Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 12/15 maq. 3-7
  • Mekhoa ea Keresemese—Na ke ea Bokreste?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mekhoa ea Keresemese—Na ke ea Bokreste?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Li-posada, “Banna ba Bararo ba Bohlale,” le Nacimiento
  • Ho Hlahlobisisa Mekhoa ea Tsoalo ea Kreste
  • Tsoalo ea Jesu ho Latela Bibele
  • Linohe Tsa Linaleli
  • Re ka Ithuta Eng Tlalehong Ee?
  • Ke Hobane’ng ha Moea oa Keresemese o Ntse o Ipha Matla?
    Tsoha!—2010
  • Keresemese—Na Kannete e Lumellana le Bokreste?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Seo e Leng ’Nete ka Keresemese
    Tsoha!—2010
  • Meetlo ea Keresemese e Simolohile Kae?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 12/15 maq. 3-7

Mekhoa ea Keresemese—Na ke ea Bokreste?

NAKO ea Keresemese e fihlile. Seo se bolela eng ho uena, ho lelapa la hao le ho metsoalle ea hao? Na ke ketsahalo ea bolumeli, kapa e mpa e le nako ea ho keteka le ea thabo? Na ke nako ea ho nahana ka tsoalo ea Jesu Kreste kapa ea ho se amehe ka boitšoaro ba Bokreste?

Ha u nahana ka lipotso tseo, hopola hore mekhoa ea Keresemese e ka ’na ea fapana ho ea ka libaka. Ka mohlala, Mexico le linaheng tse ling tsa Latin America, lebitso la Sepanishe la Keresemese le fapane. Encyclopedia e ’ngoe e bontša hore lebitso Keresemese “le nkiloe lentsoeng [la Senyesemane sa] lilemong tse bohareng Christes Masse, ’Misa oa Kreste.” Leha ho le joalo, La Navidad, kapa Tsoalo ea Kreste, kamoo e bitsoang kateng linaheng tsena tsa Latin America, e bolela tsoalo ea Kreste. Ak’u iphe nakoana ea ho nahana ka mekhoa e etsoang Mexico. Sena se ka ’na sa u thusa ho lokisa maikutlo a hao mabapi le nako ena ea phomolo.

Li-posada, “Banna ba Bararo ba Bohlale,” le Nacimiento

Mekete ena e qala ka la 16 December ka li-posada. Buka e bitsoang Mexico’s Feasts of Life e re: “Ke nako ea li-posada, matsatsi a robong a mahlonoko a etellang pele Bosiu ba ha e Tla Tsoha e le Keresemese, a ho ikhopotsa ho lelera ha Josefa le Maria ba hlorileng motseng oa Bethlehema le nako ea ha ba qetella ba fumane mohau le sebaka. Bosiu ka bong malapa le metsoalle a bokana hammoho ho etsa tšoantšiso ea liketsahalo tsa matsatsi a etellang pele tsoalo ea Kreste.”

Ho latela neano, sehlopha sa batho se isa seemahale sa Maria le sa Josefa lelapeng le itseng se ntse se bina pina ea ho kōpa sebaka, kapa posada. Ba ka tlung ba lumela pina ena ho fihlela baeti ba lumelloa ho kena. Ebe ho qaleha moketjana, moo ba bang—ba koetsoe mahlo ka lesela ba bile ba tšoere melamu—e mong ka mor’a e mong a leka ho pshatla piñata, pitsa ea letsopa e khōlō e khabisitsoeng e leketlang mohaleng. Hang ha e pshatlehile, lintho tse ka har’a eona (lipompong, litholoana, le tse ling tse joalo) li thonakoa ke ba ketekang. Sena se lateloa ke lijo, lino, ’mino le motjeko. Meketjana ea posada e robeli e tšoaroa ho tloha ka la 16 December ho fihlela ka la 23 December. Ka la 24, ho ketekoa Nochebuena (Bosiu ba ha e tla Tsoha e le Keresemese), ’me malapa a leka ho ba hammoho ho thabela lijo tsa mantsiboea tse khethehileng.

Kapele ho fihla Letsatsi la Selemo se Secha, le ketekoang ka meketjana e lerata le tabolang hlooho. Bosiung ba la 5 January, ho lebelloa hore bo-Tres Reyes Mago (“banna ba bararo ba bohlale”) ba tlisetse bana lintho tsa ho bapala. Sehlohlolo e ba moketjana oa la 6 January, ha batho ba fuoa rosca de Reyes (kuku e lesoba hare). Ha kuku ena e ntse e jeoa, ho na le motho eo sengoathoaneng sa hae a tla fumana popi e nyenyane e emelang ngoana Jesu. Ea e fumaneng o tlameha ho etsa moketjana oa ho qetela ka la 2 February. (Libakeng tse ling ho na le lipopi tse nyenyane tse tharo tse emelang “banna ba bararo ba bohlale.”) U ka bona hore, ho keteka Keresemese ho tsoela pele molebe.

Nakong ena ntho e hlaheletseng haholo ke nacimiento (tikoloho e bontšang Tsoalo ea Kreste). E akarelletsa’ng? Libakeng tsa sechaba esita le likerekeng le mahaeng, ho etsoa lipontšuoa ka liemahale (tse khōlō kapa tse nyenyane) tse entsoeng ka letsopa, kapa lehong. Li tšoantšetsa Josefa le Maria ba khumame ka pel’a sejelo seo lesea le kentsoeng ka har’a sona. Hangata ho ba le balisa le bo-Los Reyes Mago (“banna ba bohlale”). Ho entsoe hore tikoloho ena e be ea setaleng, ’me liphoofolo tse seng kae li ka ’na tsa etsa hore tikoloho ena e be e feletseng. Leha ho le joalo, motho ea ka sehloohong ke lesea le sa tsoa tsoaloa, leo ka Sepanishe le bitsoang el Niño Dios (Ngoana eo e Leng Molimo). Motho enoa ea ka sehloohong a ka ’na a behoa moo Bosiung ba ha e Tla Tsoha e le Keresemese.

Ho Hlahlobisisa Mekhoa ea Tsoalo ea Kreste

Mabapi le ho keteka Keresemese joalokaha e tsejoa ka kakaretso lefatšeng lohle, The Encyclopedia Americana e re: “Mekhoa e mengata eo hona joale e amahanngoang le Keresemese, e ne e se mekhoa ea Keresemese, ho e-na le hoo ke mekhoa ea pele ho Bokreste le eo e seng ea Bokreste e amohetsoeng ke kereke ea Bokreste. Mokete oa Baroma oa Saturnalia o ketekoang bohareng ba December, ke oona moralo oa mekhoa e mengata ea ho ithabisa ka Keresemese. Ka mohlala, moketeng ona ho simolohile mekete e majabajaba, ho fanoa ha limpho le ho khantšoa ha likerese.”

Latin America, ka mor’a hore ho etsoe mekhoa eo ea motheo ea Tsoalo ea Kreste, ho ka ’na ha etsoa e meng hape. U ka ipotsa hore na ‘e tsoa mohloling ofe.’ Ho hlakile hore ba bangata ba batlang ho khomarela Bibele ba hlokomela hore mekhoa e meng ha e le hantle ke litšebeletso tsa Maaztec. El Universal, e leng koranta ea Mexico City, e itse: “Baitlami ba lihlopha tse sa tšoaneng ba ile ba nka monyetla ka hore mekete e almanakeng ea lineano ea Maindia e ne e lumellana le almanaka ea li-liturgy tsa K’hatholike, ka hona, ba ile ba sebelisa sena ho tšehetsa mosebetsi oa bona oa ho bolela evangeli le oa boromuoa. Ba ile ba etsa hore mekete ea ho ikhopotsa melimo ea linako tsa pele ho Masepanishe e nkeloe sebaka ke mekete ea melimo ea Bokreste, ba kenya mekete ea Europe le mekhoa ea teng tšebetsong, ’me ba boela ba kenyelletsa mekete ea Maindia, e leng se ileng sa fella ka ho tsoakana ha litumelo le mekhoa e mengata eo ho eona ho tsoileng mokhoa oa ho bua oo bonneteng e leng oa batho ba Mexico.”

The Encyclopedia Americana ea hlalosa: “Ke khale litšoantšiso tsa Tsoalo ea Kreste e le karolo ea ho keteka Keresemese . . . Ho boleloa hore Mohalaleli Francis ke eena ea qalileng ho etsa tšoantšiso ea crèche [tikoloho ea sejelong] ka kerekeng.” Litšoantšiso tsena tse bontšang tsoalo ea Kreste li ne li etsoa likerekeng ha Mexico e ne e qala ho etsoa kolone. Li ne li hlophisoa ke baitlami ba banna ba sehlopha sa Francis e le hore ba ka ruta Maindia ka Tsoalo ea Kreste. Hamorao li-posada li ile tsa ata haholoanyane. Ho sa tsotellehe hore na morero oa tsona oa pele e ne e le ofe, tsela eo li-posada li etsoang ka eona kajeno e senola sebōpeho sa tsona sa sebele. Haeba u le Mexico nakong ena, u ka bona kapa ua lemoha ntho e ’ngoe eo mongoli e mong oa El Universal a ileng a e totobatsa polelong ea hae: “Li-posada, tseo e neng e le tsela ea ho re hopotsa ka leeto la batsoali ba Jesu ha ba batla ntlo eo ho eona Ngoana eo e Leng Molimo a neng a ka tsoalloa ho eona, kajeno ke matsatsi a botahoa, meharo, bonyollo, ho etsa lintho tsa lefeela le tlōlo ea molao e ntseng e eketseha.”

Taba ea nacimiento e ile ea hlaha linakong tsa Bokolone litšoantšisong tsa pele tse neng li etsoa ka pel’a bashebelli likerekeng. Le hoja ho ba bang li khahleha, na li tšoantšetsa ka nepo seo Bible e se bolelang? Potso eo ea utloahala. Ha bao ho thoeng ke banna ba bararo ba bohlale—bao ha e le hantle e neng e le linohe tsa linaleli—ba ne ba etile, Jesu le lelapa labo ba ne ba se ba sa lule ka setaleng. E ne e se e le ka mor’a nako e itseng, ’me lelapa lena le ne le lula ka tlung. U tla bona hore hoa thahasellisa ho hlokomela makolopetso ana tlalehong e bululetsoeng e ho Matheu 2:1, 11. U ka boela ua hlokomela hore Bibele ha e re letho ka hore na ho ne ho e-na le linohe tse kae tsa linaleli .a

Latin America, banna ba bararo ba bohlale ba nkela Santa Claus sebaka. Joalokaha ho etsahala linaheng tse ling, batsoali ba bangata ba sa ntse ba pata lintho tsa ho bapala lapeng. Ebe ka la 6 January, bana baa li batla, joalokaha eka li tlisitsoe ke banna ba bararo ba bohlale. Ena ke nako ea hore barekisi ba lintho tsa ho bapala ba etse phaello e ngata, ’me ba bang ba fumane chelete e ngata ka seo batho ba bangata ba lipelo li tšepahalang ba nkang hore ke papali feela. Ba bangata, esita le bana, ba ntse ba felloa ke tumelo tšōmong ea banna ba bararo ba bohlale. Le hoja ba bang ba sa thaba ke taba ea hore ebe batho ba lumelang tšōmong ena ba ntse ba fokotseha, motho a ka lebella eng ka papali e khomaretsoeng feela ka lebaka la tloaelo le monyetla oa khoebo?

Bakreste ba pele ba ne ba sa keteke Keresemese, kapa Tsoalo ea Kreste. Encyclopedia e ’ngoe e bua sena ka taba ena: “Mokete ona o ne o sa ketekoe makholong a pele a lilemo a kereke ea Bokreste, kaha ka tloaelo Bokresteng ho ne ho ketekoa lefu la batho ba hlaheletseng eseng tsoalo ea bona.” Bibele e amahanya mokete oa matsatsi a tsoalo le bahetene, eseng le barapeli ba ’nete ba Molimo.—Matheu 14:6-10.

Ntle ho pelaelo, sena ha se bolele hore ho ithuta liketsahalo tsa sebele tse amehang tsoalong ea Mora oa Molimo le ho li hopola ha ho na molemo. Tlaleho ea Bibele e thehiloeng ’neteng e fa bohle ba batlang ho etsa thato ea Molimo temohisiso le lithuto tsa bohlokoa.

Tsoalo ea Jesu ho Latela Bibele

U tla fumana boitsebiso bo ka tšeptjoang mabapi le tsoalo ea Jesu Likosepeleng tsa Matheu le Luka. Li bontša hore lengeloi Gabriele le ile la etela moroetsana eo lebitso la hae e leng Maria motseng oa Galilea oa Nazaretha. Le ile la mo bolella molaetsa ofe? “Bona! u tla emola ka pōpelong ea hao ’me u belehe mora, ’me u tla mo reha lebitso la Jesu. Enoa o tla ba moholo ’me o tla bitsoa Mora oa ea Phahameng ka ho Fetisisa; ’me Jehova Molimo o tla mo fa terone ea Davida ntate oa hae, ’me o tla busa e le morena holim’a ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me ’muso oa hae ha o na ho ba le bofelo.”—Luka 1:31-33.

Molaetsa ona o ile oa makatsa Maria haholo. Kaha o ne a sa nyaloa, o ile a re: “See se tla etsahala joang, kaha ha ke be le likamano tsa botona le botšehali le monna?” Lengeloi lena le ile la araba: “Moea o halalelang o tla tla holim’a hao, ’me matla a ea Phahameng ka ho Fetisisa a tla u koahela. Ka lebaka leo hape se tsoetsoeng se tla bitsoa se halalelang, Mor’a Molimo.” Ha Maria a hlokomela hore sena e ne e le thato ea Molimo, o ile a re: “Bona! Lekhabunyane la Jehova! E se eka ho ka nketsahalla ho ea ka polelo ea hao.”—Luka 1:34-38.

Lengeloi le ile la bolella Josefa ka tsoalo ena ea mohlolo e le hore a se ke a hlala Maria, e leng seo a neng a rera ho se etsa ka mor’a ho tseba hore o imme. Joale o ile a ikemisetsa ho jara boikarabelo ba ho hlokomela Mora enoa oa Molimo.—Matheu 1:18-25.

Joale taelo ea Sesare Augustase e ile ea tlama Josefa le Maria ho nka leeto la ho tloha Nazaretha oa Galilea ho ea Bethlehema oa Judea, e leng motse oa baholo-holo ba bona, e le hore ba ka ngolisoa. “Ha ba ntse ba le moo, matsatsi a phethahala a hore a belehe. ’Me a beleha mora oa hae, letsibolo, eaba o mo thatela ka masela ’me o mo beha ka sejelong, kahobane ho ne ho se sebaka bakeng sa bona ka kamoreng ea ho phomola.”—Luka 2:1-7.

Luka 2:8-14 e hlalosa se ileng sa latela ha e re: “Ho ne ho boetse ho e-na le balisa naheng eona eo ba phelang naheng ’me ba lebela mehlape ea bona bosiu. ’Me ka tšohanyetso lengeloi la Jehova la ema haufi le bona, ’me khanya ea Jehova ea phatsima ho ba pota-pota, ’me ba tlala tšabo e khōlō. Empa lengeloi la re ho bona: ‘Le se ke la ba le tšabo, etsoe, bonang! ke le bolella litaba tse molemo tsa thabo e khōlō eo batho bohle ba tla ba le eona, hobane kajeno le ile la tsoalloa Mopholosi, eo e leng Kreste Morena, motseng oa Davida. ’Me sena ke pontšo bakeng sa lōna: le tla fumana lesea le thatetsoeng ka masela ’me le robetse ka sejelong.’ ’Me ka tšohanyetso letšoele la lekhotla la leholimo la e-ba hammoho le lengeloi leo, le rorisa Molimo ’me le re: ‘Khanya bophahamong bo holimo ho Molimo, le lefatšeng khotso har’a batho bao a khahloang ke bona.’”

Linohe Tsa Linaleli

Tlaleho ea Matheu e bolela hore linohe tsa linaleli tse tsoang Bochabela li ile tsa tla Jerusalema li batla sebaka seo Morena oa Bajuda a tsoaletsoeng ho sona. Morena Heroda o ne a thahasella sena haholo—empa e se ka sepheo se setle. “Ha a li romela Bethlehema, a re: ‘E-eang le batle ka hloko ngoana eo e monyenyane, ’me ha le mo fumane le khutle le ntlalehele, e le hore le ’na nka ea ’me ka mo etsetsa ketso ea tlhompho.’” Linohe tsena tsa linaleli li ile tsa fumana ngoana enoa e monyenyane ’me “tsa bula matlotlo a tsona ’me tsa mo neha limpho, khauta le libano tse tšoeu le myra.” Empa ha lia ka tsa khutlela ho Heroda. “Li ile tsa fuoa temoso ea bomolimo torong hore li se ke tsa khutlela ho Heroda.” Molimo o ile a sebelisa lengeloi ho lemosa Josefa ka merero ea Heroda. Eaba Josefa le Maria ba balehela Egepeta le mora oa bona. Ka mor’a moo, Morena Heroda ea khopo o ile a laela hore bashanyana ba sebakeng sa Bethlehema ba bolaoe, e le ha a leka ho tlosa Morena enoa e mocha tseleng. Bashanyana bafe? Ba lilemo li peli le ba ka tlaase ho moo.—Matheu 2:1-16.

Re ka Ithuta Eng Tlalehong Ee?

Linohe tse etileng tsa linaleli—ho sa tsotellehe hore na li ne li le kae ka palo—li ne li sa rapele Molimo oa ’nete. Phetolelo ea Bibele ea La Nueva Biblia Latinoamérica (Phetolelo ea 1989) mongolong o botlaaseng ba leqephe e re: “Linohe tsena tsa Linaleli e ne e se marena, empa e ne e le linohe le baprista ba bolumeli ba bohetene.” Li ne li tlisitsoe ke tsebo ea tsona ea linaleli eo li neng li inehetse ho eona. Haeba Molimo a ne a batla ho li lebisa ho ngoana e monyenyane, li ka be li lebisitsoe sebakeng se tobileng ho sa hlokahale hore li pote Jerusalema le ntlong ea borena ea Heroda. Hamorao, e le hore Molimo a sireletse ngoana enoa, o ile a kenella tabeng a li tsamaisa ka tsela esele.

Nakong ea Keresemese tlaleho ena e atisa ho etsoa joalokaha eka ke ntho ea tšōmong le ho etsoa hore e be le boemo ba mohlolo bo sirang ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ea hore ngoana enoa o ne a tsoaletsoe ho ba Morena ea khanyang, joalokaha ho ile ha tsebisoa Maria le balisa. Jesu Kreste ha e sa le lesea, ebile ha e sa le ngoana. Ke Morena ea busang oa ’Muso oa Molimo, o tla tloha o felisa mebuso eohle e khahlanong le thato ea Molimo, ’me o tla rarolla mathata ’ohle a moloko oa batho. Ke oona ’Muso oo re o rapellang Thapelong ea Morena.—Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10.

Polelong ea mangeloi ho balisa, re ithuta hore monyetla oa poloko o bulehetse bohle ba ratang ho utloa molaetsa oa litaba tse molemo. Ba amoheloang ke Molimo e ba “batho bao a khahloang ke bona.” Ho lebelletsoe khotso e hlollang lefatšeng lohle tlas’a ’Muso oa Jesu Kreste, empa batho ba lokela ho ikemisetsa ho etsa thato ea Molimo. Na nako ea Keresemese e khothalletsa see, hona na e bonahatsa takatso eo? Batho ba bangata ba tšepahalang ba batlang ho phela tumellanong le Bibele ba na le boikutlo ba hore ha ho joalo.—Luka 2:10, 11, 14.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Makolopetso a mang a sa lokelang ho hlokomolohuoa ke a hore ho nacimiento ea Mexico, ngoana enoa o bitsoa “Ngoana eo e leng Molimo” ka maikutlo a hore ke Molimo ka boeena ea ileng a tla lefatšeng e le lesea. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore Jesu ke Mora oa Molimo ea ileng a tsoaloa lefatšeng; o ne a sa tšoane le Jehova, Molimo ea matla ’ohle ebile o ne a sa lekane le eena. Hlokomela ’nete e mabapi le sena e ho Luka 1:35; Johanne 3:16; 5:37; 14:1, 6, 9, 28; 17:1, 3; 20:17.

[Lebokose le leqepheng la 4]

BA BANG BA NE BA TLA MAKALA

Bukeng ea hae ea The Trouble With Christmas, mongoli Tom Flynn o ile a bolela liqeto tse ileng tsa fihleloa ka mor’a lilemo tse ngata tse ileng tsa nkoa ho fuputsoa taba ea Keresemese:

“Bongata ba mekhoa eo hona joale re e amahanyang le Keresemese e qalile mekhoeng ea bolumeli ba bohetene ba pele ho Bokreste. E meng ea eona e na le tšekamelo ea bochaba, ea likamano tsa botona le botšehali kapa ea filosofi e ka ’nang ea etsa hore batho ba kajeno ba rutehileng, ba thahasellang ho etsa lintho ka tsebo, ba hlokomolohe lineano tseo hang ha ba hlaketsoe haholoanyane hore na li qalile hokae.”—Leqepheng la 19.

Ka mor’a ho fana ka boitsebiso bo bongata bo tšehetsang taba, Flynn o khutlela tabeng ea motheo: “Ntho e ’ngoe e tsietsang ka ho fetisisa mabapi le Keresemese ke taba ea hore e na le likhopolo tse seng kae tseo ehlileng e leng tsa Bokreste. Hang ha re lahla likarolo tsa pele ho Bokreste, boholo ba se salang ke likhopolo tsa ka morao ho Bokreste, eseng tse simolohileng Bokresteng e le kannete.”—Leqepheng la 155.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Tsebiso ea tsoalo ea Jesu e ile ea rala motheo bakeng sa karolo ea hae ea nakong e tlang e le Morena ea khethiloeng ke Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela