Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 2/1 maq. 4-6
  • Mamello e Tsoala Katleho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mamello e Tsoala Katleho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mamello ke Eng?
  • Re ka Thusoa ke Eng Hore re Mamelle?
  • Ho Khetha Lipakane Tse Molemo
  • Senotlolo sa Katleho ke Sefe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ruta Ngoana oa Hao Hore a se ke a Tela
    Se ka Thusang Lelapa
  • Sebelisa Lipakane Tsa Moea ho Tlotlisa ’Mōpi oa Hao
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Moputso oa ho Phehella
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 2/1 maq. 4-6

Mamello e Tsoala Katleho

MAMELLO ke tšoaneleho e seng e sa tloaeleha mehleng ea kajeno. Batho ba bangata ba lumela hore katleho e itšetlehile haholo ka ho ba sebakeng se nepahetseng ka nako e nepahetseng ho feta kamoo e itšetlehileng ka mamello kateng. Ke mang ea ka ba behang molato? Mecha ea litaba e tletse ka mapetjo a ho bapatsa ao, ho sa hlokomeloe, a fanang ka maikutlo a hore ntho efe kapa efe eo u e batlang u ka ba le eona ntle ho boiteko bo bokaalo hafeela u ntšitse chelete e seng kae e eketsehileng. Likoranta ha li khaotse ho hatisa lipale tse ngata tse buang ka katleho ea nako le motsotso le ka bacha ba atlehileng, bao ka potlako e-bang bo-rakhoebo ba bang le limilione kapele ka mor’a ho qeta sekolong.

Mongoli oa likoranta Leonard Pitts oa belaela: “Sechabeng se amehileng haholo ka ho talingoa se phahame, ho bonahala ho le bonolo haholo. . . . Ho bonahala eka ke ntho e neng e ka finyelloa ke mang kapa mang hafeela a utloisisa leqheka, a e-na le matla kapa a thusitsoe ke Molimo ka ho panya ha leihlo.”

Mamello ke Eng?

Ho mamella ho bolela ho ‘tšoarella ka tieo le ka mokhoa o tsitsitseng morerong o itseng, boemong kapa mosebetsing ho sa tsotellehe litšitiso kapa ho hlōleha.’ Ho fana ka maikutlo a ho tsoela pele ka boikemisetso ho sa tsotellehe litsietsi, ho phehella, ho se tele. Bibele e totobatsa bohlokoa ba tšoaneleho ena. Ka mohlala, Lentsoe la Molimo lea re eletsa: “Joale, le ’ne le tsoele pele le batla ’muso pele,” “tsoelang pele ho ’na le kokota, ’me le tla buleloa,” “phehellang thapelong,” le be “le tšoarelle ka tieo ho se setle.”—Matheu 6:33; Luka 11:9; Baroma 12:12; 1 Bathesalonika 5:21.

Karolo ea bohlokoa e phethoang ke mamello ke ho sebetsana ka katleho le ho hlōleha ho ke keng ha qojoa. Liproverbia 24:16 (NW) e re: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema.” Ho e-na le ho “tela” ha a thulana le bothata kapa a hlōleha, motho ea mamellang ‘oa ema,’ ‘o tsoela pele,’ ’me o leka hape.

Leha ho le joalo, ba bangata ha baa ikemisetsa ho thulana le mathata le ho hlōleha ho itseng. Kaha ha ho mohla ba hlaolelang boikemisetso ba ho mamella, ba tela habonolo. Mongoli Morley Callagham oa hlokomela: “Batho ba bangata haholo ba itšoara ka tsela e ba ntšang kotsi ha ba hlōleha. Ba lula ba iqenehela, ba beha motho e mong le e mong molato, baa hlonama ebe . . . baa tela.”

Bona ke bomalimabe. Pitts o re: “Re lebala hore ho na le lebaka la ho feta tekong, ho na le molemo o fumanoang ka ho hlaheloa ke tsietsi.” Ke ofe? Oa phetha: “[Motho] o ithuta hore ho hlōleha ha ho bolaee, leha e le hona hore ho hlōloa ke ntho ea ka ho sa feleng. Motho o fumana matla a itseng. O ikemisetsa ho etsa ho itseng.” Bibele e beha taba ena ka ho hlaka ha e re: “Ka mofuta o mong le o mong oa ho sehla ho ba le molemo.”—Liproverbia 14:23, NW.

Ke ’nete hore hase kamehla ho leng bonolo ho itokisetsa ho etsa ntho hape ka mor’a ho hlōleha. Ka linako tse ling re talimana le mathata ao ho ka ’nang ha bonahala a sa rarolloe ke boiteko leha e le bofe boo re bo etsang. Ho e-na le ho ba haufi le ho finyella lipakane tsa rōna, ho ka ’na ha bonahala re le hōle le ho li finyella hoo li qetellang li nyametse. Re ka ’na ra ikutloa re selebaletsoe, re sa tšoanelehe, ’me re ka ba ra nyahama le hona ho tepella maikutlong. (Liproverbia 24:10) Empa Bibele ea re khothatsa: “A re se keng ra tela ho etsa se setle, kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale.”—Bagalata 6:9.

Re ka Thusoa ke Eng Hore re Mamelle?

Bohato ba pele bakeng sa ho mamella tseleng eo motho a e khethileng ke ho ipehela lipakane tse molemo le tse ka finyelloang. Ka sebele moapostola Pauluse o ne a utloisisa sena. O ile a bolella Bakorinthe: “Tsela eo ke mathang ka eona hase ka ho se nepisise; tsela eo ke tobisang ho otla ha ka ka eona ke ka tsela ea hore ke se ke ka ba ea otlang moea.” Pauluse o ne a tseba hore haeba a ne a batla hore boiteko ba hae bo atlehe, ho ne ho tla hlokahala hore a be le lipakane tse hlakileng, joaloka semathi se lebisang tlhokomelo ea sona kholeng ha se le peisong. O ile a ba khothatsa ka matla: “Na ha le tsebe hore limathi peisong li matha kaofela, empa ke se le seng feela se amohelang moputso? Mathang ka tsela eo le ka o fumanang.” (1 Bakorinthe 9:24, 26) Re ka etsa see joang?

Liproverbia 14:15 (NW) e re: “Ea masene o nahana ka mehato ea hae.” Ke ho bohlale hore nako le nako re lekole mekhoa ea rōna ea ho finyella lipakane bophelong, re ipotse hore na re lebile hokae le hore na ho hlokahala hore re etse liphetoho kapa che. Ke habohlokoa hore re hlakeloe hore na re batla ho finyella eng le hore ke hobane’ng ha re batla ho e finyella. Re ke ke ra ba le tšekamelo e kaalo ea ho tela haeba re lula re hatisitse sepheo sa rōna ka ho feletseng likelellong. Maele a bululetsoeng aa phehella: “Mahlo a hao, a lokela ho talima pele ka ho toba,” e le hore “litsela tsohle tsa hao li ka tiisoa ka mokhoa o sa sisinyeheng.”—Liproverbia 4:25, 26, NW.

Ha u se u tseba lipakane tsa hao, bohato bo latelang ke ho nahana ka hore na u tla li finyella joang. Jesu o ile a botsa: “Ke mang oa lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo?” (Luka 14:28) Tumellanong le molao-motheo ona, setsebi sa ho phekola lefu la kelello ntle ho meriana se ile sa hlokomela: “E ’ngoe ea lintho tseo ke li hlokometseng ka batho ba atlehileng ke hore ba na le kutloisiso e hlakileng ea kamano pakeng tsa sesosa sa ntho e itseng le phello ea eona bophelong ba bona. Batho ba atlehileng ba utloisisa hore haeba ba batla ntho e itseng, ba tlameha ho etsa lintho tsohle tse hlokahalang ho e fumana.” Ho utloisisa hantle mehato eohle eo ho hlokahalang hore re e nke hore re finyelle seo re se batlang ho tla re thusa ho lula re tsepamisitse mehopolo. Ho tla boela ho re nolofalletse ho itokisetsa ho etsa ntho hape haeba re hlōleha. Tlhahlobo e joalo e bile motheo oa katleho ea Orville le Wilbur Wright.

Kahoo, ha u hlōleha ho etsa ntho e itseng, etsa kahohle ho talima ho hlōleha hoo ka tsela e nepahetseng ebile e le phihlelo eo u ka ithutang ho hong ho eona. Hlahloba boemo, hlokomela moo u ileng ua fosa teng, ebe u lokisa phoso kapa bofokoli. Ho bua le ba bang hoa thusa, kaha “merero e tiisoa ke keletsano.” (Liproverbia 20:18) Ha ho pelaelo hore lekhetlo ka leng leo u lekang ka lona, u ba le tsebo le phihlelo e eketsehileng, tse tla qetella li tlatselitse katlehong ea hao.

Ntlha ea boraro e hlokahalang bakeng sa ho mamella ke mehato e tsitsitseng. Moapostola Pauluse oa re khothatsa: “Ho ea bohōleng boo ho bona re hatetseng pele, a re tsoeleng pele re tsamaea ka ho laolehileng ka mokhoa ona o tšoanang.” (Bafilippi 3:16) Joalokaha morupeli e mong a ile a beha taba, “ho etsa lintho ka teka-tekano le ka ho tsitsa ka nako e itseng ho hlahisa litholoana tse ikhethang.” Sena se bontšoa hantle tšōmong e tsebahalang haholo ea Aesop e buang ka sekolopata le ’mutla. Sekolopata se ile sa hlōla peisong, le hoja se matha butle ho feta ’mutla. Hobane’ng? Hobane sekolopata se ne se matha ka lebelo le tšoanang le le laolehileng. Ha sea ka sa tela empa se ile sa khetha lebelo leo ka sebele se neng se ka khona ho le matha se sa sitisoe ke letho, ’me se ile sa tsoela pele ho matha ka tsela eo ho fihlela se fihla kholeng. Kaha motho ea hlophisehileng le ea tsitsitseng o etsa tsoelo-pele e tsitsitseng, o lula a khothetse ’me ka tsela eo ha ho bonolo hore a tele kapa a lelekoe peisong. E, “mathang ka tsela eo” le tla finyella lipakane tsa lōna.

Ho Khetha Lipakane Tse Molemo

Ka sebele, hore mamello e be le molemo leha e le ofe, ho hlokahala hore re be le lipakane tse molemo. Batho ba bangata ba lelekisa lintho tse sa tliseng thabo. Empa Bibele ea bontša: “Ea nyarelang ka molaong o phethahetseng oo e leng oa tokoloho le ea phehellang ho oona . . . o tla thaba ho o etseng ha hae.” (Jakobo 1:25) E, ho ithutela ho utloisisa molao oa Molimo joalokaha o bontšitsoe ka Bibeleng ke pakane e molemo haholo. Hobane’ng? Ha e le hantle, ke hobane molao oa Molimo o thehiloe litekanyetsong tsa hae tse phethahetseng, tse lokileng. Kaha ke ’Mōpi, o tseba se molemohali bakeng sa libōpuoa tsa hae. Ka hona, haeba re phehella ho ithuta litaelo tsa Molimo re bile re li sebelisa bophelong ba rōna, ka sebele ho phehella ho joalo ho tla re tlisetsa thabo. Liproverbia 3:5, 6 ea tšepisa: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle . . . U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.”

Ho ekelletsa moo, Jesu o re ho ithuisa tsebo ka Molimo le Jesu ho “bolela bophelo bo sa feleng.” (Johanne 17:3) Boprofeta ba Bibele bo bontša hore re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena. (2 Timothea 3:1-5; Matheu 24:3-13) Haufinyane ’Muso oa Molimo, e leng ’muso oa hae oa ho loka, o tla tiisa puso ea oona holim’a baahi ba lefatše. (Daniele 2:44; Matheu 6:10) ’Muso ona o tla tlisetsa moloko ’ohle oa batho ba mamelang khotso, nala le bophelo bo botle tseo ho seng mohla li kileng tsa e-ba teng. (Pesaleme ea 37:10, 11; Tšenolo 21:4) Liketso 10:34 e re: “Molimo ha a leeme.” E, e mong le e mong o memeloa ho thabela melemo ena!

Bibele ke buka ea boholo-holo e tletseng bohlale le morero. Ho e utloisisa ho hloka nako le boiteko. Empa ka thuso ea Molimo—le haeba re phehella ho batla tsebo ea eona—re ka e fumana. (Liproverbia 2:4, 5; Jakobo 1:5) Hoa utloahala hore ho sebelisa seo re ithutang sona e ka ba phephetso. Ho ka ’na ha hlokahala hore re etse liphetoho tseleng eo re nahanang ka eona le mekhoeng ea rōna. Metsoalle kapa litho tsa lelapa, ka sepheo se setle ba ka ba ba re hanyetsa ha re ithuta Bibele. Ka hona, ho hlokahala hore re phehelle. Moapostola Pauluse o re hopotsa hore Molimo o tla fana ka bophelo bo sa feleng ho ba nang le “mamello mosebetsing o molemo.” (Baroma 2:7) Lipaki tsa Jehova li ka thabela ho u thusa ho finyella pakane ena.

Kholiseha hore u tla atleha haeba u mamella ho ithuta ka Molimo le ka thato ea hae ’me u phehella ho sebelisa seo u ithutang sona.—Pesaleme ea 1:1-3.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

U tla atleha haeba u mamella ho ithuta ka Molimo le ka thato ea hae

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

Culver Pictures

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela