khopolo e simolotsoeng ke Bafarisi. Boitsebiso bo tlalehiloeng ho Mishnah bo fana ka leselinyana la lipolelo tse hlahileng Mangolong a Segerike a Bakreste le lipuisano tse ling tse bileng teng lipakeng tsa Jesu Kreste le Bafarisi. Leha ho le joalo, ho hlokahala phalimeho hobane likhopolo tse fumanoang ho Mishnah li bonahatsa maikutlo a Bajuda a qalileng lekholong la bobeli la lilemo C.E. Mishnah ke borokho lipakeng tsa mehla ea tempele ea bobeli le Talmud.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona leqephe la 8-11 bukaneng ea Will There Ever Be a World Without War?, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
b Bona sehlooho se reng “Gamaliele—O Rutile Saule oa Tarsase,” ho Molula-Qhooa oa July 15, 1996.
[Lebokose le leqepheng la 26]
Likarolo Tsa Mishnah
Mishnah e arotsoe ka Lihlopha tse tšeletseng. Tsena li entsoe ka libuka tse nyenyane tse 63, kapa litlaleho, tse arotsoeng ka likhaolo le mishnayot, kapa lirapa (eseng litemana).
1. ZERAIM (Melao ea Temo) Litlaleho tsena li akarelletsa lipuisano tsa lithapelo tse etsetsoang lijo le litaba tse amanang le temo. Li boetse li akarelletsa melao ea ho ntša karolo ea leshome, likabelo tsa boprista, ho khoahlapisa le lilemo tsa Sabatha.
2. MOED (Liketsahalo Tse Halalelang, Mekete) Litlaleho tse Sehlopheng sena li tšohla melao e amanang le Sabatha, Letsatsi la Koahelo ea Libe le mekete e meng.
3. NASHIM (Basali, Molao oa Lenyalo) Tsena ke litlaleho tse buang ka lenyalo le tlhalo, likano, Bonasari le linyeoe tsa pelaello ea bofebe.
4. NEZIKIN (Tšenyo le Molao oa Lehae) Litlaleho tse Sehlopheng sena li tšohla litaba tse amanang le molao oa lehae le oa thepa, makhotla le likotlo, mosebetsi oa Sanhedrine, borapeli ba litšoantšo, ho hlapanya hammoho le Melao le Litekanyetso tsa Banna ba Eteletseng Sechaba Pele (Avot).
5. KODASHIM (Mahlabelo) Litlaleho tsena li bua ka litaelo tse amanang le mahlabelo a liphoofolo le a lijo-thollo, haesitana le boholo ba tempele.
6. TOHAROT (Litloaelo Tsa Tlhoekiso) Tataiso ena e na le litlaleho tse buang ka tloaelo ea bohloeki, ho hlapa, ho hatlela, mafu a letlalo le ho se hloeke ha lintho tse fapaneng.
[Lebokose le leqepheng la 28]
Mishnah le Mangolo a Segerike a Bakreste
Matheu 12:1, 2: “Nakong eo Jesu a tsamaea har’a masimo a lijo-thollo ka sabatha. Barutuoa ba hae ba lapa ’me ba qala ho kha lihloohoana tsa lijo-thollo le ho ja. Ha ba bona sena Bafarisi ba re ho eena: ‘Bona! Barutuoa ba hao ba etsa seo ho sa lumelloeng ke molao hore se etsoe ka sabatha.’” Mangolo a Seheberu ha a hanele seo barutuoa ba Jesu ba ileng ba se etsa. Empa ho Mishnah, re fumana lethathamo la mesebetsi e 39 e haneloang ke bo-rabi ka Sabatha.—Shabbat 7:2.
Matheu 15:3: “Ha a araba [Jesu] a re ho bona: ‘Ke hobane’ng ha le lōna le tlōla taelo ea Molimo ka lebaka la neano ea lōna?’” Mishnah e lumellana le boikutlo bona. (Sanhedrin 11:3) Rea bala: “Taelo e thata haholo tabeng ea ho [mamela] mantsoe a Bangoli ho e-na le [ho mamela] mantsoe a Molao [o ngotsoeng]. Haeba motho a re, ‘Ho roala lifilaktera hase tlamo’ e le hore a tlōle mantsoe a Molao, ha a na molato; [empa haeba a re], ‘Li lokela ho ba le likarolo tse hlano’, e le hore a eketse mantsoe a Bangoli, o molato.”—The Mishnah, ea Herbert Danby, leqepheng la 400.
Baefese 2:14: “[Jesu] ke khotso ea rōna, eena ea ileng a etsa lihlopha tse peli se le seng eaba o senya lerako le lipakeng le neng le entse motero o li arolang.” Mishnah e re: “Ka hare ho Thaba ea Tempele ho ne ho e-na le lekhoakhoa la lithupa (Soreg), le neng le le bolelele ba bophara ba letsoho ka makhetlo a leshome.” (Middot 2:3) Balichaba ba ne ba sa lumelloa ho fetela ka mose ho sebaka sena le ho kena ka lebaleng le ka hare. E ka ’na eaba moapostola Pauluse o ne a bua ka lerako lena ka tsela ea tšoantšetso ha a ne a ngolla Baefese ka 60 kapa 61 C.E., nakong eo le neng le sa le teng. Lerako la tšoantšetso e ne e le selekane sa Molao se neng se ile sa arola Bajuda ho Balichaba ka nako e telele. Leha ho le joalo, motheong oa lefu la Kreste ka 33 C.E., lerako leo le ile la heletsoa.