Tšenyo ea Thepa e ka Felisoa
“TŠENYO ea thepa e etsoang ke bacha, kamehla e ’nile ea nkoa e le pontšo ea ho se hlomphe le ea ho hloea batsoali le melao ea bona,” ho hlalosa joalo bangoli Jane Norman le Myron W. Harris. Le hoja bacha ba bangata ba lumela hore ha ho letho le ka etsoang ho fetola boemo bona, bangoli bana ba ile ba tlaleha: “A le mong ho ba 3 o nahana hore tšenyo ea thepa e etsoang ke bacha e ne e ka thibeloa haeba batsoali ba ne ba ka lebisa tlhokomelo e eketsehileng baneng ba bona, le haeba bacha ba ne ba sa jeoe ke bolutu hakana.” Le hoja ho fa bacha mosebetsi le ho etsa hore batsoali ba ba laole hamolemo ho ka fokotsa tšenyo ea thepa, na seo ka bosona se ne se tla sebetsana le lisosa tse ka sehloohong?
Ha ba le bang, bacha ba bangata ha ba na likhathatso, empa ha ba le ka har’a sehlopha kapa ba le ka bobeli, ba ka ’na ba leka ho mema mahlo, ka ho etsa lintho tsa booatla le tse mpe. Ho bile joalo tabeng ea Nelson, eo tlas’a tšusumetso ea lithethefatsi kapa tahi a neng a atisa ho halefa le ho bontša ho se khotsofale ka ho senya thepa. José, a susumetsoa ke likhothatso Kerekeng e K’hatholike mabapi le ho aba masimo ka ho lekana le mabapi le litokelo tsa basebetsi, o ile a ba le boikutlo ba hore o lokela ho kopanela literaekeng le tšenyong ea thepa e hlophisitsoeng e le mokhoa oa ho ipelaetsa. Leha ho le joalo, Nelson le José ba ile ba fumana ntho e ’ngoe e molemo haholo ho feta merusu le tšenyo ea thepa.
Lisosa Tse Ling Tse Tebileng Tsa Tšenyo ea Thepa
A re hlahlobeng ka hloko haholoanyane hore na ke hobane’ng ha bacha ba bang ba senya thepa. Bacha ba bangata ba ferekane ’me ba “hlalosa lefatše e le sebaka se sa laoleheng, se hlanyang, se tletseng mahlanya.” Leha ho le joalo, ’me e le khahlanong le seo ba bang ba se lumelang, tlaleho e ’ngoe e itse: “Bacha ba tšoenyehile ka ho tataisoa bophelong. Ba amehile ka sena ho feta kamoo batho ba baholo ba nahanang kateng.” A sa hlokomele kapa che, e ka ’na eaba ka tsela ena mocha ea ileng a ameha tšenyong ea thepa o ne a bontša hore o ferekane ka ho tebileng, o na le mathata a sa rarolloeng kapa o na le litlhoko tse sa phethahatsoang. Ho latela phuputso e boletsoeng qalong, “ha ho le ea mong ho ba arabetseng phuputsong eo ea ileng a emela tšenyo ea thepa kapa a e lokafatsa, esita le ba [neng ba ile] ba kopanela ho eona.”
Ho ka etsahala hore e be ke ka seoelo mocha a ka utloang lentsoe la kananelo kapa la khothatso. Kaha thuto e ntse e e-ba ntho ea bohlokoa haholoanyane ’me mesebetsi e mengata e hloka tsebo e phahameng ea mofuta o khethehileng kapa tsebo ea mesebetsi ea matsoho, a ka ’na a ba le boikutlo ba ho se itšepe. Ho feta moo, batsoali, matichere kapa lithaka e ka ’na ea e-ba ba nyatsa-nyatsang kapa ba lebellang se sengata ho feta seo a ka se khonang, ba shebileng haholo seo mocha a se finyellang eseng seo a leng sona. Ba bangata e ba litlokotsebe kapa ba senya thepa feela hobane ba nyahamisitsoe ke seo ba leng sona. Na lerato le tlhokomelo tsa batsoali li ne li ke ke tsa fokotsa tsieleho e joalo haholo?
E ka ’na eaba u bone hore le hoja ho bonahala eka ba itseng ba boholong ba tetse mabapi le ho leka ho thibela mongolo o maboteng a mehaho ea sechaba le mefuta e meng ea botlokotsebe, baahi ba amehileng ka kakaretso ba ntse ba tšepile matichere le basebetsi ba likolo ho thibela tšenyo ea thepa. Mabapi le ho etsa bonnete ba hore molao oa bolokoa, The World Book Encyclopedia e re: “Kotlo ea tšenyo ea thepa ke tefiso kapa ho kena teronkong. Mebuso e meng ea sebaka ka seng e na le melao e nkang batsoali ba ikarabella bakeng sa tšenyo ea thepa e entsoeng ke bana ba bona. Empa ha ho be le kotlo bakeng sa boholo ba liketso tsa tšenyo ea thepa. Ho etsa bonnete ba hore molao oa bolokoa ho thata maemong a joalo, ’me liphello tsa boholo ba tšenyo e etsoang ke batho ka bomong ha li khōlō hakaalo hoo ho lokelang hore ho nkoe bohato ba molao ka eona.” Tlaleho e ’ngoe e ile ea bontša hore ke karolo ea boraro lekholong feela ea batlōli ba molao e kileng ea tšoaroa.
Mohlomong u tla lumela hore khōliso e loketseng e ka ba tsela e molemohali ea ho hlasela sesosa se ka sehloohong sa botlokotsebe. Empa ha bophelo ba lelapa bo ntse bo senyeha, lichaba li ba mahlomoleng. Moprofesa Ana Luisa Vieira de Mattos, oa Univesithi ea São Paulo, Brazil, o hlokomela hore lisosa tse ling tsa mathata a bacha ke “ho hloka taolo e ntle ea batsoali, ho haella ha melao, ho haella ha puisano, ho se tsotelle, ho iphapanya kapa ho se be le thahasello.”
Ka sebele mehleng ea rōna re bone phethahatso ea mantsoe a Jesu: “Ka lebaka la ho eketseha ha ho se ee ka molao lerato la palo e khōlō le tla fola.” (Matheu 24:12) ’Me ke mang ea ka hanang hore mantsoe a tlalehiloeng ho 2 Timothea 3:1-4 a ipaka e le ’nete? Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Tseba sena, hore matsatsing a ho qetela linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla ba teng. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba hohomohileng ke boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo.” Ke ’nete hore ho phela har’a batho ba nang le litšobotsi tseo feela ho tlatsetsa botlokotsebeng. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho tela. Lichaba ka kakaretso li hlōlehile ho felisa tšenyo ea thepa, empa re ka fumana batho ba atlehileng ho fetola tsela eo ba phelang ka eona, ba tlohetseng mekhoa e mebe kapa ho se natse. Ho bona, tšenyo ea thepa e felisitsoe.
Tataiso e Loketseng Bakeng sa Bacha
Ke’ng se thusitseng ba senyang thepa le ba bang ho fetola botho ba bona? Le hoja ho ka bonahala ho le thata hore matichere a mang le batsoali ba lumele, Bibele e fana ka tataiso e ntle haholo le e nakong. Ka ho phela tumellanong le eona, bao pele ba neng ba senya thepa ba ’nile ba susumelletsoa ho mamela molao oa Molimo o tobileng: “U se ke ua latela bongata ho ea etsa tse mpe.” (Exoda 23:2) Ba bangata ba ’nile ba khahloa ke ’nete e tsoang Lentsoeng la Molimo ka litumelo le lithuto tseo ho neng ho se mohla ba kileng ba li utloisisa, ’me seo ba ithutileng sona se ba amme hamolemo. Nahana ka phihlelo ea José, mocha oa São Paulo. O hōlisitsoe a lumela tšebelisong ea litšoantšo borapeling. Ha a ithuta hore Molimo o na le lebitso, e leng Jehova, le hore ha A amohele borapeli ba litšoantšo, José o ile a etsa liphetoho e le hore a ka etsa se khahlisang mahlong a Molimo.—Exoda 20:4, 5; Pesaleme ea 83:18; 1 Johanne 5:21; Tšenolo 4:11.
Nelson, ho e-na le ho ba le letoto la liphihlelo tse ferekanyang lihlopheng tsa litlokotsebe le literaekeng tse mabifi, o ile a fumana tšepo ea sebele bakeng sa bokamoso, ’me seo se mo imolotse haholo. O re: “Ho e-na le hore lelapa leso le ntahle ka lebaka la metsoalle e mebe le bophelo ba ho lemalla lithethefatsi, hona joale ke ’na ea hlomphuoang ka ho fetisisa lapeng. Hangata Ntate o nkōpa ho eletsa baholoane ba ka. Esale ke ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ke thabile hobane hona joale, ke na le morero bophelong.” ’Me ho mocha oa motseng o moholo ea joaloka Marco—ea tloaetseng ho lula tikolohong e mabifi—ho tseba hore ’Muso oa Molimo o tla etsa lefatše paradeise ka sebele e bile ho thobang pelo.—Tšenolo 21:3, 4.
Hape, nahana ka taba ea eo e neng e le setho sa kenke e itseng, ea neng a loana seterateng a bile a senya thepa. E le khutsana e hōtseng habohloko, Valter o ile a khahloa ke hore ebe ka har’a tsamaiso e senyehileng, e khopo, Molimo o na le batho. Ka tieo ba ikitlaelletsa ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba bona, ba bontša kutloelo-bohloko, ho nahanela le mosa. Valter oa hlalosa: “Tumellanong le tšepiso ea Jesu, hona joale ke setho sa lelapa le leholo, ‘bara le barali beso le bo-’mè le bo-ntate.’ Mabapi le bokamoso, ke lebeletse nako eo ka eona batho ba tla phela ka thabo le bonngoe tlas’a ’muso oa Molimo oa ho loka.”—Mareka 10:29, 30; Pesaleme ea 37:10, 11, 29.
Ntho e ’Ngoe e Molemo ho Feta ho Ipelaetsa
Ho phaella ho beng ba nahanelang batho ba bang le ba ba ratang, bana bao pele ba neng ba senya thepa ba ithutile ho ‘hloea bobe.’ (Pesaleme ea 97:10; Matheu 7:12) Ho thoe’ng ka uena? Le haeba u le ea mpang a latsoa liphello tsa tšenyo ea thepa e sabaletseng, ho ithuta Lentsoe la Molimo ho tla etsa hore Jehova e be oa sebele ho uena joaloka Ntate oa leholimo ea lerato ea batlang ho u hlokomela. (1 Petrose 5:6, 7) Molimo a ka u thusa hore u hōle moeeng, ho sa tsotellehe mefokolo ea hao kapa bofutsana. Seo ka bosona ke phihlelo e hlollang!
Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste, ka sebele ba batla hore mefuta eohle ea batho e be le monyetla oa ho ithuta ’nete ea Bibele. Lentsoe la Molimo le ka etsa se fetang ho thusa batho ka bomong ho khaotsa ho senya thepa hona joale. Le ka ba khothalletsa hore ba tsoele pele ho sebelisa melao-motheo ea bomolimo. Ka lebaka leo, e ba litho tsa mokhatlo oa bara ba motho oa machaba o tsebahalang ka bohloeki le mekhoa e metle, phutheho ea lefatše ka bophara ea Lipaki tsa Jehova. Tumellanong le Baefese 4:24, Bakreste bana ba tiileng ba ‘apere botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.’ Haufinyane lefatše le tla tlala batho ba joalo hobane e tla ba bona feela ba tla pholoha ’me ba phele ka ho sa feleng.—Bapisa le Luka 23:43.
Lefatše le Lecha le Lokolohileng Tšenyong ea Thepa le ka ba Teng
Na u lumela hore ka sebele tšenyo ea thepa e ka felisoa? Haeba ho joalo, phetoho e joalo ea bohlokoa e ka ba teng joang? ’Muso oa Molimo o tla tloha o felisa tsamaiso ena e khopo. Ho tla nkoa hore ba ahileng lefatšeng baa ikarabella bakeng sa tlōlo leha e le efe ea ka boomo ea melao e lokileng ea Molimo. (Bapisa le Esaia 24:5, 6.) Le hoja “batlōli ka bobona ba tla felisoa hammoho,” ba ratang ho loka ba tla lopolloa. “Jehova o tla ba thusa ’me a ba pholose. O tla ba pholosa ho batho ba khopo ’me a ba boloke, hobane ba tšabetse ho eena.”—Pesaleme ea 37:38-40, NW.
Ka sebele, metso ea tšenyo ea thepa e tla felisoa ka ho feletseng. Tlōlo ea molao, khatello, bohloko le bokhopo le tsona li tla felisoa. Ho e-na le hoo, bophelo lefatšeng le lecha e tla ba ba khotso, ho loka ha sebele, khutso le tšireletseho. Esaia 32:18 e hlalosa boemo ba sebele bo tla ba teng: “Sechaba sa ka se tla aha moahong oa khotso, le matlung a tšepehang, nģalong tsa boiketlo le phomolo.” E, paradeiseng ea lefatše lohle e ntle, ho tla lula batho ba lerato le ba nahanelang ba bang.
Bona le ba bang ba limilione, batho bao pele ba neng ba senya thepa ba se ba ntse ba thabela kamano e haufi le Jehova Molimo. Ha ba sa senya thepa. Na le uena u tla lumella Lentsoe la Molimo hore le u tataisetse bophelong lefatšeng la hae le lecha? Ke hobane’ng ha u sa etsise mopesaleme oa boholo-holo ea ileng a tlaleha polelo ea Jehova e reng: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.”—Pesaleme ea 32:8, NW.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Tlhokomelo ea batsoali le lerato li sireletsa bacha