Na U Qeta Nako U E-na le Lelapa la Hao?
“BO-NTATE ba Majapane Baa Ratoa—Le Hoja ba Tšoarehile Mosebetsing ’me ba sa Bapale le Bana ba Bona.” Lilemong tse seng kae tse fetileng sehlooho sena sa litaba se ile sa hlaha ho Mainichi Shimbun. Sehlooho sena se ile sa bolela hore karolo ea 87,8 lekholong ea bana ba Majapane bao ho ileng ha buisanoa le bona phuputsong ea ’muso ba ile ba bontša hore ba rata ho hlokomela bo-ntat’a bona nakong e tlang. Leha ho le joalo, khatisong ea Senyesemane ea koranta eo, taba eona eo e ile ea hlaha tlas’a sehlooho se fapaneng. Se ne se re: “Bo-ntate le Bara: Taba ea ho Hlokomoloha.” Ho fapana le khatiso ea Sejapane, sehlooho sena se ne se totobatsa karolo e ’ngoe ea phuputso eona eo: Letsatsing le leng le le leng la mosebetsi, bo-ntate ba Majapane ba ne ba qeta metsotso e 36 feela ba e-na le bana ba bona. Ha ho bapisoa, bo-ntate ba Jeremane Bophirimela ba ne ba qeta metsotso e 44 ka letsatsi ba e-na le bana ba bona har’a beke, ’me United States, ba qeta metsotso e 56.
Hase bo-ntate feela ba qetang nako e khutšoanyane ba e-na le bana ba bona. Bo-’mè ba eketsehileng ba sebetsa ka ntle ho lehae. Ka mohlala, bo-’mè ba bangata ba se nang balekane ba tlameha ho sebetsa mesebetsi ea boipheliso e le hore ba phelise malapa. Ka lebaka leo, nako eo batsoali—bo-ntate le bo-’mè ka ho tšoanang—ba e qetang ba e-na le bana ba bona e fokotsehile.
Ka 1997 ha ho ne ho etsoa phuputso ho bacha ba Maamerika ba fetang 12 000, ho ile ha fumanoa hore ha ho bonolo hore bacha ba nang le kamano e haufi le batsoali ba bona ba be le khatello ea maikutlo, ba nahane ho ipolaea, ba be mabifi kapa ba sebelise lintho tse ka ba etsang makhoba a tsona. ’Me e mong oa bafuputsi ea neng a ameha phuputsong e pharaletseng o itse: “U ke ke ua ba le boikutlo ba ho ba le kamano le bana ntle leha u ipha nako ea bona.” Ho qeta nako u e-na le bana ba hao le ho buisana le bona ho hlile hoa tsotelleha.
Lekhalo la Puisano
Malapa ao motsoali a lulang hōle le hae ka lebaka la mosebetsi a hlaseloa ka ho khethehileng ke ho khaotsa ha puisano. Ho hlakile hore lekhalo la puisano ha le be teng feela malapeng ao motsoali e mong a lulang hōle le hae. Batsoali ba bang, le hoja ba lula hae, ba ea mosebetsing pele bana ba tsoha ’me ba khutlela hae ba se ba robetse. E le ho koala sekheo sena sa ho se be hammoho, batsoali ba bang ba qeta nako ba e-na le lelapa ka mafelo-beke le ka matsatsi a phomolo. Ba bua ka ho ba le nako “e sebelisoang hamolemo” le bana ba bona.
Empa, na sekheo se bakoang ke nako e khutšoanyane e qetoang le bana se ka koaloa ka nako e sebelisoang hamolemo? Mofuputsi Laurence Steinberg oa araba: “Ka kakaretso, bana ba qetang nako e eketsehileng ba e-na le batsoali ba bona ba tsoella hamolemo ho feta bana ba qetang nako e khutšoanyane ba e-na le bona. Ho bonahala ho le thata haholo ho koala sekheo seo sa ho hloka nako. Mohopolo oa nako e sebelisoang hamolemo o ’nile oa nkeloa holimo.” Ha e le hantle, ke tsela eo mosali oa Burma a ikutloang ka eona. Monna oa hae—eo e leng Mojapane hantle—o fihla hae ka hora ea pele kapa ea bobeli hoseng ho hong le ho hong a e-tsoa mosebetsing. Le hoja a qeta nako a e-na le lelapa la hae ka mafelo-beke, mosali oa hae o re: “Ho ba hae ka Meqebelo le ka Lisontaha ho ke ke ha koala sekheo sa ho se be le lelapa beke eohle. . . . Na u ka lesa ho ja lijo har’a beke eaba u ja lijo tseo tsa beke kaofela ka Meqebelo le Lisontaha?”
Ho Hlokahala Boiteko bo Bontšang ho ba Hlokolosi
Ho bonolo ho bua ka ho boloka puisano e molemo ka lapeng ho feta ho etsa joalo. Tlhokahalo ea ho fumana litlhoko tsa bophelo le ho phelisa lelapa e etsa hore ho be thata hore ntate kapa ’mè ea sebetsang a qete nako a e-na le lelapa. Ba bangata bao maemo a bona a hlokang hore ba be hōle le hae ba buisana le lelapa joalo-joalo ka ho founa kapa ka ho ngola mangolo. Empa ebang ba lula hammoho lapeng kapa che, ho boloka puisano e molemo ka lapeng ho hloka boiteko bo bontšang ho ba hlokolosi.
