Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 1/15 maq. 3-4
  • Ke Litšepiso Tsa Mang Tseo U ka li Tšepang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Litšepiso Tsa Mang Tseo U ka li Tšepang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Soetseha Hoa Ata
  • Litšepiso Tse Phethahalang
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Boloka Litšepiso Tsa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Litšepiso Tseo U ka li Tšepang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ea Phethahatsang Litšepiso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Kamehla Jehova o Phethahatsa Lits’episo Tsa Hae
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 1/15 maq. 3-4

Ke Litšepiso Tsa Mang Tseo U ka li Tšepang?

“LITŠEPISO tsa hae li ne li le matla, joalokaha le eena a ne a le matla ka nako eo; empa liketso tsa hae e ne e se letho, joalokaha hona joale le eena e se letho.”—King Henry the Eighth, ea William Shakespeare.

Shakespeare o ne a bua ka litšepiso tse matla tsa mok’hadinale oa Lenyesemane Thomas Wolsey, ea neng a le matla haholo lipolotiking Engelane lekholong la bo16 la lilemo. Ba bang ba ka bolela hore tlhaloso ea Shakespeare e boetse e sebetsa le litšepisong tse ngata tseo ba li utloang kajeno. Khafetsa, batho ba tšepisoa lintho tse ngata empa ba fumana ho honyenyane. Kahoo, ha ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba e-ba lekhonono ka litšepiso leha e le life tse etsoang.

Ho Soetseha Hoa Ata

Ka mohlala, nakong ea ntoa e mahlo-mafubelu Linaheng tsa Balkan ka bo-1990, Lekhotla la Tšireletso la Machaba a Kopaneng le ile la phatlalatsa hore motse oa Bosnia oa Srebrenica ke “sebaka se sireletsehileng.” Linaha tse ling li ile tsa nka tšepiso eo e le ’nete. Baphaphathehi ba likete ba Mamosleme ba neng ba le Srebrenica ba ile ba nahana joalo. Leha ho le joalo, qetellong, tšepiso eo ea tšireletseho ha ea ka ea phethahala ho hang. (Pesaleme ea 146:3) Ka July 1995, mabotho a hlaselang a ile a hlōla mabotho a Machaba a Kopaneng habonolo feela eaba a hapa motse oo. Ho ile ha nyamela Mamosleme a fetang 6 000 ’me ho ile ha bolaoa bonyane Mamosleme a 1 200 a neng a sa loane.

Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo e tletse ka litšepiso tse sa phethahatsoang. Kajeno batho ba ikutloa ba qhekelletsoe ke “liphatlalatso tse ngata tsa khoebo tsa leshano le tse thetsang” tse ba sithabetsang. Ba nyahamisoa ke “litšepiso tse sa phethahatsoeng tseo bo-ralipolotiki ba likete ba li etsang matšolong a bona.” (The New Encyclopædia Britannica, Buka ea bo15, leqepheng la 37) Baeta-pele ba tšeptjoang ba bolumeli ba tšepisang hore ba tla hlokomela mehlape ea bona, ba e hlekefetsa ka mokhoa o nyonyehang haholo. Esita le mafapheng a kang a thuto le a bongaka—ao ho lumeloang hore a lokela ho bontša qenehelo le kameho—batho ba bang ba ile ba hlekefetsa batho ba tlhokomelong ea bona, ba ba tlatlapa haesita le hona ho ba bolaea. Ha ho makatse ha Bibele e re lemosa hore re se ke ra beha tumelo lentsoeng le leng le le leng!—Liproverbia 14:15.

Litšepiso Tse Phethahalang

Ke ’nete hore batho ba bangata ba boloka litšepiso tsa bona, ka linako tse ling ba etsa joalo ka boitelo bo boholo. (Pesaleme ea 15:4) Seo ba se tšepisitseng sea ba tlama ’me baa se phethahatsa. Ba bang ba etsa litšepiso ka sepheo se setle ’me ba lakatsa ka tieo ho li phethahatsa. Ba itokiselitse ebile ba rata ho phetha seo ba se tšepisitseng empa ba mpa ba hlōleha ho etsa joalo. Maemo a ka nyopisa esita le merero e metlehali.—Moeklesia 9:11.

’Nete ke hore, ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, batho ba bangata ba thatafalloa ho lumela litšepiso tse etsoang ke mang kapa mang. Kahoo potso ke hore: Na ho na le litšepiso leha e le life tseo re ka li tšepang? E, li teng. Re ka tšepa litšepiso tse fumanoang ka Lentsoeng la Molimo, Bibele. Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe seo sehlooho se latelang se se buang ka taba ee? Le uena, ho tšoana le batho ba bang ba limilione, u ka ’na ua phetha ka hore ka sebele re ka tšepa litšepiso tsa Molimo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

AP Photo/Amel Emric

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela