Ke Hobane’ng ha ho e-na le Tlokotsi ea Tšepo?
‘NA KA sebele ho na le motho eo u ka mo tšepang mehleng ea kajeno?’ E ka ’na eaba u kile ua utloa motho e mong ea ferekaneng a botsa potso ena. Kapa e ka ’na eaba le uena u kile ua botsa potso eo ha u ne u tšoentsoe ke ntho e ’ngoe e etsahetseng bophelong ba hao.
Ho ke ke ha latoloa hore ho hloka tšepo ho mekhatlo le ho batho ba bang ho atile lefatšeng ka bophara. Hangata, ho hloka tšepo hona hoa lokafatsoa. Na ho na le ea hlileng a lebeletseng hore bo-ralipolotiki ba bangata ba phethahatse litšepiso tsohle tseo ba ileng ba li etsa pele ho likhetho? Phuputso e ileng ea etsoa ka 1990 ho liithuti tse 1000 Jeremane e ile ea bontša hore le hoja karolo ea 16,5 lekholong ea tsona e ne e e-na le tšepo ea hore bo-ralipolotiki ba ne ba ka rarolla mathata a lefatše, tseo palo ea tsona e menang eo habeli li ile tsa bontša ho ba le lipelaelo tse matla. ’Me bongata ba tsona bo ile ba bolela hore ha bo tšepe matla a bo-ralipolotiki a ho rarolla mathata hammoho le boikemisetso ba bona ba ho etsa joalo.
Koranta ea Stuttgarter Nachrichten e ile ea belaela: “Bo-ralipolotiki ba bangata haholo ba etelletsa lithahasello tsa bona pele likelellong, joale, ha ho ka etsahala, e ntan’o ba tsa ba ba voutetseng.” Batho ba linaha tse ling baa lumela. Koranta ea The European ha e bua ka naha e ’ngoe e ile ea re: “Ho nyatsoa ha bo-ralipolotiki ke bacha ho thehiloe mabakeng a matle ’me batho ba baholo le bona ba na le maikutlo a tšoanang.” E ile ea hlokomela hore ‘batho ba nang le tokelo ea ho vouta kamehla ba voutela ho tlosa mekha ea lipolotiki e busang pusong.’ Koranta ena e ile ea tsoela pele ho re: “Mang kapa mang ea qetang nako e itseng har’a bacha [moo] hang-hang o hlokomela hore ha ba na tšepo ebile ba na le boikutlo ba ho hloka tataiso.” Empa, ha sechaba se sa o tšepe, ’muso oa sechaba ka sechaba o ka finyella ho fokolang. Eo e kileng ea e-ba mopresidente oa United States John F. Kennedy o kile a re: “Motheo oa ’muso o atlehileng ke ho tšeptjoa ke sechaba.”
Mabapi le ho tšepa lefatše la lichelete, ho oa ha moruo ka tšohanyetso le merero ea ho rua kapele e sa atleheng li entse hore ba bangata ba qeaqee. Ha limmaraka tsa lefatše tsa liabo li ne li hloka botsitso ka tsela e sa laoleheng ka October 1997, makasine ea beke le beke e ile ea bua ka “ho hloka tšepo ho sa tloaelehang haholo le ho sa utloahaleng” le ka “ho tšoaetsana ho hloka tšepo.” E ile ea boela ea bolela hore “[naheng e ’ngoe ea Asia] tšepo e haella hoo ho ba teng ha ’muso o litulong ka bohona . . . ho bonahalang ho sokeloa.” Ha e akaretsa litaba e ile ea bua ka ntho e totobetseng: “Moruo o itšetlehile ka tšepo.”
Bolumeli le bona bo hlōleha ho susumetsa tšepo. Koranta ea bolumeli ea Jeremane Christ in der Gegenwart ka masoabi ea hlalosa: “Tšepo eo batho ba e behileng Kerekeng e tsoela pele ho fokotseha.” Pakeng tsa 1986 le 1992, palo ea Majeremane a tšepang kereke haholo, kapa bonyane a e tšepang ka mokhoa o itekanetseng, e ile ea fokotseha ho tloha karolong ea 40 lekholong ho ea karolong ea 33 lekholong. Ha e le hantle, moo pele e neng e le Jeremane Bochabela, e ile ea theohela ka tlas’a karolo ea 20 lekholong. Ho fapana le hoo, palo ea batho ba neng ba e-na le tšepo e fokolang kerekeng kapa ba se na eona e ile ea nyoloha ho tloha karolong ea 56 lekholong ho ea karolong ea 66 lekholong moo pele e neng e le Jeremane Bophirimela ’me ea nyolohela karolong ea 71 lekholong moo pele e neng e le Jeremane Bochabela.
Ho fokotseha ha tšepo ho totobetse likarolong tse ling ntle le tsa lipolotiki, tsa lichelete le tsa bolumeli—e leng litšiea tse tharo tsa mokhatlo oa batho. Mohlala o mong ke ho phethisa molao. Bofokoli bo leng teng melaong e sebetsanang le bonokoane, mathata a ho sebelisa molao ka toka le liqeto tsa lekhotla tse belaetsang li thefutse tšepo ea batho ka ho tebileng. Ho latela makasine ea Time, “ho ferekana ha baahi le mapolesa ho fihlile boemong boo ho bona ho se nang tšepo tsamaisong eo khafetsa e lokollang batlōli ba molao ba kotsi ka mor’a nako e khutšoanyane.” Ka lebaka la liqoso tsa bobolu ba mapolesa le ho ba sehlōhō ha ’ona, esita le ho mapolesa tšepo e fokotsehile.
Mabapi le lipolotiki tsa machaba, lipuisano tsa khotso tse nyopang le litumellano tsa ho beha libetsa fatše tse ’nileng tsa rojoa li bontša ho hloka tšepo. Bill Richardson, lenģosa la United States Machabeng a Kopaneng, o qoolla tšitiso e ka sehloohong bakeng sa ho finyella khotso Bochabela bo Hare, ka ho re feela: “Tšepo ea haella.”
Ho sa le joalo, boemong bo amang motho ka mong haholoanyane, batho ba bangata ha ba tšepe esita le beng ka bona ba haufi le metsoalle, bona bao ka tloaelo batho ba retelehelang ho bona e le ba tla utloisisa le ho fana ka matšeliso ha ba e-na le mathata. Hoo ho tšoana haholo le boemo boo moprofeta oa Moheberu Mikea a ileng a bo hlalosa: “Se tšepeng molekane, se ithetseng ka motsoalle; lebela menyako ea molomo oa hao pel’a ea robetseng sefubeng sa hao.”—Mikea 7:5.
Pontšo ea Linako
Setsebi sa kelello sa Lejeremane Arthur Fischer se sa tsoa qotsoa se re: “Tšepo tsoelo-peleng ea sechaba le bokamosong ba motho e hlile e fokotsehile haholo libakeng tsohle tsa mosebetsi. Bacha ba na le pelaelo ea hore mekhatlo ea sechaba e ka ba thusa. Ha ba sa na tšepo, ebang ke lipolotiking, bolumeling kapa mokhatlong leha e le ofe o mong.” Ha ho makatse hore ebe setsebi sa litaba tsa kahisano Ulrich Beck se bua ka “setso sa ho ba le pelaelo” mabapi le ba boholong, mekhatlo le litsebi tse bileng teng ka nako e telele.
Setsong se joalo, batho ba sekamela ho checheleng morao, ho haneng bolaoli bohle le ho pheleng ka litekanyetso tsa bona tsa botho, ba etsa liqeto tse sa thehoang keletsong kapa tataisong ea ba bang. Ba bang ba belaela haholo, mohlomong ha ba bile ha ba nahanele, ha ba sebelisana le bao ba ikutloang hore ba ke ke ba hlola ba ba tšepa. Maikutlo ana a tlatsetsa tikolohong e kotsi, e joaloka e hlalositsoeng ka Bibeleng: “Matsatsing a ho qetela linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla ba teng. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba hohomohileng ke boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba ipaka ba se na ’nete matleng a bona.” (2 Timothea 3:1-5; Liproverbia 18:1) Ka sebele, tlokotsi ea kajeno ea tšepo ke pontšo ea linako, pontšo ea ‘matsatsi a ho qetela.’
Lefatšeng le aparetsoeng ke tlokotsi ea tšepo le le tletseng batho ba kang ba hlalositsoeng ka holimo, bophelo bo ke ke ba hla ba thabeloa ka ho feletseng. Empa na hoa utloahala ho nahana hore lintho li tla fetoha? Na tlokotsi ea kajeno ea tšepo e ka hlōloa? Haeba ho joalo, joang hona neng?