Batsoali ba hlokomolohang ho buisana le bana ba bona ba tlameha ho fumana moputso oa ho ba hlokomoloha. Ntate e mong ea qetang nako e seng kae le lelapa la hae, a bile a sa je le lona, o ile a talimana le liphello tse tebileng. Mora oa hae o ile a ba mabifi, ’me morali oa hae o ile a tšoaroa a utsoa lebenkeleng. Ha ntate oa hae a ntse a itokisetsa ho ea lebaleng la golf hoseng ho hong ha Sontaha, mora o ile a tlakoloha ka bohale. O ile a hooa: “Na ’Mè ke eena feela motsoali lapeng lee?” Moshanyana enoa o ile a belaela: “’Mè o etsa liqeto tsohle tsa lelapa. Uena Ntate, le ka mohla . . ”
Mantsoe ao a ile a etsa hore ntate eo a nahane. Qetellong o ile a etsa qeto ea hore a qale ka ho ja lijo tsa hoseng le lelapa. Qalong, e ne e e-ba eena le mosali oa hae feela. Mohato ka mohato, bana ba kenella, ’me tafole ea lijo tsa hoseng e ile ea fetoha sebaka sa puisano. Sena se ile sa lebisa tabeng ea hore lelapa le je lijo tsa mantsiboea hammoho. Kahoo, monna enoa o ne a le mothating oa ho pholosa lelapa la hae hore le se ke la qhalana.
Thuso e Tsoang Lentsoeng la Molimo
Bibele e khothalletsa batsoali ho ipha nako ea ho buisana le bana ba bona. Ka moprofeta Moshe, Baiseraele ba ile ba laeloa: “Utloa, Iseraele! Molimo oa rōna ke Jehova, Jehova a ’notši. Rata Jehova, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle. Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao, ’me u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.” (Deuteronoma 6:4-7) E, rōna batsoali ho hlokahala hore re nke bohato ba pele ba ho qeta nako re e-na le malapa a rōna e le hore re ka kenya mantsoe a Molimo ka botebo likelellong le lipelong tsa bana.
Hoa thahasellisa hore ebe phuputso ea 1997 eo ho buuoeng ka eona pele, e entsoeng ho bacha ba Maamerika ba fetang 12 000 e ile ea bontša hore “har’a hoo e ka bang 88% . . . ea baahi ba boletseng hore ke balumeli, bohlokoa ba bolumeli le thapelo ke ho sireletsa.” Bakreste ba ’nete ba hlokomela hore thuto ea bolumeli e loketseng lapeng e sireletsa bacha linthong tse kang tšebeliso e mpe ea lintho tse etsang motho lekhoba la tsona, khatello ea maikutlo, ho ipolaea, pefo le tse ling.
Batsoali ba bang ba na le maikutlo a hore ho thata ho fumana nako ea ho ba le malapa a bona. Ho joalo ka ho khethehileng ka bo-’mè ba se nang balekane, ba neng ba ka thabela ho qeta nako ba e-na le bana ba bona empa ba tlameha ho sebetsa mosebetsi oa boipheliso. Ba ka leka ka matla joang hore ba be le nako ea bohlokoa ea ho ba le malapa a bona? Bibele ea phehella: “Sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana.” (Liproverbia 3:21, NW) Batsoali ba ka sebelisa “matla a ho nahana” bakeng sa ho ipha nako ea lelapa. Joang?
Haeba u ’mè ea sebetsang ea ikutloang a khathetse ka mor’a mosebetsi oa letsatsi, ho ka ba joang ha u ka kōpa bana ba hao hore ba phehe lijo tsa mantsiboea le uena? Nako e joalo eo le e qetang le le hammoho e ka fana ka monyetla oa ho atamelana haufi. Qalong, ho etsa hore bana ba hao ba amehe mosebetsing ho ka ’na ha liehisa mosebetsi. Leha ho le joalo, kapele u tla fumana hore hoa thabisa ho bile ho boloka nako.
E ka ’na eaba u ntate ea nang le lethathamo le lelelele la lintho tseo u lokelang ho li etsa ka mafelo-beke. Ke hobane’ng ha u sa etse e meng ea mesebetsi ee le bana ba hao? U ka buisana le bona ha le ntse le sebetsa hammoho ’me ka nako e tšoanang u ba koetlisa hamolemo. Keletso ea Bibele ea ho kenya lentsoe la Molimo ka botebo baneng ba hao e u khothalletsa ho bua le bona ‘ha u lutse ka tlung ea hao, ha u tsamaea tseleng’—ka sebele, ha monyetla o mong le o mong o hlaha. Ke ho bontša “bohlale bo sebetsang” ho buisana le bana ba hao ha le ntse le sebetsa hammoho.
Ho qeta nako u e-na le lelapa la hao ho na le meputso e sa feleng. Maele a Bibele a re: “Ho ba rerisanang hammoho ho na le bohlale.” (Liproverbia 13:10, NW) Ka ho qeta nako u buisana le lelapa la hao, u tla khona ho le fa tataiso e bohlale mathateng a bophelo ba letsatsi le letsatsi. Tataiso e joalo ha e fanoa hona joale e ka boloka nako e ngata le ho qobisa motho masisa-pelo nakong e tlang. Ho feta moo, e ka tlatsetsa thabong ea hao le ea bona. E le hore u ka fana ka tataiso e joalo, ho hlokahala hore u fumane bohlale bo bongata selibeng sa bohlale bo fumanoang ka Lentsoeng la Molimo, Bibele. E sebelise bakeng sa ho ruta bana ba hao le ho tataisa lelapa la hao.—Pesaleme ea 119:105.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Bacha ba nang le kamano e haufi le batsoali ba bona ha ho bonolo hore ba be le khatello ea maikutlo
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Puisano e molemo e putsa haholo bophelong ba lelapa
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ha u ntse u sebetsa hammoho le ngoana oa hao, u ka buisana le eena le ho mo koetlisa hamolemo