Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 6/15 maq. 3-4
  • Ke Hobane’ng ha Thepa E Senngoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Thepa E Senngoa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Mang ea ka Felisang Tšenyo ea Thepa?
  • Tšenyo ea Thepa e ka Felisoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lefatšeng Lohle Batho ba Angoa ke Lehloeo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
  • Ke Hobane’ng ha Bacha ba Bang ba Ithabisa ka Hohle-hohle?
    Tsoha!—1996
  • Thuso ea ho Itokolla Botlokotsebeng
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 6/15 maq. 3-4

Ke Hobane’ng ha Thepa E Senngoa?

“HA HO letho leo nka le buang.” Mantsoe ana a ne a ngotsoe ka litlhaku tse khōlō leboteng le sa tsoa pentoa sebakeng se hloekileng sa São Paulo. U ka ’na ua nahana hore ke ketso ea ho senya thepa. ’Me mengolo e maboteng ke mofuta o le mong feela oa ho senya thepa.

Ak’u inahanele batho ba senyang thepa ba se nang boikarabelo ba se ba sentse koloi ea hao. Kapa u ka ’na ua hlokomela hore thepa ea sechaba—e tsoelang ba bangata molemo—e sentsoe kapa e ripitliloe ke batho ba senyang thepa. Hobane’ng? E, hobane’ng? Na u se u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho senya thepa ho atile hakaale? Libakeng tse ngata, ho bonahala hore batho ba senyang thepa ba thabela ho senya kapa ho ripitla matloana a lithelefono. Lipalangoang tsa sechaba, tse kang literene kapa libese le tsona li atisa ho senngoa. Ho bonahala eka ha ho ntho eo batho ba senyang thepa ba e tsotellang. Empa lebaka la boholo ba tšenyo ea thepa eo re e bonang kapa e re amang ke lefe?

Marco,a mocha oa Rio de Janeiro, o ile a ferekana ka mor’a hore sehlopha sa habo sa bolo se hlōloe—o ile a ferekana hoo a ileng a qala ho betsa libese tse tletseng batšehetsi ba sehlopha se hlōtseng ka majoe. Kapa nahana ka Claus. Ha a ne a sa sebetsa hantle sekolong, o ile a halefa hoo a ileng a fethetsa ka majoe ’me a pshatla lifensetere. Leha ho le joalo, “monyaka” oo o ile oa fela ha ntate oa hae a kōptjoa ho lefa tšenyo eo. Mocha e mong, eo lebitso la hae e leng Erwin, o ne a kena sekolo a bile a sebetsa. Eena le lithaka tsa hae ba ne ba talingoa e le bacha ba itšoereng hantle. Empa ba ne ba itlosa bolutu ka ho senya thepa sebakeng sa habo bona. Batsoali ba Erwin ba ne ba sa tsebe letho ka seo. Valter e ne e le khutsana eo ntle ho boikhethelo e neng e tlameha ho lula literateng tsa São Paulo. Metsoalle ea hae ea hlooho ea khomo e ne e le sehlopha se senyang thepa, o ne a khema le sona, a ba a ithuta karate. Mehlala e joalo e bontša hore ho na le batho ba senyang thepa, ’me lisosa tsa tšenyo ea thepa kapa maikutlo a amehang, lia fapana.

“Tšenyo ea thepa e ka ’na ea e-ba bohato ba ho iphetetsa kapa tsela ea ho ntša maikutlo a lipolotiki. Ka linako tse ling bacha le batho ba baholo ba tlōla molao feela bakeng sa ‘monyaka,’” ho rialo The World Book Encyclopedia. Leha ho le joalo, ho e-na le ho ba monyaka feela tjee o thabeloang ke bacha, tšenyo ea thepa e ka baka tšenyo e khōlō, e ka ba ea bolaea. Sehlopha sa bacha se ne se batla “monyaka,” ’me ha se bona monna ea robetseng, se ile sa mo fafatsa ka peterole eaba sea mo chesa. Mohlaseluoa eo, e ne e le Moindia, hamorao o ile a shoela sepetlele. Ho latela tlaleho e ’ngoe, “bahlankana bana ba ile ba re ba ne ba nahanne hore ha ho na motho ea neng a tla tsotella kaha mekōpa-kōpa e mengata e ne e ’nile ea chesetsoa seterateng, ’me ho se bohato bo ileng ba nkoa.” Ebang tšenyo ea thepa e bonahala e sa hlahise batho kotsi kapa e e hlahisa, litšenyehelo tsa chelete li khōlō haholo le maikutlo aa senyeha. Ka hona, ke’ng se ka laolang tšenyo ea thepa kapa sa e felisa?

Ke Mang ea ka Felisang Tšenyo ea Thepa?

Na mapolesa le likolo ba ka thibela tšenyo ea thepa? Bothata bo bong ke hore e ka ’na eaba ba boholong ba tšoarehile ka litlōlo tsa molao tse tebileng haholoanyane, tse kang khoebo ea lithethefatsi kapa lipolao, ho e-na le ho tšoareha ka litlōlo tsa molao tseo ho tsona “ho seng motho ea hlaseloang.” Ho latela lepolesa le leng, ha mocha a e-ba mathateng, batsoali ba atisa “ho beha molato baneng bao a tloaelaneng le bona kapa sekolong kapa sepoleseng ha se mo tšoere.” Ho ntlafatsoa ha thuto le ho etsa bonnete ba hore molao oa bolokoa ho ka ’na ha fokotsa tšenyo ea thepa; empa, ho thoe’ng haeba boitšoaro ba batsoali bo sa fetohe? Ofisiri e ’ngoe e sebetsanang le bacha ba behiloeng tekong e re: “Sesosa ke ho jeoa ke bolutu le menyetla ea ho etsa sena. [Bana ha] ba eo lapeng ho fihlela bosiu haholo, ’me ha ho na letho leo ba le etsang. ’Me mohlomong ha ba hlokomeloe—ho seng joalo ba ne ba ke ke ba e-ba sieo lapeng.”

Le hoja tšenyo ea thepa e le bothata bo tebileng libakeng tse ngata, nahana ka kamoo lintho li ka ’nang tsa fetoloa. Bacha ba boletsoeng qalong, ba neng ba senya thepa, ba fetohile; hona joale ba qoba kahohle ho ameha boitšoarong bo kotsi sechabeng. Ke’ng se ileng sa etsa hore baa bao e neng e le litlokotsebe ba fetole bophelo ba bona? Hape, na u ne u tla makala haeba tšenyo ea thepa e ne e ke ke ea fokotsoa feela empa e ka felisoa? Re u kōpa ho bala sehlooho se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela