Thabela “Bophelo Ba Sebele”
JEHOVA Molimo o entse hore motho a be le boikutlo ba bosafeleng. (Moeklesia 3:11) Sena se etsa hore batho ba ikutloe ba se na matla ha ba talimane le lefu, empa ka nako eona eo, se tsosa ka hare ho bona takatso e sa khaotseng ea ho phela.
Bibele e Halalelang, Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, e re fa tšepo e matla. (2 Timothea 3:16) Jehova, eo tšoaneleho ea hae e ka sehloohong e leng lerato, o ne a ke ke a etsa motho a e-na le matla a ho nahana ka bosafeleng ebe o mo ahlolela ho phela lilemo tse seng kae feela. Ho hlakile hore ho khahlanong le botho ba Molimo hore a ka re bōpela hore re be mahlomoleng. Ha rea bōptjoa joaloka “liphoofolo tse sa nahaneng tseo ka tlhaho li tsoaletsoeng ho tšoaroa le ho timetsoa.”—2 Petrose 2:12.
Ka ho bōpa Adama le Eva ba e-na le boikutlo ba tlhaho ba bosafeleng, Jehova Molimo o entse ntho e ’ngoe e “molemo haholo”; o ba entse ba e-na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. (Genese 1:31) Empa ka masoabi, banyalani ba pele ba ile ba sebelisa hampe bolokolohi ba bona ba ho ikhethela, ba se ke ba mamela thibelo e hlakileng ea ’Mōpi ’me ba lahleheloa ke ho phethahala ha bona ha pele. Ka lebaka leo, ba ile ba e-shoa ba se ba fetiselitse ho se phethahale le lefu ho bana ba bona.—Genese 2:17; 3:1-24; Baroma 5:12.
Bibele ha e siee le moroeroenyana feela oa sephiri tabeng ea morero oa bophelo le se boleloang ke lefu. E bolela hore lefung “ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale” le hore bafu “ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moeklesia 9:5, 10) Ka mantsoe a mang, bafu ba shoele. Thuto ea ho se shoe ha moea hase ea Bibele, ka hona, ha ho na sephiri se tebileng se lokelang ho rarolloa tabeng ea boemo ba bafu.—Genese 3:19; Pesaleme ea 146:4; Moeklesia 3:19, 20; Ezekiele 18:4.a
Molimo o ne a e-na le morero; ha aa ka a bōpela lefatše “lefeela.” O le bōpetse “hore le ahuoe” ke batho ba phethahetseng, le le boemong ba paradeise, ’me Molimo ha aa fetola morero oa hae. (Esaia 45:18; Malakia 3:6) E le hore a ka o phethahatsa, o ile a romela Mora oa hae lefatšeng. Ka ho lula a tšepahetse ho fihlela lefung, Jesu Kreste o ile a fana ka se rekollang moloko oa batho sebeng le lefung. Ha e le hantle, Jesu o itse: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
Khale-khale, Molimo o ile a tšepisa hore o ne a tla bōpa “maholimo a macha le lefatše le lecha.” (Esaia 65:17; 2 Petrose 3:13) Seo se ne se tla akarelletsa hore a khethe sehlopha se senyenyane sa Bakreste ba tšepahalang hore ba phele leholimong. Ha ba le hammoho le Jesu Kreste, ba etsa sehlopha sa babusi. Bibele e se bitsa “’muso oa maholimo,” kapa “’muso oa Molimo” o tla tsamaisa “lintho tse lefatšeng.” (Matheu 4:17; 12:28; Baefese 1:10; Tšenolo 5:9, 10; 14:1, 3) Ka mor’a ho felisa bokhopo bohle lefatšeng la rōna le ho le hloekisa, Molimo o tla kenya mokhatlo o mocha oa batho ba lokileng, kapa “lefatše le lecha.” Sena se akarelletsa batho bao Molimo a tla ba sireletsa timetsong e atamelang ea tsamaiso ena ea lintho e khopo. (Matheu 24:3, 7-14, 21; Tšenolo 7:9, 13, 14) Ba tla tlatsoa ke ba tsositsoeng bafung.—Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.
“Bophelo ba Sebele” ka Nako Eo
Ha a netefatsa tlhaloso e hlollang ea bophelo lefatšeng la Paradeise le tlang, Molimo o re: “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.” (Tšenolo 21:5) Kelello ea motho ha e khone ho utloisisa ka ho feletseng mesebetsi e hlollang eo Molimo a tla e etsetsa moloko oa batho. Molimo o tla etsa paradeise ea lefatše ka bophara, e tšoanang le Edene. (Luka 23:43) Joaloka Edene, botle le ho khahleha ha ’mala, molumo le tatso li tla ata. Bofutsana le likhaello tsa lijo ha li sa tla hlola li e-ba teng, hobane Bibele ha e bua ka nako eo, e re: “Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4; Pesaleme ea 72:16) Ha ho sa tla hlola ho e-ba le ea reng, “Kea kula,” kaha bokuli bo tla felisetsoa ruri. (Esaia 33:24, NW) E, lisosa tsohle tsa bohloko li tla fela, ho akarelletsa le sera sa motho sa nako e telele, lefu. (1 Bakorinthe 15:26) Ha a le ponong e hlollang ea “lefatše le lecha,” e leng mokhatlo o mocha oa batho tlas’a puso ea Kreste, moapostola Johanne o ile a utloa lentsoe le reng: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” Ke’ng se neng se ka tlisa matšeliso le thabo tse fetang tsee haese ho phethahala ha tšepiso ee ea bomolimo?
Ha Bibele e hlalosa bophelo ba nakong e tlang, e totobatsa haholo-holo maemo a tla khotsofatsa takatso ea motho ea litekanyetso tsa boitšoaro bo botle le ea lintho tsa moea. Lipakane tsohle tse lokileng tseo ho fihlela hona joale moloko oa batho o ’nileng oa li phehella ntle ho katleho li tla finyelloa ka ho feletseng. (Matheu 6:10) Har’a tsona ke takatso ea toka, e ’nileng ea lula e sa phethahatsoa hobane motho o ’nile a tšoenngoa ke bahatelli ba khopo ba ’nileng ba hatella ba fokolang. (Moeklesia 8:9) Mopesaleme o ile a ngola boprofeta bo mabapi le maemo a puso ea Kreste, a re: “Mehleng ea hae ho loka ho tla ata, ’me khotso e tla ba ngata.”—Pesaleme ea 72:7, The New Jerusalem Bible.
Takatso e ’ngoe eo ba bangata ba iteletseng eona ke ho lekana. “Pōpong e entsoeng bocha,” Molimo o tla felisa khethollo. (Matheu 19:28) Bohle ba tla ba le seriti se tšoanang. E ke ke ea e-ba ho lekana ho qobelloang ke puso e itseng e sehlōhō. Ho fapana le hoo, lisosa tsa khethollo li tla felisoa, ho akarelletsa le meharo le boikhohomoso tse etsang hore batho ba batle ho hatella ba bang kapa ba ipokellele thepa e ngata. Esaia o ile a profeta: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona.”—Esaia 65:21, 22.
Motho o bile mahlomoleng a makaakang ka lebaka la tšollo ea mali e lipakeng tsa batho ka bomong le e lipakeng tsa lihlopha tsa batho! E tsoetse pele ho tloha polaong ea Abele ho tla fihlela lintoeng tsa hona joale. Ke khale hakaakang batho ba e-na le tšepo ea hore khotso e tla ba teng, ba bile ba e letetse, empa ho bonahala eka ha e na ho ba teng! Paradeiseng e tsosolositsoeng, batho bohle ba tla ba le khotso ’me ba be bonolo; ba tla ‘iketla khotsong e kholo.’—Pesaleme ea 37:11.
Esaia 11:9 e re: “Lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joalo ka ha metsi a aparetse leoatle.” Ka lebaka la ho se phethahale ho futsitsoeng, har’a lintho tse ling, ha ho khonehe hore kajeno re utloisise ka ho feletseng hore na mantsoe ao a sebetsa ho isa kae. Mohlomong re sa ntse re tla tlameha ho ithuta kamoo tsebo ea Molimo e phethahetseng e tla re etsa hore re be bonngoeng le eena le kamoo seo se tla fella ka thabo e feletseng. Empa kaha Mangolo a re bolella hore Jehova ke Molimo ea hlollang tabeng ea matla, bohlale, toka le lerato, re ka kholiseha hore o tla utloa lithapelo tsohle tse etsoang ke baahi ba “lefatše le lecha.”
“Bophelo ba Sebele” bo Tla Fela bo be Teng—Bo Tšoare!
Ho ba bangata, bophelo bo sa feleng lefatšeng le molemo ke toro feela kapa ho ea le khongoana holimo. Leha ho le joalo, ho bao ka sebele ba nang le tumelo tšepisong ea Bibele, tšepo ena ke ea sebele. E tšoana le ankora ea bophelo ba bona. (Baheberu 6:19) Hantle feela joalokaha ankora e tšoara sekepe hore se tsitse ’me e se thibela ho sisinyeha, tšepo ea bophelo bo sa feleng e etsa hore batho ba tsitse ba be ba kholisehe ’me e ba nolofalletsa ho thulana le mathata a tebileng bophelong esita le ho a hlōla.
Re ka tiiseha hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae. O bile o fane ka tiiso ka hore a etse kano, boitlamo bo sa fetoheng. Moapostola Pauluse o ngotse: “Molimo, ha a rera ho bontša majalefa a tšepiso ka ho eketsehileng haholoanyane ho se fetohe ha morero oa hae, o ile a kenella ka kano, e le hore, ka lintho tse peli tse sa fetoheng tseo ho tsona e leng ho ke keng ha khoneha hore Molimo a bue leshano, rōna . . . re ka ba le khothatso e matla ea ho tšoarella tšepong e behiloeng ka pel’a rōna.” (Baheberu 6:17, 18) “Lintho tse peli tse sa fetoheng” tseo ho seng mohla Molimo a ka li felisang ke tšepiso ea hae le kano ea hae, tseo re thehileng tšepo ea rōna ho tsona.
Tumelo litšepisong tsa Molimo e fana ka matšeliso a maholo le matla a moea. Joshua, moeta-pele oa sechaba sa Iseraele, o ne a e-na le tumelo e joalo. Ha Joshua a ne a fana ka puo ea hae ea ho qetela ho Baiseraele, o ne a tsofetse ’me a tseba hore o se a tla shoa. Empa, o ile a bontša matla le botšepehi bo sa sekisetseng, tse neng li susumetsoa ke ho tšepa litšepiso tsa Molimo. Ka mor’a ho bolela hore o tsamaea “ka tsela ea lefatše lohle,” tsela e isang moloko ’ohle oa batho lefung, Joshua o ile a re: “Lea itsebela pelong tsa lōna bohle le meeeng ea lōna bohle hobane ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova, Molimo oa lōna, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle li etsahetse ho lōna, ha ho e ’ngoe ea tsona e hlokahetseng.” E, Joshua o ile a pheta ka makhetlo a mararo hore kamehla Molimo o boloka litšepiso tsohle tsa hae.—Joshua 23:14.
Le uena u ka ba le tumelo e tšoanang litšepisong tsa Molimo oa lefatše le lecha le tla thehoa haufinyane. Ka ho khothalla ho ithuta Bibele, u tla utloisisa hore na Jehova ke mang le hore na ke hobane’ng ha u lokela ho mo tšepa ka ho feletseng. (Tšenolo 4:11) Abrahama, Sara, Isaka, Jakobo le ba bang ba boholo-holo ba tšepahalang ba ne ba e-na le tumelo e matla, e thehiloeng tsebong ea bona e tebileng ea Molimo oa ’nete, Jehova. Ba ile ba lula ba e-na le tšepo e matla, ho sa tsotellehe ’nete ea hore ha baa “ka ba fumana phethahatso ea litšepiso” ba sa ntse ba phela. Ho ntse ho le joalo, “ba ile ba li bonela hōle ’me ba li amohela ka mofuthu.”—Baheberu 11:13.
Kaha re utloisisa boprofeta ba Bibele, joale re bona ho atamela ha “letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,” leo ka lona lefatše le tla hloekisoa bokhopo bohle. (Tšenolo 16:14, 16) Joaloka banna ba boholo-holo ba tšepahalang, re tlameha ho lula re lebeletse liketsahalo tsa nako e tlang ka kholiseho, re susumetsoa ke tumelo hammoho le ho rata Molimo le “bophelo ba sebele.” Bohaufi ba lefatše le lecha ke tšusumetso e matla ho ba sebelisang tumelo ho Jehova ’me ba mo rata. Ho hlokahala hore tumelo e joalo le lerato li hlaoleloe e le hore Molimo a ka re hauhela le ho re sireletsa letsatsing la hae le leholo, le haufi.—Sofonia 2:3; 2 Bathesalonika 1:3; Baheberu 10:37-39.
Ka hona, na u rata bophelo? ’Me na u na le takatso e eketsehileng ea “bophelo ba sebele”—bophelo ba ho ba mohlanka eo Molimo a mo amohelang, ea nang le tebello ea bokamoso bo thabileng, e, ea nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng? Haeba seo ke sona seo u se batlang, ela hloko khothatso ea moapostola Pauluse, eo ha a ngola a ileng a re re lokela ho ‘beha tšepo ea rōna, eseng maruong a sa tsitsang, empa ho Molimo.’ Pauluse o ile a tsoela pele: “Ba rue mesebetsing e metle,” e hlomphang Molimo, e le hore ba ka “tšoara ka tieo bophelo ba sebele.”—1 Timothea 6:17-19.
Ka ho lumela ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, u ka fumana tsebo e ‘bolelang bophelo bo sa feleng.’ (Johanne 17:3) Ka lerato, Bibele e tlaleha memo ena ea bontate ho bohle: “Mora oa ka, u se ke ua lebala thuto tsa ka, pelo ea hao e ke e boloke likeletso tsa me; ’me u tla ekelletsoa ke tsona litšiu, le lilemo, le ho phela, le khotso.”—Liproverbia 3:1, 2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhahlobo e qaqileng ea taba ena, bona bukana ea Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.