Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 9/15 maq. 8-11
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Boloka Litšepiso Tsa Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Boloka Litšepiso Tsa Hao?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Phethahatsa Litšepiso Tsa Hae
  • Litšepiso Tsa Jehova le Bokamoso ba Rōna
  • Ho Boloka Litšepiso Tsa Rōna ho Molimo
  • Ho Boloka Litšepiso Tsa Rōna ho Haha ho Tšeptjoa
  • Litsela Tse Ling Tsa ho Boloka Litšepiso Tsa Rōna
  • Litlhohonolofatso Tse Enneng Tse Tsoang ho Molimo
  • Ke Litšepiso Tsa Mang Tseo U ka li Tšepang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Litšepiso Tseo U ka li Tšepang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Phethahatsa Litšepiso Tsa Hao
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Kamehla Jehova o Phethahatsa Lits’episo Tsa Hae
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 9/15 maq. 8-11

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Boloka Litšepiso Tsa Hao?

“VOUTELA motho ea tšepisang lintho tse nyenyane ka ho fetisisa; ke eena ea sa tl’o u soetsa haholo,” ho ile ha bua joalo mofu Bernard Baruch, eo e neng e le moeletsi oa mopresidente. Lefatšeng la kajeno ho bonahala eka litšepiso li etsetsoa ho se bolokoe. E ka ba likano tsa lenyalo, litumellano tsa khoebo, kapa litšepiso tsa ho ipha nako e eketsehileng u e-na le bana ba hao. Hohle ho hlokomolohuoa se boleloang ke maele ana a tloaelehileng, “Lipolelo hase liketso.”

Ka sebele, batho ba bangata ha ho mohla ba rerang ho boloka litšepiso tsa bona. Ba bang ka lepotla-potla ba etsa litšepiso tseo ba ke keng ba li phelela kapa tseo ba sa li bolokeng feela hobane ho bonahala hore sena ke tsela e bonolo ka ho fetisisa e ka lateloang.

Bonneteng, ho boloka tšepiso ho ka ’na ha e-ba thata haeba ho hlaha maemo a tšohanyetso. Empa na ho se bolokoe ha tšepiso ho hlile ho senya haholo? Na u lokela ho nka litšepiso tsa hao ka ho teba? Tlhahlobo e akaretsang ea mohlala oa Jehova Molimo e tla re thusa ho bona lebaka leo ka lona re lokelang ho nahana taba ena ka ho teba.

Jehova o Phethahatsa Litšepiso Tsa Hae

Re rapela Molimo eo lebitso la hae le tlamahaneng le ho phethahala ha litšepiso tsa hae. Mehleng ea Bibele, hangata lebitso le ne le hlalosa seo motho a leng sona. Ho joalo le ka lebitso la Jehova, le bolelang “O Etsa Hore ho be.” Kahoo, lebitso la Molimo le akarelletsa mohopolo oa hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae ’me a finyelle merero oa hae.

Tumellanong le lebitso la hae, Jehova o ile a boloka litšepiso tsohle tseo a ileng a li etsetsa sechaba sa Iseraele sa boholo-holo. Mabapi le litšepiso tsena, Morena Solomone o ile a hlokomela: “Ho bokoe Jehova ea phomolitseng sechaba sa hae sa Iseraele ka tsohle tsee a li boletseng; ha hoa senyeha lentsoe leha le le leng la lipallo tsohle tse molemo tsee a li boletseng ka Moshe, mohlanka oa hae.”—1 Marena 8:56.

Jehova o tšepahala hoo moapostola Pauluse a neng a ka re: “Ha Molimo a etsa tšepiso ea hae ho Abrahama, kaha o ne a ke ke a hlapanya ka mang kapa mang e moholoanyane, o ile a hlapanya ka eena ka boeena.” (Baheberu 6:13) E, lebitso la Jehova ka bolona le botho ba hae ke tiiso ea hore a ke ke a koenehela litšepiso tsa hae, esita le hoja li ka etsa hore a lahleheloe haholo. (Baroma 8:32) Taba ea hore Jehova o phethahatsa litšepiso tsa hae e re fa tšepo eo e leng ankora bakeng sa meea ea rōna, kapa bophelo.—Baheberu 6:19.

