Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 9/15 maq. 25-26
  • Ho Paka ’Marakeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Paka ’Marakeng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehaho ea Mabenkele e sa Feleng
    Tsoha!—1989
  • Litsela Tse Ncha Tsa ho Paka Phatlalatsa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Bolela Litaba Tse Molemo Hohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • “Letsatsi le Leng le le Leng Sebakeng sa ’Maraka”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 9/15 maq. 25-26

Ho Paka ’Marakeng

HA A le motseng oa Athene, moapostola Pauluse o ne a e-ea ’marakeng letsatsi le leng le le leng ho ea bolela litaba tse molemo ka Jesu. (Lik. 17:17) Pauluse o ile a khetha ho ea ’marakeng kaha baahi ba Athene ba ne ba qeta nako e ngata ba le moo.

Hoo e ka bang lilemo tse 2 000 hamorao, batho ba Jehova ba ntse ba sebelisa ’maraka ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso oa Molimo. Hobane’ng? Hobane ke hona moo batho ba bangata ba fumanehang teng. Kajeno, ’maraka e ka ’na ea e-ba setsi sa mabenkele. Ka mor’a hore li fumane tumello ho mookameli kapa mong’a lebenkele, Lipaki tse ling li ’nile tsa sebelisa tafole kapa lephephe ho bontša batho lingoliloeng tsa Bibele.

Ka mohlala, setsing se seng sa mabenkele New Jersey, U.S.A., ho ile ha hlophisoa lephephe le hapang mahlo ho bontša lingoliloeng tse neng li bua ka hore na “Mekhoa e Metle e ka Bolokoa Joang ka Lapeng.” See se ile sa fella ka eng? Ka letsatsi le le leng, ho ile ha tsamaisoa libuka tse 153 ka lipuo tse tšeletseng.

Mosali e mong ea ileng a tla lephepheng leo, o ile a mamela ka hloko litlhaloso tse neng li fanoa ke Paki e ’ngoe. Mosali eo o ile a lumela hore ke habohlokoa hore Molimo a be teng bophelong ba rōna le malapeng a rōna. O ile a fumana libuka tse latelang: Ithute ho Mosuoe e Moholo, Lekunutu la Thabo ea Lelapa le Lipotso Bacha Baa Botsa​—Likarabo Tse Sebetsang.

Motšehare oa mantsiboea, monna e mong o ile a feta moo ho bontšitsoeng lingoliloeng pele a kena ka lebenkeleng le haufi. Mahlo a hae a ile a haptjoa ke buka ea Bacha Baa Botsa. Morali’abo rōna ea neng a le lephepheng moo o ile a hlokomela hore o khahliloe ke ho hong. O ile a mo botsa, “Na ho na le buka e u khahlang? O ile a ōma ka hlooho eaba o supa buka ea Bacha Baa Botsa. O ile a mo neheletsa buka eo, eo a neng a se a ntse a e nanabela. O ile a re o na le bana ba bararo. Ha moqoqo o ntse o tsoela pele, o ile a bolela hore hanngoe ka beke ho na le taba eo a e tšohlang le bona. Bana ba hae ba baholo ba babeli ba lilemong tsa bocha. Ha a ntse a phetla buka eo, o ile a re oa bona hore a ka e sebelisa habonolo hore e mo tataise lipuisanong tse ling tseo ba bang le tsona e le lelapa. Mohoeletsi o ile a boela a mo bontša le buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa, a mo tiisetsa hore eena le mosali oa hae ba ne ba ka fumana keletso e ka ba tsoelang molemo haholo ha ba etsa liqeto tse amang lelapa. Monna eo o ile a thabela tlhahiso eo haholo, a fana ka monehelo ’me a lumela hore motho e mong a ba etele.

Lipaki tsee li ile tsa ikutloa joang ka letsatsi leo li le qetileng li paka setsing sa mabenkele? Morali e mong oabo rōna o ile a re: “Ke thabetse mokhoa ona oa ho paka. E bile phihlelo e monate haholo ho ’na!” Morali e mong oabo rōna eena o ile a re: “Jehova o re litaba tse molemo li tla boleloa libakeng tse hōle-hōle tsa lefatše. Kajeno, Paramus, New Jersey, litaba tsena tse molemo li ile tsa fihla ho batho ba buang lipuo tse sa tšoaneng. Ho bile monate haholo ho kenya letsoho tokisetsong ena. E mong le e mong ea kentseng letsoho ho eona o ne a thabile. Ha e se e le nako ea ho ea hae ho ne ho se ea batlang ho tsamaea.”

Na u ka eketsa mekhoa eo u bolelang litaba tse molemo ka eona? Mokhoa oa rōna o ka sehloohong ke ho ea ka ntlo le ntlo. (Lik. 20:20) Leha ho le joalo, na u ka nahana ka ho bolela ’marakeng kapa setsing sa mabenkele?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela