Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 6/15 maq. 27-28
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ke Mang ea Lokelang ho Etsa Qeto ka Boholo ba Lelapa?
    Tsoha!—1996
  • Thero ea Malapa Pono ea Mokreste
    Tsoha!—1993
  • Bongata ba Masea ka Thuso ea Hore Batho ba Khone ho ba le Bana
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 6/15 maq. 27-28

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Kaha hona joale ho boleloa hore mehato ea ho nyopisa ea etsolloa ha motho a kōpa, na Mokreste a ka e talima e le mokhoa oa ho thibela kemolo oo a ka o khethang?

Ho nyopisa ho fetohile mokhoa o sebelisoang ka ho pharaletseng oa thero ea malapa. Ho batho ba bangata, ho amoheleha ha hona ho bonahala ho reroa ke batho bao ba leng har’a bona, thuto ea bona, hammoho le likhopolo tsa bolumeli. Ho Lipaki tsa Jehova, tse kopanelang takatsong ea mopesaleme e reng: “Nthupele, Jehova, ka tsela ea hao, ’me u ntsamaise tseleng ea ho loka ka lebaka la lira tsa ka,” bolumeli boa kena tabeng ena. (Pesaleme ea 27:11) Ke’ng se amehang mehatong ea ho nyopisa?

Ho nyopisa monna bakeng sa ho thibela kemolo ho bitsoa vasectomy (ho koala methapo e tsamaisang peō ea monna). Ho pongoa methapo e ’meli e menyenyane e ka har’a mokotlana oa makoalata ’me ea koaloa. Sena se ka etsoa ka mekhoa e sa tšoaneng ea bongaka, empa morero ke ho etsa hore peō ea monna e se ke ea khona ho feta ha e tloha makoalateng. Ho nyopisa mosali ho bitsoa tubal ligation (ho tlangoa ha methapo e tsamaisang mahe a mosali). Hangata ho etsoa ka ho poma le ho tlama (kapa ho chesa) methapo e fetisetsang lehe le tlohang ntlong ea mahe pōpelong.

Ke khale ho nahanoa hore mehato ena e ke ke ea etsolloa—hore e etsa hore motho a nyope ka ho ke keng ha etsolloa. Empa batho ba bang, ka lebaka la ho ikoahlaela bohato boo ba bo nkileng kapa ka lebaka la maemo a macha, ba ’nile ba batla thuso ea lingaka bakeng sa ho bula methapo e tsamaisang peō ea monna kapa ho tlamolla methapo e tsamaisang mahe a mosali. Ka ho qaptjoa ha lisebelisoa tse khethehileng le mekhoa ea ho bua likarolo tse nyenyane tsa ’mele, boiteko ba ho etsolla bo ’nile ba atleha haholoanyane. Ke ntho e tloaelehileng ho bala ka hore, ho bakuli ba khethiloeng ho ka ba le monyetla oa karolo ea 50 ho ea ho 70 lekholong oa ho atleha ho bula methapo e tsamaisang peō ea monna ka ho kopanya methapo e menyenyane e khaotsoeng. Ho boleloa hore monyetla oa ho atleha ho tlamolla methapo e tsamaisang mahe a mosali ke karolo ea 60 ho ea ho 80 lekholong. Ba bang ba tsebang sena ba ’nile ba ba le maikutlo a hore ho nyopisa ha ho sa lokela ho talingoa joaloka ntho e ke keng ea etsolloa. Ba ka ’na ba lumela hore ho koala methapo e tsamaisang peō ea monna le ho tlama methapo e tsamaisang mahe a mosali ho ka tšoantšoa le lithibela-kemolo tse nooang, lik’hondomo le li-diaphragm—e leng mekhoa e ka khaotsoang haeba motho a batla ho ima. Empa, lintlha tse itseng tse tebileng ha lia lokela ho hlokomolohuoa.

E ’ngoe ke hore litebello tsa ho etsolla li angoa haholo ke lintlha tse kang hore na methapo e senyehile hakae nakong ea ho nyopisa, mothapo o khaotsoeng kapa o nang le lebali o molelele hakae, ho fetile lilemo tse kae ho entsoe, ’me tabeng ea ho koala methapo e tsamaisang peō ea monna, na ’mele o hlahisitse metsoako e loantšang peō ea monna. ’Me se sa lokelang ho hlokomolohuoa ke ’nete ea hore libakeng tse ngata ho ka ’na ha se ke ha e-ba le litokisetso tsa ho buoa likarolo tse nyenyane tsa ’mele kapa litšenyehelo tsa hona e ka ba tse phahameng haholo. Kahoo, ba bangata bao ka tieo e ka ’nang eaba ba lakatsa hore ho nyopisoa ha bona ho etsolloe ba ke ke ba khona. Ho bona ho ke ke ha etsolloa.a Ka hona, lipalo tse ka holimo tsa menyetla ea hore ho nyopisoa ho etsolloe ka sebele ke e inahaneloang feela, hase likarolelano tseo ho ka itšetlehoang ka tsona.

Lintlha tse ling li amana le litaba tsa sebele. Sehlooho se seng se hatisitsoeng United States se buang ka ho buloa ha methapo e tsamaisang peō ea monna se ile sa bolela hore ka mor’a ho buuoa ho jang lidolara tse 12 000 (R74 300) “ke karolo ea 63 lekholong feela ea bakuli e ka imisang balekane ba bona.” Ho feta moo, ke feela “karolo ea botšelela lekholong ea banna ba koaloang methapo e tsamaisang peō ea bona ba qetellang ba batlile hore e buloe.” Phuputsong e ’ngoe ea Jeremane e mabapi le Europe e bohareng, hoo e ka bang karolo ea boraro lekholong ea banna ba ileng ba khetha ho nyopisoa, hamorao ba ile ba batla hore ho etsolloe. Esita le haeba ho ne ho ka atleha halofong ea bao ho entsoeng boiteko ba hore ho etsolloe, ho ne ho tla bolela hore ho koaloa ha methapo e tsamaisang peō ea monna ke ho nyopisoa ho ke keng ha etsolloa karolong ea 98,5 lekholong. ’Me palo eo e ne e tla phahama haholoanyane linaheng tse nang le lingaka tse seng kae tse buoang likarolo tse nyenyane tsa ’mele kapa tse se nang tsona ho hang.

Ka lebaka leo, ha ho utloahale ho nka ho nyopisa banna kapa basali habobebe, joalokaha eka ke ho thibela kemolo ha nakoana. ’Me ho na le lintlha tse ling tseo Mokreste ea tiileng a lokelang ho nahana ka tsona.

Ntlha e ka sehloohong ke hore matla a ho ba le bana ke mpho e tsoang ho ’Mōpi oa rōna. Morero oa hae oa pele o ne o akarelletsa hore batho ba phethahetseng ba be le bana ba neng ba tla ‘tlala lefatšeng, ’me ba rene holim’a lona.’ (Genese 1:28) Ka mor’a hore Moroallo o theolele palo ea baahi ba lefatše ho robeli, Molimo o ile a pheta litaelo tseo tsa motheo. (Genese 9:1) Molimo ha aa ka a pheta taelo eo sechabeng sa Iseraele, empa Baiseraele ba ne ba talima ho ba le bana e le ntho e lakatsehang.—1 Samuele 1:1-11; Pesaleme ea 128:3.

Molao oa Molimo ho Iseraele o ne o bontša hore o hlompha matla a batho a ho ba le bana. Ka mohlala, haeba monna ea nyetseng a ne a e-shoa pele a e-ba le mora ea tla ntšetsa leloko la hae pele, mor’abo o ne a lokela ho etsetsa mosali oa hae mora ka ho mo kenela. (Deuteronoma 25:5) Molao o neng o tobile haholoanyane ke o mabapi le mosali ea neng a leka ho thusetsa monna oa hae ntoeng. Haeba a ne a ile a tšoara litho tsa botona tsa ea loanang le monna oa hae, letsoho la hae le ne le lokela ho khaoloa; hoa hlokomeleha hore Molimo o ne a sa hloke hore se tšoanang se etsoe lithong tsa hae tsa ho hlahisa bana kapa tsa monna oa hae. (Deuteronoma 25:11, 12) Ka ho hlakileng molao ona o ne o tla etsa hore litho tsa ho hlahisa bana li hlomphuoe; li ne li sa lokela ho senngoa ho sa hlokahale.b

Rea tseba hore Bakreste ha ba tlas’a Molao oa Israele, ka hona taelo e ho Deuteronoma 25:11, 12 ha e ba tlame. Jesu ha aa ka a laela kapa a fana ka maikutlo a hore barutuoa ba hae ba tlameha ho nyala le ho ba le bana ba bangata kamoo ho ka khonehang, e leng seo banyalani ba bangata ba ’nileng ba nahana ka sona ha ba etsa qeto ea hore ba sebelise mokhoa o itseng oa ho thibela kemolo. (Matheu 19:10-12) Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa ‘bahlolohali ba banyenyane ba chesoang ke takatso hore ba nyaloe ’me ba tsoale bana.’ (1 Timothea 5:11-14) Ha aa ka a bua ka hore Bakreste ba nyope ka tsela e ke keng ea etsolloa—hore ba ithaopele ho tela matla a bona a ho ba le bana.

Ke hantle ha Bakreste ba nahana ka lintlha tse bontšang hore Molimo o hlompha matla a bona a ho ba le bana. Lelapa ka leng le lokela ho lekanyetsa hore na le tla sebelisa mekhoa e loketseng ea thero ea malapa le hore na le tla e sebelisa neng. Ke ’nete hore qeto ea lona e ne e tla ba bohlokoa ka ho khethehileng haeba ho na le tiiso ea bongaka ea hore ’mè kapa ngoana o talimane le likotsi tse tebileng tsa phekolo, esita le lefu, haeba a ka ima nakong e tlang. Ba bang ba leng boemong bo joalo, ka ho tsilatsila ba ile ba lumela ho nyopisoa joalokaha ho hlalositsoe pejana e le hore ba tiisehe hore ha ho ho ima ho tla beha bophelo ba ’mè (eo e ka ’nang eaba o se a ntse a e-na le bana ba bang) kotsing kapa ba ngoana eo hamorao a neng a ka hlaha a e-na le bokuli bo behang bophelo ba hae kotsing.

Empa Bakreste ba sa talimanang le kotsi e joalo e sa tloaelehang le e ikhethang ka sebele ho tla hlokahala hore ba ‘hlaphoheloe kelellong’ ’me ba etse hore monahano oa bona le liketso li lumellane le tlhompho ea Molimo bakeng sa matla a ho ba le bana. (1 Timothea 3:2; Tite 1:8; 2:2, 5-8) Sena se ne se tla bontša ho arabela ka tsela e bontšang ho hōla tsebong ho seo Mangolo a se buang. Empa, ho thoe’ng haeba ho tsebahala hore Mokreste ka ho se tsotelle o ile a hlokomoloha litekanyetso tsa Molimo? Na ba bang ba ne ba ke ke ba belaella hore na ke mohlala o motle, o nang le botumo ba ho etsa liqeto tumellanong le Bibele? Sekoli se joalo se tšoenyang botumong ba motho, ka sebele se ka ama ho tšoaneleha ha mosebeletsi bakeng sa litokelo tse khethehileng tsa tšebeletso, leha ho le joalo, ho ka ’na ha se be joalo haeba motho a sebelisitse mokhoa ona ka lebaka la ho hloka tsebo.—1 Timothea 3:7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a “Monyetla oa ho atleha ha boiteko ba ho buoa ka morero oa ho kopanya [mothapo o tsamaisang peō ea monna] ke karolo ea 40 lekholong, ’me ho na le bopaki bo itseng ba hore ho ka ’na ha finyelloa katleho e khōloanyane ha ho ka ntlafatsoa mefuta ea ho buoa likarolo tse nyenyane tsa ’mele. Leha ho le joalo, ho nyopisa ka ho koala methapo e tsamaisang peō ea monna ho lokela ho nkoa e le ho ke keng ha etsolloa.” (Encyclopædia Britannica) “Ho nyopisa ho lokela ho nkoa e le mokhoa o ke keng oa etsolloa. Ho sa tsotellehe seo e ka ’nang eaba mokuli o se utloile ka ho etsolloa ha hona, ho kopanya mothapo ka ho buuoa ho litšenyehelo li phahameng, ’me ho ke ke ha tiisoa hore ho tla atleha. Ho basali ba etsollang ho nyopisa ka ho tlama methapo e tsamaisang mahe a bona, ho na le kotsi e phahameng ea ho ima empa a imela mothapong o isang mahe a mosali pōpelong.”—Contemporary OB/GYN, June 1998.

b Molao o mong oo ho ka ’nang ha bonahala o amana le seo o ne o re ho se ke ha e-ba le monna eo setho sa hae sa botona se lemetseng haholo ea ka kenang phuthehong ea Molimo. (Deuteronoma 23:1) Leha ho le joalo, Insight on the Scriptures e bolela hore ho hlakile hore sena “se ne se amana le ho faola ha ka boomo bakeng sa merero ea boitšoaro bo bobe, bo kang bosodoma.” Kahoo, molao oo o ne o sa akarelletse ho faola kapa se lekanang le hona, bakeng sa ho thibela kemolo. Insight e boetse e re: “Ka tsela e tšelisang Jehova o boletse esale pele nako eo ka eona a neng a tla amohela maqhalaha e le bahlanka ba hae ’me, haeba a mamela, a ne a tla ba le lebitso le molemo ho feta bara le barali. Ha Jesu Kreste a ne a felisa Molao, batho bohle ba sebelisang tumelo, ho sa tsotellehe boemo ba bona ba nakong e fetileng, e ne e ka ba bara ba moea ba Molimo. Lintho tse ba khethollang li ne li tlositsoe.—Esa 56:4, 5; Joh 1:12.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela