Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 5/15 leq. 30
  • Ho Haha Tumelo ka Thuto ea Bibele India

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Haha Tumelo ka Thuto ea Bibele India
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tumelo e Hlōlang Kholofalo
  • Joaloka Mohlolohali, Ke Fumane Matšeliso a ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Thabela Kotulo India
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • “Re fe Tumelo e Eketsehileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • India—“Bonngoe Har’a Batho ba Mefuta-futa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 5/15 leq. 30

Re Mofuta o Nang le Tumelo

Ho Haha Tumelo ka Thuto ea Bibele India

HO TLOHA Lithabeng tsa Himalaya tse phahameng haholo, tse koahetsoeng ke lehloa ka leboea ho ea mabōpong a phuphuthang moholi a Leoatle la Indian ho elella ka boroa, India ke naha ea metsoako, sebōpehong sa naha le bolumeling. Ho baahi ba eona ba fetang limilione tse sekete, hoo e ka bang karolo ea 83 lekholong ke Mahindu, karolo ea 11 lekholong ke Mamosleme, ’me karolo e setseng e entsoe haholo ka ba bitsoang Bakreste, Masikhe, Mabuddha le Majaine. Bohle ba thabela tokoloho ea borapeli. The World Book Encyclopedia e re: “Bolumeli bo phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba Maindia.”

Se khethollang Lipaki tsa Jehova, tseo palo ea tsona e fetang 21 200 India, ke ho phela ha tsona tumellanong le tumelo ea tsona ea Bokreste. Joaloka metsoalle ea tsona ea moea likarolong tse ling tsa lefatše, Lipaki tsa India li nka hore ke tokelo ho thusa baahelani ba tsona ho haha tumelo e matla Lentsoeng la Molimo, Bibele e Halalelang. (2 Timothea 3:16, 17) Nahana kamoo lelapa le leng la Chennai, ka boroa ho India, le ileng la tseba ’nete ea Bibele kateng.

Pele le teana le Lipaki tsa Jehova, lelapa lena le ne le chesehela mekhatlo ea Mak’hatholike e phekolang ka mohlolo, le bolela hore le bona lipono, le bua ka maleme le bile le phekola ba kulang. Le ne le tsebahala kerekeng le motseng, batho ba bile ba bitsa litho tse ling tsa lona “swami,” e bolelang “morena.” Joale ka letsatsi le leng Paki e ’ngoe e ile ea etela lelapa lena ’me ea le bontša ka Bibele hore Jesu ke Mora oa Molimo, eseng Molimo ea Matla ’Ohle, joalokaha ka tloaelo batho ba lumela joalo. Paki eo e ile ea boela ea le bontša hore lebitso la Molimo ke Jehova le hore morero oa Jehova ke ho etsa lefatše lena paradeise e ntle.—Pesaleme ea 83:18; Luka 23:43; Johanne 3:16.

Kahobane litho tsa lelapa lena li ne li hlompha Lentsoe la Molimo li bile li rata seo li se utloang, li ile tsa lumela ho khanneloa thuto ea Bibele kamehla ke Lipaki tsa Jehova. Sena se ile sa etsa hore metsoalle ea lona ea kereke e le some. Ho sa tsotellehe seo, lelapa lena le ile la lula le ikemiselitse ho tsoela pele ka thuto ea lona ea Bibele. Ha tsebo ea lona e ntse e eketseha le tumelo ea lona e ba matla haholoanyane, le ile la khaotsa mekhoa ea lona ea bolumeli ba bohata. Kajeno, litho tse tharo tsa lelapa lena ke Lipaki tse chesehang, tse kolobelitsoeng, ’mè o sebetsa e le pula-maliboho ea thusang neng le neng ha ho khoneha.

Tumelo e Hlōlang Kholofalo

Sunder Lal, mohlankana oa motsaneng o mong oa Punjab, o ne a hloka tumelo e matla le sebete e le hore a abele ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14) Lebaka la pele e ne e le hore o ne a tlohetse borapeli ba melimo e mengata ba lelapa labo le motse oa habo e le hore a rapele Molimo oa ’nete, Jehova. Lebaka la bobeli ke hore Sunder Lal ha a na maoto.

Ho fihlela ka 1992, Sunder Lal o ne a phela bophelo bo tloaelehileng. O ne a sebetsa e le mothusi oa ngaka ’me a kopanela le lelapa labo borapeling ba melimo e sa tšoaneng tlas’a tataiso ea guru eo ba ikhethetseng eona. Joale ka bosiu bo bong, o ile a oa ha a tšela seporo sa terene. Terene e ile ea mo matha holimo eaba e mo poma maoto a mabeli ho tloha liropeng. Le hoja a ile a phela, o ile a sulafalloa ke bophelo. Hoa utloahala ha Sunder Lal a ile a nyahama haholo a ba a leka ho ipolaea. Lelapa labo le ne le mo tšehetsa, empa bokamoso ba hae bo ne bo bonahala bo se na tšepo.

Eaba e mong oa Lipaki tsa Jehova o etela Sunder Lal ’me a mo bontša ka Bibele hore Molimo o tšepisitse ho etsa lefatše paradeise e thabisang le ho fa bohle ba mo ratang le ba mo tšabang bophelo bo phethahetseng. Sunder Lal o ile a lumela ho ithuta Bibele, ’me o ile a ithuta a khothetse ka selemo se le seng. O ile a khothalletsoa hore a be teng libokeng tsa Bokreste ’me qetellong o ile a ea a palame ka morao baesekeleng ea motsoalle e mong. Le hoja a ne a opeloa ha a palame, moputso o ile oa e-ba moholo. Seo a neng a ithutile sona thutong ea hae ea Bibele se ile sa tiisoa ha a kopana le ba bang ba lumelang e le kannete litšepiso tsa Lentsoe la Molimo ba bile ba phela tumellanong le lithuto tsa Bibele.

Sunder Lal o ile a qala ho abela baahelani ba hae litaba tse molemo, ’me o ile a kolobetsoa ka 1995. Qalong, o ile a kopanela tšebeletsong ka ho phecha ha a e-ea ka ntlo le ntlo motseng oa habo, e leng tsela e tloaelehileng eo a neng a tsamaea ka eona. Empa hona joale o na le mpho e tsoang ho barab’abo ba moea—baesekele e mabili a mararo e entsoeng ka ho khetheha hore e “soaeloe” ka matsoho. Ka thuso ea baesekele ena, hona joale o lokolohile haholo ’me o khona ka boeena ho nka leeto la lik’hilomithara tse 12 ho ea libokeng tsa phutheho. Ka linako tse ling o itsamaisa ka baesekele har’a lipula tsa litloebelele tsa monsoon; ka linako tse ling mocheso o fihla ka holimo ho likhato tse 43 ho Celcius.

Ntle ho ho ea libokeng, Sunder Lal o khanna lithuto tsa Bibele tse ngata le ba bang ba lakatsang ho haha tumelo e matla ho Molimo oa ’nete, Jehova. Ha e le hantle, ba supileng bao a neng a ithuta Bibele le bona ba kolobelitsoe hona joale, joalokaha ho le joalo ka batho ba bang ba bararo bao a ileng a kopana le bona bao Lipaki tse ling li ileng tsa ithuta Bibele le bona.

“Tumelo,” ho ea ka Bibele, “hase batho bohle ba nang le eona.” (2 Bathesalonika 3:2) Empa ho ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng,’ thuto ea kamehla ea Lentsoe la Molimo e ka haha tumelo e matla. (Liketso 13:48) Thuto e joalo e boetse e etsa hore mahlo a khanye tšepo ea bokamoso bo babatsehang—e leng ntho eo palo e eketsehang ea batho ba India ba bontšang tumelo ho eona.

[’Mapa o leqepheng la 30]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

AFGHANISTAN

PAKISTAN

NEPAL

BHUTAN

CHAENA

BANGLADESH

MYANMAR

LAOS

THAILAND

VIETNAM

CAMBODIA

SRI LANKA

INDIA

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela