Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 3/15 maq. 30-31
  • Ho Aba Tšepo ea Bokreste Senegal

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Aba Tšepo ea Bokreste Senegal
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Batšoasi ba Batho”
  • Phephetso ea ho Amohela ’Nete
  • Batho ba Mefuta Eohle Baa Arabela
  • Ho Sebeletsa Joaloka Batšoasi ba Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Tšoasa Batho Metsing a Lefatše Lohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Na U Malala-a-Laotsoe Hore U be Motšoasi oa Batho?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Ho Hlahisa Mesebetsi Linaheng tse Hōlang Moruong
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 3/15 maq. 30-31

Re Mofuta o Nang le Tumelo

Ho Aba Tšepo ea Bokreste Senegal

HAESALE tlhapi e le sejo se tloaelehileng ho tloha khale. Ka lilemo tse likete batho ba ’nile ba tšoasa litlhapi maoatleng, matšeng le linōkeng tsa lefatše. Baapostola ba bang ba Jesu Kreste e ne e le batšoasi ba litlhapi Leoatleng la Galilea. Leha ho le joalo, bona Jesu o ile a ba ruta mofuta o mong oa ho tšoasa. Hona e ne e le ho tšoasa ha moea ho neng ho sa tl’o ruisa batšoasi feela molemo, empa le litlhapi li ne li tla rua molemo.

Ntlheng ena, Jesu o ile a bua sena ho motšoasi oa litlhapi Petrose: “Ho tloha hona joale ho ea pele u tla be u tšoasa batho ba phela.” (Luka 5:10) Kajeno, ho tšoasa ha mofuta ona ho etsoa linaheng tse fetang 230, ho akarelletsa le Senegal. (Matheu 24:14) Teng, “batšoasi ba batho” ba kajeno, ka sebete ba abela ba bang tšepo ea bona ea Bokreste.—Matheu 4:19.

Senegal e ntlheng e ka bophirimela ka ho fetisisa ea Afrika. E saballa ho tloha mahoatateng a lehlabathe a sikileng le Sahara ka leboea ho fihlela merung ea libaka tse mongobo tsa Casamance ka boroa. Senegal ke naha eo ho eona ho fokang meea e chesang e omeletseng ea lehoatata hammoho le meea e pholileng le e khathollang ea Atlantic. Mona ho phela batho ba fetang limilione tse robong. Baahi ba Senegal ba tsejoa ka kamohelo e mofuthu ea baeti. Ba bangata hase Bakreste. Boholo ba bona ke balisa ba linku, ha ba bang ba alosa mehlape ea likhomo, likamele le lipōli. Ho boetse ho na le lihoai tsa matokomane, k’hothone le raese. E, ho na le batšoasi ba litlhapi, ba hulang matlooa a tletseng litlhapi tse tsoang Leoatleng la Atlantic le linōkeng tse ngata tse khōlō tse tsoelipanang le naha ena eohle. Khoebo ea ho tšoasa litlhapi e phetha karolo ea bohlokoa moruong oa Senegal. Ha e le hantle, sejo se ratoang haholo sechabeng ke ceebu jën, sejo se hlabosang sa raese, tlhapi le meroho.

“Batšoasi ba Batho”

Senegal ho na le baboleli ba chesehang ba ’Muso oa Molimo ba 863. Mona, ho tšoasa ha moea ho qalile mathoasong a bo-1950. Ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e ile ea buloa motse-moholo, Dakar, ka 1965. “Batšoasi” bana bao e neng e le baromuoa ba ile ba qala ho fihla ba e-tsoa linaheng tse ngata tse hōle. Mosebetsi oa “ho tšoasa” o ile oa qala, ’me ho aba tšepo ea Bokreste Senegal ho ile ha tsoela pele ho sa khaotse. Qetellong, ho ile ha hahoa mehaho e mecha ea lekala Almadies, mathōkong a Dakar, ’me e ile ea neheloa ho Jehova ka June 1999. E ile ea e-ba nako ea thabo e kaakang!

Phephetso ea ho Amohela ’Nete

Nako le nako ho ntse ho kopanoa le batho ba limelo tse fapaneng haholo, ’me ba bang ba arabetse hantle molaetseng oa tšepo o fumanoang Lentsoeng la Molimo. Le hoja ba bangata ba sa tsebe Bibele, ba thabela ho tseba hore litšepiso tseo Jehova Molimo a li etselitseng baprofeta ba tšepahalang ba khale li tla tloha li phethahala.

Hangata, ho emela melao-motheo ea Bokreste ka tieo ho hloka sebete, haholo ha ho ameha lineano le meetlo ea lelapa. Ka mohlala, sethepu se atile haholo Senegal. Nahana ka taba ea monna ea neng a e-na le basali ba babeli ha a qala ho ithuta Bibele. Na o ne a tla ba sebete ho amohela ’nete ea Bokreste le ho lumellana le seo Mangolo a se hlokang hore e be monna oa mosali a le mong feela? (1 Timothea 3:2) Hona na o ne a tla lula le mosali oa bocha ba hae, mosali oa hae oa matsoa-thaka? O ile a fela a etsa joalo, ’me hona joale o sebeletsa e le moholo ea chesehang phuthehong e ’ngoe ea tse khōloanyane sebakeng sa Dakar. Mosali oa hae oa matsoa-thaka le eena o amohetse ’nete hammoho le bana ba monna eo ba 12, ba 10 e le ba mosali oa matsoa-thaka ’me ba 2 e le ba mosali eo e neng e le moqekoa.

Tšitiso e ’ngoe ea ho amohela tšepo ea Bokreste e ka ba ho se tsebe ho bala. Na see se bolela hore motho ea sa tsebeng ho bala a ke ke a amohela ’nete le ho e sebelisa? Le hanyenyane. Nahana ka mohlala oa Marie, ’mè ea sebetsang ka thata oa bana ba banyenyane ba robeli. Ka potlako o ile a bona bohlokoa ba ho tšohla temana ea Bibele le bana ba hae letsatsi le leng le le leng pele ba e-ea sekolong, le pele eena a e-ea mosebetsing. Empa see o ne a ka se etsa joang kaha o ne a sa tsebe ho bala? Hoseng ho hong le ho hong, o ne a nka bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla ebe o ema seterateng se lepōqō ka pel’a ntlo ea hae. Ha batho ba ntse ba feta, o ne a ba botsa hore na ba tseba ho bala. Ha a fumana motho ea tsebang ho bala, o ne a mo neha bukana eo ebe o mo kōpa ka tieo, a re: “Ha ke tsebe ho bala, kahoo, na u ka mpalla karolo ee kajeno?” O ne a mamela ka hloko ha ho baloa. Ka mor’a moo, o ne a leboha mofeta-ka-tsela eo ebe ka potlako o kena ka tlung ho ea ba le puisano e monate ea temana eo le bana ba hae pele ba tloha ho ea sekolong!

Batho ba Mefuta Eohle Baa Arabela

Senegal, batho ba ka fumanoa ba lutse literateng ba rekisa tlhapi, meroho, kapa litholoana ’marakeng kapa ba sekame tlas’a lifate tse khōlōhali tsa baobab ba noa seno se bitsoang ataya, e leng tee e tala e batlang e baba. Ka lebaka la ho ikemisetsa ho abela bohle bao ba kopanang le bona litaba tse molemo, barab’abo rōna ba babeli ba ile ba buisana le monna e mong ea holofetseng ea neng a ntse a kōpa seterateng. Ka mor’a ho mo lumelisa, ba ile ba re: “Batho ba bangata ba u fa chelete empa ha ba eme hore ba bue le uena. Re fapohetse ho tla bua le uena ka ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo e amanang le bokamoso ba hao.” Mokōpa-kōpa eo o ile a makala. Bara bao babo rōna ba ile ba tsoela pele: “Re rata ho u botsa potso. U nahana hore ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a makaale lefatšeng?” Mokōpa-kōpa eo ha a araba o ile a re: “Ke thato ea Molimo.”

Eaba bara bao babo rōna ba buisana le eena ka mabaka a Mangolo le ho mo hlalosetsa Tšenolo 21:4. Mokōpa-kōpa eo o ile a angoa ka ho teba ke molaetsa ona oa tšepo le ke ’nete ea hore motho e mong o ile a mo thahasella hoo a ileng a ema ’me a buisana le eena ka Bibele. O ile a seka meokho. Ho e-na le ho kōpa chelete, o ile a phehella bara bao babo rōna hore ba nke chelete kaofela e leoana e neng e tšetsoe ka lekotikoting la hae la chelete eo a e kōpang! O ile a ba qophella hoo sena se ileng sa mema mahlo a motho e mong le e mong ea neng a feta moo. E ile ea e-ba mosebetsi hore barab’abo rōna ba mo kholise hore a se ke a ba fa chelete eo. Qetellong o ile a lumela empa a ba qophella hore ba mo etele hape.

Univesithi e khōlō e Dakar le eona e thusa letlooa la moea ho tšoasa. Ke hona moo Jean-Louis, eo e neng e le seithuti sa bongaka, a ileng a qala ho ithuta Bibele teng. O ile a amohela ’nete ka potlako, a nehela bophelo ba hae ho Jehova, eaba oa kolobetsoa. Takatso ea hae e ne e le ho sebeletsa Molimo tšebeletsong ea bopula-maliboho ba nako e tletseng, empa o ne a boetse a thabela thuto ea hae ea bongaka. Ka lebaka la tumellano ea hae le naha ea habo, o ne a tlameha ho qetela lithuto tsa hae. Leha ho le joalo, nakong eona eo, o ile a qala ho sebeletsa e le pula-maliboho ea thusang. Nakoana ka mor’a ho fumana lengolo la hae la diploma e le ngaka e tšoanelehang, o ile a memeloa ho ea sebeletsa lehaeng le leng le leholo la Bethele Afrika e le ngaka ea lelapa leo. Mohlankana e mong eo ho ileng ha kopanoa le eena Univesithing ea Dakar le eena hona joale o sebeletsa lelapeng la Bethele naheng ea habo.

Ha ho pelaelo hore ho tšoasa ha moea Senegal hoa putsa. Lingoliloeng tsa Bibele tsa Lipaki tsa Jehova li thabeloa haholo ’me hona joale li hatisoa ka puo ea hona teng ea Sewolof. Ho utloa litaba tse molemo ka lipuo tsa habo bona ho khothallelitse batho ba bangata ba lipelo li tšepahalang ho arabela ka teboho. Ka tlhohonolofatso ea Jehova, ha ho pelaelo hore litlhapi tse ling tse ngata tsa tšoantšetso li tla tšoasoa ha ba chesehelang ho ‘tšoasa batho’ Senegal ba ntse ba tsoela pele ho aba tšepo ea Bokreste ka tumelo le ka sebete.

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 31]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

SENEGAL

[Setšoantšo]

Ho aba tšepo ea Bokreste Senegal

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela