Na U Nahana ka Lenyalo?
Haeba re ka bapisa ho ata ha tlhalo lefatšeng ka bophara le tšisinyeho ea lefatše, United States e ne e tla ba eona khubu ea bothata. Selemong se seng moraonyana tjena, ho ile ha qhalana manyalo a fetang milione moo—e leng karolelano ea a mabeli ka motsotso. Mohlomong u hlokometse hore hase United States feela moo ho nang le mathata manyalong.
HO EA ka phuputso e ’ngoe, manane a tlhalo Canada, Engelane le Wales, Fora, Greece le Netherlands a imenne ka makhetlo a fetang bobeli ho tloha ka 1970.
Re na le mabaka ’ohle a etsang hore re lumele hore hangata batho ba babeli ba nyalana hobane ba ratana ’me ba batla ho qeta bophelo bohle ba bona ba le ’moho. Empa ka masoabi, hangata takatso eo ea ho ba lenyalong le thabileng e fetoha toro feela. Ha ba elelloa linnete, ba bangata ba boletse hore ba ile ba potlakela ho kena lenyalong kapa hore ba nyalane le motho ea fosahetseng kapa ba re ho etsahetse lintho tseo ka bobeli.
Ke hobane’ng ha manyalo a mangata hakaale a qhalana? Mongoli oa buka e ’ngoe e buang ka taetsano o re: “Lebaka le leholo ke ho hlōleha ho itokisetsa.” O tsoela pele: “Ha ke sebetsana le banyalani ba litleneng tsa mathata a lenyalo ke tleloa ke maikutlo a habeli—a kutloelo-bohloko le a khalefo. Ke ba utloela bohloko kaha litoro tsa bona tsa ho ba lenyalong le ba khotsofatsang ka bobeli ha lia phethahala. Ke halefisoa ke ho hloka ha bona tsebo ea hore na le na le mosebetsi o rarahaneng hakaakang.”
Ka sebele, ba bangata ba kena lenyalong ba e-na le tsebo e fokolang kapa ba se na tsebo ka ho feletseng ka tsela ea ho le atlehisa. Empa, sena ha se hlile ha se makatse. Morupeli e mong o ile a re: “Ke bacha ba rōna ba bakae ba eang kolecheng ho ea ithuta ka boitšoaro ba likhoto le mekholutsoane, empa ba sitoa ho ithuta ka boitšoaro ba batho ba babeli ba bitsoang monna le mosali?”
Na u nahana ka lenyalo—ebang ke ka ho kena lenyalong nakong e tlang kapa ka lenyalo leo u leng ho lona hona joale? Haeba ho joalo, u lokela ho hlokomela hore bophelong ba sebele lenyalo le fapane hōle le le bontšoang libaesekopong, lipaleng tsa thelevishene le libukeng tsa lipale tsa lerato. Ka lehlakoreng le leng, ho nyalana ha batho ba babeli ba hōlileng tsebong ba hlileng ba ratanang, ho ka nkoa e le tlhohonolofatso e tsoang ho Molimo. (Liproverbia 18:22; 19:14) Joale, u ka kholiseha joang hore u se u loketse ho tobana le seo lenyalo le se hlokang? Ke lintlha life tseo u lokelang ho li hlahloba ha u khetha molekane? Kapa haeba u se u le lenyalong, u ka etsa eng ho eketsa monyetla oa hore u fumane thabo e tšoarellang lenyalong la hao?