Litšepiso Tsa Jehova le Bokamoso ba Rōna

Tšepo ea rōna, tumelo ea rōna, le bophelo ba rōna ka bobona, kaofela li itšetlehile ka ho phethahatsoa ha litšepiso tsa Jehova. Ke tšepo efe eo re e nkang e le ea bohlokoa? “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea [Molimo], ’me ho tsena ho loka ho tla aha.” (2 Petrose 3:13) Mangolo a boetse a re fa motheo oa tumelo ea hore “ho tla ba le tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) ’Me re ka tiiseha hore ho na le se fetang bophelo ba hona joale. Ka sebele, seo moapostola Johanne a se bitsang “ntho e tšepisitsoeng” ke “bophelo bo sa feleng.” (1 Johanne 2:25) Empa litšepiso tsa Jehova ka Lentsoeng la hae hase tsa nakong e tlang feela. Li fana ka morero bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi hona joale.

Mopesaleme o ile a bina: “Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang, . . . o utloa mehoo ea bona.” (Pesaleme ea 145:18, 19) Molimo o boetse o re tiisetsa hore “o fa ea khathetseng matla, o atisa matla ho ea fokotseng.” (Esaia 40:29) ’Me ke matšeliso a makaakang ho tseba hore ‘Molimo ha a na ho re tlohela hore re lekoe ho feta seo re ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a re bulele tsela ea ho tsoa’! (1 Bakorinthe 10:13) Haeba re latsoitse ho phethahala ha tšepiso efe kapa efe ho tsena, rea tseba hore Jehova a ka tšeptjoa ka ho feletseng. Ka lebaka la melemo eo re e fumanang litšepisong tse ngata tseo Molimo a li etsang le ho li boloka, re lokela ho talima litšepiso tsa rōna ho eena joang?

Ho Boloka Litšepiso Tsa Rōna ho Molimo

Ha ho na pelaelo hore boinehelo ba rōna ho Molimo ke tšepiso ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ka e etsang. Ka ho nka bohato bona, re bontša hore re batla ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng. Le hoja litaelo tsa Molimo li se boima, ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo kamehla ho etsa thato ea hae, kaha re phela tsamaisong ena ea lintho e khopo. (2 Timothea 3:12; 1 Johanne 5:3) Empa hang ha re ‘behile matsoho a rōna mohomeng’ ’me re fetohile bahlanka ba Jehova ba inehetseng le barutuoa ba Mora oa hae, Jesu Kreste, ha rea lokela hore le ka mohla re hetle morao linthong tsa lefatše tseo re li furaletseng.—Luka 9:62.

Ha re rapela Jehova, re ka ’na ra susumelletseha ho mo tšepisa hore re tla loanela ho hlōla bofokoli bo itseng, re hlaolele tšoaneleho e itseng ea Bokreste, kapa re etse ho eketsehileng karolong e itseng ea mosebetsi oa rōna oa puso ea Molimo. Re tla thusoa ke eng ho nka bohato ka litšepiso tsee?—Bapisa le Moeklesia 5:2-5.

Litšepiso tse tiileng li tsoa pelong le kelellong. Ka lebaka leo, a re tšehetseng litšepiso tsa rōna ho Jehova ka ho mo bulela lipelo tsa rōna thapelong, ka botšepehi re mo bolelle seo re se tšabang, litakatso tsa rōna le bofokoli. Ho rapella tšepiso e itseng ho tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho e boloka. Re ka nka litšepiso tsa rōna ho Molimo e le likoloto. Ha likoloto li le khōlō, li lokela ho lefshoa hanyane ka hanyane. Ka ho tšoanang, ho tla nka nako hore re boloke litšepiso tse ngata tseo re li etsetsang Jehova. Empa ka ho mo fa kamehla seo re ka se khonang, re bontša hore re tiile ka seo re se buang, ’me o tla re hlohonolofatsa ka ho loketseng.

Re ka bontša hore re nka litšepiso tsa rōna ka ho teba ka ho li rapella khafetsa, mohlomong letsatsi le letsatsi. Sena se tla bontša Ntate oa rōna oa leholimo hore re tiile. Se tla boela se sebeletse e le khopotso ea kamehla. Davida o re sietse mohlala o motle tabeng ena. O ile a kōpa Jehova ka tieo pineng: ‘Molimo, mamela mehoo ea ka, u ele thapelo ea ka hloko. . . . ke rorisa lebitso la hao ka mehla, ke ntse ke phetha likano tsa ka ka matsatsi ’ohle.’—Pesaleme ea 61:1, 8.

Ho Boloka Litšepiso Tsa Rōna ho Haha ho Tšeptjoa

Haeba re sa nke litšepiso tseo re li etsetsang Molimo habobebe, ho ka boleloa se tšoanang ka tseo re li etsetsang Bakreste-’moho le rōna. Ha rea lokela ho tšoara Jehova ka tsela e itseng ebe re tšoara barab’abo rōna ka e ’ngoe esele. (Bapisa le 1 Johanne 4:20.) Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o itse: “Etsang feela hore lentsoe la lōna E le bolele E, Che ea lōna, Che.” (Matheu 5:37) Ho tiisa hore litšepiso tsa rōna lia tšepahala kamehla ke tsela e ’ngoe ea ho ‘sebetsa se molemo ho ba amanang le rōna tumelong.’ (Bagalata 6:10) Tšepiso e ’ngoe le e ’ngoe eo re e bolokang e haha ho tšeptjoa.

Tšenyo e etsoang ke ho se boloke tšepiso hangata ea hōlisoa ha ho ameha chelete. Ebang ke ho lefa chelete e alimiloeng, ho etsa tšebeletso e itseng, kapa ho phethahatsa tumellano ea khoebo, Mokreste o lokela ho boloka litšepiso tsa hae. Sena se thabisa Molimo ’me se tiisa ho tšepana hoo e leng habohlokoa haholo e le hore bara ba motho ba ka “lula hammoho bonngoeng.”—Pesaleme ea 133:1.

Leha ho le joalo, ho hlōleha ho boloka litumellano ho ka ntša phutheho kotsi hammoho le batho ka bomong ba amehang ka ho toba. Molebeli ea tsamaeang oa hlokomela: “Liqabang tsa khoebo—tseo kamehla li bakoang ke litumellano tseo bonyane lehlakore le le leng le li nkang li sa phethahatsoa—hangata li tsejoa ke batho bohle. Ka lebaka leo, barab’abo rōna ba nka lehlakore, ’me ho ka ’na ha e-ba le tsitsipano ka Holong ea ’Muso.” Ke habohlokoa hakaakang ho nahana ka hloko tumellano efe kapa efe eo re e etsang ’me re e ngole!a

Temoho e lokela hore e boele e sebelisoe ha ho rekisoa thepa e theko e phahameng kapa ha ho khothalletsoa matsete, haholo-holo haeba rōna ka borōna re rua molemo thekisong eo. Ka ho tšoanang, ho hlokahala hore re be hlokolosi haholo hore re se ke ra fetelletsa melemo ea lintho tse itseng kapa lihlahisoa tsa bophelo bo botle kapa ra tšepisa phaello eo e seng ea sebele matseteng. Lerato le lokela ho susumelletsa Bakreste ho hlalosa ka botlalo likotsi life kapa life tse amehang. (Baroma 12:10) Kaha bongata ba barab’abo rōna bo na le phihlelo e fokolang litabeng tsa khoebo, ba ka ’na ba tšepa keletso ea rōna feela hobane re amana le bona tumelong. E ne e tla ba sehlōhō se sekaakang haeba re ne re ka fokolisa ho tšeptjoa hoo!

Re le Bakreste, re ke ke ra sebelisa mekhoa ea khoebo e sa tšepahaleng kapa e hlokomolohang lithahasello tse loketseng tsa ba bang. (Baefese 2:2, 3; Baheberu 13:18) Hore re amoheloe ke Jehova re le ‘baeti tenteng ea hae,’ re lokela ho tšepahala. ‘Leha re itlhapanyelitse se sebe, ha re fetohe.’—Pesaleme ea 15:1, 4, NW.

Moahloli Jafeta oa Iseraele o ile a etsa kano ea hore haeba Molimo a etsa hore a hlōle Baamone, oa pele ea tla mo khahlametsa ha a khutla ntoeng o tla mo fa Jehova e le nyehelo ea secheso. Ho ile ha etsahala hore eo e be ngoana ea mong oa Jafeta, empa ha aa ka a koenehela tšepiso ea hae. Ka tumello ea morali oa hae e tsoang pelong, o ile a mo nyehela bakeng sa tšebeletso ea kamehla sehalalelong sa Molimo—sehlabelo seo ho seng pelaelo hore se ne se le bohloko se bile se bolela tahlehelo ka litsela tse sa tšoaneng.—Baahloli 11:30-40.

Balebeli ba liphutheho ka ho khethehileng ba na le boikarabelo ba ho sebetsa tumellanong le litumellano tsa bona. Ho latela 1 Timothea 3:2, molebeli e lokela ho ba “ea sa nyatseheng.” Ena ke phetolelo ea lentsoe la Segerike le bolelang “eo ho se nang letho leo a ka tšoaroang ka lona, ea ke keng a nyatsuoa, eo nyatso e leng hōle le eena.” “Ha [le] bolele feela hore motho o na le botumo bo botle, empa hore boa mo tšoanela.” (A Linguistic Key to the Greek New Testament) Kaha molebeli e lokela ho ba ea sa nyatseheng, litšepiso tsa hae li lokela hore kamehla e be tse tšepahalang.

Litsela Tse Ling Tsa ho Boloka Litšepiso Tsa Rōna

Re lokela ho talima litšepiso tseo re li etsetsang bao e seng Bakreste-’moho le rōna joang? Jesu o itse: “Leseli la lōna a le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntate oa lōna ea leng maholimong.” (Matheu 5:16) Ka ho paka hore re boloka litšepiso tsa rōna, re ka ’na ra etsa hore ba bang ba khahloe ke molaetsa oa rōna oa Bokreste. Ho sa tsotellehe ho theoha ha litekanyetso tsa botšepehi lefatšeng ka bophara, batho ba bangata ba ntse ba nka botšepehi e le ba bohlokoa. Ho boloka litšepiso tsa rōna ke tsela e ’ngoe ea ho bontša hore re rata Molimo le moahisani le ea ho ipiletsa ho barati ba ho loka.—Matheu 22:36-39; Baroma 15:2.

Selemong sa tšebeletso sa 1998, Lipaki tsa Jehova li ile tsa sebelisa lihora tse ka holimo ho limilione tse sekete boboleling ba phatlalatsa ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14) Karolo e ’ngoe ea boboleli bona e ka ’na eaba e ile ea hlokomolohuoa haeba re sa ka ra boloka litšepiso tsa rōna litšebelisanong tsa khoebo kapa litabeng tse ling. Kaha re emela Molimo oa ’nete, ke ka nepo batho ba lebellang hore re tšepahale. Ka ho ba ba ka tšeptjoang le ba tšepahalang, re “khabisa thuto ea Mopholosi oa rōna, Molimo, linthong tsohle.”—Tite 2:10.

Tšebeletsong ea rōna, re na le menyetla ea ho boloka litšepiso tsa rōna ha re boela ho ba bontšang thahasello molaetseng oa ’Muso. Haeba re re re tla khutla, re lokela ho etsa joalo. Ho khutla joalokaha re tšepisitse ke tsela ea ho ‘se lese ho etsa molemo ho ea nang le tokelo.’ (Liproverbia 3:27) Morali’abo rōna e mong o ile a hlalosa taba ena ka tsela ena: “Ka makhetlo a ’maloa, ke ’nile ka kopana le batho ba thahasellang ba ileng ba bolela hore Paki e ne e tšepisitse ho khutla empa ha ea ho etsa. Ha e le hantle, kea tseba hore e ka ’na eaba beng ba matlo ba ne ba le sieo kapa maemo a ile a etsa hore ho khutla ho se khonehe. Empa nke ke ka rata hore mang kapa mang a bue joalo ka ’na, ka hona, ke etsa sohle se matleng a ka ho fumana motho lapeng hape. Ke lumela hore haeba ke soetsa motho e mong, ke tla fana ka maikutlo a fosahetseng ka Jehova le barab’eso kaofela.”

Maemong a mang, re ka ’na ra ikutloa re tsoafa ho khutla hobane re etsa qeto ea hore motho eo ha a hlile ha a thahaselle. Eena morali enoa oabo rōna oa hlalosa: “Ha ke leke ho ahlola hore na thahasello e kae. Phihlelo ea ka e nthutile hore seo u se bonang ho motho ka lekhetlo la pele hangata hase sona seo a hlileng a leng sona. Ka hona, ke leka ho ba le maikutlo a nepahetseng, a ho talima motho ka mong e le eo e tla ba mor’eso kapa morali’eso.”

Tšebeletsong ea Bokreste le libakeng tse ling tse ngata, ho hlokahala hore re bontše hore tšepiso ea rōna e ka tšeptjoa. Ke ’nete hore lintho tse ling, ho bonolo ho li bua ho feta ho li etsa. Monna ea bohlale o ile a re: “Ba ipolelang molemo ba bangata, empa motho ea tšepehang a ka fumanoa ke mang?” (Liproverbia 20:6) Re ka ikemisetsa ho tšepahala le ho boloka litšepiso tsa rōna.

Litlhohonolofatso Tse Enneng Tse Tsoang ho Molimo

Ho etsa tšepiso ea lefeela ka boomo ke ho se tšepahale ’me ho ka tšoantšoa le ho ngola cheke ho se na chelete bankeng e tla lefa chelete e tšepisitsoeng. Empa re fumana meputso e mekaakang le litlhohonolofatso bakeng sa ho boloka litšepiso tsa rōna! Tlhohonolofatso e ’ngoe ea ho tšepahala ke letsoalo le letle. (Bapisa le Liketso 24:16.) Ho e-na le ho ba le maikutlo a tšoenyang a ho ikoahlaea, re ikutloa re khotsofetse re bile re le khotsong. Ho feta moo, ka ho boloka litšepiso tsa rōna, re tlatsetsa bonngoeng ba phutheho, bo itšetlehileng ka ho tšepana. “Puo [ea rōna] e nang le ’nete” le eona e re buella re le basebeletsi ba Molimo ba ’nete.—2 Bakorinthe 6:3, 4, 7.

Jehova o boloka litšepiso tsa hae, ’me o hloile “leleme la bohata.” (Liproverbia 6:16, 17, NW) Ka ho etsisa Ntate oa rōna oa leholimo, re atamela haufinyane le eena. Joale, ka sebele re na le lebaka le letle la ho boloka litšepiso tsa rōna.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho se reng “Tumellano e Tiisoe ka Lengolo!” ho Tsoha! ea August 8, 1983, leqepheng la 13-15.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Jafeta o ile a boloka tšepiso ea hae, le hoja ho etsa joalo ho ne ho le bohloko

[Litšoantšo tse leqepheng la 11]

Haeba u tšepisitse hore u tla khutla, lokisetsa hantle hore u tle u etse joalo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela