Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 12/15 maq. 3-4
  • Na Keresemese E Lahlile Kreste?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Keresemese E Lahlile Kreste?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Semelo sa Keresemese ea Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Mekhoa ea Keresemese—Na ke ea Bokreste?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Nako ea Keresemese—Hantle-ntle ke Nako ea Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Keresemese e Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 12/15 maq. 3-4

Na Keresemese E Lahlile Kreste?

“Ha ho mohla nkileng ka lumellana le mekete ea nako ea Keresemese. Ho ’na e bonahetse e sa lumellane le bophelo le thuto tsa Jesu ka ho feletseng.”—Mohandas K. Gandhi.

BA BANGATA ba ne ba tla hanana le Gandhi ka ho feletseng. Ba ne ba ka ’na ba ipotsa: ‘Ke eng seo setsebi sa Mohindu litabeng tsa ’muso se ka hlang sa se tseba ka matsatsi a phomolo a Bokreste?’ Leha ho le joalo, ho tlameha ho lumeloa hore Keresemese e nametse lefatšeng lohle, e ama meetlo ea mefuta eohle. Ka December e ’ngoe le e ’ngoe, matsatsi ao a phomolo a bonahala a atile hohle.

Ka mohlala, Maasia a ka bang limilione tse 145 a keteka Keresemese, a limilione tse 40 ho feta lilemong tse leshome tse fetileng. ’Me haeba ka “mekete” Gandhi o ne a bolela khoebo ea Keresemese ea kajeno, ho hlanasela hoo re ho bonang ha bareki, ho thata ho latola hore karolo ena ea mokete hangata ke eona e hlaheletseng haholo. Makasine ea Asiaweek e-ea hlokomela: “Keresemese Asia—ho tloha maboneng a mekete Hong Kong ho ea lifateng tse telele tsa Keresemese tse lihoteleng Beijing ho ea moo ho entsoeng setšoantšo se emelang tsoalo toropong ea Singapore—boholo ke ketsahalo ea khoebo (haholo ea mabenkele).”

Na ho ketekoa ha kajeno ha Keresemese ho lahlehetsoe ke pono ka Kreste? Ho ea ka molao, la 25 December le ’nile la bolokoa ho tloha lekholong la bone la lilemo C.E., ha Kereke ea Roma e K’hatholike e khetha letsatsi leo bakeng sa tšebeletso ea bolumeli ea tsoalo ea Jesu. Empa ho ea ka phuputso ea morao tjena e entsoeng United States, ke karolo ea 33 feela lekholong ea bao ho fupulitsoeng ho bona e neng e ikutloa hore tsoalo ea Kreste ke karolo ea bohlokoahali ea Keresemese.

U nahana joang? Na ka linako tse ling u na le boikutlo ba hore phatlalatso eohle e sa khaotseng, ho rekoa ha limpho ka lepotlapotla, ho khabisoa ha lifate, ho hlophisoa le ho ba teng liphathing, ho romeloa ha likarete—li qheletse Jesu ka thōko ka tsela e itseng?

Ho bonahala ba bangata ba e-na le maikutlo a hore tsela e ’ngoe ea ho khutlisetsa Kreste Keresemeseng ke ka ho bonahatsa pono ea Tsoalo ea hae. Mohlomong u ’nile ua bona lihlopha tsa liemahale tse joalo, tse emelang Jesu oa lesea a le ka sejelong a pota-potiloe ke Maria, Josefa, balisana, “banna ba bararo ba bohlale,” kapa “marena a mararo,” liphoofolo tse ling tse ruuoang le bashebelli ba bang. Ho na le maikutlo a tloaelehileng a hore lipono tsena tsa ho tsoaloa ha Jesu li hopotsa batho moelelo oa sebele oa Keresemese. Ho latela U.S. Catholic, “pono ea ho tsoaloa ha Jesu e fana ka setšoantšo se batlang se le batsi ho feta kosepele leha e le efe e ’ngoe, le hoja e boetse e hatisa tšobotsi eo e seng ea histori ea lipale tsena tse phetoang.”

Leha ho le joalo, ho tla joang hore ebe pono ea Tsoalo ea Jesu e fana ka maikutlo a hore litlhaloso tse phetoang litlalehong tsa Kosepele tsa Bibele hase tsa histori? Ho tlameha ho lumeloa hore litšoantšo tse betliloeng tse nyenyane tse sa tloaelehang li fana ka leseli la pale e iqapetsoeng ka tsoalo ea Kreste. Pono ea ho Tsoaloa ha Jesu, eo pele e ileng ea tumisoa ke momonke e mong lekholong la bo13 la lilemo, e ne e kile ea e-ba taba e batlang e sa hlahella. Kajeno, joaloka lintho tse ling tse amahanngoang le matsatsi ana a phomolo, lipono tsa ho Tsoaloa ha Jesu li fetohile khoebo e khōlō. Naples, Italy, mekoloko ea mabenkele e rekisa litšoantšo bakeng sa lipono tsa ho Tsoaloa ha Jesu, kapa li-presepi, selemo ho pota. Tse ling tsa litšoantšo tse tummeng ha li emele batšoantšisi ba tsoang litlalehong tsa Kosepele, empa li emela likhalala tsa kajeno, tse kang Khosatsana Diana, ’Mè Teresa le moqapi oa mefuta ea liaparo Gianni Versace. Libakeng tse ling, li-presepi li entsoe ka chokolete, pasta, esita le ka likhetla tsa leoatle. U ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho le thata ho bona histori ea lipontšo tse joalo.

Joale, lipono tse joalo tsa ho Tsoaloa ha Jesu li ka fana ka “setšoantšo se hlakileng haholoanyane joang ho feta kosepele leha e le efe e ’ngoe”? Na kannete litlaleho tsa Kosepele hase tsa histori? Esita le batho ba hlooho li thata ba nang le lipelaelo ba tlameha ho lumela hore Jesu e ne e le motho oa sebele, oa histori. Kahoo e tlameha hore ebe ka nako e ’ngoe e kile ea e-ba ngoana, a tsoalloa sebakeng sa sebele. Ho lokela ebe ho na le tsela e molemo ea ho fumana setšoantšo se hlakileng sa liketsahalo tse potolohileng tsoalo ea hae ho feta feela ho sheba pono ea ho Tsoaloa ha Jesu!

Ha e le hantle e teng. Bo-rahistori ba babeli ba ngotse litlaleho tse ikemetseng tsa ho tsoaloa ha Jesu. Haeba ka linako tse ling u na le maikutlo a hore ka kakaretso Kreste oa hlokomolohuoa nakong ea Keresemese, ke hobane’ng ha u sa itlhahlobele litlaleho tsee ka bouena? Ho tsona u tla fumana pale e hlollang, eseng litšōmo—pale ea sebele ea ho tsoaloa ha Kreste.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Border on pages 3-6, 8, and 9: Fifty Years of Soviet Art

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela