Tšepo e ka Tsosolosoa!
LE HOJA tlokotsi ea hona joale ea tšepo e le pontšo ea ‘matsatsi a ho qetela,’ ho hloka tšepo ho ile ha boela ha bonahala lilemong tse fetileng tse likete. (2 Timothea 3:1) Ho ile ha hlaha ka lekhetlo la pele sebakeng seo ho neng ho ke ke ha lebelloa hore ho hlahe ho sona—paradeiseng. Ha e bua ka sebaka seo Bibele e re: “Molimo a hloma tšimo Edene ka ’nģa bochabela, ’me a bea teng motho eo a ’mōpileng. Jehova Molimo a melisa lefatšeng lifate tsohle tse khahlisang mahlo, tse monate ha li jeoa, ’me har’a tšimo a melisa sefate sa bophelo, le sefate sa ho tseba botle le bobe.”—Genese 2:8, 9.
Litemana tse latelang li khantša leseli mabapi le kamoo sena se amanang kateng le tlokotsi ea tšepo ea kajeno. Rea bala: “Jehova Molimo a laela motho, a re: Ha e le lifate tsohle tsa tšimo, u tla li ja; empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” (Genese 2:16, 17) Na Adama o ne a e-na le lebaka leha e le lefe la ho belaella seo Jehova a se buileng?
Re tsoela pele ho bala: “Noha e ne e feta ka bohlale liphoofolo tsohle tsa naha, tseo Jehova Molimo a li entseng; ’me ea re ho mosali: A efela Molimo o itse: Le se ke la ja lifate tsohle tsa tšimo na? Mosali a re ho noha: Re ka ja litholoana tsa lifate tse tšimong; empa ha e le litholoana tsa sefate se har’a tšimo, Molimo o itse: Le se ke la li ja, ’me le se ke la li ama, hore le tle le se ke la shoa. Noha ea fetola mosali, ea re: Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa; Molimo o mpa o tseba hobane, mohla le li jang, mahlo a lōna a tla tutuboloha, ’me le tla ba joalo ka melimo, le tsebe botle le bobe. Mosali eitse ha a bona hobane sefate se monate ho jeoa, ’me se khahlisa mahlo, ’me se lakatseha ke ho hlalefisa, a nka litholoana tsa sona, a li ja, ’me a nea monna oa hae ea neng a na le eena, ’me le eena a ja.”—Genese 3:1-6.
Ka ho hlokomoloha temoso ea Molimo e hlakileng, Adama le Eva ba ile ba bontša hore ha ba tšepe Jehova. Ba ne ba tšoana le sera sa Molimo Satane, ea neng a buile le Eva a sebelisa noha ea sebele. Satane o ne a sa tšepe tsela ea Jehova ea ho busa. Ka lebaka la sena le ka lebaka la pelo e ikakasang le e lakatsang bophahamo, o ile a fetohela Molimo ’me a khelosa batho hore ba etse se tšoanang. O ile a ba susumelletsa ho nahana hore Molimo o ne a sa lokela ho tšeptjoa.
Phello e Bile Efe? Likamano Tse Senyehileng
E ka ’na eaba u hlokometse hore batho ba sa tšepeng ba bang ba ho fumana ho le thata ho boloka setsoalle. Publilius Syrus, mongoli oa Selatine oa lekholong la pele la lilemo B.C.E., o ile a ngola: “Tšepo ke eona feela tlamo ea setsoalle.” Ka ketso ea bona ea borabele, Adama le Eva ba ile ba bontša hore ha ba tšepe Molimo. Kahoo, ka sebele Molimo o ne a se na lebaka la ho ba tšepa. Ka lebaka la ho fela ha tšepo, batho ba pele ba ile ba lahleheloa ke setsoalle sa Molimo. Ha ho pontšo ea hore Jehova o kile a bua le bona hape ka mor’a hore a ba nyatsetse borabele ba bona.
Kamano pakeng tsa Adama le Eva le eona e ile ea senyeha. Jehova o ile a lemosa Eva: “U tla beleha bana ka bohloko; litakatso tsa hao li tla ba ho monna oa hao, ’me u tla busoa ke eena.” (Genese 3:16, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) The Jerusalem Bible e re: “O tla rena ka thata holim’a hao.” Ho e-na le ho sebelisa bohlooho ka lerato ho mosali oa hae, joalokaha Molimo a ne a ratile, joale Adama e ile ea e-ba monghali oa hae, a rena ka thata holim’a hae.
Ka mor’a hore ba etse sebe, Adama o ile a leka ho fetisetsa molato ho mosali oa hae. Ho latela maikutlo a hae, e bile ka lebaka la seo mosali oa hae a se entseng ba ileng ba lelekoa serapeng se phethahetseng ho ea lefatšeng le sa lokisoang, ba ahloletsoe ho sebetsa joaloka makhoba maemong a ho se phethahale pele ba khutlela lerōleng. (Genese 3:17-19) Re ka inahanela hore sena e ne e le mohloli oa khohlano pakeng tsa batho bao ba babeli. E ka ’na eaba Adama o ile a itšoara ka tsela e feteletseng, a bolela hore ha a sa tla hlola a mamela Eva. Mohlomong o ile a ikutloa a lokela ho mo bolella hore, ha e le hantle, ‘Ho tloha joale ho ea pele, ha ho poho-peli lapeng lena!’ Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba Eva o ile a bona hore Adama o ne a hlōlehile karolong ea hae e le hlooho ea lelapa, e leng ho ileng ha etsa hore a se hlole a mo tšepa. Leha ho le joalo, ka ho bontša hore ha ba tšepe Molimo, batho ba ile ba lahleheloa ke setsoalle le eena ’me ba senya kamano e pakeng tsa bona.
Re ka Tšepa Mang?
Ha rea lokela ho tšepa motho e mong le e mong, joalokaha mohlala oa Adama le Eva o bontša. Re ka tseba joang eo re lokelang ho mo tšepa le eo re sa lokelang ho mo tšepa?
Pesaleme ea 146:3 ea re eletsa: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho!” ’Me re bala sena ho Jeremia 17:5-7: “Ho rohakiloe motho ea itšepelang motho, ea etsang nama matla a hae, eo pelo ea hae e furaletseng Jehova.” Ka lehlakoreng le leng, “ho lehlohonolo motho ea itšepetseng Jehova, eo tšepo ea hae e leng Jehova.”
Ke ’nete hore hase kamehla ho tšepa batho ho fosahetseng. Litemana tseo li mpa li hatisa ntlha ea hore ha ho mohla ho tšepa Molimo ho fosahetseng, empa ho tšepa batho ba sa phethahalang ka linako tse ling ho ka lebisa tlokotsing. Ka mohlala, batho ba tšepang hore batho ba tla finyella seo e leng Molimo feela ea ka se finyellang—ho pholosa le ho tlisa khotso e feletseng le tšireletseho—ba tla soetseha.—Pesaleme ea 46:9; 1 Bathesalonika 5:3.
Ha e le hantle, batho le mekhatlo ea bona ba lokela ho tšeptjoa feela ho isa bohōleng boo ho bona ba sebetsang tumellanong le merero ea Molimo le ho sebelisa melao-motheo ea bomolimo. Kahoo, e le hore re tle re susumelletse ba bang hore ba re tšepe, re lokela ho bua ’nete, re tšepahale ’me re be bao ho ka itšetlehoang ka bona. (Liproverbia 12:19; Baefese 4:25; Baheberu 13:18) Ke feela ka ho itšoara tumellanong le melao-motheo ea Bibele tšepo eo ba bang ba e behang ho rōna e tlang ho ba e loketseng ’me e ipake e le mohloli oa ho matlafatsana le ho khothatsana.
Ho Tsosolosa Tšepo
Lipaki tsa Jehova li na le motheo o tiileng oa ho tšepa Molimo le ho khothalletsa ba bang ho etsa se tšoanang. Jehova o tletse botšepehi ebile o tšepahala ka ho sa sekisetseng, ke eo kamehla a ka tšeptjoang hore o tla etsa seo a se buileng, hobane ‘ho ke ke ha khoneha hore Molimo a bue leshano.’ Ha ho mohla ho tšepa Molimo ea lerato ho tla fella ka ho soetseha.—Baheberu 6:18; Pesaleme ea 94:14; Esaia 46:9-11; 1 Johanne 4:8.
Batho ba kopaneng ho tšepeng Jehova le ba phelang ka melao-motheo ea hae ba susumelletseha ka matla hore ba tšepane. Ho thabisa hakaakang ho fumana batho ba ka tšeptjoang lefatšeng le aparetsoeng ke tlokotsi ea tšepo! Nahana kamoo lefatše e ka beng e le le fapaneng kateng hoja re ne re ka ba le tšepo e feletseng ho seo motho e mong le e mong a se buang kapa a se etsang! Lefatšeng le lecha le tlang leo Molimo a le tšepisitseng ho tla ba joalo. Ha ho sa tla hlola ho e-ba le tlokotsi leha e le efe ea tšepo!
Na u ka rata ho phela ka nako eo? Haeba ho joalo, Lipaki tsa Jehova li u memela hore u matlafatse tšepo ea hao ho Molimo le litšepisong tsa hae ka ho ithuta se eketsehileng ka seo a se hlokang hore u fumane bophelo. Thuto ea Bibele e fana ka bopaki ba hore Molimo o teng, hore o thahasella katleho ea moloko oa batho, le hore haufinyane o tla nka bohato ba ho lokisa mathata a lefatše ka ’Muso oa hae. Ba limilione ba ithutile ho tšepa Molimo le Lentsoe la hae, Bibele. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u bontša tšebeletso ea phatlalatsa ea thupelo ea thuto ea Bibele eo li fanang ka eona mahala. Kapa ngolla bahatisi ba makasine ena bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ho se tšepe Molimo ho fella ka likamano tse senyehileng pakeng tsa batho
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Batho ba lokela ho tšeptjoa feela ho isa bohōleng boo ho bona ba sebetsang tumellanong le melao-motheo ea bomolimo