Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
“Letsatsi le Leng le le Leng Sebakeng sa ’Maraka”
MOAPOSTOLA PAULUSE o ne a sebelisa monyetla o mong le o mong bakeng sa ho hasa molaetsa oa ’Muso. E le hore a batle ba tšoanelehang, o ne a behelana mabaka “ka synagogeng le Bajuda . . . hape le letsatsi le leng le le leng sebakeng sa ’maraka le bao ho neng ho etsahala hore ebe ba teng.”—Liketso 17:17.
Cheseho e joalo e bile tšobotsi e khethollang barapeli ba ’nete ba Jehova ho tloha lekholong la pele la lilemo C.E. (Matheu 28:19, 20) Kajeno, Lipaki tsa Jehova ka ho tšoanang li sebelisa mekhoa e sa tšoaneng ha ka cheseho li thusa ba lipelo li tšepahalang hore ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete. (1 Timothea 2:3, 4) Phihlelo ena e tsoang Australia e bontša seo.
Matsatsi a mahlano beke ka ’ngoe, Sid le Harold ba fapanyetsana ka ho beha lingoliloeng tsa Bibele pontšeng seteisheneng sa terene Sydney. E se e le lilemo tse ka bang hlano joale ba ntse ba aba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka tsela ena. Sid, ea lilemo li 95, oa hlalosa: “Ha ke e-ba lilemo li 87, ke ne ke se ke sitoa ho khanna koloi. Seo se ile sa ’nyahamisa hobane ke ne ke thabela mosebetsi oa ho bolela phatlalatsa. Ka letsatsi le leng ha ke le pel’a sebaka se ratoang ke bahahlauli se bitsoang Echo Point se Katoomba, ke ile ka bona moetsi oa litšoantšo a rekisa litšoantšo tse bontšang botle ba naha. Ke ile ka hlahlobisisa litšoantšo tsena eaba kea inahana, ‘Ke na le litšoantšo tse ntle ho feta tsena ka mokotlaneng oa ka oa libuka—’me theko ea tsona e tlaase haholo ho ea tsena!’ Ka hona ke ile ka etsa qeto ea ho etsa raka e nyenyane ea ho beha lintho pontšeng, ka e beha sebakeng seo ho sona ho nang le bahahlauli ba bangata, ’me ho ba fetang ka tsela ka buella libuka tsa Bibele tse nang le litšoantšo tse ntle tse ajoang ke Lipaki tsa Jehova.
“Lilemong tse ’nè tse fetileng, ke ile ka fallisetsa raka ena Sydney, ’me Harold o ile a sebetsa le ’na. Re fapanyetsana linako bakeng sa ho hlokomela raka ena le ho sebetsa le liphutheho tsa habo rōna.” Harold, eo hona joale a leng lilemo li 83, o re: “Ho tloha ka Mantaha ho fihlela ka Labohlano ke batho ba seng bakae feela ba leng teng hae. Ka hona ho aba molaetsa oa ’Muso ka tsela ena ho re isa moo batho ba leng teng. Ha ho pelaelo hore re fumana liphello tse molemo. Ka sebele kabo ea rōna ea libuka e hlile ea ikhetha naheng ena.”
Sid o re: “Le hoja re ile ra ba libakeng tse ’nè kapa tse hlano tse sa tšoaneng ho theosa le lilemo, batho ba re tseba kapele. Batho ba bang ba tla ho rōna ba batla libuka. Ba bang ba na le lipotso tseo ba batlang hore li arajoe. ’Me ba bang ba batla feela ho bua le rōna ka metsotso e seng mekae.” Oa tšeha ha a re, “Ena ke eona feela nako eo lipoelo tsa ka li tlang ho ’na ka eona.”
Harold oa eketsa: “Ka sebele batho ba bangata ba thahasella Bibele. Ka khoeli e le ’ngoe batho ba bane ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki ka lebaka la libuka tseo ba li fumaneng ho rōna le ka lebaka la lipotso tseo re ileng ra khona ho li araba ka Bibele. Liphihlelo tse kang tseo li re khothatsa haholo.”
Joaloka Sid le Harold—le joaloka moapostola Pauluse—Lipaki tsa Jehova hohle li sebelisa mekhoa eohle eo li ka e khonang ho hasa molaetsa oa tsona oa bohlokoa haholo. Kahoo, ‘litaba tse molemo’ li tsoela pele ho boleloa “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.”—Matheu 24:14.