Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Bophelo ba Lelapa bo Thabileng bo Hulela ba Bang ho Molimo
JEHOVA o ile a hlohonolofatsa Josefa ka bohlale bo boholo le temoho. (Liketso 7:10) Ka lebaka leo, temohisiso ea Josefa e ile “ea khahlisa Faro le bahlanka ba hae kaofela.”—Genese 41:37.
Ka ho tšoanang kajeno, Jehova o fa batho ba hae temohisiso le temoho ka hore ba ithute Bibele. (2 Timothea 3:16, 17) Bohlale bona le temoho li hlahisa litholoana tse molemo ha keletso e thehiloeng Bibeleng e sebelisoa. Boitšoaro ba bona bo botle hangata bo ’nile ba ‘khahlisa ba bo elang hloko,’ joalokaha liphihlelo tse latelang tse tsoang Zimbabwe li bontša.
• Mosali e mong o ne a e-na le baahisani bao e neng e le Lipaki tsa Jehova. Le hoja a ne a sa rate Lipaki, o ne a khahloa ke boitšoaro ba tsona, haholo-holo bophelo ba tsona ba lelapa. O ile a hlokomela hore monna le mosali ba na le kamano e ntle haholo le hore bana ba bona baa mamela. O ile a hlokomela ka ho khetheha hore monna o rata mosali oa hae haholo.
Tumelo e atileng litsong tse ling tsa Maafrika ke hore haeba monna a rata mosali oa hae, e tlameha ebe mosali o mo jesitse phehla ho mo “thapisa.” Ka hona, mosali enoa o ile a atamela mosali oa Paki ’me a mo botsa: “Ka kōpo na u ka mpha phehla eo u e fileng monna oa hao e le hore monna oa ka a ka nthata joalokaha oa hao a u rata?” Paki ena e ile ea araba: “Ka sebele ke tla u tlisetsa eona hosasane motšehare oa mantsiboea.”
Letsatsing le latelang, morali enoa oabo rōna o ile a etela moahisani ka “phehla” ea hae. E ne e le eng? E ne e le Bibele, hammoho le buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ka mor’a ho hlahloba boitsebiso bo bukeng ea Tsebo sehloohong se reng “Ho Haha Lelapa le Hlomphang Molimo,” o ile a re ho mosali enoa: “Ke eona ‘phehla’ eo ’na le monna oa ka re ‘thapisanang’ ka eona, ’me ke ka lebaka leo re ratanang haholo.” Thuto ea Bibele e ile ea qalisoa, ’me mosali eo o ile a hatela pele ka potlako ho fihlela a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova ka ho qoelisoa metsing.
• Bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng bao kabelo ea bona e neng e le phuthehong e nyenyane haufi le moeli o ka leboea bochabela oa Zimbabwe le Mozambique ha baa ka ba ea tšebeletsong ea ntlo le ntlo ka libeke tse peli. Hobane’ng? Hobane batho ba ne ba e-tla ho bona ho tla mamela seo ba se buang. E mong oa bo-pula-maliboho bana o pheta kamoo sena se ileng sa etsahala kateng: “Re ne re tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse 15 ho ea khannela motho ea thahasellang thuto ea lehae ea Bibele ea beke le beke. Ho ne ho se bonolo ho rōna ho fihla sebakeng sena. Re ne re tlameha ho tsamaea seretseng, ’me re tlameha ho tšela linōka tse jang litlhokoa tseo metsi a tsona a neng a re khutla molaleng. Ho ne ho hlokahala hore re roale liaparo tsa rōna le lieta hloohong re iteseletse, ha re tšela nōka, ebe re apara hape ha re fihla ka mose oane.
“Baahisani ba motho enoa ea thahasellang ba ile ba khahloa haholo ke cheseho ea rōna. Har’a ba ileng ba hlokomela sena ke moeta-pele oa mokhatlo o mong oa bolumeli oa sebakeng seo. O ile a re ho balateli ba hae: ‘Na ha le batle ho cheseha joaloka bahlankana bao ba babeli ba Lipaki tsa Jehova?’ Ka le hlahlamang, balateli ba hae ba bangata ba ile ba tla ha rōna ho tla fumana hore na ke hobane’ng ha re phehelletse hakana. Ho ekelletsa moo, libekeng tse peli tse latelang, re ile ra ba le baeti ba bangata hoo re neng re se na le nako ea ho ikapehela lijo!”
E mong oa ba ileng ba etela bo-pula-maliboho bana ha bona nakong ena ea libeke tse peli e bile moeta-pele eane oa bolumeli. U ka inahanela hore na bo-pula-maliboho bana ba ile ba thaba hakaakang ha a amohela thuto ea lehae ea Bibele!