Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 3/15 maq. 10-11
  • Na ke Makhoba a Batho Kapa ke Bahlanka ba Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Makhoba a Batho Kapa ke Bahlanka ba Molimo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likotsi Tsa ho Latela Batho
  • Na Lipaki tsa Jehova ke Sehlotšoana sa Borapeli?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Bakreste le Mokhatlo oa Batho Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na Lipaki Tsa Jehova ke Lequloana la Amerika?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 3/15 maq. 10-11

Na ke Makhoba a Batho Kapa ke Bahlanka ba Molimo?

BUKA ea Sejeremane ea Seher, Grübler, Enthusiasten (Liboni, Balosi, Ba Chesehang ka ho Feteletseng) e re: “Ho ea bohōleng bo itseng Lipaki tsa Jehova li lokela ho hlomphuoa.” Le hoja e batla e tšoaea Lipaki liphoso, ea lumela: “Ka kakaretso, li phela bophelo bo ke keng ba tšoauoa liphoso, bo itekanetseng. Li mafolofolo ’me li seli mosebetsing oa tsona, ke baahi ba khutsitseng le ba lefang lekhetho ka botšepehi. Li qoba ho phehella maruo. . . . Taeo ea tsona likopanong ea babatseha. Moea oa tsona oa ho itela o tšoana le oa sehlopha sefe kapa sefe sa bolumeli; tšebeletsong li feta tse ling kaofela. Empa se li phahamisetsang ka holim’a kereke e ’ngoe le e ’ngoe le sehlopha se seng le se seng sa Bokreste sa mehleng ea rōna ke boikemisetso bo sa sisinyeheng boo ka bona bongata ba tsona bo bolelang lithuto tsa bona tsa bolumeli tlas’a maemo ’ohle leha bo talimane le likotsi tsa mefuta eohle.”a

Ho sa tsotellehe tlhahlobo e molemo joalo, maikutlo a mang e ne e le a ho leka ho hlahisa Lipaki tsa Jehova ka tsela e fapaneng haholo. Linaheng tse ngata ho pota lefatše, Lipaki li ’nile tsa etsa litšebeletso tsa tsona tsa bolumeli phatlalatsa ka mashome a lilemo li sa sitisoe ke letho. Batho ba limilione baa li tseba, baa li hlompha, ’me ba lumela hore li na le tokelo ea ho phela tumellanong le bolumeli ba tsona. Joale, ke hobane’ng ha ho e-na le ho se tiisehe mabapi le hore na Lipaki tsa Jehova ke bo-mang?

Mohlomong lebaka le leng la ho se tiisehe ke hore linakong tsa morao tjena lihlopha tse ling tsa bolumeli tse ’maloa li keneletse tlhekefetsong ea bana, ho ipolaeeng ka bongata le litlhaselong tsa likhukhuni. Ka sebele, ho tsoa tseleng ho tjena ho hohle, eseng ho ba nang le tšekamelo ea bolumeli feela. Leha ho le joalo, tabeng ea bolumeli, batho ba bangata ba se ba le lekhonono, ba bang ba bile ba hlaha.

Likotsi Tsa ho Latela Batho

“Sehlopha sa bokhelohi” se ’nile sa hlalosoa e le “sehlopha se khomarelang thuto ea bolumeli e khethehileng kapa moeta-pele ea itseng.” Ka ho tšoanang, bao e leng litho tsa “sehlotšoana sa borapeli” ba “inehetse haholo mothong ea itseng, khopolong e itseng kapa nthong e itseng.” Ha e le hantle, litho tsa sehlopha sefe kapa sefe sa bolumeli tse khomarelang ka matla baeta-pele ba batho le likhopolo tsa bona li kotsing ea ho ba makhoba a batho. Kamano e matla le moeta-pele e ka lebisa ho itšetleheng ho itseng ho seng molemo maikutlong le moeeng. Kotsi ena e ka mpefala ha motho a hōletse tikolohong ea lihlopha tsa bokhelohi.

Ba amehileng ka lintho tse joalo mabapi le bolumeli ba hloka boitsebiso bo tšepahalang. E ka ’na eaba ba bang ba boleletsoe hore Lipaki tsa Jehova ke litho tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa bolumeli o etsang litho tsa oona makhoba, o li hatellang, o khinang bolokolohi ba tsona ka ho sa hlokahaleng, le o etsang hore li hanyetse tsela e tloaelehileng ea ho nahana le ho etsa lintho sechabeng ka kakaretso.

Lipaki tsa Jehova lia tseba hore lintho tse joalo tseo ho amehiloeng ka tsona ha li na bopaki. Ka lebaka leo, li u mema hore u itlhahlobele. Ka mor’a ho nahana ka hloko, u etse liqeto tsa hao. Na Lipaki ke bahlanka ba Molimo, joalokaha li bolela, kapa ha e le hantle ke makhoba a batho? Mohloli oa matla a tsona ke ofe? Lihlooho tse peli tse leqepheng la 12-23 li tla fana ka likarabo tse khotsofatsang lipotsong tse joalo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Khatiso ea pele ea 1950 e ne e se na polelo e ka holimo. Kahoo ho hlaha ha eona khatisong e nchafalitsoeng ea 1982 ho senola tšekamelo ea ho utloisisa Lipaki tsa Jehova hamolemo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela