Tlokotsi e Teng Hona Joale ea ho se Leka-lekane
“Re nka linnete tsena e le tsa sebele, hore batho bohle ba bōpiloe ba lekana, hore ’Mōpi oa bona o ba file Litokelo tse itseng tseo ba ke keng ba li amohuoa, le hore tse ling tsa litokelo tsena ke Bophelo, Bolokolohi le ho phehella Thabo.”—Phatlalatso ea Boipuso, e ileng ea amoheloa ke United States ka 1776.
“Batho bohle ba tsoetsoe ba lokolohile ’me ba e-na le litokelo tse lekanang.”—Phatlalatso ea Litokelo tsa Motho le tsa Moahi, e ileng ea amoheloa ke Seboka sa Sechaba sa Fora ka 1789.
“Batho bohle ba tsoetsoe ba lokolohile ’me ba e-na le seriti ba bile ba e-na le litokelo tse lekanang.”—Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo tsa Botho, e ileng ea amoheloa ke Seboka-Kakaretso sa Machaba a Kopaneng ka 1948.
HA HO na pelaelo ka seo. Takatso ea hore batho ba leka-lekane e fumaneha hohle. Empa ka masoabi, taba ea hore ebe khopolo ea ho leka-lekana ha batho e ’nile ea tlameha ho phetoa hangata hakana ke bopaki ba hore ho fihlela joale moloko oa batho o hlōlehile ho finyella ho leka-lekana.
Na hona joale bofelong ba lekholo la bo20 la lilemo ho na le motho ea ka fanang ka bopaki ba hore maemo a ntlafetse? Na baahi bohle ba United States le Fora, kapa leha e le bafe ba linaha tse 185 tseo e leng litho tsa Machaba a Kopaneng, ba hlile ba thabela litokelo tse lekanang tseo ho lumeloang hore ba tsoetsoe ba e-na le tsona?
Le hoja khopolo ena ea ho leka-lekana har’a batho bohle e le ‘e totobetseng ka boeona,’ litokelo tsa “Bophelo, Bolokolohi le ho phehella Thabo” ho hang ha li lekane ho batho bohle. Ka mohlala, re ka bolela joang hore ho na le ho leka-lekana ha ngoana a le mong Afrika a lokela ho kopanela ngaka e le ’ngoe le batho ba bang ba 2 569, empa ngoana a le mong Europe a kopanela ngaka le batho ba 289 feela? Kapa ho na le ho leka-lekana hofe tabeng ea litokelo tsa bolokolohi le ho phehella thabo ha hoo e ka bang karolo ea ’ngoe borarong ea bashemane le karolo ea peli borarong ea banana ba India e tla hōla e sa tsebe ho bala le ho ngola, empa libakeng tse kang Japane, Jeremane le Great Britain, ho tiisoa hore hoo e ka bang ngoana e mong le e mong o fumana thuto?
Na batho ba linaha tsa Amerika Bohareng bao moputso oa bona motho ka mong e leng R8 530 ba thabela ‘seriti le litokelo’ tse tšoanang bophelong le baahi ba Fora, moo moputso oa motho ka mong e leng R154 440? Ke ho leka-lekana hofe hoo lesea la ngoanana la Moafrika le lebeletseng ho phela lilemo tse 56 le ho thabelang ha le bapisoa le lesea la ngoanana la Amerika Leboea le lebeletseng ho phela lilemo tse 79?
Ho se leka-lekane ho na le litšobotsi tse ngata, ’me kaofela ha tsona li mpe. Tse ling tsa tsona ke ho se leka-lekane linthong tse hlokahalang tsa bophelo le menyetleng ea tlhokomelo ea bophelo le thuto. Ka linako tse ling ho fapana ka lipolotiki, morabe kapa bolumeli ho phetha karolo e ka sehloohong tabeng ea ho amoha batho seriti le bolokolohi ba bona. Ho sa tsotellehe sohle se buuoang ka ho leka-lekana, re phela lefatšeng le se nang ho leka-lekana. Joaloka tlokotsi—“sesosa sa bohloko bo atileng kapa bo boholo,” joalokaha lentsoe leo le hlalosoa—ho se leka-lekane ho fumaneha maemong ’ohle a bophelo sechabeng. Bohloko boo ho bo bakang ba bofuma, boloetse, ho hloka tsebo, tlhokahalo ea mesebetsi le khethollo bo fihla pelong.
“Batho bohle ba bōpiloe ba lekana.” Eo ke khopolo e ntle hakaakang! Ke ho utloisang bohloko hakaakang hore ebe boemo ba litaba bo fapane le seo hōle!
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
UN PHOTO 152113/SHELLEY ROTNER