Senotlolo sa Katleho ke Sefe?
BAHLANKANA ba babeli ba likhothali ba ne ba sebetsa ka tsela e hlophisehileng ha ba etsa mochine oa sebōpeho se sa tloaelehang bakeng sa ho etsa teko ea bohlokoa. Ka tšohanyetso, moea o matla o ile oa fefola mochine ona o robehang habonolo, oa o ferellisa moeeng, ’me ka lerata le leholo oa o soahlamanya fatše. Ba khathetse matla, bahlankana bana ba ile ba thōla tu! Mosebetsi oa bona o matla o neng o entsoe ka hloko o ne o silakane e se e le qubu ea lehong le litšepe tse sothehileng.
Ho Orville le Wilbur Wright, ho hlōleha ka tsela e ferekanyang letsatsing leo la October 1900 e ne e se hoa pele boitekong ba bona ba ho qapa sefofane se boima ho feta moea. Ba ne ba se ba nkile lilemo tse itseng, ba bile ba sebelisitse chelete e ngata ba ntse ba etsa liteko.
Leha ho le joalo, ho phehella ha bona ho ile ha qetella ho putsitsoe. Ka la 17 December, 1903, Kitty Hawk, North Carolina, U.S.A. bara bana ba motho ba ha Wright ba ile ba khona ho fofisa moetso oa pele o nang le enjine o ileng oa fofa ka metsotsoana e 12—nako e khutšoanyane ha ho bapisoa le nako eo lifofane li fofang ka eona kajeno, empa e neng e lekane hore e fetole lefatše ka ho sa feleng!
Ho atleha mererong e mengata e etsoang ka boikemisetso ho itšetlehile haholo ka hore motho a mamelle a sa fele pelo. Ebang ke ho tseba puo e ncha hantle, ho ithuta mosebetsi o itseng, kapa esita le ho etsa setsoalle, lintho tse ngata tsa bohlokoa li finyelloa feela ka boiteko bo sa khaotseng. Mongoli Charles Templeton o re: “Makhetlong a robong ho a leshome, katleho e amana ka ho toba le ntho e le ’ngoe: ho sebetsa ka thata.” Mongoli oa likoranta Leonard Pitts E monyenyane oa ngola: “Re bua ka neo, re lumela lehlohonolong, empa ke hangata haholo re hlokomolohang lintho tsa bohlokoahali. Ho sebetsa ka thata le ho hlōleha hangata. Ho qala mosebetsi esale hoseng le ho lieha ho chaisa.”
Sena se tiisa seo e leng khale Bibele e se boletse: “Letsoho la motho ea mahlaha-hlaha le tla busa.” (Liproverbia 12:24) Ho ba mahlahahlaha ho bolela ho mamella mosebetsing. Sena sea hlokahala haeba re batla ho finyella seo re se rerileng. Mamello ke eng? Re ka mamella joang ha re ntse re sebeletsa ho finyella lipakane tsa rōna, hona re lokela ho mamella ho eng? Lipotso tsena li tla arajoa sehloohong se latelang.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
U.S. National Archives photo